Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16

Emela Seo Bibele e se Rutang Mabapi le Lefu

Emela Seo Bibele e se Rutang Mabapi le Lefu

“Re [elellwa] ka wona polelo e buduletsweng ya nnete le polelo e buduletsweng ya phoso.”—1 JOH. 4:6.

PINA YA 73 O re fe Sebete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Ho e na le hore o kenelle meetlong eo Jehova a e hloileng, kgothatsa beng ka wena ba hlokahalletsweng (Sheba serapa sa 1-2) *

1-2. (a) Satane o thetsitse batho jwang? (b) Re tlo ithutang sehloohong sena?

SATANE “ntate wa leshano,” haesale a ntse a thetsa batho ho tloha mehleng ya Adama le Eva. (Joh. 8:44) A mang a mashano a hae a akarelletsa dithuto tsa bohata mabapi le lefu, le hore ha motho a shwa ho na le karolo e nngwe ya hae e tswelang pele e phela. Mekgwa e mengata le ditumelakgwela, di thehilwe dithutong tsena tsa leshano. Ka lebaka leo, bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba lokela hore ba “lwane ntwa e thata bakeng sa tumelo,” ha e mong wa lelapa kapa moahelani a hlokahala.—Juda 3.

2 Empa ho thweng haeba ho lebelletswe hore re etse meetlo ena? Keng e ka re thusang ho emela seo Bibele e se rutang ka lefu? (Baef. 6:11) Hona re ka kgothatsa le ho matlafatsa Mokrestemmoho jwang, ya qobellwang hore a etse meetlo ena e sa thabiseng Modimo? Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo Jehova a re thusang ka teng hore re se ke ra kenella meetlong ena. A re qaleng ka ho hlahloba seo Bibele e se rutang ka lefu.

SEO E LENG NNETE KA BOEMO BA BAFU

3. Keng se ileng sa etsahala ha Satane a bua leshano la pele?

3 Modimo o ne a sa rerela batho hore ba shwe. Empa e le hore Adama le Eva ba tswelepele ba phela, ba ne ba lokela ho mamela taelo ena e bonolo eo Jehova a neng a ba file yona: “Ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Gen. 2:16, 17) Ke hona mona moo Satane a ileng a kenella teng. A sebedisa noha, o ile a re ho Eva: “Ka sebele le ke ke la shwa.” Ka maswabi, Eva o ile a kgolwa leshano leo la Satane mme a ja tholwana. Yaba ha morao Adama le yena o ja tholwana eo. (Gen. 3:4, 6) Ka lebaka la sena, sebe le lefu di ile tsa qala ho ba teng.—Bar. 5:12.

4-5. Satane o ntse a tswelapele ho thetsa batho jwang?

4 Feela jwalo ka ha Modimo a ne a boletse, Adama le Eva ba ile ba shwa. Empa seo ha se a ka sa thibela Satane ho bua mashano ka lefu. Ka mora nako e seng kae feela, o ile a qalella ho bua mashano a mang. Le leng la ona ke hore ha motho a shwa, hona le karolo e nngwe ya hae e tswelang pele ho phela sebakeng sa moya. Leshano lena, le kgelositse batho ba bangata ho tla fihlela lena le hodimo.—1 Tim. 4:1.

5 Ebe ke hobaneng ha batho ba bangata ba kgolwa mashano aa a Satane hakana? Taba ke hore Satane o tseba hantle hore batho ba thabela ho phela. Ka ha re bopelletswe le takatso ya ho phela ka ho sa feleng, ha re batle ho shwa. (Moek. 3:11) Re nka lefu e le sera.—1 Bakor. 15:26.

6-7. (a) Na ebe Satane o atlehile ho leka ho pata nnete mabapi le bafu? Hlalosa. (b) Bibele e re thusa jwang hore re se ke ra tshaba bafu?

6 Satane o hlolehile ho pata nnete mabapi le lefu, ho sa tsotellehe matsapa ao a ileng a a etsa. Ha e le hantle, batho ba bangata hona jwale ba tseba seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu le ka tshepo eo re nang le yona ka bona, ebile ba ruta ba bang ka seo. (Moek. 9:5, 10; Lik. 24:15) Seo Bibele e se rutang se a re kgothatsa le ho re thusa hore re se ke ra tshwenyeha haholo kapa hona ho ba le dipelaelo ka se hlileng se etsahalang ha motho a hlokahala. Ka mohlala, ha re tshabe bafu, ebile ha re tshwenyehe ka hore hona le ntho e mpe e ka etsahallang baratuwa ba rona ba hlokahetseng. Re a tseba hore ha ba phele le hore ba ke ke ba ntsha batho ba phelang kotsi. Ho tshwana feela le ha e ka ba robetse boroko bo tebileng. (Joh. 11:11-14) Hape re a tseba hore bafu ha ba tsebe letho ka se etsahalang. Ka hona, tsohong ya bafu, ba tla utlwa e ka ba ne ba ile ba phomola hanyane feela borokong.

7 Na o a dumela hore nnete e mabapi le boemo ba bafu e hlakile, e bonolo hape e a utlwahala? Ka sebele, e fapane hole le mashano a Satane a ferekanyang batho. Ntle le ho kgelosa batho, Satane o sebedisa mashano ao ho etselletsa Mmopi wa rona. Jwale, e le ho re thusa ho utlwisisa hantle mathata ao Satane a a bakileng, a re ke re tshohleng dipotso tsena tse latelang: Satane o etselletsa Jehova jwang ka mashano ao a a buang? Mashano ao Satane a a buang, a etsa hore batho ba se ke ba beha tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo jwang? Hona a ekeditse masisapelo ao batho ba nang le ona jwang?

MASHANO A SATANE A BAKILE MATHATA A MANGATA

8. Jeremia 19:5, e re Satane o etselletsa Jehova jwang ka mashano ao a a buang mabapi le bafu?

8 Satane o etselletsa Jehova ka mashano ao a a buang ka boemo ba bafu. Mashano ao a akarelletsa thuto ya hore bafu ba hlokofatswa mollong. Thuto eo e etselletsa Modimo. Ka tsela efe? E etsa hore batho ba dumele hore Modimo ya lerato o na le botho bo tshwanang le ba Diabolose. (1 Joh. 4:8) Ebe see se etsa hore o ikutlwe jwang? Ha bohlokwa le ho feta, Jehova yena o ikutlwa jwang? Hopola hore Jehova o hloile ketso e nngwe le e nngwe ya bokgopo.—Bala Jeremia 19:5.

9. Mashano a Satane a ama sehlabelo sa Kreste sa thekollo jwang jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Johanne 3:16; 15:13?

9 Mashano a Satane mabapi le lefu a etsa hore batho ba se ke ba beha tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo. (Mat. 20:28) Leshano le leng leo Satane a le buang, ke la hore motho o na le moya o sa shweng. Jwale haeba taba eo ke nnete, batho kaofela ba ne ba tla phela ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, ho ne ho sa tlo hlokahala hore ebe Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo molemong wa rona. Hopola hore sehlabelo sa Kreste se bontsha hore Jehova o rata batho e le ka nnete. (Bala Johanne 3:16; 15:13.) Ako nahane feela hore na ebe Jehova le Jesu ba ikutlwa jwang ka dithuto tsena tse etsang hore mpho ena ya bohlokwa, e bonahale e se na thuso.

10. Mashano a Satane a ekeditse masisapelo ao batho ba nang le ona jwang?

10 Batho ba na le masisapelo ka lebaka la mashano a Satane. Batswadi ba sa tswa hlokahallwa ke ngwana, ba ka nna ba bolellwa hore Modimo o nkile ngwana bona hore e lo ba lengeloi lehodimong. Na see se a ba tshedisa kapa se ba ekelletsa masisapelo le ho feta? Thuto e nngwe ke ya mollo wa dihele. Haesale e sebediswa ho bontsha hore batho ba lokela ho hlokofatswa ka ho tjheswa, haeba ba sa latele melao ya kereke. Buka e nngwe ha e bua ka Lekgotla la Spain le ahlolang batho ba neng ba etsa tlolo ya molao e re: “E ka nna yaba batho ba neng ba tjhesa ba bang mollong, ba ne ba dumela hore ba utlwisa motho ya tlotseng molao hore na dihele tsa sebele di jwang. Ba re sena se ne se tla etsa hore motho a bake le pele a hlokahala e le hore Modimo a se ke a isa moya wa hae diheleng.” Dinaheng tse ding, batho ba utlwa ba lokela ho rapela bafu, ho ba hlompha kapa hona ho kopa tlhohonolofatso ho bona. Athe ba bang bona ba etsa mekete ho kgotsofatsa bafu ba bona, e le hore ba se ke ba ba hlokofatsa. Ka maswabi, batho ba kgolwang mashano ana a Satane, ha ba fumane matshediso a sebele. Ho e na le hoo, mashano ana a ba bakela matshwenyeho a mangata a sa hlokahaleng.

RE KA EMELA SEO BIBELE E SE RUTANG JWANG?

11. Ba lelapa kapa metswalle, ba ka leka jwang ho re susumelletsa ho tlola Melao ya Modimo, empa ba sa etse seo ka sepheo se sebe?

11 Ho rata Jehova le Lentswe la hae, ho tla re thusa ho mo mamela le ha ba lelapa kapa metswalle ba leka ho re susumelletsa hore re kopanele le bona meetlong e sa dumellaneng le Bibele, e amanang le bafu. Ba ka nna ba leka ho re phoqa haeba re sa kenelle meketeng ya bona, mohlomong ka hore ba re ha re rate baratuwa ba rona ba hlokahetseng, ebile ha re ba hlomphe. Kapa ba ka nna ba re tsela eo re etsang dintho ka yona, e tla etsa hore motho ya hlokahetseng a ntshe ba phelang kotsi. Jwale re ka emela seo Bibele e se rutang jwang? Hlokomela ka moo o ka sebedisang melaomotheo ya Bibele e latelang ka teng.

12. Ke meetlo efe e amanang le bafu eo ho totobetseng hore e fosahetse?

12 Ikemisetse ho ikarola dithutong le meetlong e sa dumellaneng le Bibele. (2 Bakor. 6:17) Morabe wa Macaribbean, o dumela hore motho ya hlokahetseng a ka poka mme a hlokofatsa batho ba ileng ba mo tshwara ha mpe ha a ne a phela. Buka e nngwe e re: “Sepoko sa motho ya hlokahetseng, se ne se ka nna sa bakela setjhaba moferefere.” Athe dinaheng tse ding tsa Afrika teng, ho tlwaelehile hore ha motho a hlokahetse, ho kwahelwe seipone mme dinepe di shebisetswe leboteng. Lebaka la seo ke le fe? Ba bang ba re lebaka ke hobane mofu ha a lokela ho ipona dinepeng kapa seiponeng. Ka hona, rona jwalo ka bahlanka ba Jehova, ha re kenelle meetlong ena e dumellanang le mashano a Satane.—1 Bakor. 10:21, 22.

Ho etsa dipatlisiso o sebedisa Bibele le ho buisana le beng ka wena bao e seng Dipaki, ho tla o thusa ho qoba mathata (Sheba serapa sa 13-14) *

13. Jwalo ka ha Jakobo 1:5 e bontsha, o lokela ho etsang haeba o sa kgodiseha hore ketso e itseng ke moetlo kapa tjhe?

13 Haeba o sa kgodiseha hore ketso e itseng ke moetlo kapa tjhe, kopa Jehova hore a ofe bohlale. (Bala Jakobo 1:5.) Etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona mme o kope thuso ho baholo ba phutheho ya heno. Ba ke ke ba o bolella hore keng seo o lokelang ho se etsa, empa ba ka o bontsha melaomotheo ya Bibele e tla o thusa, e kang eo re seng re buile ka yona sehloohong sena. Jwale ha o ntse o latela mehato ena, o tla kwetlisa “matla a [hao] a ho lemoha” mme matla ana, a tla o thusa “ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheb. 5:14.

14. Re ka qoba ho kgopisa ba bang jwang?

14 “Le etse dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo. Phemang ho ba disosa tsa kgopiso.” (1 Bakor. 10:31, 32) Re lokela ho nahana ka hore na qeto ya rona ya ho kenella moetlong o itseng e tla ama matswalo a ba bang jwang, haholoholo a Bakrestemmoho le rona. Etswe ha re batle ho kgopisa batho ba bang. (Mar. 9:42) Hape ha re batle ho kgopisa bao e seng Dipaki. Lerato le tla re susumelletsa hore re bue le bona ka tsela e bontshang hore re a ba hlompha mme seo se tla tlotlisa Jehova. Re ke ke ra pheha kgang kapa ra nyatsanyatsa meetlo ya bona. Hopola hore lerato le matla. Ka hoo, haeba re le bontsha ka tsela e nahanelang le e nang le tlhompho, re ka hapa dipelo tsa ba re hanyetsang.

15-16. (a) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o bolelle ba bang ka seo o se dumelang? Fana ka mohlala. (b) Mantswe a Pauluse a tlalehilweng ho Baroma 1:16, a sebetsa jwang ho rona?

15 Bolella baahelani ba hao hore o Paki ya Jehova. (Esa. 43:10) Haeba o bolella ba lelapa kapa baahelani ba hao hore o Paki ya Jehova, ho tla ba bonolo ho sebetsana le maemo ha setho sa lelapa se hlokahala. Hlokomela se ileng sa etsahalla Francisco ya dulang Mozambique. O re: “Ha mosadi wa ka Carolina a qala ho ithuta nnete, re ile ra tsebisa ba lelapa hore re ke ke ra hlola re rapela bafu. Qeto eo ya rona e ile ya lekwa ha ausi wa Carolina a hlokahala. Moetlo wa moo, o ne o re setopo se lokela ho hlatsuwa mme moo metsi a neng a tla qhallwa teng, e mong wa leloko ya haufi o ne a lokela ho robala teng ka masiu a mararo. Ho dumelwa hore diketso tsena di ne di tla kgotsofatsa mofu. Ba habo Carolina ba ne ba lebeletse hore e tla ba yena ya tla robala moo metsi a qhalletsweng teng.”

16 Keng seo Francisco le mosadi wa hae ba ileng ba se etsa? Francisco o re: “Ka hobane re rata Jehova ebile re batla ho mo thabisa, re ile ra hana ho kenella moetlong oo. Sena se ile sa halefisa lelapa la habo Carolina. Ba ile ba re ha re hlomphe bafu mme ba re ha ba sa tla hlola ba re etela le ho re thusa. Kaha re ne re se re ile ra ba hlalosetsa seo re se dumelang, ha re a ka ra pheha kgang le bona. Ebile ba bang ba bona ba ile ba ema le rona. Ha nako e ntse e ya, ba ile ba kgoba matshwafo, yaba jwale re kgona ho lokisa ditaba. Ha e le hantle, ba bang ba bona ba ile ba tla le moo re dulang ho tla kopa dingolwa.” E se e ka le ka mohla re ke ke ra hlajwa ke dihlong ho emela seo Bibele e se rutang mabapi le lefu.—Bala Baroma 1:16.

TSHEDISA BA HLOKAHALLETSWENG MME O BA THUSE

Metswalle ya nnete e kgothatsa ba hlokahalletsweng mme ya ba tshehetsa (Sheba serapa sa 17-19) *

17. Re lokela ho etsang ha Mokrestemmoho le rona a hlokahalletswe?

17 Ha Mokrestemmoho le rona a hlokahalletswe, re lokela ho leka ka hohlehohle ho ba “motswalle wa nnete . . . , morabo motho ya tswalletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Liprov. 17:17) Empa re ka ba “motswalle wa nnete” jwang ha Mokrestemmoho le rona a hatellwa ho etsa meetlo e kgahlanong le Bibele? Hlokomela melaomotheo e mmedi e ka re thusang ha re kgothatsa Mokrestemmoho ya hlokahalletsweng.

18. Ke hobaneng ha Jesu a ile a lla, hona re ka ithutang ho seo?

18 “Llang le batho ba llang.” (Bar. 12:15) Re ka nna ra thatafallwa ho kgothatsa motho ya utlwileng bohloko. Empa ho lla le yena, ho ka etsa hore a bone hore re a mo tsotella. Sena ke se ileng sa etsahala ha motswalle wa Jesu e leng Lazaro a ne a hlokahetse. Maria le Maretha, ha mmoho le ba bang ba ile ba lla ka lebaka la lefu la hae. Ha Jesu a fihla ka mora matsatsi a mane, le yena o ile “a ntsha meokgo,” le hoja a ne a tseba hore o ne a tla tsosa Lazaro. (Joh. 11:17, 33-35) Taba ya hore Jesu o ile a lla, e bontsha ka moo Jehova a neng a ikutlwa ka teng ka lefu la Lazaro. Maria le Maretha ba ile ba kgodiseha hore Jesu o ne a ba rata e le ka nnete ha ba bona a ntsha meokgo. Ka tsela e tshwanang, ha Bakrestemmoho le rona ba hlokomela hore re a ba rata ebile re amehile ka bona, ba tla kgodiseha hore ha ba bang empa ba na le metswalle e ba tsotellang le e ba tshehetsang.

19. Re ka sebedisa molaomotheo o ho Moeklesia 3:7 jwang, nakong eo re kgothatsang Mokrestemmoho ya hlokahalletsweng?

19 “Nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” (Moek. 3:7) Tsela e nngwe eo re ka kgothatsang Mokrestemmoho ya hlokahalletsweng ka yona, ke ka ho mo mamela ka hloko ha a ntsha maikutlo a hae. O se ke wa kgopeha ha a bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:2, 3) E ka nna yaba o tlasa kgatello ka lebaka la ba lelapa bao e seng Dipaki. Ka hona, rapela le yena. Kopa ‘Ya utlwang dithapelo’ hore a mo matlafatse le ho mo thusa ho sebetsa dintho ka kelello e phodileng. (Pes. 65:2) Haeba maemo a dumela, balang Bibele ha mmoho. Kapa le bale sehlooho se tla mo kgothatsa se hlahang dingolweng tsa rona, jwalo ka pale ya bophelo.

20. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

20 Re lehlohonolo hakaakang hore ebe re tseba nnete ka boemo ba bafu le ka tshepo eo re nang le yona ka tsoho. (Joh. 5:28, 29) Ka hona, e se e ka re ka bontsha ka mantswe le diketso hore ka sebete re emela seo Bibele e se rutang mme ha monyetla o hlaha, re bolelle ba bang ka sona. Sehloohong se latelang, re tla ithuta tsela e nngwe eo ka yona Satane a lekang ho thibela batho hore ba se ke ba tseba nnete. Tsela eo, ke tshebedisano le meya. Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha re lokela ho qoba mekgwa le boithabiso bo amanang le bodemona.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

^ par. 5 Satane le bademona ba hae ba kgelositse batho ka ho ba bolella mashano ka boemo ba bafu. Mashano ana, a susumelleditse batho hore ba etse meetlo e mengata e sa dumellaneng le Bibele. Sehloohong sena, re tlo ithuta ka moo re ka tshepahallang Jehova ka teng le ha ba bang ba re qobella ho etsa meetlo ena.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha setho sa lelapa seo e seng Paki se hlokahalletswe, beng ka sona bao e leng Dipaki ba a se kgothatsa.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka mora hore setho sa lelapa seo e leng Paki se etse dipatlisiso ka meetlo e tlwaelehileng ka lefu, se hlalosetsa ba lelapa ka seo Bibele e se rutang.

^ par. 59 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Baholo ba kgothatsa le ho tshehetsa Mokrestemmoho ya hlokahalletsweng.