Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 24

“Momahanya Pelo ya ka Hore e Tshabe Lebitso la Hao”

“Momahanya Pelo ya ka Hore e Tshabe Lebitso la Hao”

“Momahanya pelo ya ka hore e tshabe lebitso la hao. Ke a o roka, Jehova Modimo wa ka, ka pelo ya ka yohle.”​—PES. 86:11, 12.

PINA YA 7 Jehova ke Matla a Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho tshaba Jehova ho bolelang, hona ke hobaneng ha batho ba mo ratang ba lokela ho mo tshaba?

BAKRESTE ba rata Modimo ebile ba a mo tshaba. Ho batho ba bang e ka nna ya ba ntho e sa utlwahaleng hore ebe ba rata Modimo ka lehlakoreng le leng ba a mo tshaba. Le ha ho le jwalo ha re bue ka tshabo ya hore motho a balehe. Ka hoo re tlo bua ka tshabo e ikgethang. Batho ba nang le tshabo e jwalo ba hlompha Modimo haholo. Ha ba batle ho kwatisa Ntate wa bona ya lehodimong hobane sena se ka senya kamano ya bona le yena.​—Pes. 111:10; Liprov. 8:13.

2. Ho ya ka mantswe a Morena Davida a ho Pesaleme ya 86:​11, ke dintho dife tse pedi tseo re tlo buang ka tsona?

2 Bala Pesaleme ya 86:11. Ha o ntse o nahana ka mantswe ana, o tla bona ka ho hlakileng ka moo Morena Davida a neng a nka ho hlompha Jehova e le ntho ya bohlokwa. Hona jwale re tlo bona ka moo re ka sebedisang seo Davida a ileng a se bua thapelong ya hae. Pele re tlo bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho hlompha lebitso la Modimo. Ya bobedi re tlo bona hore na ke jwang re ka bontshang hore re hlompha lebitso la Modimo bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO HLOMPHA LEBITSO LA JEHOVA?

3. Ke eng se ileng sa etsahala mme sa thusa Moshe hore a dule a hlompha lebitso la Modimo?

3 Nahana hore na Moshe o ile a ikutlwa jwang ha a ne a le ka lefikeng mme a bona pono e bontshang matla a Jehova. Insight on the Scriptures e re: “Ena e ne e le ketsahalo e hlollang eo motho a ka e bonang.” Moshe o ile a utlwa lengeloi le bua mantswe ana a latelang: “Jehova, Jehova, Modimo ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete, ya bolokelang ba dikete mosa o lerato, ya tshwarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 33:17-23; 34:5-7) E ka nna yaba ha Moshe a ne a bua ka lebitso la Jehova o ne a hopola pono eo. Ke ka hoo ha morao Moshe a ileng a kgothalletsa Baiseraele hore ba “tshabe lebitso lena le kganyang le le tshabehang.”​—Deut. 28:58.

4. Ke eng e ka re thusang hore re hlomphe Jehova le ho feta?

4 Ha re nahana ka lebitso Jehova, re boetse re lokela ho nahana hore na ke motho ya jwang. Hape re lokela ho nahana ka makgabane a hae a kang matla, bohlale, toka le lerato. Ho nahana ka makgabane ao le a mang, ho ka etsa hore re mo hlomphe le ho feta.​—Pes. 77:11-15.

5, 6. (a) Lebitso la Modimo le bolelang? (b) Ho ya ka Exoda 3:13, 14 le Esaia 64:8 ke ka ditsela dife Jehova a etsang hore dintho di etsahale?

5 Re tsebang ka se bolelwang ke lebitso la Modimo? Bangodi ba bangata ba dumela hore lebitso Jehova le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” Sena se re hopotsa hore ha ho letho le ka thibelang Jehova ho etsa dintho tseo a batlang ho di etsa. O etsa seo jwang?

6 Jehova o etsa hore dintho di etsahale ka hore e be ntho e nngwe le e nngwe e le hore a phethahatse morero wa hae. (Bala Exoda 3:13, 14.) Hangata dingolweng tsa rona re hopotswa ka karolo ena e ikgethang ya botho ba Modimo. Jehova a ka boela a sebedisa bahlanka ba hae ba sa phethahalang hore ba be seo a se hlokang e le hore a phethahatse morero wa hae. (Bala Esaia 64:8.) Ka ditsela tsena Jehova o phethahatsa seo a se batlang. Ka hoo ha ho letho le ka mo thibelang hore a phethahatse morero wa hae.​—Esa. 46:10, 11.

7. Ke jwang re ka ananelang Ntate wa rona ya lehodimong le ho feta?

7 Re ka bontsha hore re ananela Ntate wa rona ya lehodimong ka hore re nahanisise ka dintho tseo a di entseng le tseo a entseng hore re di etse. Ka mohlala re a hlollwa ha re bona dintho tseo Jehova a di bopileng. (Pes. 8:3, 4) Hape ha re nahanisisa ka dintho tseo Jehova a re thusitseng ho di finyella e le hore re phethahatse morero wa hae, seo se etsa hore re mo hlomphe le ho feta. Ka nnete lebitso Jehova le a hlolla. Lebitso leo le akarelletsa hore na Ntate wa rona o jwang, dintho tseo a di entseng le tseo a tla di etsa.​—Pes. 89:7, 8.

“KE TLA BOLELA LEBITSO LA JEHOVA”

Dintho tseo Moshe a ileng a di ruta di ne di kgatholla. Di bua haholo ka lebitso la Jehova le hore na o jwang (Sheba serapa sa 8) *

8. Ho ya ka Deuteronoma 32:2, 3, ke eng eo Jehova a batlang hore bahlanka ba hae ba e etse ka lebitso la hae?

Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng, Jehova o ile a ruta Moshe pina. (Deut. 31:19) Moshe o ile a lokela ho ruta Baiseraele pina eo. (Bala Deuteronoma 32:2, 3.) Ha re ntse re nahanisisa ka temana ya bobedi le ya boraro, re a hlokomela hore Jehova ha a batle hore re pate lebitso la hae le hore ha re a lokela ho tshaba ho le bitsa. O batla hore motho e mong le e mong a tsebe lebitso la hae. E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba thaba ha Moshe a ne a ba ruta ka Modimo le ka lebitso la hae le babatsehang. Seo Moshe a ileng a ba ruta sona se ile sa ba matlafatsa tumelo le ho ba kgothatsa, jwalo ka ha pula e etsa hore dimela di hole. Re ka etsa jwang hore tsela eo re rutang ka yona e tshwane le ya Moshe?

9. Ke jwang re ka thusang ho halaletsa lebitso la Jehova?

9 Ha re le tshimong re ka sebedisa Bibele ho ruta batho lebitso la Modimo e leng Jehova. Re ka ba fa dingolwa, divideo le ho ba bontsha dintho tse hlahang websaeteng tse tlisang thoriso ho Jehova. Ha re le mosebetsing, sekolong le ha re tsamaya, re ka fumana monyetla wa hore re bue ka Modimo wa rona ya lerato le hore na o jwang. Re ka ba bolella ka dintho tse hlollang tseo Jehova a tla re etsetsa tsona lefatsheng. Ha ba utlwa ka dintho tsena, mohlomong e tla be e le ka lekgetlo la pele ba hlokomela hore Jehova o a ba rata. Ha re bolella batho ba bang nnete ka Ntate wa rona ya lerato, re tla be re thusa ho halaletsa lebitso la hae. Hape re thusa batho ho utlwisisa hore ba ne ba rutilwe mashano ka Modimo. Ka hoo, seo re ba rutang sona ka Bibeleng se a ba kgatholla.​—Esa. 65:13, 14.

10. Ke hobaneng ha re sa lokela ho ruta batho bao re ithutang Bibele le bona melao ya Modimo feela?

10 Ha re ithuta Bibele le batho, re batla ho ba thusa hore ba tsebe lebitso la Modimo ba be ba le sebedise. Ho feta moo, re batla ho ba thusa hore ba tsebe Jehova hantle. Na re ka kgona ho finyella seo ka hore feela re ba rute melao ya hae? Moithuti a ka ithuta ka melao ya Jehova le ho e rata. Empa na a ka mamela Jehova hobane a mo rata? Hopola hore Adama le Eva ba ne ba tseba melao ya Modimo empa ha ba a ka ba bontsha hore ba a mo rata. (Gen. 3:1-6) Ka hoo re tlameha ho etsa ho fetang feela ho ruta batho melao ya Modimo le dintho tseo a di lebelletseng ho bona.

11. Ha re ruta batho bao re ithutang Bibele le bona melao ya Jehova, ke jwang re ka ba thusang hore le yena ba mo rate?

11 Melao ya Jehova ke ya bohlokwa ebile e molemong wa rona. (Pes. 119:97, 111, 112) Empa batho bao re ithutang Bibele le bona, ba ka nna ba se ke ba nahana seo haeba ba sa utlwisise hore Jehova o entse melao eo hobane a re rata. Ka hoo re ka nna ra ba botsa potso ena: “O nahana ke hobaneng ha Jehova a re bahlanka ba hae ba lokela ho etsa ntho e itseng kapa ba se ke ba e etsa? See se re bolellang ka Jehova?” Haeba re thusa batho bao re ithutang le bona hore ba nahane ka Jehova le ho ananela lebitso la hae, seo se ka etsa hore re ba finyelle dipelo. Ka hoo batho bao re ithutang le bona ba tla rata Jehova le melao ya hae. (Pes. 119:68) Hape tumelo ya bona e tla ba matla mme seo re tla ba thusa hore ba mamelle mathata ao ba nang le ona.​—1 Bakor. 3:12-15.

“RE TLA TSAMAYA KA LEBITSO LA JEHOVA”

Davida o ile a dumella hore ditakatso tsa hae di mo susumelletse hore a etse dintho tse fosahetseng (Sheba serapa sa 12)

12. Ke jwang Davida a ileng a hloleha ho etsa se nepahetseng, hona seo se bile le ditlamorao dife?

12 Mantswe a bohlokwa a Morena Davida a ho Pesaleme ya 86:​11 ke a reng, “momahanya pelo ya ka.” Davida o bone ka moo ho leng bonolo ka teng hore motho a be le ditakatso tse fosahetseng. Ka letsatsi le leng ha ne a tsamaya marulelong, o ile a bona mosadi wa monna e mong a ntse a hlapa. Ka nako eo, na pelo ya Davida e ne e batla ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng? O ne a tseba molao wa Jehova o reng: “O se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno.” (Ex. 20:17) Le ha ho le jwalo, o ile a tswela pele ho sheba mosadi eo. Pelo ya hae e ne e batla Bathesheba, ha ka lehlakoreng le leng a batla ho thabisa Jehova. Le hoja nakong e fetileng Davida a ile a bontsha hore o rata Jehova ebile o a mo tshaba empa o ile a dumella ho laolwa ke ditakatso tsa hae. Ka hoo o ile a etsa dintho tse mpe tse ileng tsa tlisa thohako lebitsong la Jehova. Davida o ile a boela a beha batho ba se nang molato kotsing ho akarelletsa le lelapa la hae.​—2 Sam. 11:1-5, 14-17; 12:7-12.

13. Re tseba jwang hore Davida o ile a boela a ba le kamano e ntle le Jehova?

13 Jehova o ile a kgalemela Davida mme o ile a boela a ba le kamano e ntle le yena. (2 Sam. 12:13; Pes. 51:2-4, 17) Davida o ile a hopola ditlamorao tsa dintho tse fosahetseng tseo a ileng a di etsa. Na Jehova o ile a thusa Davida hore a se ke a hlola a ba le ditakatso tse fosahetseng? Ho jwalo, hobane ha morao Lentsweng la hae o ile a re Davida ke manna eo ‘pelo ya hae e [neng] e . . . felletse ho Jehova Modimo wa hae.’​—1 Mar. 11:4; 15:3.

14. Ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa yona, hona hobaneng?

14 Mohlala wa Davida o a re kgothatsa ebile o a re lemosa. Ho re ebe o ile a etsa sebe se tebileng ke temoso ho bahlanka ba Modimo kajeno. Ho sa tsotellehe hore na re sebeleditse Jehova nako e kae, re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Na ke hanela Satane ha a batla hore ke etse dintho tse fosahetseng?’

Satane o tla leka hore susumelletsa hore re etse dintho tse fosahetseng mme ha re a lokela ho mo dumella (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ho hlompha Modimo ho ka re thusa jwang haeba re bona ditshwantsho tse etsang hore re nahane ka boitshwaro bo bobe?

15 Ka mohlala, o etsang haeba o bona setshwantsho thelevisheneng kapa inthaneteng se ka etsang hore o nahane ka boitshwaro bo bobe? Ho ka ba bonolo hore o ipolelle hore setshwantsho kapa muvi oo ha se pornography. Empa na e ka ba ntho eo Satane a e sebedisang hore o se ke wa mamela Jehova? (2 Bakor. 2:11) Setshwantsho seo se ka tshwana le botsikinyane ba ha motho a lonngwe ke monwang. O qala pele ka ho ingwaya mme ho be botsikinyane le ho feta ho fihlela e ba peisi, ebe ha o ntse o e ngwaya e fetoha seso. Na ditshwantsho tseo di ka tshwana le botsikinyane ba ha motho a lonngwe ke monwang? Ho sheba dintho tse ka bonahalang e ka ha di kotsi, ha nako e ntse e ya di ka etsa hore motho a fosetse Jehova. Ka hoo o se ke wa kenya letho le sa hlwekang ka pelong ya hao. Dula o etsa dintho tse nepahetseng e le ho bontsha hore o hlompha lebitso la Jehova.

16. Re lokela ho ipotsa dipotso dife haeba re utlwa eka re batla ho etsa dintho tse mpe?

16 Satane o boetse o sebedisa dintho tse ngata ho etsa hore re etse dintho tse fosahetseng. Ke eng seo re lokelang ho se etsa? Ho bonolo hore re nahane hore dintho tsena ha di mpe hakaalo. Ka mohlala re ka nna ra re: ‘Dintho tsena ha se tse ka etsang ke kgaolwe.’ Ho nahana jwalo ho fosahetse. Ho molemo hore re ipotse dipotso tse kang tsena: ‘Na Satane o leka ho etsa see e le hore ke etse dintho tse fosahetseng? Haeba ke inehella ditakatso tse fosahetseng, na ke tla tlisa thohako lebitsong la Jehova? Na seo se tla etsa hore ke be le kamano e ntle le Jehova kapa se tla e senya?’ Re lokela ho nahanisisa ka dipotso tsena. Rapella bohlale e le hore o arabe dipotso tsena ka botshepehi. (Jak. 1:5) Ha re etsa jwalo re tla sireletseha. Sena se tla re thusa hore re hanele teko jwalo ka Jesu ha a ne a re: “Tloha, Satane!”​—Mat. 4:10.

17. Ke hobaneng ha re ka re ho etsa dintho tse fosahetseng ho ke ke ha re tswela molemo? Fana ka mohlala.

17 Ho etsa dintho tse fosahetseng ha ho re tswele molemo. A ko nahane ka thimi e nang le batho ba sa sebedisaneng ha mmoho. Ba bang ba ipatlela botumo, ba bang ha ba mamele ditaelo, ha ba bang ba sa hlomphe mokwetlisi. Thimi e itshwarang jwalo ha se hangata e ka hlolang. Ho fapana le hoo, thimi e sebetsang ha mmoho hangata e ya hlola. Pelo ya hao e ka atleha jwalo ka thimi eo, haeba dintho tseo o di nahanang, tseo o di batlang le ka moo o ikutlwang ka teng ho dumellana le ho sebeletsa Jehova. Hopola hore Satane o batla hore o etse dintho tse fosahetseng. O batla hore ho be thata hore o etse dintho tseo Jehova a reng o di etse mme o etse dintho tse fosahetseng. Le ha ho le jwalo, o lokela ho rata Jehova ka ho felletseng e le hore o mo sebeletse. (Mat. 22:36-38) Ka hoo ha o a lokela ho dumella Satane hore a o susumelletse ho etsa dintho tse fosahetseng.

18. Ho latela Mikea 4:5, o ikemiseditse ho etsang?

18 Rapela Jehova jwalo ka Davida ha a ne a re: “Momahanya pelo ya ka hore e tshabe lebitso la hao.” Etsa sohle seo o ka se kgonang e le hore o sebedise mantswe a thapelo ena bophelong ba hao. Ikemisetse hore qeto eo o e etsang letsatsi le letsatsi e bang ke e kgolo kapa ke e nyane, e bontshe hore o hlompha lebitso la Jehova. Ha o etsa jwalo, o tla be o emela lebitso la Jehova jwalo ka ha o le Paki ya Jehova. (Liprov. 27:11) Ka hoo kaofela ha rona re tla bua seo moprofeta Mikea a ileng a se bua ha a re: “Re tla tsamaya ka lebitso la Jehova Modimo wa rona ho isa nakong e sa lekanyetswang, esita le ka ho sa feleng.”​—Mik. 4:5.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

^ par. 5 Sehloohong sena re tla hlahloba seo Davida a ileng a se bua thapelong ya hae e ho Pesaleme ya 86:11, 12. Ho tshaba lebitso la Jehova ho bolelang? Ke hobaneng ha re lokela ho tshaba lebitso leo? Hona ho tshaba Modimo ho ka re thusa jwang hore re se ke ra etsa dintho tse fosahetseng?

^ par. 53 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moshe o ile a ruta Baiseraele pina e isang thoriso ho Jehova.

^ par. 57 DINTSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Eva ha a a ka a hanela ditakatso tse fosahetseng. Ho fapana le hoo, re hanela ditshwantsho kapa melaetsa e re kgothalletsang boitshwaro bo bobe le se ka tlisang thohako lebitsong la Modimo.