Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10

Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Jwang Hore ba Kolobetswe?

Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Jwang Hore ba Kolobetswe?

“Setho se seng le se seng . . . [se] sebeletsa kgolo ya mmele.”​—BAEF. 4:16.

PINA YA 85 Amohelanang

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke bomang ba ka thusang motho ya ithutang Bibele hore a kolobetswe?

AMY ya dulang Fiji o re: “Ke ne ke rata dintho tseo ke ithutang tsona ka Bibeleng. Ke ne ke tseba hore seo ke ithutang sona ke nnete. Empa ke ile ka qala ho etsa diphetoho ka mora hore ke qete nako ke na le bara le baradibabo rona mme seo se ile sa nthusa hore ke kolobetswe.” Re ithuta ntho ya bohlokwa ho se ileng sa etsahalla Amy e leng hore motho ya ithutang Bibele a ka nna a etsa diphetoho e le hore a kolobetswe ha batho ba bang ka phuthehong ba mo thusa.

2 Mohweletsi e mong le e mong a ka thusa batho ba batjha hore e be karolo ya phutheho. (Baef. 4:16) Moradiwabo rona Leilani eo e leng pulamadiboho ya dulang Vanuatu o re: “Ho na le mantswe a reng, ‘ngwana o hodiswa ke batho bohle motseng.’ Ke nahana hore ho a tshwana le ha re etsa batho barutuwa, kaofela ha rona re thusa motho ya ithutang Bibele hore a tle ka phuthehong.” Ba lelapa, metswalle le matitjhere kaofela ha bona ba thusa ngwana hore a hole. Ba etsa sena ka ho mo kgothatsa le ho mo ruta dintho tsa bohlokwa. Ka ho tshwanang, bahweletsi ba ka eletsa batho ba ithutang Bibele, ba ba kgothatsa mme ba ba behela mohlala o motle e leng se tla ba thusa hore ba kolobetswe.​—Liprov. 15:22.

3. O ithutileng ho seo Ana, Dorin le Leilani ba se buileng?

3 Ke hobaneng ha mohweletsi a lokela ho thaba ha batho ba bang ka phuthehong ba thusa motho eo a ithutang Bibele le yena? Hlokomela seo moradiwabo rona Ana eo e leng pulamadiboho e kgethehileng naheng ya Moldova a se buang, o re: “Ho thata haholo ho thusa motho ya ithutang Bibele o le mong hobane ho na le dintho tse ngata tseo a di hlokang e le hore a ka etsa diphetoho.” Morabo rona Dorin eo e leng pulamadiboho e kgethehileng naheng yona eo o re: “Hangata bahweletsi ba bang ba bua ntho eo ke neng ke sa e nahana e finyellang maikutlo a motho eo ke ithutang Bibele le yena.” Moradiwabo rona Leilani o bontsha lebaka le leng leo re lokelang ho thaba ha bahweletsi ba thusa motho eo re ithutang Bibele le yena, o re: “Ha motho eo re ithutang le yena a bona ka moo ba mo ratang le ho mo kgathalla ka teng seo se tla mo thusa hore a bone hore re bahlanka ba Jehova.”​—Joh. 13:35.

4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

4 Le ha ho le jwalo, o ka nna wa ipotsa, ‘Nka thusa motho ya ithutang Bibele jwang le hoja e se nna ya mo rutang?’ A re ke re bueng ka hore na re ka etsang haeba mohweletsi a re kopa hore re tsamaye le yena ha a ilo ithuta Bibele le motho le hore na re ka etsang ha motho eo a qala ho tla dibokeng. Re tla boela re bone hore na baholo ba ka thusa batho ba ithutang Bibele jwang hore ba kolobetswe.

O KA ETSANG HA MOHWELETSI A O MEMME HORE LE ILO ITHUTA BIBELE LE MOTHO?

Ha mohweletsi a o memme hore le ilo ithuta Bibele le motho, lokisetsa sehlooho seo ba tlo se bala (Sheba serapa sa 5-7)

5. Boikarabelo ba hao ke bofe ha mohweletsi a o kopa hore o tsamaye le yena ha a ilo ithuta Bibele le motho?

5 Mohweletsi ya ithutang Bibele le motho ke yena ya ikarabellang ka ho mo thusa hore a utlwisise Lentswe la Modimo. Haeba a o kopa hore o tsamaye le yena ha a ilo ithuta le motho eo, boikarabelo ba hao ke ho mo thusa. (Moek. 4:9, 10) Jwale o ka mo thusa jwang?

6. O ka sebedisa molaomotheo o ho Liproverbia 20:18 jwang ha mohweletsi a o kopile hore o tsamaye le yena ha a ilo ithuta Bibele le motho?

6 Lokisetsa. Qala ka ho kopa mohweletsi hore a o qoqele hanyane ka motho eo a ithutang Bibele le yena. (Bala Liproverbia 20:18.) O ka nna wa mo botsa wa re: “Ke dintho dife tseo o di tsebang ka yena? Le tlo bala sehlooho sefe? Ke eng seo o batlang hore a ithute sona? Na ho na le ntho eo ke sa lokelang ho e etsa kapa eo ke sa lokelang ho e bua? Nka mo kgothatsa jwang?” Ke nnete hore mohweletsi a ke ke a bua ka dintho tseo motho ya ithutang Bibele le yena a sa batleng hore batho ba bang ba di tsebe empa o tla bua ka tse hlokahalang feela. Moradiwabo rona Joy eo e leng moromuwa o qoqa ka dintho tsena le batho bao a tsamayang le bona ha a ya ho motho eo a ithutang Bibele le yena. O re: “Ho qoqa ka dintho tsena ho thusa motho eo ke tsamayang le yena hore a tsebe motho eo ke ithutang Bibele le yena le hore a tsebe hore na a ka reng ha re ntse re ithuta.”

7. Ke hobaneng ha o lokela ho lokisetsa ha o tsamaya le mohweletsi ya ilo ithuta Bibele le motho e mong?

7 Haeba mohweletsi e mong a o kopa hore o tsamaye le yena ha a ilo ithuta Bibele le motho e ka ba hantle hore o lokisetse sehlooho seo ba tlo se bala. (Esdr. 7:​10) Morabo rona Dorin eo re buileng ka yena qalong o re: “Ke thaba haholo ha mohweletsi eo ke tsamayang le yena a lokiseditse sehlooho seo re tlo se bala hobane seo se etsa hore a bue dintlha tsa bohlokwa.” Hape motho ya ithutang a ka nna a hlokomela hore wena le mohweletsi eo o tsamayang le yena le lokiseditse mme seo se ka mo behela mohlala o motle. Haeba o ke ke wa kgona ho lokisetsa sehlooho seo ba tlo se bala hantle bonyane o ka ipha nako ya hore o shebe dintlha tsa bohlokwa sehloohong seo.

8. O ka etsang hore thapelo ya hao e tobe taba ha o rapella motho ya ithutang Bibele?

8 Ka ha thapelo ke ya bohlokwa haholo ha le ithuta, o lokela ho nahana esale pele hore na o tla rapella eng haeba mohweletsi eo o tsamayang le yena a o kopa hore o rapele. Ha o etsa jwalo thapelo ya hao e tla finyella maikutlo a moithuti. (Pes. 141:⁠2) Hanae ya dulang Japane o ntse a hopola tsela eo moradiwabo rona ya neng a tsamaya le motho ya neng a mo ruta Bibele a neng a rapela ka yona. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke motswalle wa Jehova ya haufiufi ebile ke ne ke batla ho tshwana le yena. Hape ke ne ke utlwa ke ratwa ha a ne a bitsa lebitso la ka dithapelong tsa hae.”

9. Ho ya ka Jakobo 1:19, o ka etsang hore o thuse mohweletsi ha a ntse a ruta motho eo a ithutang Bibele le yena?

9 Thusa mohweletsi eo o tsamayang le yena ha le ntse le ithuta. Moradiwabo rona Omamuyovbi eo e leng pulamadiboho e kgethehileng Nigeria o re: “Mohweletsi o thusa haholo ha a mamela ka hloko ha le ntse le ithuta. O kgona ho fana ka dintlha tse thusang motho ya ithutang Bibele empa ha a bue haholo hobane o a hlokomela hore ha se boikarabelo ba hae ho ruta motho eo.” Jwale o ka tseba jwang hore o lokela ho bua neng le hore na o ka reng? (Liprov. 25:11) Mamela ka hloko ha mohweletsi a ntse a ruta motho eo a ithutang Bibele le yena. (Bala Jakobo 1:19.) Ha o etsa jwalo o tla kgona ho mo thusa ka nako e nepahetseng. Ke nnete hore o lokela ho nahana pele o bua. Ka mohlala o ke ke wa bua haholo, wa kena mohweletsi hanong ha a ntse a leka ho hlalosetsa motho eo a ithutang Bibele le yena ntho e itseng kapa wa bua ka ntho e nngwe e fapaneng. Ho e na le hoo o ka bua ntlha e kgutshwanyane, wa etsa mohlala kapa wa botsa potso e le hore o thuse mohweletsi hore a hlakise ntlha eo a e rutang. Ka dinako tse ding o ka nna wa ikutlwa eka ha ho na ntho e kaalo eo o ka e buang. Empa haeba o babatsa moithuti mme o bontsha hore o a mo kgathalla seo se tla mo thusa hore a thabele ho ithuta.

10. Dintho tse o etsahalletseng bophelong di ka thusa motho ya ithutang Bibele jwang?

10 Bua ka dintho tse o etsahalletseng. Haeba ho loketse, ka bokgutshwanyane o ka bolella moithuti hore na ho tlile jwang hore o ithute Bibele, ke bothata bofe boo o ileng wa bo hlola le hore na Jehova o o thusitse jwang bophelong ba hao. (Pes. 78:4, 7) Ho ka etsahala hore moithuti o ne a hloka ho utlwa dintho tseo. Di ka matlafatsa tumelo ya hae kapa tsa etsa hore a batle ho kolobetswa. Di ka boela tsa mo thusa hore a bone hore na a ka hlola bothata boo a nang le bona jwang. (1 Pet. 5:9) Morabo rona Gabriel ya dulang Brazil eo hona jwale e leng pulamadiboho o re o hopola ntho e ileng ya mo thusa ha a ntse a ithuta Bibele. O re: “Ha ke ne ke utlwa dintho tse etsahallang barababo rona ke ile ka ithuta hore Jehova o bona mathata ao re nang le ona mme haeba ba kgonne ho a hlola le nna ke ne ke tla kgona.”

SEO O KA SE ETSANG HA MOTHO YA ITHUTANG BIBELE A TLA DIBOKENG

Kaofela ha rona re ka kgothalletsa moithuti hore a dule a tla dibokeng (Sheba serapa sa 11)

11, 12. Ke hobaneng ha re lokela ho amohela motho ya ithutang Bibele ya tlang dibokeng ka mofuthu?

11 E le hore motho ya ithutang Bibele a kolobetswe o lokela ho tla dibokeng ka mehla ka ha di tla mo tswela molemo. (Baheb. 10:24, 25) Motho ya mo rutang Bibele a ka mo mema hore a tle dibokeng ka lekgetlo la pele. Le ha ho le jwalo, ha a tla dibokeng kaofela ha rona re ka mo kgothalletsa hore a dule a tla Holong ya rona ya Mmuso. Re ka etsa seo jwang?

12 Amohela motho ya ithutang Bibele ka mofuthu. (Bar. 15:7) Haeba motho ya ithutang Bibele a ikutlwa a amohetswe dibokeng a ka nna a dula a batla ho tla. Mo dumedise ka tsela e bontshang hore o mo thabetse mme o mo tsebise batho ba bang empa o se ke wa etsa hore a ikutlwe a sa phutholoha. Qoqa le yena hobane ho ka nna ha etsahala hore motho ya mo ballang ha a so fihle dibokeng kapa o ntse a etsa mesebetsi e meng ka Holong ya Mmuso. Mo mamele ka hloko mme o mo bontshe hore o a mo kgathalla. Ha o etsa jwalo seo se ka thusa motho ya ithutang Bibele jwang? Hlokomela se ileng sa etsahalla morabo rona Dmitrii ya kolobeditsweng dilemo tse mmalwa tse fetileng mme hona jwale e se e le mohlanka ya sebeletsang. Ha a hopola se ileng sa etsahala ha a ne a qala ho tla dibokeng o re: “Morabo rona e mong o ile a mpona ke eme ka ntle ho Holo ya Mmuso ke tshohile mme ka mosa o ile a re ho nna ke kene le yena ka hare. Ke ne ke maketse haholo ha batho ba bangata ba tla ho tla ntumedisa. Ke ne ke thabela seo haholo hoo ke neng ke utlwa eka diboka di ka ba letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke qala ho bona ntho e jwalo.”

13. Mohlala wa hao o motle o ka thusa motho ya ithutang Bibele jwang?

13 Beha mohlala o motle. Mohlala wa hao o motle o ka thusa motho ya ithutang Bibele hore a kgodisehe hore o fumane nnete. (Mat. 5:16) Morabo rona Vitalii eo e leng pulamadiboho Moldova o re: “Ke ile ka bona ka moo batho ba bang ka phuthehong ba phelang ka teng, ba nahanang le ho itshwara ka teng. Sena se ile sa etsa hore ke kgodisehe hore ka nnete Dipaki Tsa Jehova di tsamaya le Modimo.”

14. Mohlala wa hao o ka thusa moithuti jwang hore a sebedise seo a ithutang sona?

14 Moithuti o lokela ho sebedisa dintho tseo a ithutang tsona pele a ka kolobetswa. Ka dinako tse ding ha ho bonolo ho etsa jwalo empa ha moithuti a bona ka moo ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho o thusang ka teng a ka nna a batla ho o etsisa. (1 Bakor. 11:1) Nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Hanae eo re ileng ra bua ka yena. O re: “Bara le baradibabo rona ba ne ba se ba ntse ba etsa dintho tseo ke ithutang tsona. Ke ile ka bona hore na nka etsang hore ke be motho ya kgothatsang, ya tshwarelang le ya ratang batho ba bang. Ba ne ba dula ba bua hantle ka batho ba bang mme ke ne ke batla ho ba etsisa.”

15. Liproverbia 27:17 e re thusa jwang ho bona lebaka leo ka lona re lokelang ho ba metswalle ya batho ba ithutang Bibele ba tlang dibokeng?

15 Eba motswalle wa moithuti. Ha a ntse a tla dibokeng mo bontshe hore o a mo kgathalla. (Bafil. 2:4) Leka ho mo tseba haholwanyane. O ka mo babatsa ka diphetoho tseo a di entseng, wa mo botsa hore na o ntse a bala jwang, le hore na ho ntse ho ya jwang lapeng le mosebetsing. Empa o se ke wa mo botsa dipotso tse ka etsang hore a swabe. Ha o etsa jwalo seo se ka etsa hore le be metswalle. Ha o ba motswalle wa motho ya ithutang Bibele o mo thusa hore a batle ho kolobetswa. (Bala Liproverbia 27:17.) Hona jwale moradiwabo rona Hanae eo re buileng ka yena e se e le pulamadiboho ya ka mehla. Ha a hopola nakong eo a neng a qala ho ya dibokeng o re: “Ha ke ntse ke ba le metswalle ka phuthehong ke ile ka thabela ho ya dibokeng mme ke ne ke ya ho tsona le ha ke ne ke ikutlwa ke kgathetse. Ke ne ke thabela ho ba le metswalle ya ka e metjha mme seo se ile sa nthusa hore ke kgaotse ho ba motswalle wa batho ba sa rapeleng Jehova. Ke ile ka kolobetswa hobane ke ne ke batla ho ba motswalle wa Jehova le wa bara le baradibabo rona.”

16. O ka etsang hape hore motho ya ithutang Bibele a thabele ho ba ka phuthehong?

16 Ha motho ya ithutang Bibele a ntse a etsa diphetoho, mo thuse hore a ikutlwe e le karolo ya phutheho. O ka etsa sena ka hore o mo meme. (Baheb. 13:2) Ha morabo rona Denis ya sebeletsang naheng ya Moldova a hopola nako eo a neng a ithuta Bibele, o re: “Nna le mosadi wa ka re ile ra mengwa ka makgetlo a mangata hore re qete nako le bara le baradibabo rona. Ba ile ba re bolella ka moo Jehova a ba thusitseng ka teng mme seo se ile sa re kgothatsa haholo. Re ile ra kgodiseha hore re batla ho sebeletsa Jehova mme re tla ba le bophelo bo monate haeba re mo sebeletsa.” Ha motho ya ithutang Bibele e se e le mohweletsi o ka mo kopa hore a tsamaye le wena ha o ya tshimong. Morabo rona Diego ya dulang Brazil o re: “Barababo rona ba bangata ba ne ba nkopa hore ke tsamaye le bona ha ba ya tshimong. Sena se ile sa mpha monyetla wa hore ke ba tsebe hantle. Ke ile ka ithuta dintho tse ngata mme ke ile ka ikutlwa ke le haufi le Jehova le Jesu.”

KE ENG SEO BAHOLO BA KA SE ETSANG?

Baholo, ha le kgathalla batho ba ithutang Bibele le ka ba thusa hore ba kolobetswe (Sheba serapa sa 17)

17. Baholo ba ka thusa batho ba ithutang Bibele jwang?

17 Iphe nako ya batho ba ithutang Bibele. Baholo, haeba le rata batho ba ithutang Bibele ebile le ba kgathalla, le ka ba thusa hore ba kolobetswe. Na o ka itlwaetsa ho qoqa le batho ba ithutang Bibele ha ba tlile dibokeng? Ba tla bona hore o a ba kgathalla haholoholo ha o hopola mabitso a bona ha ba qala ho arabela. Na o ka ipha nako ya hore o tsamaye le mohweletsi ha a ilo bala le motho eo a ithutang le yena? O ka thusa moithuti ho feta ka moo o nahanang ka teng. Moradiwabo rona Jackie eo e leng pulamadiboho ya dulang Nigeria o re: “Batho ba bangata bao ke ithutang Bibele le bona ba a makala ha ba hlokomela hore morabo rona eo ke tsamayang le yena ke moholo. E mong wa bona o ile a re: ‘Moruti wa ka a ke ke a e etsa ntho eo. O tjhakela batho ba ruileng feela, hafeela ba mo patala.’” Hona jwale motho eo ya ithutang Bibele o se a tla dibokeng.

18. Baholo ba ka phetha boikarabelo boo ba bo filweng bo ho Liketso 20:28 jwang?

18 Kwetlisang bahweletsi mme le ba kgothatse. Baholo le na le boikarabelo bo boima ba ho thusa bahweletsi hore ba atlehe tshebeletsong ya tshimo. (Bala Liketso 20:28.) Haeba mohweletsi a tshaba ho ruta motho eo a ithutang Bibele le yena o le teng, o lokela ho ithaopela ho ruta motho eo. Moradiwabo rona Jackie eo re buileng ka yena serapeng se fetileng o re: “Baholo ba dula ba mpotsa ka batho bao ke ithutang Bibele le bona. Ha ke thatafallwa ke ho ruta motho eo ke ithutang Bibele le yena ba mpha keletso e ka nthusang.” Baholo ba ka kgothatsa bahweletsi haholo le ho ba thusa hore ba se ke ba tela. (1 Bathes. 5:11) Moradiwabo rona Jackie o boetse o re: “Ke a thaba ha baholo ba nkgothatsa ebile ba mpolella hore ba ananela mosebetsi wa ka. Mantswe ao a tshwana le ha eka ke fuwa metsi a batang ho tjhesa haholo. Mantswe a bona a mosa a nthusa hore ke bone hore ke etsa mosebetsi o motle le hore ke thabe le ho feta.”​—Liprov. 25:25.

19. Ke eng e ka etsang hore kaofela ha rona re thabe?

19 Le hoja hona jwale ho se na motho eo re ithutang Bibele le yena re ka kgona ho thusa motho e mong hore a kolobetswe. Re ka kgona ho thusa mohweletsi ha a ntse a ruta motho Bibele ka hore re bue dintlha tse lokiseditsweng hantle empa re sa bue haholo. Re ka ba metswalle ya batho ba ithutang Bibele ha ba tla Holong ya Mmuso mme ra ba behela mohlala o motle. Hape baholo ba ka kgothatsa batho ba ithutang Bibele ka hore ba iphe nako ya bona mme ba thuse bahweletsi ka ho ba kwetlisa le ho ba babatsa. Ka nnete re thaba haholo ha re thusa motho ya ithutang Bibele le ha e ka ba ka tsela e nyane feela hore a rate Jehova le ho mo sebeletsa.

PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile

^ par. 5 Hona jwale ba bang ba rona ha ho na batho bao re ithutang Bibele le bona. Le ha ho le jwalo, kaofela ha rona re ka thusa motho ya ithutang Bibele hore a kolobetswe. Sehloohong sena re tlo bona hore na e mong le e mong wa rona a ka etsang ho thusa motho ya ithutang Bibele hore a kolobetswe.