Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18

‘Matha ho Fihlela Qetellong’

‘Matha ho Fihlela Qetellong’

“Ke mathile tseleng ya peiso ho fihlela qetellong.”​—2 TIM. 4:7.

PINA YA 129 Re Tla Mamella

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng eo kaofela ha rona re lokelang ho e etsa?

NA O NE o ka matha lebelo leo o tsebang hore ho thata ho le matha, haholoholo haeba o kula kapa o kgathetse? O ne o ke ke wa le matha. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a re Bakreste bohle ba nnete ba lebelong. (Baheb. 12:1) Ka hoo, kaofela ha rona e bang re bana kapa re hodile, re matla kapa re kgathetse, re lokela ho mamella ho isa qetellong haeba re batla ho fumana moputso oo Jehova a re tshepisitseng ona.​—Mat. 24:13.

2. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a kgona ho fana ka keletso e ho 2 Timothea 4:​7, 8?

2 Pauluse o ile a kgona ho fana ka keletso hobane o ile atleha ‘ho matha peiso ho fihlela qetellong.’ (Bala 2 Timothea 4:​7, 8.) Empa ka ho kgetheha ke lebelo lefe leo Pauluse a neng a bua ka lona?

PAULUSE O NE A BUA KA LEBELO LEFE?

3. Pauluse o ne a bua ka lebelo lefe?

3 Hangata Pauluse o ne a sebedisa dipapadi tse neng di bapalwa Greece ya boholoholo ho ruta dithuto tsa bohlokwa. (1 Bakor. 9:​25-27; 2 Tim. 2:5) Maemong a mangata, o ne a bapisa bophelo ba Mokreste le ho matha lebelong. (1 Bakor. 9:​24; Bagal. 2:2; Bafil. 2:​16) Motho o qala ho matha lebelong lena ha a inehela ho Jehova mme a kolobetswa. (1 Pet. 3:​21) O fihla moleng wa tlholo ha Jehova a mo fa moputso wa bophelo bo sa feleng.​—Mat. 25:​31-34, 46; 2 Tim. 4:8.

4. Re tlo ithutang sehloohong sena?

4 Ke ho tshwana hofe ho teng pakeng tsa ho matha lebelo le le telele le bophelo ba Bokreste? Ho na le ho tshwana ho hongata pakeng tsa dintho tsena tse pedi. A re hlahlobeng tse tharo tsa tsona. Ya pele, re lokela ho matha tseleng e nepahetseng. Ya bobedi, re lokela ho ameha ka ho fihla moleng wa tlholo le ya boraro, re lokela ho tswela pele ho matha le hoja re ena le mathata.

MATHA TSELENG E NEPAHETSENG

Kaofela ha rona re tlameha ho phela ka tsela eo Bakreste ba phelang ka yona (Sheba serapa sa 5-7) *

5. Ke tsela efe eo re tlamehang ho matha ho yona, hona hobaneng?

5 Dimathi di tlameha ho matha tseleng eo ho thweng di mathe ho yona, e le hore di fumane moputso. Ka tsela e tshwanang haeba re batla ho fumana moputso wa bophelo bo sa feleng, re tlameha ho phela ka tsela eo Bakreste ba lokelang ho phela ka yona. (Lik. 20:​24; 1 Pet. 2:​21) Le ha ho le jwalo, Satane le batho ba mo tshehetsang, ba ba tla hore re “tswele pele ho matha le bona.” (1 Pet. 4:4) Ba soma tsela eo re phelang ka yona mme ba re tsela ya bona e molemo ebile e fana ka bolokolohi. Empa seo ba se buang ke leshano.​—2 Pet. 2:19.

6. Keng seo o ithutang sona mohlaleng wa Brian?

Batho ba phelang jwalo ka batho ba lefatshe la Satane, hangata ba a hlokomela hore tsela eo ba e kgethileng ha e bafe tokoloho empa e ba etsa makgoba. (Bar. 6:​16) Nahana ka mohlala wa Brian. Batswadi ba hae ba ile ba mo kgothalletsa hore a phele ka melaomotheo ya Bibele. Empa ha a fihla dilemong tsa botjha, o ile a ipotsa hore ho phela jwalo ho tla mo thabisa na. Ka hoo, Brian o ile a etsa qeto ya ho phela le batho ba neng ba sa mamele melao ya Modimo. O re: “Ntho eo ke neng ke nahana hore ke tokoloho, e ile ya etsa hore ke iphumane ke sebedisa dithethefatsi. Ha nako e ntse e ya ke ile ka sebedisa dithethefatsi, ka nwa jwala haholo le ho etsa boitshwaro bo bobe. Dilemo ka mora moo, ke ile ka sebedisa dithethefatsi le ho feta mme ka ba lekgoba la tsona. . . . hoo ke ileng ka qetella ke di rekisa e le hore ke phele.” Ka mora nako e itseng, Brian o ile a etsa qeto ya ho phela ka melao ya hae. Ka hoo o ile a fetola tsela eo a phelang ka yona mme a kolobetswa ka 2001. Hona jwale o thabile haholo ka ha o phela ka melaomotheo ya Bibele. *

7. Ho ya ka Matheu 7:​13, 14, ke ditsela dife tse pedi tse behilweng ka pela rona?

7 Ke ha bohlokwa hore re kgethe tsela e nepahetseng eo re ka tsamayang ka yona. Satane o batla hore kaofela ha rona re tlohelle ho matha tseleng e patisaneng e “isang bophelong,” empa o batla hore re ye tseleng e kgolo eo batho ba bangata ba lefatshe lena ba leng ho yona. E leng tsela e tlwaelehileng le eo ho leng bonolo ho tsamaya ho yona. Empa ke e “isang timetsong.” (Bala Matheu 7:​13, 14.) E le hore re dule re le tseleng e nepahetseng le hore re se ke ra kgeloswa, re lokela ho tshepa Jehova le ho mo mamela.

AMEHA KA MOPUTSO MME O QOBE HO KGOTJWA

Re lokela ho ameha ka moputso mme re qobe ho kgopisa batho ba bang (Sheba serapa sa 8-12) *

8. Haeba semathi se kgotjwa se lokela ho etsang?

8 Semathi sa lebelo le le telele se dula se shebile moo se mathang teng e le hore se se ke sa kgotjwa. Ho ntse ho le jwalo, se ka nna sa kgotjwa ke semathimmoho kapa dikoti tse ka tseleng. Ha ho ka etsahala hore semathi se we, se a ema mme se tswela pele ho matha. Se ameha haholo ka tlholo le ka moputso oo se tla o fumana eseng ka ntho e se kgopileng.

9. Haeba re kgotjwa re lokela ho etsang?

9 Lebelong la rona re ka kgotjwa hangata ka lebaka la dintho tseo re di etsang le tseo re di buang. Kapa dimathimmoho di ka etsa dintho tse re utlwisang bohloko. Ka hoo ha re a lokela ho makala ha seo se etsahala, hobane kaofela ha re a phethahala mme re matha tseleng e petetsaneng e isang bophelong. Ka hoo re tla kgopisana. Pauluse o ile a re kaofela ha rona ka dinako tse ding re ba ‘disosa tsa pelaelo.’ (Bakol. 3:​13) Empa ho e na le hore re amehe ka se re kgopileng, re lokela ho ameha ka ho fumana moputso. Ha ho ka etsahala hore re kgotjwe, re lokela ho ema mme re tswele pele ho matha. Haeba re kwata mme re tlohela ho sebeletsa Jehova, re ke ke ra fihla moleng wa tlholo le ho fumana moputso. Ho feta moo, ho kwata ho tla sitisa batho ba bang ba mathang tseleng ena.

10. Ke jwang re ka qobang ho ‘kgopisa’ batho ba bang?

10 Tsela e nngwe eo re ka qobang ho ‘kgopisa’ Bakrestemmoho ka yona, ke ka hore re ba dumelle hore ba etse dintho ka tsela ya bona ho e na le hore re dule re batla hore ba di etse ka tsela ya rona. (Bar. 14:​13, 19-21; 1 Bakor. 8:​9, 13) Ha re etsa jwalo, re tla be re sa tshwane le batho ba mathang lebelong la sebele, ka ha bona ba a hlodisana mme ba amehile ka ho fumana moputso. Ka hoo ba ka nna ba sutumetsa batho ba bang e le hore ba ba fete. Ho fapana le bona, rona ha re tlhodisanong. (Bagal. 5:​26; 6:4) Empa ntho eo re amehileng ka yona ke ho thusa batho ba bang hore kaofela ha rona re fumane moputso. Ka hoo re leka ho sebedisa keletso ya Pauluse ya hore re se ke ra ‘hlokomela dithahasello tsa ditaba tsa [rona] feela, empa hape [re] hlokomele dithahasello tsa ba bang.’​—Bafil. 2:4.

11. Semathi se amehile kang, hona hobaneng?

11 Dimathi ha di shebe feela tseleng eo di mathang ho yona empa hape di amehile ka ho fihla moleng wa tlholo. Le hoja di sa kgone ho bona mola wa tlholo empa di ipona di se di o fetile mme di fumane moputso. Ka hoo, di kgothatswa ke ho dula di nahanne ka moputso.

12. Keng seo Jehova a re tshepisitseng sona?

12 Lebelong lena, Jehova o tshepisitse bahlanka ba hae moputso wa ho phela ka ho sa feleng lehodimong kapa paradeiseng lefatsheng. Bibele e re hlalosetsa ka moputso ona e le hore re ka kgona ho bona ka moo re tla thabela bophelo ka teng. Ha re tswela pele re nahana ka moputso oo Jehova a re tshepisang ona, sena se tla etsa hore re ikemisetse ho mamella.

TSWELA PELE HO MATHA LE HOJA O NA LE MATHATA

Re batla ho tswela pele re matha lebelong le isang bophelong le hoja re ena le mathata (Sheba serapa sa 13-20) *

13. Keng eo re nang le yona eo dimathi di se nang yona?

13 Dimathi tsa dipapadi tsa Sekgerike, di ne di tlameha ho mamella mokgathala la ho utlwa bohloko. Empa ntho feela e neng e ka di thusa, ke kwetliso eo di ileng tsa e fumana le matla a tsona. Le rona jwalo ka dimathi tseo, re fumana kwetliso ya hore re mathe jwang lebelong leo re leng ho lona. Empa re na le seo dimathi tsena di se nang sona, e leng thuso e tswang ho Jehova. Ka hoo haeba re itshetleha ka Jehova, o re tshepisa hore o tla re kwetlisa le ho re fa matla.​—1 Pet. 5:10.

14. 2 Bakorinthe 12:​9, 10 e re thusa jwang ha re na le mathata?

14 Pauluse o ne a na le mathata a mangata. Ntle le hore batho ba bang ba ne ba mo rohaka le ho mo hlorisa, ka dinako tse ding o ne a boetse a ikutlwa a sena matla mme a tlameha ho mamella ntho eo a neng a e bitsa ka hore ke “moutlwa nameng.” (2 Bakor. 12:7) Empa ho e na le hore a nke mathata ao e le lebaka la hore a tlohele ho sebeletsa Jehova, o ile a a nka e le monyetla wa hore a itshetlehe ka yena. (Bala 2 Bakorinthe 12:​9, 10.) Ka ha Pauluse o ne a ikutlwa ka tsela ena, Jehova o ile a mo thusa mathateng ohle a hae.

15. Mohlala wa Pauluse o ka re thusa jwang?

15 Le rona batho ba ka nna ba re rohaka kapa ba re hlorisa ka lebaka la tumelo ya rona. Hape re ka boela ra lokela ho mamella ho kula kapa ho fellwa ke matla. Empa haeba re etsisa Pauluse, dintho tsena e ka ba monyetla wa hore re bone ka moo Jehova a re tshehetsang ka teng.

16. Keng seo o ka se etsang le hoja o kula?

16 Na o robetse betheng kapa o dutse setulong sa bakudi? Na mangwele a hao a bohloko kapa ha o bone hantle? Haeba ho jwalo, na o ka kgona ho matha le batho ba batjha le ba phetseng hantle? O ka kgona. Batho ba bangata ba tsofetseng le ba kulang, ba lebelong le isang bophelong. Le ha ho le jwalo, ba ke ke ba kgona ho matha ka matla a bona. Ho ena le hoo, ba fumana matla ho Jehova ka hore ba mamele diboka ka founu kapa tse rekotilweng. Hape ba nka karolo mosebetsing wa boboledi ka hore ba bolelle dingaka, manese le ba lelapa ditaba tse molemo.

17. Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba fokollwang ke bophelo?

17 Haeba ha o sa kgona ho etsetsa Jehova dintho tseo o neng o mo etsetsa tsona pele, o se ke wa nyahama mme wa nahana hore o ke ke wa kgona ho mamella ho fihlela qetellong. Jehova o o rata ka lebaka la tumelo le mamello eo o ileng wa e bontsha. O hloka thusa ya hae hona jwale ho feta le ha e le neng pele mme a ke ke a o lahla. (Pes. 9:​10) Ho e na le hore a o lahle, o tla atamela haufi le wena. Hlokomela seo moradiwabo rona e mong ya kulang a ileng a se bua, o re: “Ka ha ke kula haholo, ha ke fumane monyetla wa ho bolella batho ba bang molaetsa wa Bibele. Empa ke a tseba hore bonyane boo ke bo etsang bo thabisa Jehova mme seo se a nthabisa.” Ka hoo, ha o ikutlwa o nyahame hopola hore Jehova o na le wena. Nahana ka mohlala wa Pauluse mme o hopole keletso ya hae e reng: “Ke kgahliswa ke mefokolo, . . . etswe ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.”​—2 Bakor. 12:10.

18. Ke bothata bofe bo ikgethang boo Bakreste ba bang ba nang le bona?

18 Bakreste ba bang ba mathang tseleng ena e isang bophelong, ba na le mathata a mang. E leng ao batho ba bang ba sa kgoneng ho a bona. Ka mohlala, ba lokela ho mamella ho tepella maikutlong le ho tshwenyeha haholo. Ke hobaneng ha bothata ba bahlanka bana ba Jehova e le bo ikgethang? Hobane ha motho a robehile letsoho kapa a le setulong sa bakudi, batho ba kgona ho hlokomela seo mme ba batla ho mo thusa. Le ha ho le jwalo batho ba nang le bothata ba ho tepella maikutlong le ho tshwenyeha haholo, ba ka nna ba se ke ba bontsha hore ba a kula. Ka hoo batho ba ka nna ba se ke ba ba qenehela ka ha ha ba bone hore ba a kula. Empa nnete ke hore boemo ba bona bo ntse bo le thata jwalo ka ba motho ya robehileng leoto kapa letsoho.

19. Keng seo re ithutang sona mohlaleng wa Mefiboshethe?

19 O ka kgothatswa ke mohlala wa Mefiboshethe haeba ho na le dintho tseo o sa kgoneng ho di etsa kapa o utlwa eka batho ba bang ha ba o utlwisise. (2 Sam. 4:4) Mefiboshethe o ile a lokela ho mamella ho kula le ho fetohelwa ke Morena Davida. E ne e se phoso ya Mefiboshethe hore a etsahallwe ke dintho tsena. Ho ntse ho le jwalo ha a a ka a kwata empa o ile a ananela dintho tse molemo tse mo etsahalletseng. O ne a ananela tsela e molemo eo Davida a ileng a mo tshwara ka yona nakong e fetileng. (2 Sam. 9:​6-10) Ka hoo ha Davida a ne a mo fetohela, o ile a leka ho nahana ka maemo ohle a neng a etsa hore Davida a mo tshware jwalo. Ha a a ka a dumella phoso ya Davida hore e mo halefise. Hape ha a a ka a beha Jehova molato ka phoso ya Davida. Empa o ne a amehile ka ho tshehetsa morena eo Jehova a mo kgethileng. (2 Sam. 16:​1-4; 19:​24-30) Jehova o ile a etsa hore mohlala o motle wa Mefiboshethe o ngolwe ka Bibeleng molemong wa rona.​—Bar. 15:4.

20. Ho tshwenyeha ho ka ama Bakreste ba bang jwang, empa ba ka kgodiseha kang?

20 Ka lebaka la ho tshwenyeha haholo, Bakreste ba bang ba ikutlwa ba ferekane ha ba le hara batho ba bang. Ba utlwa ba sa phutholoha ha ba le hara batho ba bangata, empa ba ntse ba tswela pele ho ya dibokeng le dikopanong tse kgolo le tse nyane. Ba thatafallwa ke ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng, ho ntse ho le jwalo, ba bua le batho tshimong. Haeba sena se a o etsahalla, kgodiseha hore ha o mong ka ha ho na le batho ba bangata ba ikutlwang jwalo ka wena. Hopola hore Jehova o thabiswa ke sohle seo o kgonang ho se etsa. Taba ya hore o ntse o tswela pele ho mo sebeletsa, ke bopaki ba hore o a o hlohonolofatsa le ho o fa matla ao o a hlokang. * (Bafil. 4:​6, 7; 1 Pet. 5:7) Haeba o sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe ho kula mmeleng kapa maikutlong, o ka kgodiseha hore o a mo thabisa.

21. Re ka kgona ho etsang haeba Jehova a re thusa?

21 Ho thabisang ke hore ho na le phapang pakeng tsa lebelo la sebele le lebelo leo Pauluse a buang ka lona. Lebelong la mehleng ya Bibele, e ne e le motho a le mong feela ya fumanang moputso. Ho fapana le hoo, moputso wa bophelo bo sa feleng o fumanwa ke Bakreste bohle ba mamelletseng ka botshepehi. (Joh. 3:​16) Lebelong la sebele, dimathi tsohle di ne di lokela ho phela hantle mmeleng, ho seng jwalo di ne di ke ke tsa fihla moleng wa tlholo. Ka lehlakoreng le leng, bongata ba rona re fokollwa ke bophelo empa re mamelletse. (2 Bakor. 4:​16) Ka hoo, ka thuso ya Jehova kaofela ha rona re ka fihla moleng wa tlholo.

PINA YA 144 Tadima Moputsong!

^ par. 5 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba na le mathata a bakwang ke ho hola le ho kula ho etsang hore ba fellwe ke matla. Hape ka dinako tse ding kaofela ha rona re a kgathala. Ka hoo taba ya hore re mathe lebelong, e ka bonahala e ka ke ntho eo re ke keng ra e kgona. Sehlooho sena se bontsha ka moo re ka mathang ka mamello le ho hlola lebelong la bophelo leo moapostola Pauluse a buileng ka lona.

^ par. 6 Sheba sehlooho se reng, “Bibele e Fetola Bophelo” ho Molula-Qhooa wa January 1, 2013.

^ par. 20 Ho fumana dintlha tse eketsehileng ka hore na o ka etsa jwang haeba o tshwenyehile le ho fumana hore na batho ba bang ba ile ba sebetsana le ho tshwenyeha jwang, sheba lenaneo la May 2019 ho jw.org®. Sheba tlasa LAEBRARI > JW BROADCASTING®.

^ par. 63 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Tshebeletso ya tshimo e thusa morabo rona ya hodileng hore a dule a le tseleng e nepahetseng.

^ par. 65 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Re ka kgopisa batho ba bang ka ho ba hatella hore ba nwe jwala kapa ka hore rona re nwe bo bongata.

^ par. 67 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Le hoja morabo rona a le sepetlele o tswela pele ho bolella batho ba mo hlokomelang ditaba tse molemo.