Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

Etsisa Jesu ka ho Dula o na le Kgotso

Etsisa Jesu ka ho Dula o na le Kgotso

“Kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona.”—BAFIL. 4:7.

PINA YA 113 Re na le Kgotso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-2. Ke hobaneng ha Jesu a ne a tshwenyehile?

JESU o ne a tshwenyehile letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae. O ne a le haufi le ho bolawa ka sehloho. Le ha ho le jwalo, sena ha se sona feela se neng se etsa hore a tshwenyehe. Ka ha o ne a rata Ntate wa hae e le ka nnete, o ne a batla ho mo thabisa. O ne a tseba hore ha a ne a ka tshepahala tlasa teko eo a neng a tobane le yona, o ne a tla tlosa qoso lebitsong la Jehova. Hape ka ha Jesu o ne a rata batho, o ne a tseba hore tshepo ya bona ya hore ba phele ka ho sa feleng, e itshetlehile ka hore a tshepahalle Jehova ho fihlela qetellong.

2 Le hoja Jesu a ne a tshwenyehile hakana, o ne a na le kgotso. Ke ka hoo a ileng a re ho baapostola ba hae: “Ke le fa kgotso ya ka.”(Joh. 14:27) O ne a na le “kgotso ya Modimo,” e leng kgotso eo motho a bang le yona ha a na le kamano e ntle le Jehova. Jwale kgotso ena, e ile ya thusa Jesu hore a se ke a tshwenyeha haholo.—Bafil. 4:6, 7.

3. Re tlo hlahlobang sehloohong sena?

3 Ha ho motho ya ka tobanang le teko eo Jesu a ileng a lokela ho e mamella. Le ha ho le jwalo, ka ha re balatedi ba hae, re ntse re tla tobana le diteko. (Mat. 16:24, 25; Joh. 15:20) Jwalo ka Jesu, ka dinako tse ding le rona re ka ikutlwa re tshwenyehile. Jwale ebe re ka etsang hore re se ke ra dumella ho tshwenyeha ho re amoha kgotso? A re hlahlobeng dintho tse tharo tseo Jesu a ileng a di etsa nakong eo a neng a etsa tshebeletso ya hae mona lefatsheng mme re bone ka moo re ka mo etsisang ka teng ha re tobana le diteko.

KA MEHLA JESU O NE A RAPELA

Thapelo e ka re thusa hore re dule re na le kgotso (Sheba serapa 4-7)

4. Re ntse re nahanne ka 1 Bathesalonika 5:17, ke mehlala efe e bontshang hore Jesu o ile a rapela hangata letsatsing leo a neng a tlo bolawa ka lona?

4 Bala 1 Bathesalonika 5:17. Jesu o ile a rapela ka makgetlo letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae. Ka mohlala, ha a ne a theha sehopotso sa lefu la hae, o ile a rapella bohobe le veine. (1 Bakor. 11:23-25) O ile a boela a rapela a na le barutuwa ba hae, pele ba tloha sebakeng seo ba neng ba tshwaretse Paseka ho sona. (Joh. 17:1-26) Hona bosiung boo ha ba fihla Thabeng ya Mehlware, o ile a rapela ka makgetlo. (Mat. 26:36-39, 42, 44) Hape, mantswe a ho qetela ao Jesu a ileng a a bua pele a hlokahala, e ne e le thapelo. (Luka 23:46) Jesu o ne a bua le Jehova ka thapelo ka ntho e nngwe le nngwe e ileng ya etsahala letsatsing leo la ho qetela la bophelo ba hae.

5. Ke hobaneng ha baapostola ba ile ba hloleha ho ba sebete?

5 Ntho e ileng ya thusa Jesu hore a mamelle teko eo a neng a tobane le yona, ke ho bua le Ntate wa hae ka thapelo. Athe baapostola bona, ba ile ba hloleha ho phehella thapelong bosiung boo. Ka hona, ba ile ba hloleha ho ba sebete ha ba ne ba tobana le teko. (Mat. 26:40, 41, 43, 45, 56) Le rona re ka dula re tshepahala ha re thulana le diteko, haeba feela re etsisa Jesu ka hore re “rapele [re] sa kgaotse”. Empa re ka rapella eng?

6. Ho ba le tumelo ho ka re thusa jwang hore re dule re na le kgotso?

6 Re ka kopa Jehova hore a“re fe tumelo e eketsehileng.” (Luka 17:5; Joh. 14:1) Re hloka tumelo, hobane Satane o tlo leka balatedi bohle ba Jesu. (Luka 22:31) Empa tumelo e ka re thusa jwang hore re dule re na le kgotso le hoja re tobana le diphephetso? Ha re se re entse sohle seo re ka se kgonang ho mamella diteko, tumelo e tla re thusa hore re tlohelle dintho ho Jehova. Hobane re kgodisehile hore ke yena feela ya ka kgonang ho rarolla mathata mme seo se etsa hore re be le kgotso.—1 Pet. 5:6, 7.

7. O ithutileng ho seo Robert a se buileng?

7 Thapelo e re thusa hore re dule re na le kgotso ho sa tsotellehe diteko tseo re thulanang le tsona. Hlokomela mohlala wa moholo e mong ya bitswang Robert, ya nang le dilemo tse ka hodimo ho 80. O re: “Keletso e ho Bafilipi 4:6, 7, e nthusitse ho sebetsana le diteko. Ke ile ka ba le mathata a ditjhelete, ka boela ka lahlehelwa ke boikarabelo ba ho ba moholo ka phuthehong ka nakwana.” Ebe keng e ileng ya thusa Robert hore a dule a ena le kgotso? O di beha tjena: “Hang feela ha ke utlwa ke tshwenyehile, ke a rapela. Jwale ha ke ntse ke rapela kgafetsa, ke ba le kgotso.”

JESU O NE A BOLELA MOLAETSA WA BIBELE KA TJHESEHO

Ho bolela molaetsa wa Bibele ho ka re thusa hore re dule re na le kgotso (Sheba serapa 8-10)

8. Jwalo ka ha ho boletswe ho Johanne 8:29, keng hape e ileng ya etsa hore Jesu a be le kgotso?

8 Bala Johanne 8:29. Jesu o ne a na le kgotso le hoja a ne a hloriswa, ka ha o ne a tseba hore o thabisa Ntate wa hae. Ka mehla o ne a mamela, le ha ho ne ho le thata ho etsa seo. O ne a rata Ntate wa hae mme a etsa hore ho mo sebeletsa e be ntho ya bohlokwa bophelong. Pele a tla lefatsheng, e ne e le “mosebetsi ya hlwahlwa” wa Modimo. (Liprov. 8:30) Jwale ha a se a le lefatsheng, ka tjheseho o ne a ruta batho ka Ntate wa hae. (Mat. 6:9; Joh. 5:17) Mosebetsi oo, o ne o tlisetsa Jesu thabo.—Joh. 4:34-36.

9. Ho phathahana ka mosebetsi wa boboledi ho re thusa jwang hore re dule re na le kgotso?

9 Re ka etsisa Jesu ka hore re mamele Jehova le ka ho dula re “e na le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing wa Morena.” (1 Bakor. 15:58) Haeba re “tshwarehile ka matla” mosebetsing wa boboledi, re tla nolofallwa ho sebetsana le mathata a rona. (Lik. 18:5) Ka mohlala, re ka fumana hore batho bao re kopanang le bona tshimong ba na le mathata a mangata ho feta ao re nang le ona. Jwale haeba ba ithuta ho rata Jehova le ho phelela seo ba ithutileng sona, ba a thaba mme bophelo ba bona bo a ntlafala. Ha re bona sena se etsahala, re ba le kgodiseho ya hore ka nnete Jehova o tla re hlokomela. Ka hona, kgodiseho eo, ke yona e re thusang hore re dule re na le kgotso. Sena ke sona se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong, eo ka dilemo tse ngata a neng a utlwa e ka ha se wa bohlokwa a bile a tetebetse maikutlong. O re: “Ke a thaba ha ke phathahane ka mosebetsi wa boboledi. Lebaka ke hore ha ke le tshimong, ke utlwa ke le haufi haholo le Jehova.”

10. O ithutileng ho seo Brenda a se buileng?

10 Hlokomela se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong ya bitswang Brenda. Yena le moradi wa hae ba na le lefu le amang boko, le ba sitisang ho sebedisa ditho tse ding tsa mmele. Brenda ha a kgone ho tsamaya, ka hoo o dula a le setulong sa bakudi. Ka dinako tse ding o bolela ka ntlo le ntlo, empa hangata o ruta molaetsa wa Bibele ka ho ngola mangolo. O re: “Hang ha ke hlokomela hore boemo ba ka bo ke ke ba loka hona jwale, ke ile ka nolofallwa ho tsepamisa maikutlo tshebeletsong ya ka. Mosebetsi wa boboledi o etsa hore ke se ke ka dula ke tshwenyehile ka boemo ba ka. O nthusa hore ke amehe haholo ka ho thusa batho bao ke kopanang le bona tshimong. Hape o etsa hore ke nahane ka tshepo eo ke nang le yona ka bokamoso.”

JESU O NE A AMOHELA THUSO YA METSWALLE YA HAE

Ho ba le metswalle ya sebele ho ka re thusa hore re dule re na le kgotso (Sheba serapa 11-15)

11-13. (a) Baapostola le batho ba bang ba ile ba bontsha jwang hore ke metswalle ya sebele ya Jesu? (b) Metswalle ya Jesu e ile ya etsa hore a ikutlwe jwang?

11 Ha Jesu a ne a etsa mosebetsi wa boboledi, baapostola ba ile ba bontsha ka ho hlaka hore e ne e le metswalle ya sebele. Ba ne ba etsa seo Bibele e se buang ka motswalle wa sebele, ha e re: “Ho na le motswalle ya kgomarelang haufi ho feta morabo motho.” (Liprov. 18:24) Jesu o ne a nka metswalle e jwalo e le ya bohlokwa. Hobane ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi, ha ho le ya mong wa barababo ya neng a beha tumelo ho yena. (Joh. 7:3-5) Ebile ka nako e nngwe ditho tsa lelapa la bo di ne di re e tlameha e be o se a hlanya. (Mar. 3:21) Empa bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolawa, o ile a re ho baapostola ba hae ba tshepahalang: “Ke lona ba nkgomaretseng ditekong tsa ka.”—Luka 22:28.

12 Ka dinako tse ding baapostola ba ne ba etsa dintho tse neng di utlwisa Jesu bohloko. Le ha ho le jwalo, o ne a sa tsepamise maikutlo diphosong tseo ba neng ba di etsa empa o ne a hlokomela hore ba ne ba na le tumelo ho yena. (Mat. 26:40; Mar. 10:13, 14; Joh. 6:66-69) Bosiung ba ho qetela pele a bolawa, o ile a re ho banna ba na ba tshepahalang: “Ke le bitsitse metswalle, hobane dintho tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Joh. 15:15) Ho hlakile hore metswalle ya Jesu e ne e mo kgothatsa haholo. Tshehetso eo ba neng ba mo fa yona ha a ntse a etsa mosebetsi wa boboledi, e ile ya etsa hore a thabe.—Luka 10:17, 21.

13 Ntle ho baapostola, Jesu o ne a na le metswalle e meng e neng e mo thusa mosebetsing wa boboledi, le ka dintho tse ding tseo a neng a di hloka. Ba bang ba ile ba mo memela malapeng a bona ho tla ja le yena. (Luka 10:38-42; Joh. 12:1, 2) Athe ba bang ba ne ba tsamaya le yena, ba bile ba arolelana dintho tsa bona le yena. (Luka 8:3) Jesu o ne a na le metswalle ya sebele ka ha le yena e ne e le motswalle wa sebele ho ba bang. O ne a ba etsetsa dintho tse molemo ebile a sa lebella hore ba mo etsetse se ka nqane ho matla a bona. Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a ananela tshehetso eo metswalle ya hae e neng e mo fa yona. Ntle ho pelaelo, ba ile ba mo thusa hore a dule a na le kgotso.

14-15. Re ka etsa metswalle ya sebele jwang, hona e ka re thusa jwang?

14 Metswalle ya sebele e tla re thusa hore re dule re tshepahalla Jehova. Empa e le hore re etse metswalle ya sebele, re lokela hore pele re be metswalle ya sebele ho ba bang. (Mat. 7:12) Ka mohlala, Bibele e re re lokela ho ikemisetsa ho thusa ba bang, haholoholo ba “hlokang.” (Baef. 4:28) Na o ka nahana ka motho eo o ka thabelang ho mo thusa phuthehong ya heno? Na o ka ithaopela ho ela mohweletsi ya sa kgoneng ho tsamaya ka lebaka la botsofadi kapa ho kula dishopong? Na o ka thusa lelapa le futsanehileng ka ho le fa dijo? Haeba o tseba ho sebedisa jw.org® kapa JW Library® app, ke hobaneng ha o sa thuse ba bang ka phuthehong ya heno hore le bona ba tsebe ho e sebedisa? Ha re etsa sohle se matleng a rona ho thusa ba bang, seo se tla re thabisa.—Lik. 20:35.

15 Metswalle ya rona e tla re tshehetsa le ho re thusa ho ba le kgotso ha re tobana le diteko. Feela jwalo ka ha Elihu a ile a mamela ha Jobo a ne a mo phetlela sefuba, ka ho tshwanang metswalle ya rona e ka re mamela ha re e bolella se re tshwenyang. (Jobo 32:4) Ha re a lebella hore e re etsetse diqeto empa ho ka ba bohlale hore re mamele dikeletso tsa yona tse dumellanang le melaomotheo ya Bibele. (Liprov. 15:22) Morena Davida o ile a bontsha boikokobetso ka ho amohela thuso ya metswalle ya hae. Ka ho tshwanang, le rona re lokela ho ikokobetsa mme re amohele ha metswalle ya rona e leka ho re thusa. (2 Sam. 17:27-29) Ruri metswalle e jwalo ke mpho e tswang ho Jehova.—Jak. 1:17.

RE KA DULA RE NA LE KGOTSO JWANG?

16. Ho ya ka Bafilipi 4:6, 7, keng e ka re thusang hore re be le kgotso? Hlalosa.

16 Bala Bafilipi 4:6, 7Ebe ke hobaneng ha Jehova a re re tla fumana kgotso eo a fanang ka yona “ka Kreste Jesu”? Lebaka ke hore, re ka ba le kgotso ya sebele haeba feela re utlwisisa mme re beha tumelo ho seo Jesu a se etsang ho phethahatsa merero ya Jehova. Ka mohlala, ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo, dibe tsa rona di a tshwarelwa. (1 Joh. 2:12) Na see ha se re kgothatse? Jesu jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo, o tla fedisa mathata ohle ao Satane le lefatshe la hae ba re bakelang ona. (Esa. 65:17; 1 Joh. 3:8; Tšen. 21:3, 4) Sena se etsa hore re be le tshepo ka bokamoso. Le hoja Jesu a re file mosebetsi o boima wa ho bolela ditaba tse molemo, re ka kgodiseha hore o na le rona mme o tla re tshehetsa ho fihlela qetellong. (Mat. 28:19, 20) Na see ha se etse hore re bolele ka sebete? Ka sebele re hloka tshepo, sebete le ho kgothatswa e le hore re dule re na le kgotso.

17. (a) Keng e ka thusang Mokreste hore a dule a na le kgotso? (b) Ho latela Johanne 16:33, keng seo re ka kgonang ho se etsa?

17 Jwale ebe o ka dula o na le kgotso jwang le ha o tobana le diteko? Ka hore o etsise Jesu. Ntlha ya pele, o lokela ho rapela mme o phehelle thapelong. Ntlha ya bobedi, mamela Jehova mme o bolele molaetsa ka mafolofolo le hoja ho ka ba thata ho etsa seo. Ntlha ya boraro, amohela thuso eo metswalle ya hao e tla o fa yona ha o tobana le diteko. Ka ho etsa dintho tsena, kgotso ya Modimo e tla lebela monahano le pelo ya hao. Ka hoo, jwalo ka Jesu le wena o ka hlola diteko.—Bala Johanne 16:33.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

^ par. 5 Kaofela ha rona re tobana le maemo a etsang hore ho be thata ho ba le kgotso. Sehloohong sena, re tlo hlahloba dintho tse tharo tseo Jesu a ileng a di etsa le tseo le rona re ka di etsang e le hore re dule re na le kgotso, le hoja re tobana le diteko tse matla.