TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG June 2020

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 3-30 August 2020.

“Lebitso la Hao le ke le Halaletswe”

Sehlooho se Ithutwang sa 23: La 3-⁠9 August 2020. Taba ya bohlokwa e amang batho le mangeloi ke efe? Ke hobaneng ha taba eo e le ya bohlokwa, hona e re ama jwang? Ho utlwisisa dikarabo tsa dipotso tsena ho tla re thusa hore re be le setswalle se matla le Jehova.

“Momahanya Pelo ya ka Hore e Tshabe Lebitso la Hao”

Sehlooho se Ithutwang sa 24: La 10-16 August 2020. Sehloohong sena re tla hlahloba seo Davida a ileng a se bua thapelong ya hae e ho Pesaleme ya 86:​11, 12. Ho tshaba lebitso la Jehova ho bolelang? Ke hobaneng ha re lokela ho tshaba lebitso leo? Hona ho tshaba Modimo ho ka re thusa jwang hore re se ke ra etsa dintho tse fosahetseng?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Na “ditholwana tsa moya” di akarelletsa feela makgabane a ho Bagalata 5:22, 23?

“Ke Tla Batla Dinku Tsa ka”

Sehlooho se Ithutwang sa 25: La 17-23 August 2020. Ke hobaneng ha bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba mo sebeleditseng ka dilemo tse ngata, ba se ba tlohetse ho mo sebeletsa? Modimo o ikutlwa jwang ka bona? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena. Se boetse se bua ka seo re ka ithutang sona tseleng eo Jehova a ileng a thusa ba bang ba batho ba mehleng ya Bibele ba sa kang ba etsa seo Jehova a itseng ba se etse.

“Kgutlelang ho Nna”

Sehlooho se Ithutwang sa 26: La 24-30 August 2020. Jehova o batla hore batho ba tlohetseng ho mo sebeletsa ba kgutlele ho yena. Re ka etsa dintho tse ngata ho kgothatsa ba batlang ho amohela memo ya Jehova e reng: “Kgutlelang ho nna.” Sehloohong sena, re tlo hlahloba hore na ke jwang re ka ba thusang hore ba kgutlele ho Jehova.