Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25

“Ke Tla Batla Dinku Tsa ka”

“Ke Tla Batla Dinku Tsa ka”

“Ke tla batla dinku tsa ka mme ke di hlokomele.”​—EZEK. 34:11.

PINA YA 105 “Modimo ke Lerato”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha Jehova a ipapisa le Mme ya nyantshang ngwana?

“NA MOSADI a ka lebala ngwana wa hae ya anyang?” Ena ke potso eo Jehova a ileng a e botsa mehleng ya moprofeta Esaia. Modimo o ile a re ho bahlanka ba hae: “Esita le basadi bana ba ka lebala, le ha ho le jwalo nna nke ke ka o lebala.” (Esa. 49:​15) Ha se hangata Modimo a ipapisang le Mme. Empa boemong bona o entse sena. Jehova o ile a bapisa lerato leo a ratang bahlanka ba hae ka lona le la Mme ya ratang ngwana wa hae hobane o batla hore bahlanka ba hae ba tsebe hore o ba rata haholo. Bomme ba bang ba ikutlwa jwalo ka moradiwabo rona ya bitswang Jasmin ya ileng a re: “Ha o nyantsha ngwana le ba le kamano e ikgethang e dulang e le teng ka ho sa feleng.”

2. Jehova o ikutlwa jwang ha e mong wa bana ba hae a tlohela ho mo sebeletsa?

2 Jehova o a hlokomela ha e mong wa bana ba hae a se a sa ye dibokeng le tshimong. Ka hoo nahana hore na o utlwa bohloko ha kae ha bahlanka ba hae ba dikete ba tlohela ho mo sebeletsa * selemo le selemo.

3. Ke eng seo Jehova a se batlang?

3 Ba bangata ba bara le baradi bana babo rona ba ratehang ba kgutlela ka phuthehong mme sena se a re thabisa. Jehova o batla hore ba kgutlele ho yena mme ke seo le rona re se batlang. (1 Pet. 2:25) Empa re ka ba thusa jwang? Pele re ka araba potso ena e ka ba hantle hore re tsebe hore na ke hobaneng ha ba bang ba se ba tlohetse ho ya tshimong le dibokeng.

KE HOBANENG HA BAHLANKA BA BANG BA JEHOVA BA TLOHELA HO MO SEBELETSA?

4. Mosebetsi wa boiphediso o ile wa ama mora e mong wa bo rona jwang?

4 Bahlanka ba bang ba Jehova ba entse hore mosebetsi ebe ntho e tlang pele bophelong ba bona. Morabo rona Hung * ya dulang Asia o dumellana le sena, o re: “Ke qeta nako e ngata le matla a ka mosebetsing wa ka wa boiphediso. Ke ne ke nahana hore haeba ke na le tjhelete e ngata nka kgona ho sebeletsa Jehova. Ka hoo ke ne ke sebetsa dihora tse ngata. Ke ne ke se ke tjhakela dibokeng mme qetellong ka tlohela ka ho felletseng. Satane o sebedisa lefatshe lena hore hanyane hanyane batho ba tlohele ho sebeletsa Jehova.”

5. Moradiwabo rona e mong o ile a etsang ha a ne a na le mathata a mangata?

5 Ba bang ba bara le baradibabo rona ba na le mathata a mangata a ba nyahamisang. Moradiwabo rona Anne ya dulang Britain ya nang le bana ba bahlano o re: “E mong wa bana ba ka o hlahile a sa itekanela. Ha morao moradi wa ka o ile a kgaolwa mme mora wa ka e moholo a ba le bothata ba kelello. Sena se ile sa nnyahamisa haholo hoo ke ileng ka tlohela ho ya dibokeng le tshimong.” Ka nnete re utlwela Anne le lelapa la hae bohloko le ba bang ba nang le mathata a tshwanang le ao.

6. Ke jwang motho a ka tlohelang ho sebeletsa Jehova haeba a sa sebedise keletso e ho Bakolose 3:⁠13?

6 Bala Bakolose 3:13. Ba bang ba bahlanka ba Jehova ba ile ba utlwiswa bohloko ke Bakrestemmoho. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore ka dinako tse ding re ka ba le “sesosa sa pelaelo” ka mora kapa moradiwabo rona. E ka nna yaba ha re a ka ra tshwarwa hantle. Ha re sa hlokomele re ka halefa mme seo sa etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova. Nahana ka se ileng sa etsahalla morabo rona ya bitswang Pablo ya dulang South America. Motho e mong o ile a mo etselletsa ka hore o entse ntho e fosahetseng mme seo se ile sa etsa hore a lahlehelwe ke ditokelo ka phuthehong. Pablo o ile a etsang? O re: “Ke ile ka halefa mme hanyane hanyane ka tlohela ho sebeletsa Jehova.”

7. Ho ka etsahalang ka motho ya ikutlwang a le molato?

7 Haeba motho a ile a etsa sebe se tebileng nakong e fetileng, a ka nna a ikutlwa a le molato ka nako e telele le hore Jehova ha a mo rate. Le hoja a bakile ebile a bontshitswe mohau, a ka nna a utlwa e ka ha a sa tshwaneleha ho ba e mong wa bahlanka ba Jehova. Morabo rona ya bitswang Francisco o ile a ikutlwa ka tsela eo. O re: “Ke ile ka kgalemelwa ka mora hore ke etse boitshwaro bo bobe ba thobalano. Le hoja qalong ke ne ke ntse ke ya dibokeng ke ile ka nyahama mme ka ikutlwa ke sa tshwanelehe ho ba hara bahlanka ba Jehova. Ke ne ke ntse ke ikutlwa ke le molato ebile ke nka hore Jehova ha a ntshwarela. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka tlohela ho ya tshimong le dibokeng.” O ikutlwa jwang ka bara le baradibabo rona ba nang le mathata ao re seng re buile ka ona? Na o utlwa o ba qenehela? Ha bohlokwa le ho feta Jehova o ikutlwa jwang ka bona?

JEHOVA O RATA BAHLANKA BA HAE

Modisa wa Moiseraele o ne a kgathalla nku e lahlehileng haholo (Sheba serapa sa 8 le 9) *

8. Na Jehova o lebala bahlanka ba hae ba ileng ba mo sebeletsa? Hlalosa.

8 Jehova ha a lebale bahlanka ba hae ba ileng ba mo sebeletsa mme ba tlohela ho mo sebeletsa ka nakwana. Hape ha a lebale mosebetsi oo ba ileng ba mo etsetsa ona. (Baheb. 6:10) Moprofeta Esaia o ile a bua ka mohlala o motle o bontshang hore Jehova o kgathalla bahlanka ba hae. O ile a re: “O tla alosa mohlape wa hae jwalo ka modisa. O tla bokella dikonyana ka letsoho la hae; o tla di beha sefubeng.” (Esa. 40:11) Jehova e leng Modisa e Moholo, o ikutlwa jwang ha e mong wa bahlanka ba hae a tlohela ho mo sebeletsa? Jesu o ile a bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ha a ne a botsa barutuwa ba hae a re: “Le nahana jwang? Haeba motho ya itseng a eba le dinku tse lekgolo mme e nngwe ya tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong dithabeng mme a tswe ho ya batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele ke a le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang.”​—Mat. 18:12, 13.

9. Badisa ba lerato ba mehleng ya Bibele ba ne ba tshwara dinku tsa bona jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

9 Ke hobaneng ha re ka bapisa Jehova le modisa? Hobane mehleng ya Bibele modisa ya molemo o ne a kgathalla dinku tsa hae haholo. Ka mohlala, Davida o ile a lwantsha tau le bere ho sireletsa mohlape wa hae. (1 Sam. 17:34, 35) Modisa ya lerato o ne a ka kgona ho bona haeba ho na le nku e lahlehileng. (Joh. 10:3, 14) Modisa eo o ne a ka siya dinku tse 99 ka lesakeng kapa a kope badisa ba bang hore ba di hlokomele e le hore a lo batla e lahlehileng. Jesu o ile a sebedisa papiso ena ho re ruta nnete ena ya bohlokwa e reng: “Hase ntho e lakatsehang ho Ntate ya lehodimong hore e mong wa ba banyenyane bana a timele.”​—Mat. 18:14.

Modisa wa Moiseraele o kgathalla nku e lahlehileng (Sheba serapa sa 9)

JEHOVA O BATLA DINKU TSA HAE TSE LAHLEHILENG

10. Ho ya ka Ezekiele 34:11-16, Jehova o tshepisa hore o tla etsetsang dinku tse lahlehileng?

10 Jehova o rata e mong le e mong wa rona ho akarelletsa le “e monyenyane” ya tlohetseng ho mo sebeletsa. Modimo o ile a sebedisa moprofeta Ezekiele ho bontsha hore o tla batla dinku tsa hae tse lahlehileng e le hore di boele di be le kamano e ntle le yena. Hape o ile a bontsha hore na o tla etsang ho di pholosa e leng se neng se tshwana le seo modisa wa Moiseraele a neng a se etsa ha nku e ne e lahlehile. (Bala Ezekiele 34:11-16.) Ntho ya pele, modisa o ne a tla batla nku, e leng se neng se tla mo hloka nako le matla. Ha a e fumana o ne a tla e kgutlisetsa mohlapeng. Ho feta moo haeba modisa a ne a ka fumana nku eo e lemetse kapa e lapile, ka lerato o ne a tla e thusa ka hore a e tlamise maqeba, a e kuke hape a e fepe. Baholo e leng badisa ba “mohlape wa Modimo” le bona ba lokela ho etsa se tshwanang ka hore ba thuse motho ya tlohetseng ho sebeletsa Modimo. (1 Pet. 5:2, 3) Baholo ba ya ho batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova mme ba ba thusa hore ba kgutlele ka phuthehong le hore e boele ebe metswalle ya Jehova. *

11. Modisa ya molemo o utlwisisang?

11 Modisa ya lerato o ne a utlwisisa hore nku e ka nna ya lahleha. Ka hoo ha e lahlehile o ne a sa efe kotlo. Nahana ka mohlala oo Jehova a re behetseng ona ha a ne a thusa ba bang ba bahlanka ba hae ba ileng ba tlohela ho mo sebeletsa ka nakwana.

12. Jehova o ile a thusa Jonase jwang?

12 Moprofeta Jonase ha a a ka a mamela Jehova ka hore a se ke a ya Ninive. Ho ntse ho le jwalo Jehova ha a a ka a fella Jonase pelo. Jwalo ka modisa ya lerato Jehova o ile a pholosa Jonase le ho mo thusa hore a be le matla a hore a ye moo a mo rommeng. (Jon. 2:7; 3:1, 2) Ha morao Modimo o ile a sebedisa semela sa mohope ho thusa Jonase ho utlwisisa bohlokwa ba bophelo ba motho e mong le e mong. (Jon. 4:10, 11) Re ithutang ho see? Baholo ha ba a lokela ho potlakela ho tela ho thusa batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova. Ho e na le hoo ba lokela ho leka ho utlwisisa hore na keng e entseng hore ba tlohele ho mo sebeletsa. Ha motho a se a kgutletse ho Jehova, baholo ba tswela pele ho mmontsha lerato le hore ba a mo kgathalla.

13. Re ithutang ho seo Jehova a ileng a se etsa ho mongodi wa Pesaleme ya 73?

13 Mongodi wa Pesaleme ya 73 o ile a nyahama ha a ne a bona batho ba kgopo ba dula ba atleha. Ka hoo o ile a ipotsa hore na ho etsa thato ya Modimo ho na le melemo efe. (Pes. 73:12, 13, 16) Jehova o ile a etsang? Jehova ha a a ka a mo kwatela. Haele hantle Modimo o ile a etsa hore mantswe a mongodi eo wa Pesaleme a ngolwe ka hare ho Bibele. Ha nako e ntse e ya, mongodi eo wa Pesaleme o ile a hlokomela hore ha ho na ntho e molemo bophelong ho feta ho ba motswalle wa Jehova. (Pes. 73:23, 24, 26, 28) Re ithutang ho see? Baholo ha ba a lokela ho potlakela ho ahlola batho ba botsang hore na melemo ya ho sebeletsa Jehova ke efe. Ho e na le hore ba ba ahlole, baholo ba tlameha ho leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba bua ebile ba etsa dintho ka tsela eo. Ka mora hore baholo ba utlwisise hore na ba ikutlwa jwang, ba tla kgona ho ba kgothatsa ka Bibele.

14. Ke hobaneng ha Elia a ne a hloka thuso, hona Jehova o ile a mo thusa jwang?

14 Moprofeta Elia o ile a baleha Mofumahadi Jezebele. (1 Mar. 19:1-3) O ile a nahana hore ha ho na moprofeta e mong ya sebeletsang Jehova le hore mosebetsi wa hae ha se wa bohlokwa. Elia o ile a nyahama hoo a ileng a bona ho le molemo hore a shwe. (1 Mar. 19:4, 10) Ho e na le hore Jehova a ahlole Elia, o ile a mo kgodisa hore ha a mong, a tshepe matla a Modimo le hore ho na le mosebetsi o mongata oo a ntseng a lokela ho o etsa. Ka mosa Jehova o ile a mamela Elia mme a mo abela mesebetsi e meng. (1 Mar. 19:11-16, 18) Re ithutang ho see? Kaofela ha rona haholoholo baholo, re lokela ho tshwara bahlanka ba Modimo ka mosa. Ho sa tsotellehe hore na motho o re o kwatile kapa o utlwa eka Jehova a ke ke a mo tshwarela, baholo ba lokela ho mo mamela ha a ntsha maikutlo a hae. Ka hoo ba tla leka ho mo kgodisa hore Jehova o a mo rata.

RE LOKELA HO IKUTLWA JWANG KA DINKU TSA MODIMO TSE LAHLEHILENG?

15. Ho ya ka Johanne 6:39, Jesu o ne a ikutlwa jwang ka dinku tsa Ntate wa hae?

15 Jehova o batla re ikutlwe jwang ka dinku tsa hae tse lahlehileng? Jesu o re behetse mohlala oo re ka ithutang ona. O ne a tseba hore Jehova o nka dinku tsa hae e le tsa bohlokwa, ka hoo o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa “dinku tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele” hore di kgutlele ho Jehova. (Mat. 15:24; Luka 19:9, 10) Jesu le yena ke modisa ya molemo, ka hoo o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang hore a se ke a lahlehelwa ke e nngwe ya dinku tsa Jehova.​—Bala Johanne 6:39.

16, 17. Baholo ba lokela ho ikutlwa jwang ka ho thusa motho ya tlohetseng ho sebeletsa Jehova? (Sheba lebokose le reng, “ Dinku tse Lahlehileng di ka Ikutlwa Jwang?”)

16 Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa baholo ba phutheho ya Efese hore ba etsise mohlala wa Jesu. O ile a re: “Le thuse ba fokolang, mme le hopole mantswe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.’” (Lik. 20:17, 35) Lengolo lena le bontsha hore baholo ba na le boikarabelo ba bohlokwa ba ho hlokomela bahlanka ba Jehova. Moholo ya bitswang Salvador ya dulang Spain o re: “Ha ke nahana ka moo Jehova a kgathallang dinku tsa hae tse lahlehileng ka teng, ke susumelletseha ho etsa sohle seo nka se kgonang ho di thusa. Ke a tseba hore Jehova o batla hore ke di hlokomele.”

17 Batho bohle bao ho buuweng ka bona sehloohong sena ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova, ba ile ba thuswa hore ba kgutlele ho yena. Hona jwale batho ba bangata ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova, ba batla ho etsa se tshwanang. Sehloohong se latelang re tlo ithuta ka dintlha tse eketsehileng hore na re ka etsang ho ba thusa hore ba kgutlele ho Jehova.

PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha

^ par. 5 Ke hobaneng ha bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba mo sebeleditseng ka dilemo tse ngata, ba se ba tlohetse ho mo sebeletsa? Modimo o ikutlwa jwang ka bona? Sehlooho sena se tla araba dipotso tsena. Se boetse se bua ka seo re ka ithutang sona tseleng eo Jehova a ileng a thusa ba bang ba batho ba mehleng ya Bibele ba sa kang ba etsa seo Jehova a itseng ba se etse.

^ par. 2 TLHALOSO YA LENTSWE: Mohweletsi ya tlohetseng ho sebeletsa Jehova ke ya sa yeng tshimong dikgwedi tse tsheletseng kapa ho feta. Le hoja a tlohetse ho sebeletsa Jehova e ntse e le ngwanabo rona mme re a mo rata.

^ par. 4 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 10 Sehlooho se latelang se tla bua hore na ke jwang baholo ba ka etsang dintho tsena tse tharo.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Modisa wa Moiseraele o ne a bontsha hore o kgathalla nku e lahlehileng ka hore a e batle, a e thuse le ho e kgutlisetsa mohlapeng. Kajeno baholo ba etsa se tshwanang.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha moradiwabo rona ya tlohetseng ho sebeletsa Jehova a emetse hore bese e tsamaye, o bona Dipaki tse thabileng di paka ka toroli.