Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Bibele e reng ka ho ikana?

Kano e hlaloswa e le “tshepiso e tiileng, e tlamang ya hore motho o tla etsa ntho e itseng, hangata a beha Modimo . . . e le paki.” Kano e ka ngolwa kapa ya eba ntho eo motho a e buang.

Batho ba bang ba ka nna ba nahana hore ke phoso ho etsa kano hobane Jesu o itse: “Ho hang o se ke wa hlapanya . . . Lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, Tjhe; hobane se fetang tsena se tswa ho ya kgopo.” (Mat. 5:33-37) Jesu o ne a tseba hore maemong a mang Molao wa Moshe o ne o hloka hore Baiseraele ba nke dikano le hore bahlanka ba bang ba Modimo ba ile ba di nka. (Gen. 14:22, 23; Ex. 22:10, 11) O ne a tseba hore Jehova le yena o ile a nka kano. (Baheb. 6:13-17) Ka hoo Jesu o ne a sa bolele hore ha re a lokela ho nka dikano hohang. Empa o ne a eletsa batho hore ba se ke ba nka dikano ka mabaka a sa utlwahaleng. Re lokela ho etsa dintho tseo re di tshepisitseng hobane Jehova o batla hore re etse jwalo.

Jwale, o lokela ho etsang haeba ho thwe o ikane? Ntho ya pele eo o lokelang ho e etsa ke ho netefatsa hore o tla fela o etse ntho eo o batlang ho ikana ka yona. Haeba o sa kgodiseha, ho ka ba molemo hore o se ke wa ikana. Lentswe la Modimo le a re eletsa le re: “Ho molemo hore o se ke wa etsa boitlamo ho feta hore o etse boitlamo mme o se ke wa bo phetha.” (Moek. 5:5) Ka mora moo, nahana ka melaomotheo ya Mangolo e mabapi le kano eo ebe o etsa qeto ho latela letswalo la hao le kwetlisitsweng ka Bibele. Melaomotheo ee ke efe?

Dikano tse ding ha di hanyetsane le thato ya Modimo. Ka mohlala, Dipaki Tsa Jehova di etsa dikano ha di nyalana. Banyalani ba etsa kano ka pela Modimo le batho ba shebelletseng, hore ba tla ratana, ba hlokomelane le ho hlomphana mme ba tla etsa jwalo “hafeela bobedi ba [bona ba] ntse [ba] phela.” (Banyalani ba bang ba ka nna ba se ke ba bua mantswe ao a le jwalo, empa ba ntse ba ikana ka pela Modimo.) Ka mora moo e eba monna le mosadi mme ba lokela ho phela ha mmoho bophelo bohle ba bona. (Gen. 2:24; 1 Bakor. 7:39) Ho etsa dikano tsa lenyalo ho nepahetse ebile ho tumellanong le thato ya Modimo.

Dikano tse ding di kgahlanong le thato ya Modimo. Mokreste wa nnete ha a lokela ho nka kano e jwalo, e kang ya hore o tla sebedisa dibetsa ho sireletsa naha kapa ya hore a latole tumelo ya hae ho Modimo. Ho etsa jwalo ho tla be ho le kgahlanong le melao ya Modimo. Bakreste ‘ha se karolo ya lefatshe.’ Ka hoo, re qoba ho kenella dintweng le dikgohlanong tsa lefatshe lena.​—Joh. 15:19; Esa. 2:4; Jak. 1:27.

Dikano tse ding di itshetlehile ka letswalo la motho. Ka dinako tse ding, pele re ka nka kano, re lokela ho nahanisisa ka hloko ka keletso ya Jesu e reng ‘re lefe Cesare dintho tsa Cesare, empa re lefe Modimo dintho tsa Modimo.’​—Luka 20:25.

Mohlala, a re re Mokreste o etsa kopo ya ho ba mojaki kapa ho ba le ditokomane tsa bodulo naheng e nngwe. Jwale o a hlokomela hore ho lebeletswe hore a etse kano ya hore o tla tshepahalla naha eo. Haeba kano eo e le kgahlanong le Molao wa Modimo, letswalo la Mokreste le kwetlisitsweng ka Bibele le ke ke la mo dumella hore a etse kano eo. Le ha ho le jwalo, mmuso o ka nna wa mo dumella hore a fetole mantswe a kano eo hanyane e le hore e dumellane le letswalo la hae.

Ho etsa kano eo e fetotsweng hanyane ho ka dumellana le molaomotheo o hlahang ho Baroma 13:1 o reng: “Moya o mong le o mong o ke o ipehe tlasa balaodi ba phahameng.” Ka hoo, Mokreste a ka nna a etsa qeto ya hore ha ho phoso ho ikana hore o tla etsa ntho eo Modimo a seng a ntse a lebeletse hore Bakreste ba e etse.

Hape ke ha bohlokwa ho mamela letswalo la hao le kwetlisitsweng ka Bibele haeba o kopuwa hore o etse kapa o sebedise ntho e itseng ha o ikana. Baroma le Baskitha ba mehleng ya kgale ba ne ba ikana ka disabole tse neng di emela modimo wa ntwa e le bopaki ba hore ba tla tshepahala. Bagerike bona ba ne ba phahamisetsa letsoho lehodimong ha ba ikana. Ba ne ba hlokomela hore ho na le modimo ya matla ya bonang dintho tseo batho ba di buang le eo batho bohle ba ikarabellang ho yena.

Ke nnete hore mohlanka wa Jehova a ke ke a ikana ka ntho le ha e le efe e amanang le bodumedi ba bohata. Empa ho thweng haeba ka lekgotleng la molao o kopuwa hore o behe letsoho la hao hodima Bibele ho ikana hore o tla fana ka bopaki ba nnete? Boemong boo, o ka nna wa kgetha ho etsa jwalo ka ha Bibele e re bolella hore bahlanka ba bang ba tshepahalang ba ile ba etsa ntho e itseng ha ba ne ba ikana. (Gen. 24:2, 3, 9; 47:29-31) Ke ha bohlokwa ho hopola hore ha o etsa jwalo o ikana ka pela Modimo hore o tla bua nnete. O lokela ho itokiselletsa ho araba ka botshepehi dipotso tsohle tseo o tla di botswa.

Ka ha re nka kamano ya rona le Jehova e le ya bohlokwa, ka thapelo re lokela ho hlahlobisisa kano eo ho thweng re e etse e le ho etsa bonnete ba hore ha e kgahlanong le letswalo la rona kapa melaomotheo ya Bibele. Haeba o etsa qeto ya ho ikana, o lokela ho etsa bonnete ba hore o tla phethahatsa seo o ikanneng ka sona.​—1 Pet. 2:12.