Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Na ditlhaloso tsa Mangolo tse hlahang bukeng ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova di o tswela molemo?

Ditlhaloso tsena di ka o thusa ho utlwisisa Lentswe la Modimo haholwanyane. Ka dinako tse ding di ka hlalosa dintho tse neng di etsahala nakong eo diketsahalo tse hlahang temaneng e itseng ya Bibele di neng di etsahala. Di a hlalosa hore na temana e itseng e ne e ngollwang kapa hore na e ne e ngollwa bomang. Hape di hlalosa mantswe a mang kapa dipolelwana ditemaneng tse ding.

O ka fumana Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso Bibeleng ya hao ha o sebedisa Watchtower ONLINE LIBRARY le JW Library®. O ka fumana ditlhaloso tsena karolong ya matlotlo e ka lehlakoreng le letona disebedisweng tse ding tsa elektronike.

Ha o ntse o bala ditlhaloso tsena o ele hloko hore na di nkuwe dingolweng tse lokolotsweng neng. Dihlooho tsa moraorao di hlaha ka hodimo. Dihlooho tse hlahang tlase di ka nna tsa hlalosa dintho ka tsela eo re neng re di utlwisisa ka yona kgale.

  • Bibele e hlahang ho Watchtower ONLINE LIBRARY e se e ntse e ena le ditlhaloso tse tswang bukeng ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso.

  • E le hore o be le ditlhaloso tsa ditemana JW Library, dounlouda Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso le dintlafatso tsa yona ha di le teng. Re ka e dounlouda ka ho tobetsa hodimo karolong ya matlotlo ya kgaolo efe kapa efe ya Bibele.