Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ha ba romela melaetsa ba sebedisa metjha ya puisano?

Bakreste ba bang ba sebedisa theknoloji ya moraorao ho dula ba buisana le ba malapa a bona le Dipaki tse ding. Empa Mokreste ya hlokolosi o tla mamela keletso ena e reng: “Ya masene ya boneng tlokotsi o ipatile; ba se nang phihlelo ba fetetseng pele ba fumane kotlo.”​—Liprov. 27:12.

Ka ha re a hlokomela hore Jehova o batla ho re sireletsa ha re itswakanye le batho ba bakang dikarohano, ba kgaotsweng kapa ba buellang dithuto tse fosahetseng. (Bar. 16:17; 1 Bakor. 5:11; 2 Joh. 10, 11) Ba bang ba ntseng ba kopanela le phutheho ba ka nna ba se ke ba itshwara ka tsela e hlomphehang. (2 Tim. 2:20, 21) Nakong eo re kgethang metswalle, re tla be re etsa hantle ha re hopola dintlha tseo. Ho kgetha metswalle e hantle ho ka ba thata haeba re buisana le batho re sebedisa metjha ya puisano.

Ke ha bohlokwa haholo hore o be hlokolosi nakong eo o batlang ho etsa metswalle o sebedisa di-group tse nang le batho ba bangata tse metjheng ena ya puisano. Bakreste ba bang ba ile ba kena ho tsona mme ditlamorao e bile tse bohloko haholo. Mora kapa moradiwabo rona a ka bontsha jwang hore o hlokolosi haeba ho na le group e nang le batho ba bangata haholo? Ho ke ke ha ba bonolo ho tseba motho e mong le e mong hantle le hore na o na le tumelo e matla hakae. Pesaleme ya 26:4 e re: “Ha ke a dula le batho ba leshano; ha ke kene setswalleng le ba patang seo ba leng sona.” Na taba ee ha e bontshe hore e ka ba hantle hore o sebedise motjha o itseng wa puisano ho buisana le batho bao o ba tsebang feela?

Esita le haeba group e se na batho ba bangata, Mokreste o ntse a lokela ho sheba hore na o nka nako e kae a kene ho yona le hore na ho buuwa kang. Ha re a lokela ho ikutlwa re tlamehile hore re arabe melaetsa ho sa tsotellehe hore na ho buuwa ka eng le hore na puisano eo e tla nka nako e kae. Pauluse o ile a lemosa Timothea ka batho bao e neng e tla ba “basebi le ba kenakenanang le ditaba tsa batho ba bang.” (1 Tim. 5:​13) Mehleng ena, ho bonolo feela hore ntho e jwalo e etsahale ho sebediswa metjha ya puisano.

Mokreste ya nang le kamano e ntle le Modimo a ke ke a bua kapa a mamela ditaba tse buang ka badumedimmoho le yena hampe kapa tseo e leng makunutu a Bakrestemmoho le yena. (Pes. 15:3; Liprov. 20:​19) Hape o tla qoba ho bua kapa ho mamela ditaba tse tshosang kapa tseo ho sa tsebahaleng hantle hore na ke nnete. (Baef. 4:​25) Re na le dintho tse ngata tse thehilweng Bibeleng le ditlaleho tseo re ka di tshepang tse websaeteng ya rona ya jw.org le mananeong a kgwedi le kgwedi a JW Broadcasting®.

Dipaki tse ding di sebedisa metjha ya puisano bakeng sa ho reka, ho rekisa, ho bapatsa dintho tse itseng kapa ho fana ka menyetla ya mosebetsi. Le ha ho le jwalo ha re a lokela ho kopanya dintho tsena le borapedi ba rona ho Jehova. Bakreste ba sa batleng ho ba le “lerato la tjhelete” ba ke ke ba sebedisa barababo rona ka sepheo sa ho iketsetsa tjhelete.​—Baheb. 13:5.

Empa na ke phoso ho sebedisa metjha ee ya puisano ho kopa tjhelete ho bara le baradibabo rona e le ho thusa Bakrestemmoho le rona ba hlahetsweng ke dikoduwa? Hangata re bontsha hore re kgathalla Bakrestemmoho le rona ka ho ba thusa le ho ba kgothatsa. (Jak. 2:15, 16) Empa ho etsa jwalo re sebedisa group e nang le batho ba bangata e metjheng ya puisano ho ka kenakenana le ditokisetso tse molemo tse entsweng ke ofisi ya lekala kapa phutheho. (1 Tim. 5:3, 4, 9, 10, 16) Ho feta moo, re ke ke ra batla hore batho ba nahane hore ka tsela e itseng e ikgethang re na le mosebetsi wa ho hlokomela dinku tsa Modimo.

Re batla ho etsa dintho tse tla isa thoriso ho Modimo. (1 Bakor. 10:31) Ka hoo, ha o etsa qeto ya hore na o tla sebedisa motjha ofe wa puisano kapa theknoloji efe, o nahane ka dikotsi tse ka hlahang hape o be hlokolosi haholo.