Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Mamela Modumo wa Terompeta Kajeno

Ho Mamela Modumo wa Terompeta Kajeno

KAOFELA ha rona re a dumela hore Jehova o a re tataisa le hore o re fa dintho tseo re di hlokang, e le hore re dule re na le kamano e ntle le yena “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Tim. 3:1) Empa kaofela re hloka ho mamela Jehova. Re ka bapisa boemo ba rona le ba Baiseraele ba neng ba le lefelleng. Ba ne ba lokela ho mamela ha ba utlwa modumo wa terompeta.

Jehova o ile a re Moshe a etse diterompeta tse pedi tsa silevera e le hore a ‘bokelle phutheho le ho qhaqha diahelo.’ (Num. 10:2) Baprista ba ne ba lokela ho letsa diterompeta ka ditsela tse fapaneng e le hore batho ba tsebe hore na ba lokela ho etsang. (Num. 10:3-8) Kajeno bahlanka ba Modimo ba fumana ditaelo ka ditsela tse ngata. Sehloohong sena re tlo bua ka ditsela tse tharo tsa ka moo re fumanang ditaelo mme re di bapise le terompeta e neng e bitsa Baiseraele. Ditsela tsena tse tharo ke ha re memelwa dikopanong tse kgolo, ha baholo ba fumana kwetliso le ha ho ba le diphetoho ka hare ho phutheho.

HA RE MEMELWA DIKOPANONG TSE KGOLO

Ha Jehova a ne a batla hore “phutheho yohle” e bokane ka monyako o ka botjhabela wa tabernakele, baprista ba ne ba letsa diterompeta tseo di le pedi. (Num. 10:3) Meloko yohle e neng e arotswe ka dikarolo tse nne, e neng e dula ditenteng tse pela tabernakele e ne e utlwa modumo oo. Ba neng ba dula haufi le monyako wa tabernakele ba ne ba ka nka metsotso ho fihla ho yona. Ba bang ba ne ba le hole mme ba ne ba ka hloka nako e le hore ba fihle. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba le hole kapa haufi, Jehova o ne a batla hore kaofela ba bokane e le hore ba tlo utlwa ditaelo tsa hae.

Kajeno ha re bokane tabernakeleng empa re memelwa hore re ye dikopanong tsa bahlanka ba Jehova. Tsena di akarelletsa dikopano tsa setereke moo re rutwang le ho fumana tataiso ya bohlokwa. Lefatsheng lohle bahlanka ba Jehova ba thabela diketsahalo tse tshwanang. Ka hoo bohle ba amohelang memo ena ya ho bokana ha mmoho e ba karolo ya sehlopha se thabileng. Ba bang ba tloha hole e le hore ba fihle moo. Le ha ho le jwalo, ba amohelang memo eo, ba a dumela hore ho ya dikopanong tseo ho ba ruisa molemo.

Na batho ba dulang dibakeng tse nyane ba ka rua molemo dikopanong tsee? Ka lebaka la thekenoloji ya moraorao, batho bana ba rua molemo ebile ba ikutlwa e le karolo ya dikopano tsena tse kgolo. Ka mohlala, ka ketelo ya moemedi wa ntlokgolo, lekala la Benin le ile la etsa hore batho ba Arlit, Niger e leng toropong e nang le dimmaene Sahara Desert ba fumane lenaneo leo. Ho ne ho bokane Bakreste ba 21 ho akarelletsa le baeti. Le hoja ba ne ba le hole, ba ne ba ikutlwa ba le bonngweng le ba bokaneng ba 44 131. Morabo rona e mong o ile a re: “Re leboha haholo hore ebe re ile ra fumana lenaneo lena. Sena se re bontshitse ka moo le re ratang ka teng.”

HA BAHOLO BA FUMANA KWETLISO E EKETSEHILENG

Ha moprista wa Moiseraele a ne a letsa terompeta e le nngwe, “marenana jwalo ka ha e le dihlooho tsa ba dikete” e ne e le ona feela a neng a ya tenteng ya pokano. (Num. 10:⁠4) Ke hona moo ba neng ba ka fumana kwetliso ya Moshe. Seo se ne se tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo boo ba neng ba na le bona melokong eo ba neng ba le ho yona. Haeba o ne o le e mong wa marenana, na o ne o sa tlo etsa sohle seo o ka se kgonang e le hore o be teng mme o rue molemo?

Kajeno baholo ha se “marenana” ebile ha ba hatelle mohlape wa Modimo o tlhokomelong ya bona. (1 Pet. 5:1-3) Empa ba etsa sohle seo ba ka se kgonang hore ba hlokomele mohlape. Ka hoo ba amohela memo ya ho fumana kwetliso e eketsehileng, jwalo ka ho ya Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Ha ba le moo, baholo ba ithuta hore na ke jwang ba ka etsang dintho tse itseng ka phuthehong. Haeba ha o so ye ho tse ding tsa dikolo tsena, o ntse o ka rua molemo hobane ba ileng ba ya, ba sebedisa seo ba ithutileng sona ho thusa phutheho.

HA RE KOPUWA HO ETSA DIPHETOHO

Ka dinako tse ding baprista ba Iseraele ba ne letsa modumo o fetofetohang wa terompeta. Sena se ne se tsebisa batho hore Jehova o batla hore ba tlohe ba ye sebakeng se seng. (Num. 10:5, 6) Ha batho ba ne ba falla ba ne ba tsamaya ka tsela e hlophisehileng empa seo se ne se ba hloka hore ba sebetse ka thata. Ka dinako tse ding ho Baiseraele ba bang, ho ne ho se bonolo hore ba tlohe ba ye sebakeng se seng. Hobaneng?

Mohlomong ba bang ba ne ba utlwa eka hore ebe hothwe ba falle ke ntho e tlang hangata ebile ba sa e lebella. “Ka dinako tse ding leru le ne le dula ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng.” Ha ka dinako tse ding e ne e ba “matsatsi a mabedi kapa kgwedi kapa matsatsi a eketsehileng” pele hothwe ba falle. (Num. 9:21, 22) Haele hantle ba ne ba falla ka makgetlo a makae? Numere kgaolo ya 33 e bua ka dibaka tse ka bang 40 tseo Baiseraele ba kileng ba dula ho tsona.

Ka dinako tse ding, Baiseraele ba ne ba dula dibakeng tseo ho neng ho na le moriti. Ho dula sebakeng se moriti ho ne ho ka ba thabisa ‘lefeelleng leo lohle le leholo le tshosang.’ (Deut. 1:19) Ho ne ho ka ba thata hore ba fallele sebakeng se seng hobane ba ne ba nahana hore sebaka seo ba yang ho sona se ka nna sa se ke sa tshwana le seo ba leng ho sona.

Ha Baiseraele ba bang ba ne ba falla, ba setseng ba ne ba hloka ho ba le mamello e le hore ba emele nako ya bona ya ho falla. Kaofela ba ne ba utlwa modumo o fetofetohang wa terompeta, empa ba ne ba sa tsamaye ka nako e le nngwe. Modumo oo wa terompeta o fetofetohang, o ne o bontsha hore meloko e ka botjhabela e leng wa Juda, Isakare le Zabulone e lokela ho tsamaya. (Num. 2:3-7; 10:5, 6) Ka mora hore meloko eo e tsamaye, baprista ba ne ba letsa terompeta ka lekgetlo la bobedi e le ho bontsha hore meloko e meraro e dulang ka borwa e tsamaye. Baprista ba ne ba tswela pele ho etsa sena ho fihlela Baiseraele ba tsamaile kaofela.

Mohlomong ho ne ho le thata hore o amohele diphetoho tse etswang ka mokgatlong. Hobaneng? E ka nna yaba o ne o utlwa eka ho etswa diphetoho tse ngata. Kapa mohlomong o rata tsela eo dintho di neng di etswa ka yona pele mme ha o batle diphetoho. Ho sa tsotellehe ho re na lebaka ke lefe, e ka nna ya ba ho ne le thata hore o mamelle ha o ntse o amohela phetoho eo. Ho sa tsotelle seo, haeba re ikemiseditse ho etsa seo hothweng re se etse re tla bona hore phetoho eo e molemo mme re tla thabisa Jehova.

Mehleng ya Moshe, Jehova o ile a tataisa banna, basadi le bana ba dimilione ha ba ntse ba le lefelleng. Ka ntle ho tataiso le thuso ya Jehova ba ne ba ke ke ba pholoha. Kajeno Jehova o a re tataisa nakong ena e thata ya matsatsi a ho qetela. O re thusa hore re be le kamano e ntle le yena le hore re dule re na le tumelo e matla. Ka hoo re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang e le hore re mamele jwalo ka Baiseraele ba tshepahalang ba ileng ba mamela modumo wa terompeta.