Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 26

“Kgutlelang ho Nna”

“Kgutlelang ho Nna”

“Kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona.”​—MAL. 3:7.

PINA YA 102 “Le Thuse ba Fokolang”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o ikutlwa jwang ha motho eo a neng a tlohetse ho mo sebeletsa a kgutlela ho yena?

JWALO ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova o itshwantsha le modisa ya molemo ya kgathallang nku e nngwe le e nngwe ya hae. Hape Jehova o batla batho ba tlohetseng ho mo sebeletsa ho fihlela a ba fumana. Ha Jehova a ne a bua le Baiseraele ba neng ba tlohetse ho mo sebeletsa o ile a re: “Kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona.” Re a tseba hore o ntse a ikutlwa ka tsela e tshwanang hobane o re: “Ha ke a fetoha.” (Mal. 3:6, 7) Jesu o ile a re Jehova le mangeloi ba a thaba ha ba bona e mong wa bahlanka ba Jehova a kgutlela ho yena.​—Luka 15:10, 32.

2. Re tlo ithutang sehloohong see?

2 A re ke re hlahlobe dipapiso tsa Jesu tse tharo tse tla re ruta thuto ya bohlokwa mabapi le hore na ke jwang re ka thusang batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova. Re tla bua ka a mang a makgabane ao re a hlokang e le hore re thuse dinku tse lahlehileng hore di kgutlele ho yena. Re tla boela re bone hore re tla thaba haeba re sebetsa ka thata ho thusa batho bana hore ba kgutlele ho Jehova.

BATLA TJHELETE YA TSHEPE E LAHLEHILENG

3, 4. Ke hobaneng ha mosadi ya ho Luka 15:8-10 a ile a batla tjhelete ya hae e lahlehileng ya drakema?

3 Re lokela ho sebetsa ka thata hore re fumane batho ba batlang ho kgutlela ho Jehova. Papisong e Kosepeleng ya Luka, Jesu o ile a bua ka mosadi ya lahlileng tjhelete ya tshepe ya bohlokwa e bitswang drakema. Ntho ya bohlokwa paleng ena, ke tsela eo mosadi enwa a ileng a sebetsa ka thata ka yona e le hore a fumane tjhelete eo.​—Bala Luka 15:8-10.

4 Jesu o hlalosa ka moo mosadi eo a ileng a ikutlwa ka teng ha a ne a fumana tjhelete eo ya bohlokwa. Mehleng ya Jesu ha mosadi wa Moiseraele a ne a nyalwa, ka dinako tse ding Mme wa hae o ne a mo fa ditjhelete tsa tshepe tse leshome tsa drakema. E ka nna ya ba tjhelete ena e ne e le ya bohlokwa ho mosadi eo, hobane e ne e le e nngwe ya tjhelete eo a ileng a e fuwa ke Mme wa hae. Hape e ka nna ya ba mosadi eo o ne a nahana hore tjhelete eo e wetse fatshe. Ka hoo o ile a kgantsha lebone mme a e sheba, le ha ho le jwalo ha a a ka a e fumana. Ho ka etsahala hore ebe lebone le ne le sa mo fe kganya e lekaneng e le hore a bone tjhelete eo e nyane. Qetellong o ile a fiela ntlo kaofela a ntse a e sheba. Ka hara dithole tseo a neng a di bokelletse o ile a bona tjhelete ya hae ya bohlokwa ya drakema. O ile a thaba haholo ha a e fumana mme a bitsa metswalle le baahisane e le hore a tlo ba bolella ditaba tsena tse monate.

5. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore re fumane batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova?

5 Jwalo ka ha re se re ithutile papisong ya Jesu, haeba re lahlehetswe ke ntho e itseng re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re e fumane. Ka tsela e tshwanang ho ka nna ha hlokahala hore re sebetse ka thata e le hore re fumane batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova. E ka nna ya ba ho se ho fetile dilemo tse ngata ba se ba sa tle dibokeng. Kapa ba ile sebakeng se seng moo barababo rona ba sa ba tsebeng. Ka hoo re ka kgodiseha hore ba bang ba bona ba batla ho kgutlela ho Jehova. Ba batla ho sebeletsa Jehova ba na le Bakrestemmoho hape, empa ba ke ke ba kgona ho etsa seo ntle le hore ba thuswe.

6. Ke jwang kaofela ka phuthehong re thusang ho batla batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova?

6 Ke bo mang ba ka thusang ho batla batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova? Ke bahweletsi bohle ba ka phuthehong, ba akarelletsang baholo, bopulamadiboho le bao ba malapa a bona ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova. Na o na le motswalle kapa wa leloko ya seng a tlohetse ho sebeletsa Jehova? Na o kile wa kopana le motho ya tlohetseng ho sebeletsa Jehova ha o ntse o etsa bopaki ba phatlalatsa kapa ba ntlo le ntlo? Haeba a dumela ho o fa aterese kapa dinomoro tsa hae o ka di nka mme wa di fa baholo.

7. O ithutang ho seo moholo e mong ya bitswang Thomas a ile a se bua?

7 Baholo ba na la boikarabelo ba bohlokwa ba hore ba fumana batho ba batlang ho kgutlela ho Jehova. Empa ba ka ba fumana jwang? Nahana ka seo moholo e mong ya bitswang Thomas * a ileng a se bua. Mora enwa wabo rona o dula Spain mme o thusitse Dipaki tse fetang 40 hore di kgutlele ka phuthehong. Thomas o re: “Ke qala ka ho botsa bara le baradibabo rona hore na ba tseba moo bara bana babo rona ba dulang teng. Kapa ke botsa bahweletsi hore na ke bo mang ba seng ba sa tle dibokeng. Batho ba bangata ka phuthehong ba thabela ho thusa ho fumana batho ba seng ba sa tle dibokeng. Ha morao ha ke etetse bara le baradibabo rona ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova, ke ba botsa ka bana ba bona le ba leloko. Ba bang ba bara le baradi bao babo rona ba ne ba tlwaetse ho tla le bana ba bona dibokeng, bao e ka nnang ya ba e ne e le bahweletsi mme le bana bana ba hloka ho thuswa hore ba kgutlela ho Jehova.”

HO THUSA BARA LE BARADI BA JEHOVA HORE BA KGUTLELE KA PHUTHEHONG

8. Ke eng eo ntate a ileng a e etsa ha mora a kgutlela lapeng papisong ya mora ya lahlehileng e ho Luka 15:17-24?

8 Ke makgabane afe ao re a hlokang e le hore re thuse batho ba batlang ho kgutlela ho Jehova? Hlokomela seo re ka ithutang sona papisong ya Jesu ya mora ya ileng a tloha lapeng. (Bala Luka 15:17-24.) Jesu o ile a hlalosa hore mora eo o ile a hlokomela hore o entse qeto e bowatla mme a kgutlela lapeng. Ha ntate wa hae a mo bona o ile a mo mathela mme a mo haka, e le ho bontsha hore o ntse a mo rata. Mora eo o ile a ikutlwa a le molato ebile a sa tshwanelehe ho bitswa mora. Ntate o ile a qenehela mora ha a ne a mo bolella hore na o ikutlwa jwang. Ka hoo o ile a etsa dintho tse bontshang hore ha a amohela mora jwalo ka mosebeletsi empa jwalo ka mora ya ratwang. Hape o ile a bontsha hore o a mo rata ka hore a mo etsetse mokete le ho mo fa diaparo tse ntle.

9. Ke makgabane afe ao re lokela ho ba le ona e le hore re thuse batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova hore ba kgutlele ho yena? (Sheba lebokose le reng, “ Ke Jwang re ka Thusang Batho ba Batlang ho Kgutlela ho Jehova?”)

9 Jehova o tshwana le ntate ya papisong eo ya mora ya lahlehileng. O rata bara le baradibabo rona ba seng ba tlohetse ho mo sebeletsa mme o batla hore ba kgutlele ho yena. Re ka etsisa Jehova ka hore re ba thuse hore ba kgutlele ho yena. E le hore re etse sena, re lokela ho ba le mamello, bonolo le lerato. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le makgabane ao, hona re ka a bontsha jwang?

10. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello e le hore re thuse motho hore a kgutlele ho Jehova?

10 Re lokela ho ba le mamello hobane ho nka nako hore motho a kgutlele ho Jehova. Batho ba bangata ba neng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova, ba re e le hore ba mo sebeletse hape baholo le ba bang ka phuthehong ba ile ba ba etela hangata. Moradiwabo rona e mong ya bitswang Nancy ya dulang Asia o re: “Motswalle wa ka ka phuthehong o ile a nthusa haholo. O ne a nthata jwalo ka ha e ka ke ausi wa hae. O ile a nkgopotsa dintho tse molemo tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng. A mmamela ka hloko ha ke mo bolella hore na ke ikutlwa jwang mme a sa tshabe ho mpha keletso. O ile a bontsha hore ke motswalle wa nnete ka dinako tsohle.”

11. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le qenehelo e le hore re thuse motho ya kwatileng?

11 Ha motho a kwatile a ka utlwa bohloko boo e kang o tswile leqeba. Empa qenehelo e tshwana le moriana o ka thusang motho hore a ikutlwe a le hantle. Ba bang ba batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova, ba ile ba utlwiswa bohloko ke motho e mong ka phuthehong nakong e fetileng mme ba ntse ba utlwile bohloko ebile ba kwatile. Ka lebaka la sena ha ba sa batla ho kgutlela ho Jehova. Ba bang ba ka nna ba utlwa eka ba ile ba tshwarwa hampe. Ka hoo ba hloka motho ya tla ba mamela le ho utlwisisa maikutlo a bona. (Jak. 1:19) Moradiwabo rona María eo ka nako e nngwe a ileng a tlohela ho sebeletsa Jehova, o re: “Ke ne ke hloka motho ya tla mmamela, a nkgothatse, a mphe keletso a be a nthuse.”

12. Ke jwang lerato la Jehova le tshwanang le thapo?

12 Bibele e re lerato leo Jehova a ratang bahlanka ba hae ka lona le tshwana le thapo. Ke ka tsela efe lerato la Jehova le tshwanang le thapo? A ko nahane o wetse ka lewatleng. Maqhubu a mangata mme metsi a a bata ebile a a o kgama. Ka hoo motho e mong ya ka sekepeng oo akgella ntho eo o tla itshwarella ka yona e le hore metsi a se ke a o kgama. Seo se a o thabisa empa o hloka ntho e nngwe e le hore o pholohe. O hloka ho tswa ka metsing. Ka hoo hape o hloka hore batho ba ka sekepeng ba o akgelle thapo mme ba o hulele ka sekepeng. Jehova o ile a re ho Baiseraele ba neng ba tlohetse ho mo sebeletsa: “Ke nnile ka ba hula ka . . . dithapo tsa lerato.” (Hos. 11:4) Jehova o ntse a ikutlwa ka tsela e tshwanang ka batho ba tlohetseng ho mo sebeletsa, ba nang le matshwenyeho le mathata. O batla ba tsebe hore o a ba rata le hore o batla ho ba thusa hore ba kgutlele ho yena. Ka hoo Jehova a ka o sebedisa hore o ba thuse hore ba bone hore o a ba rata.

13. Se ileng sa etsahalla Pablo se bontsha jwang hore ho bontsha ba bang lerato ho ka etsa hore ba kgutlele ho Jehova?

13 Ke ha bohlokwa ho tswela pele ho bolella batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova hore o a ba rata le hore le rona re ba bontshe hore re a ba rata. Pablo eo re buileng ka yena sehloohong se fetileng, o ile a tlohela ho sebeletsa Jehova ka dilemo tse ka bang 30. O re: “Hoseng ho hong ha ke ne ke tloha lapeng, ke ile ka kopana le moradiwabo rona ya hodileng ya mosa mme o ile a bua le nna ka tsela e lerato. Ke ile ka lla jwalo ka ngwana. Ka re ho yena ho bonahala e ka Jehova o ne a mo romme ho nna. Ka hoo, ka yona nako eo ka nka qeto ya ho kgutlela ho Jehova.”

TSHEHETSA BA FOKOLANG KA LERATO

14. Ho ya ka papiso e ho Luka 15:4, 5, modisa o etsang ka mora hore a fumane nku e lahlehileng?

14 Ka mora hore re fumane batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova, re lokela ho tswela pele ho ba thusa le ho ba kgothatsa. Jwalo ka mora ya lahlehileng ya papisong ya Jesu le bona e ka nna yaba ba utlwile bohloko mme ho ka nna ha nka nako hore ba fole. Ka ha ba ne ba se ba sa phele ka melao ya Modimo, ho ka etsahala hore ha ba sa na kamano e ntle le Jehova jwalo ka pele. Ka hoo re lokela ho ba thusa hore ba matlafatse tumelo ya bona ho Jehova. Papisong ya nku e lahlehileng Jesu o hlalosa ka moo modisa a nkang nku e lahlehileng mme a e kgutlisetsa mohlapeng. Modisa o ne a se a ntse a sebedisitse nako le matla a hae ho batla nku eo e lahlehileng. Empa ka ha o a hlokomela hore ha e na matla a ho ikisa moo mohlapeng, o a e nka.​—Bala Luka 15:4, 5.

15. Ke jwang re ka thusang motho ya fokolang ya batlang ho kgutlela ho Jehova? (Sheba lebokose le reng, “ Thulusi ya Bohlokwa.”)

15 Re ka nna ra hloka nako le matla a hore re thuse batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova hore ba hlole mathata a ba sitisang ho sebeletsa Jehova hape. Ka thuso ya moya o halalelang, Bibele le dingolwa re ka kgona ho ba thusa hore ba matlafatse kamano ya bona le Jehova. (Bar. 15:1) Re ka etsa seo jwang? Moholo e mong ya nang le tsebo o re: “Bongata ba batho ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova mme ba batla ho kgutlela ho yena, ba hloka ho rutwa hape.” * O lokela ho thaba haeba o kopuwa hore o ithute le motho ya batlang ho kgutlela ho Jehova. Moholo eo o ile a boela a re: “Mohweletsi ya ithutang le motho ya batlang ho kgutlela ho Jehova, e lokela ho ba motho eo seithuti se ka mo tshepang le ho phutholoha ha a na le yena.”

THABO E BANG LEHODIMONG LE LEFATSHENG

16. Re tseba jwang hore mangeloi a tla re thusa?

16 Ho na le ditlaleho tse bontshang hore mangeloi a re thusa ho fumana batho ba batlang ho kgutlela ho Jehova. (Tšen. 14:6) Ka mohlala, morabo rona ya neng a se a tlohetse ho sebeletsa Jehova e leng Silvio ya dulang Ecuador, o ile a kopa Jehova hore a romele motho ya tla mo thusa hore a kgutlele ka phuthehong. Ha a ntse a rapela, baholo ba babedi ba ile ba fihla ha hae mme ba ile ba thabela ho mo thusa.

17. Re tla ikutlwa jwang ka mora hore re thuse motho ya batlang ho kgutlela ho Jehova?

17 Re tla thaba haholo ha re thusa batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova hore ba kgutlela ho yena. Hlokomela seo Salvador e leng pulamadiboho e etsang boiteko ba ho thusa batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova a se buang, o re: “Ka dinako tse ding ha ke nahana ka batho ba kgutletseng ho Jehova ke thaba hoo ke llang. Ke thabela ho sebetsa le Jehova e le hore ke thuse mohlanka wa hae hore a kgutlele ka phuthehong.”​—Lik. 20:35.

18. O ka kgodiseha ka eng haeba o tlohetse ho sebeletsa Jehova?

18 Haeba o tlohetse ho sebeletsa Jehova, kgodiseha hore o ntse a o rata ebile o batla hore o kgutlele ho yena. Ka hoo o lokela ho etsa boiteko ba hore o kgutlele ho yena. Empa jwalo ka ntate ya hlahang papisong ya Jesu, Jehova o emetse hore o kgutlele ho yena mme o tla o amohela ka mofuthu.

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

^ par. 5 Jehova o batla hore batho ba tlohetseng ho mo sebeletsa ba kgutlele ho yena. Re ka etsa dintho tse ngata ho kgothatsa ba batlang ho amohela memo ya Jehova e reng: “Kgutlelang ho nna.” Sehloohong sena, re tlo hlahloba hore na ke jwang re ka ba thusang hore ba kgutlele ho Jehova.

^ par. 7 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 15 Ba bang ba batho ba tlohetseng ho sebetsa Jehova ba ka nna ba thuswa ka hore ba bale karolo e itseng ya Buka ya Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo, Ha ba bang ba fumane molemo ka hore ba ithute dikgaolo tsa buka ya Atamela ho Jehova. Komiti ya Tshebeletso ya Phutheho ke yona e nang le boikarabelo ba hore e kgethe mohweletsi ya tla ithuta le motho ya batlang ho kgutlela ho Jehova.

^ par. 68 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Barababo rona ba bararo ba thusa morabo rona ya batlang ho kgutlela ho Jehova. Ba etsa seo ka ho tswela pele ba bua le yena, ba mo kgodisa hore ba a mo rata le ho mo mamela ka hloko.