SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 17
Jehova o Tla o Thusa ha o Hlahelwa ke Mathata ao o sa a Lebellang
“Mathata a ya lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ona kaofela.”—PES. 34:19.
PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Ke eng eo re kgodisehileng ka yona?
RE A tseba hore Jehova o a re rata le hore o batla re thabele bophelo. (Bar. 8:35-39) Hape re kgodisehile hore melaomotheo ya Bibele e dula e re tswela molemo ha re e sebedisa. (Esa. 48:17, 18) Empa re ka etsang ha re hlahelwa ke mathata ao re sa a lebellang?
2. Re ka ba le mathata afe, hona mathata ao a ka etsa hore re ipotse dipotso dife?
2 Bahlanka ba Jehova kaofela ba na le mathata. Ka mohlala, e mong wa lelapa a ka etsa ntho e re utlwisang bohloko. Re ka nna ra kula haholo hoo re sa kgoneng ho etsa dintho tseo re batlang ho di etsetsa Jehova. Re ka hlahelwa ke koduwa ya tlhaho. Kapa re ka nna ra hloriswa ka lebaka la tumelo ya rona. Ha re hlahelwa ke mathata ana re ka nna ra ipotsa: ‘Ke hobaneng ha ke hlahelwa ke ntho e tjee? Na ho na le ntho e phoso eo ke e entseng? Na see se bontsha hore Jehova ha a ntlhohonolofatse?’ Na o kile wa ikutlwa ka tsela ee? Haeba ho jwalo, o se ke wa nyahama. Bahlanka ba Jehova ba bangata le bona ba ile ba ikutlwa ka tsela e tshwanang.—Pes. 22:1, 2; Hab. 1:2, 3.
3. Re ka ithutang ho Pesaleme ya 34:19?
3 Bala Pesaleme ya 34:19. Hlokomela dintlha tse pedi tsa bohlokwa tse hlahang pesalemeng ena: (1) Batho ba lokileng ba hlahelwa ke mathata. (2) Jehova o a re pholosa mathateng a rona. Jehova o re pholosa jwang? O re thusa hore re utlwisise hore re tla hlahelwa ke mathata. Le hoja Jehova a re tshepisa hore re tla thaba ha re mo sebeletsa, ha a re tshepise hore re ke ke ra ba le mathata hona jwale. (Esa. 66:14) O re kgothaletsa hore re nahane ka bokamoso boo a re tshepisang bona, moo re tla phela re thabile ka ho sa feleng. (2 Bakor. 4:16-18) Hona jwale o re thusa hore re tswele pele ho mo sebeletsa.—Dillo 3:22-24.
4. Re tlo bua kang sehloohong see?
4 A re ke re bueng ka hore na re ka ithutang mehlaleng ya bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ena. Re tlo bona hore re ka nna ra hlahelwa ke mathata ao re sa a lebellang empa ha re tshepile Jehova, o tla dula a re thusa. (Pes. 55:22) Ha re ntse re ithuta mehlaleng ena ipotse: ‘Nna ke ne ke tla etsang boemong boo? Mehlala ee e nthusa jwang hore ke tshepe Jehova? Ke ithutang mehlaleng ee eo nka e sebedisang bophelong ba ka?’
BAHLANKA BA JEHOVA BAO BIBELE E BUANG KA BONA
5. Jakobo o ile a ba le mathata afe ka lebaka la Labane? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
5 Bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona ba ile ba eba le mathata ao ba neng ba sa a lebella. Nahana ka Jakobo. Ntate wa hae o ile a re a batle mosadi ho baradi ba Labane eo e neng e le morapedi wa Jehova mme o ile a mo tiisetsa hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa. (Gen. 28:1-4) Jakobo o ile a etsa se nepahetseng. O ile a tloha Kanana mme a ya ha Labane ya neng a ena le baradi ba babedi e leng Lea le Ragele. Jakobo o ile a rata moradi e monyenyane wa Labane e leng Ragele mme a dumela ho sebeletsa ntate wa hae dilemo tse supileng pele a mo nyala. (Gen. 29:18) Empa dintho ha di a ka tsa tsamaya ka tsela eo Jakobo a neng a lebeletse. Labane o ile a mo qhekella hore a nyale moradi wa hae e moholo e leng Lea. Labane o ile a dumella Jakobo hore a nyale Ragele beke ka mora moo, ha feela a ne a ka mo sebeletsa dilemo tse ding tse supileng. (Gen. 29:25-27) Labane ha a ka a sebetsa Jakobo hantle le ditabeng tsa kgwebo mme ha a ka a tshwara Jakobo hantle ka dilemo tse 20.—Gen. 31:41, 42.
6. Ke mathata afe a mang ao Jakobo a ileng a a mamella?
6 Jakobo o ile a mamella mathata a mang. O ne a ena le lelapa le leholo empa bana ba hae ba ne ba sa phedisane ka kgotso. Ba ile ba ba ba rekisa ngwanabo bona e leng Josefa hore e be lekgoba. Bara ba Jakobo ba babedi e leng Simeone le Levi ba ile ba tlotlolla lelapa labo bona mme ba etsa hore lebitso la Jehova le rohakwe. Mosadi wa Jakobo e leng Ragele o ile a hlokahala ha a ne a beleha ngwana wa bobedi. Hape Jakobo o ile a tlameha ho ya Egepeta a se a tsofetse ka lebaka la tlala e kgolo e neng e le teng.—Gen. 34:30; 35:16-19; 37:28; 45:9-11, 28.
7. Jehova o ile a bontsha Jakobo jwang hore o ntse a ena le yena?
7 Jakobo o ile a dula a tshepile Jehova le hore ditshepiso tsa Hae di tla phethahala ho sa tsotellehe mathata ao a neng a ena le ona. Jehova o ile a bontsha Jakobo hore o ntse a ena le yena. Ka mohlala, Jehova o ile a fa Jakobo dintho tse ngata le hoja Labane a ne a mo tshwara hampe. Nahana feela hore na Jakobo o ile a leboha Jehova hakae ha a ne a kopana le mora wa hae Josefa eo a neng a nahana hore ke kgale a hlokahetse. Ka ha Jakobo e ne e le motswalle wa Jehova, o ile a kgona ho mamella mathata. (Gen. 30:43; 32:9, 10; 46:28-30) Ha re dula re le metswalle ya Jehova, le rona re ka kgona ho mamella mathata ao re sa a lebellang.
8. Morena Davida o ne a batla ho etsang?
8 Morena Davida ha a ka a etsa dintho tsohle tseo a neng a batla ho di etsetsa Jehova. Ka mohlala, Davida o ne a batla ho hahela Modimo tempele. O ile a bolella moprofeta Nathane hore o batla ho e haha. Nathane o ile a re: “Etsa ntho le ha e le efe e ka pelong ya hao hobane Modimo wa nnete o na le wena.” (1 Dikron. 17:1, 2) E tlameha ebe mantswe ao a ile a kgothatsa Davida. Mohlomong o ile a ba a qala ho hlophisa dintho bakeng sa mosebetsi oo o moholo.
9. Davida o ile a etsang ha a ne a utlwa ditaba tse seng monate?
9 Nakwana ka mora moo, moprofeta wa Jehova o ile a kgutlela ho Davida a mo tshwaretse ditaba tse seng monate. “Bosiung bona boo,” Jehova o ile a bolella Nathane hore Davida ha se yena ya neng a tla haha tempele empa e ne e tla hahwa ke e mong wa bara ba hae. (1 Dikron. 17:3, 4, 11, 12) Davida o ile a etsang ka mora ho utlwa ditaba tseo? O ile a ikemisetsa ho etsa ntho e nngwe e fapaneng e leng ho bokella tjhelete le dintho tseo mora wa hae Solomone a neng a tla di hloka e le hore a etse mosebetsi oo.—1 Dikron. 29:1-5.
10. Jehova o ile a hlohonolofatsa Davida jwang?
10 Jehova o ile a etsa selekane le Davida hanghang ka mora hore a mo tsebise hore ha se yena ya neng a tla haha tempele. Jehova o ile a tshepisa Davida hore e mong wa ditloholo tsa hae o ne a tla busa ka ho sa feleng. (2 Sam. 7:16) Lefatsheng le letjha nakong ya Puso ya Jesu ya Dilemo Tse Sekete, Davida o tla thaba haholo ha a utlwa hore Jesu ke e mong wa ditloholo tsa hae. Taba ena e re thusa ho bona hore le hoja re sa kgone ho etsa dintho tsohle tseo re batlang ho di etsetsa Jehova Modimo, a ka re hlohonolofatsa ka tsela eo re sa e lebellang nakong e tlang.
11. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba mehleng ya baapostola jwang le hoja Mmuso o sa ka wa busa ka nako eo ba neng ba e lebeletse? (Diketso 6:7)
11 Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ne ba ena le mathata ao ba sa a lebellang. Ka mohlala, ba ne ba batla hore Mmuso wa Modimo o tle empa ba ne ba sa tsebe hore na o ne o tla tla neng. (Dik. 1:6, 7) Ba ile ba etsang? Ba ile ba dula ba etsa mosebetsi wa boboledi. Ba ile ba bona ha Jehova a ba hlohonolofatsa ha ba ntse ba bolela ditaba tse monate le dibakeng tse ding.—Bala Diketso 6:7.
12. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba etsang ha ho ne ho ena le tlala?
12 Ho na le nako eo ho ileng ha eba le tlala e kgolo “lefatsheng lohle.” (Dik. 11:28) Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ile ba angwa ke tlala eo. Nahana feela hore na tlala eo e ile ya ba bakela mathata a mangata hakae. E tlameha ebe dihlooho tsa malapa di ne di tshwenyehile ka hore na di tla hlokomela malapa a tsona jwang. Batjha ba neng ba batla ho sebeletsa Jehova haholwanyane bona ba ile ba ameha jwang? Na ba ile ba nahana hore ba ke ba eme hanyane ho fihlela tlala eo e fela? Bakreste bao ba ile ba tlwaela maemo ao ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba ena le ona. Ba ile ba tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi mme ba ne ba thabela ho arolelana dintho tseo ba neng ba ena le tsona le Bakrestemmoho le bona ba Judea.—Dik. 11:29, 30.
13. Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste jwang ha ho ne ho ena le tlala?
13 Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste jwang ha ho ne ho ena le tlala? Ba ile ba bona hore Jehova o a ba thusa ha ba fumana dintho tseo ba di hlokang. (Mat. 6:31-33) E tlameha ebe e ile ya eba metswalle ya Bakrestemmoho ba ileng ba ba thusa. Batho ba ileng ba fana ka monehelo kapa ba ba thusa ka ditsela tse ding ba ile ba thaba. (Dik. 20:35) Jehova o ile a hlohonolofatsa bohle ba ileng ba tlwaela maemo ao a fetohileng.
14. Barnabase le moapostola Pauluse ba ile ba etsahallwa keng, hona ho ile ha etsahalang ka mora moo? (Diketso 14:21, 22)
14 Bakreste ba mehleng ya baapostola hangata ba ne ba hloriswa mme ka dinako tse ding ba ne ba hloriswa ba sa lebella. Nahana ka se ileng sa etsahalla Barnabase le moapostola Pauluse ha ba ne ba etsa mosebetsi wa ho bolela Listra. Qalong batho ba ne ba ba amohela mme ba ba mamela. Ha morao , bahanyetsi ba ile “ba hlohlelletsa batho” mme ba bang ba bona ba ile ba tlepetsa Pauluse ka majwe mme ba mo tlohela ba nahana hore o shwele. (Dik. 14:19) Empa Barnabase le Pauluse ba ile ba tswela pele ba ntse ba bolela ditaba tse monate dibakeng tse ding. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Ba ile ba thusa “batho ba bangata hore e be barutuwa” mme ba ile ba matlafatsa Bakrestemmoho le bona ka seo ba ileng ba se bua le ho se etsa. (Bala Diketso 14:21, 22.) Batho ba bangata ba ile ba kgothatswa ke ho bona Barnabase le Pauluse ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate le hoja ba hloriswa. Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re sa kgaotse ho etsa mosebetsi oo a re fileng wona.
BAHLANKA BA JEHOVA BA MEHLENG ENA
15. O ithutang mohlaleng wa Morabo rona A. H. Macmillan?
15 Pele ho selemo sa 1914, bahlanka ba Jehova ba ne ba lebeletse hore ntho e itseng e etsahale. Ka mohlala, nahana ka Morabo rona A. H. Macmillan. Jwalo ka Bakreste ba bang, Morabo rona Macmillan o ne a nahana hore haufinyane o tla fumana moputso wa hae wa ho ya lehodimong. Ha a ne a fana ka puo ka September 1914 o ile a re: “Mohlomong ena ke puo ya ho qetela ya phatlalatsa eo ke fanang ka yona.” Empa eo e ne e se puo ya hae ya ho qetela. Ha morao Morabo rona Macmillan o ile a re: “Mohlomong ba bang ho rona re ne re batla re potlakile haholo ha re nahana hore re tla ya lehodimong hanghang.” O ile a boela a re: “Ntho e molemo eo re lokelang ho e etsa ke hore re ipoloke re tshwarehile tshebeletsong ya Morena.” Morabo rona Macmillan o ile a dula a phathahane le ho tjhesehela tshebeletso. O ile a ba le monyetla wa ho kgothatsa bara ba bo rona ba bangata ba neng ba le teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Hape o ile a dula a ya dibokeng le ha a se a tsofetse. Taba ya hore Morabo rona Macmillan o ile a dula a phathahane ka ho sebeletsa Jehova ha a ntse a emetse moputso wa hae wa ho ya lehodimong, e ile ya mo tswela molemo jwang? Pele a hlokahala ka 1966 o ile a re: “Tumelo ya ka e matla ho feta ka moo e neng e le ka teng pele.” O re behetse mohlala o motle oo re ka o etsisang, haholoholo ha re mameletse mathata ka nako e telele ho feta ka moo re neng re lebeletse.—Baheb. 13:7.
16. Ke bothata bofe boo Morabo rona Herbert Jennings le mohatsa wa hae ba ileng ba eba le bona ba sa lebella? (Jakobo 4:14)
16 Bahlanka ba Jehova ba bangata ba a kula ba sa lebella. Ka mohlala, paleng ya hae ya bophelo Morabo rona Herbert Jennings b o ile a re yena le mosadi wa hae ba ile ba thabela ho ba baromuwa Ghana. Le ha ho le jwalo, ka mora nako ho ile ha fumanwa hore o na le bolwetse bo etsang hore maikutlo a hae a fetofetohe. Morabo rona Jennings o ile a qotsa mantswe a ho Jakobo 4:14 mme o ile a re boemo ba hae e ne e le ‘bokamoso boo ba neng ba sa bo lebella.’ (E bale.) O ile a re: “Ka hoo, e le hore re se ke ra iphapanyetsa nnete, re ile ra lokisetsa ho tloha Ghana le ho siya metswalle ya rona e mengata e haufi yaba re kgutlela Canada [bakeng sa ho phekolwa].” Jehova o ile a thusa Morabo rona Jennings le mohatsa wa hae hore ba tswele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata boo ba fetileng ho bona.
17. Mohlala wa Morabo rona Jennings o ile wa tswela Bakrestemmoho le rona molemo jwang?
17 Pale ya bophelo ya Morabo rona Jennings e ile ya kgothatsa batho ba bangata. Moradi wa bo rona e mong o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka ameha maikutlo ho tshwana le ha ke ne ke bala sehlooho sena. . . . Ho bala ka moo Morabo rona Jennings a ileng a tlameha ho tlohela kabelo ya hae e le hore a yo ikoka ho ile ha etsa hore ke be le pono e nepahetseng ka boemo ba ka.” Morabo rona e mong o ile a re: “Ka mora ho sebeletsa phutheho ke le moholo ka dilemo tse leshome, ke ile ka tlameha ho tlohela kabelo ena ya bohlokwa ka lebaka la lefu la kelello. Maikutlo a hore ke hlolehile a ne a le matla haholo hoo hangata ke neng ke tepella haholo ha ke bala dipale tsa bophelo. . . . Empa tsela eo Morabo rona Jennings a ileng a mamella ka yona e ile ya nkgothatsa haholo.” Taba ena e re hopotsa hore haeba re mamella mathata a rona, re ka kgothatsa batho ba bang. Haeba bophelo ba rona bo ka fetoha ka tsela eo re neng re sa e lebella, re ka behela batho ba bangata mohlala ka ho ba le tumelo le ho mamella.—1 Pet. 5:9.
18. O ithutang mohlaleng wa moradi wa bo rona wa mohlolohadi ya dulang Nigeria ya hlahileng setshwantshong?
18 Mafu a sewa a kang COVID-19 a ile a ama bahlanka ba Jehova ba bangata. Ka mohlala, moradi wa bo rona e mong wa mohlolohadi ya dulang Nigeria o ne a setse ka dijo tse nyenyane. Hoseng ho hong moradi wa hae o ile a mo botsa hore na ba tlo ja eng ka mora hore ba phehe raese eo ba neng ba saletswe ke yona. Moradi eo wa bo rona o ile a bolella moradi wa hae hore ha ba sa na tjhelete le dijo empa ba lokela ho etsisa mohlolohadi wa Sarepta ka hore ba phehe dijo tsa bona tsa ho qetela mme ba tshepe Jehova. (1 Mar. 17:8-16) Pele ba nahana ka hore na ba tlo ja eng motshehare, Bakrestemmoho le bona ba ile ba ba tlisetsa dijo. Dijo tseo di ne di tla ba lekana nako e fetang dibeke tse pedi. Moradi wa bo rona o ile a re o ne a sa hlokomele hore Jehova o ne a ntse a mametse seo a ileng a se bolella moradi wa hae. Ha re tshepa Jehova, mathata a re hlahelang re sa lebella a ka etsa hore re be metswalle ya hae e meholo.—1 Pet. 5:6, 7.
19. Ke mahloriso afe ao Morabo rona Aleksey Yershov a ileng a a mamella?
19 Morao tjena, bara le baradi ba bo rona ba bangata ba ile ba mamella mahloriso ao ba neng ba sa a lebella. Nahana ka Morabo rona Aleksey Yershov ya dulang Russia. Bahlanka ba Jehova ba Russia ba ne ba ena le bolokolohi ba ho mo sebeletsa ha Morabo rona Yershov a kolobetswa ka 1994. Ha morao dintho di ile tsa fetoha Russia. Ka 2020, mapolesa a ile a itshohlometsa ha Morabo rona Yershov yaba a phenyekolla ntlo ya hae mme a nka dintho tsa hae tse ngata. Ka mora dikgwedi tse itseng mmuso o ile wa mo qosa. Ho hobe le ho feta ke hore diqoso tseo di ne di thehilwe divideong tse rekotilweng ke motho ya neng a entse eka o thabela ho ithuta Bibele ka nako e ka fetang selemo. Ka nnete o ne a entse ntho e sehloho.
20. Morabo rona Yershov o ile a etsang e le hore e be motswalle wa Jehova?
20 Na ho na le molemo oo Morabo rona Yershov a ileng a o fumana ha a ne a hloriswa? Ho jwalo. O ile a dula e le motswalle wa Jehova. O re: “Nna le mosadi wa ka re rapela haholwanyane. Ke a hlokomela hore ke ne ke sa tlo kgona ho mamella boemo bona ntle le thuso ya Jehova.” O boetse o re: “Ho ithuta Bibele ho nthusitse hore ke lwantshane le ho nyahama. Ke nahana ka mehlala ya bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba nakong e fetileng. Ho na le ditlaleho tse ngata tse ka Bibeleng tse bontshang hore ke ha bohlokwa hore re dule re kgobile matshwafo le ho bontsha hore re tshepa Jehova.”
21. Re ithutileng sehloohong see?
21 Re ithutileng sehloohong see? Ka dinako tse ding re ka hlahelwa ke mathata ao re sa a lebellang. Le ha ho le jwalo, Jehova o dula a thusa bahlanka ba hae ha ba mo tshepa. Lengolo la sehlooho le re: “Mathata a ya lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ona kaofela.” (Pes. 34:19) E se eka re ka tswela pela re itshetleha ka matla ao Jehova a re fang ona ho ena le ho nahana haholo ka mathata a rona. Le rona jwalo ka moapostola Pauluse re ka re: “Ke na le matla a ho etsa dintho tsohle ka lebaka la ya mphang matla.”—Bafil. 4:13.
PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa
a Re ka kgodiseha hore le hoja re ka hlahelwa ke mathata ao re sa a lebellang, Jehova o tla dula a re thusa. Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae jwang nakong e fetileng? O re thusa jwang mehleng ee? Ho ithuta ka batho bao Bibele e buang ka bona le ba mehleng ena ho tla re kgodisa hore le rona o tla re thusa haeba re mo tshepa.