Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ha Mokreste a hlala mosadi wa hae ntle ho lebaka la Mangolo mme a nyala e mong, phutheho e lokela ho tadima lenyalo la pele le la bobedi jwang?

Boemong boo, ha monna a nyala hape, phutheho e nka lenyalo la pele le fedile mme lena la bobedi e le lona le molaong. E le hore re utlwisise taba ena, a re boneng hore na Jesu o ile a reng ha a bua ka ho hlala le ho nyala hape.

Ho Matheu 19:9, Jesu o ile a bua ka lebaka le le leng feela la Mangolo le ka etsang hore banyalani ba hlalane. O ile a re: “Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, ha e se ka lebaka la bohlola, mme a nyala e mong o a feba.” Mantsweng a Jesu, re ithuta hore (1) banyalani ba ka hlalana feela ha e mong a entse bohlola le hore (2) haeba monna a hlala mosadi wa hae ntle ho lebaka leo la Mangolo mme a nyala e mong, o a feba. *

Na Jesu o ne a bolela hore haeba monna a etsa bohlola mme a hlala mosadi wa hae, Mangolo a mo dumella hore a nyale hape? Tjhe ha ho jwalo. Haeba monna a entse bofebe, mosadi wa hae o tla kgetha hore na o a mo tshwarela kapa o a mo hlala. Haeba mosadi a sa mo tshwarele mme ba hlalana ka molao, bobedi ba bona ba na le bolokolohi ba hore ba ka nyala hape.

Molekane ya se nang molato a ka nna a etsa qeto ya ho se hlale monna wa hae ebe o mo tsebisa hore o ikemiseditse ho mo tshwarela. Ho tla etsahalang haeba monna ya entseng bofebe a hlala mosadi wa hae a sa mo tsebisa le hoja mosadi wa hae a ne a ikemiseditse ho mo tshwarela? Bibele ha e dumelle hore monna eo a nyale hape ka ha mosadi wa hae o ne a ikemiseditse ho mo tshwarela. Haeba monna eo a etsa qeto ya ho nyala motho e mong, o tla be a etsa bofebe hape. Baholo ba tla lokela ho theha komiti ya boahlodi hape e le hore ba ka sebetsa taba ya hae.​—1 Bakor. 5:1, 2; 6:9, 10.

Haeba monna a hlala mosadi wa hae mme a etsa qeto ya ho nyala mosadi e mong ntle ho tumello ya Mangolo, phutheho e tla nka lenyalo la pele le la bobedi jwang? Na ho latela Bibele lenyalo la pele le ntse le le molaong? Na molekane ya se nang molato o ntse a ka etsa qeto ya ho tshwarela monna wa hae kapa tjhe? Na phutheho e tla nka lenyalo la bobedi e le la bofebe?

Nakong e fetileng, phutheho e ne e nka lenyalo la bobedi e le la bofebe ha feela molekane ya se nang molato a ntse a phela, a sa nyalwa ebile a sa etsa thobalano le motho e mong. Re hlokomela hore ha Jesu a ne a bua ka ho hlala le ho nyala hape, ha a ka a bua ka molekane ya se nang molato. Ntho eo a ileng a e bua ke hore haeba monna a hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong ntle ho lebaka la Mangolo, o etsa bofebe. Boemong boo, ka ha Jesu o itse ha monna eo a hlala mosadi wa hae mme a nyala mosadi e mong o tla be a etsa bofebe, sena se tla fedisa lenyalo la pele.

“Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, ha e se ka lebaka la bohlola, mme a nyala e mong o a feba.”​—Mat. 19:9

Ha lenyalo le fela ka lebaka la hobane monna a hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong, ho ke ke ha hlola ho kgonahala hore molekane ya se nang molato a tshwarele monna wa hae mme ba kgutlelane. Ka lebaka leo, ha ho na letho le qobellang molekane ya se nang molato hore a etse qeto ya ho tshwarela molekane wa hae kapa a se ke a mo tshwarela. Tsela eo phutheho e tadimang lenyalo la bobedi ka yona ha e a itshetleha ka hore na molekane ya se nang molato o hlokahetse, o nyetswe hape kapa o entse thobalano le motho e mong. *

Dintlheng tseo re buileng ka tsona ka hodimo, re buile ka hore monna ke yena ya entseng bofebe, e leng se ileng sa etsa hore yena le molekane wa hae ba hlalane. Ha monna a sa etsa bofebe, ho tla etsahalang haeba a hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong? Kapa ho tla etsahalang haeba monna a sa etsa thobalano pele a hlalana le mosadi wa hae empa a be a e etsa le motho e mong ka mora hore ba hlalane ebe o nyala motho eo le hoja mosadi wa hae wa pele a ikemiseditse ho mo tshwarela? Maemong ana, haeba monna a hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong, lenyalo la pele le a fela hobane o tla be a entse bofebe. Lenyalo leo la bobedi le nkwa le le molaong. Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya November 15, 1979, leqepheng la 32 e re, “Ka ha o se a nyetse mosadi e mong, a ke ke a etsa qeto ya hore a mo hlale mme a kgutlele ho wa pele hobane lenyalo la pele le ile la fela ha ba ne ba hlalana ka lebaka la bohlola le ha a ne a nyala mosadi e mong.”

Phetoho ena ha e bolele hore lenyalo ha le sa halalela kapa hore Bakreste ba lokela ho nka ho etsa bofebe e le ntho e nyane. Ha monna a hlala mosadi wa hae ntle ho lebaka la Mangolo mme a nyala e mong, baholo ba tla lokela ho theha komiti ya boahlodi e le hore ba sebetse taba ya hae hobane o tla be a entse bofebe. (Haeba molekane wa lenyalo la bobedi e le Mokreste, le yena baholo ba tla mo thehela komiti ya boahlodi hobane le yena o tla be a entse bofebe.) Le hoja phutheho e ke ke ya tadima lenyalo la bobedi e le la bofebe empa ho tla nka dilemo tse ngata pele monna a ka fuwa mesebetsi e kgethehileng ka phuthehong. Ka mantswe a mang, a ke ke a fuwa mesebetsi ena hafeela ho ntse ho ena le batho ba utlwileng bohloko le ba sa mo hlompheng ka lebaka la seo a se entseng. Pele baholo ba fa monna eo mesebetsi e kgethehileng ka phuthehong, ba lokela ho sheba hore na maemo a molekane wa hae wa pele le a bana ba hae a jwang ka mora hore ba hlalane.​—Mal. 2:14-16.

Ke ha bohlokwa hore Bakreste ba etsise Jehova ka hore ba tadime lenyalo le halalela hobane ha monna a hlala mosadi wa hae ntle ho lebaka la mangolo mme a nyala e mong, ho ba le ditlamorao tse bohloko.​—Moek. 5:4, 5; Baheb. 13:4.

^ Sehloohong sena, re tla nka hore monna ke yena ya entseng bofebe. Le ha ho le jwalo, ho Mareka 10:11, 12, Jesu o ile a hlakisa hore taba ena e sebetsa ho banna le basadi.

^ Dintlha tsena di fetola tsela eo re neng re utlwisisa taba ya hore lenyalo lena ke la bofebe ha feela molekane ya se nang molato a ntse a phela, a sa nyalwa ebile a sa etsa thobalano le motho e mong.