Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16

“Kgaitsedi ya Hao e Tla Tsoha”

“Kgaitsedi ya Hao e Tla Tsoha”

“Jesu a re ho [Maretha]: ‘Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.’”​—JOH. 11:23.

PINA YA 151 O Tla Howa

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Matthew o ile a bontsha jwang hore o na le tumelo e matla ya hore bafu ba tla tsoha?

 MOSHANYANA e mong ya bitswang Matthew o kula haholo ebile o ile a tlameha ho etswa diopereishene tse ngata. Ha a ne a le dilemo di supileng, ka letsatsi le leng yena ha mmoho le lelapa labo ba ne ba shebeletse JW Broadcasting®. Ha lenaneo leo le se le ntse le tlo fela, ho ile ha hlaha video ya mmino e buang ka nako eo ka yona re tla beng re amohela batho ba tsositsweng. b Ha lenaneo leo le qeta ho fela, Matthew o ile a tshwara batswadi ba hae ka matsoho yaba o re: “Mme le Ntate, le a bona hore le haeba nka shwa, ke tla tsoha? Le nkemele, ho tla loka.” O se o ka inahanela hore na batswadi bao ba ne ba thabile hakae ha ba hlokomela hore ngwana wa bona o na le tumelo e matla ya hore bafu ba tla tsoha.

2, 3. Ke hobaneng ha re lokela ho itlwaetsa ho nahana ka tshepiso ya hore bafu ba tla tsoha?

2 Re tla rua molemo ha re itlwaetsa ho nahana ka tshepiso ya hore bafu ba tla tsoha. (Joh. 5:28, 29) Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Ke hobane re ka kula hampe kapa ra hlokahallwa ke motho eo re mo ratang neng kapa neng. (Moek. 9:11; Jak. 4:13, 14) Haeba re ka hlahelwa ke maemo ao, re tla kgona ho mamella haeba re na le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha. (1 Bathes. 4:13) Bibele ya re tiisetsa hore Ntate wa rona ya lehodimong o re tseba hantle ebile o re rata haholo. (Luka 12:7) E le hore Jehova Modimo a re tsose re ena le botho bo tshwanang ebile re ntse re hopola ntho e nngwe le e nngwe, o lokela ho re tseba hantle. Jehova o re rata haholo hoo a re fileng monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Le haeba re ka shwa, o tla re tsosa.

3 Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha re ka dumela hore bafu ba tla tsoha. Ka mora moo, re tla hlahloba tlaleho ya Bibele e matlafatsang tumelo e nang le mantswe a hlahang temaneng ya rona ya sehlooho a reng: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” (Joh. 11:23) Re tla qetella ka ho bona hore na re ka etsang hore re kgodisehe hore tsoho e tla fela e be teng.

KE HOBANENG HA RE KA DUMELA HORE BAFU BA TLA TSOHA?

4. Etsa mohlala o bontshang hore na ke eng e ka o kgodisang hore motho a ka phethahatsa tshepiso eo a e entseng.

4 O ka dumela hore motho o tla phethahatsa tshepiso ya hae haeba o kgodisehile hore motho eo o batla ho etsa jwalo. Hape o ka mo kgolwa haeba a ena le matla a ho e phethahatsa. Ka mohlala, a re nke hore ntlo ya hao e sentswe ke sefefo. Motswalle e mong wa hao o o tshepisa hore o tla e lokisa. O a bona hore ehlile o batla ho o thusa. Ke sehahi se ipabolang ebile o na le disebediswa tsohle tse hlokahalang bakeng sa ho lokisa ntlo eo. Hape o a tseba hore a ka kgona ho o thusa. Ka hoo, o a dumela hore o tla fela a phethahatse seo a se tshepisang. Na le rona re ka dumela hore tshepiso ya Modimo ya ho tsosa bafu e tla phethahala? Na ehlile o batla ho tsosa bafu? Hape na o na le matla a ho ba tsosa?

5, 6. Ke eng e re kgodisang hore Jehova o batla ho tsosa bafu?

5 Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Ka nnete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba mmalwa hore ba ngole ka tshepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Hos. 13:14; Tshen. 20:11-13) Jehova o dula a phethahatsa dintho tseo a di tshepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

6 Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kgodisehile hore le haeba a ne a ka shwa, Jehova o ne a tla hlolohelwa ho mo bona hape. (Jobo 14:14, 15, nal.) Jehova o ikutlwa ka tsela e tshwanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahalang ka batho ba dibilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla wa ho ithuta ka Jehova? Le bona Modimo wa rona ya lerato o batla ho ba tsosa. (Dik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla wa hore e be metswalle ya hae le wa hore ba phele ka ho sa feleng lefatsheng. (Joh. 3:16) Ho hlakile hore Jehova o batla ho tsosa bafu.

7, 8. Ke eng e re kgodisang hore Jehova o na le matla a ho tsosa bafu?

7 Na Jehova o na le matla a ho tsosa bafu? O na le ona hobane o “Matla Ohle.” (Tshen. 1:8) O na le matla a ho hlola sera le ha e le sefe, ho akareletsa le lefu. (1 Bakor. 15:26) Ho tseba taba ena ho a re tshedisa ebile ho a re matlafatsa. Nahana ka se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Emma Arnold. Nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, yena le lelapa la hae ba ile ba kopana le mathata a boima a ileng a leka tumelo ya bona. Ka mora ho hlokahallwa ke baratuwa ba bona dikampong tsa mahloriso tsa Manazi, Moradi wa bo rona Emma o ile a tshedisa moradi wa hae a re: “Haeba batho ba hlokahetseng ba ne ba ke ke ba tsoha, e ne e tla ba lefu le matla ho feta Modimo. Empa taba eo ha se nnete.” Ha ho na letho le matla ho feta Jehova. Ka ha Modimo ya Matla Ohle ke yena ya faneng ka bophelo, a ka phedisa batho hape ha ba hlokahetse.

8 Hape re a tseba hore Modimo a ka tsosa bafu hobane o hopola ntho e nngwe le e nngwe. O bitsa naledi e nngwe le e nngwe ka lebitso. (Esa. 40:26) O boetse o hopola batho ba hlokahetseng. (Jobo 14:13; Luka 20:37, 38) O hopola ntho e nngwe le e nngwe ka batho bao a tla ba tsosa. O hopola botho ba bona, hore na ba ne ba shebahala jwang, dintho tse ba etsahaletseng bophelong le dintho tseo ba neng ba di tseba.

9. Ke hobaneng ha o dumela hore tshepiso ya Jehova ya hore bafu ba tla tsoha e tla phethahala?

9 Ho hlakile hore re ka dumela hore Jehova o tla tsosa bafu nakong e tlang hobane re a tseba hore o batla ho ba tsosa ebile o na le matla a ho etsa jwalo. Nahana ka lebaka le leng la ho dumela hore tshepiso ena e tla phethahala. Jehova o se a ile a tsosa batho ba bang. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, o ile a fa banna ba mmalwa ba tshepahalang ho akareletsa le Jesu matla a ho tsosa bafu. Hona jwale re tla hlahloba tlaleho ya e mong wa batho ba ileng ba tsoswa ke Jesu e hlahang ho Johanne kgaolo ya 11.

JESU O SHWELWA KE MOTSWALLE YA HAUFI

10. Ho ile ha etsahalang ha Jesu a ntse a ruta ka mose ho Jordane, hona o ile a etsang? (Johanne 11:1-3)

10 Bala Johanne 11:1-3. Nahana ka se ileng sa etsahala motseng wa Bethani ho elella mafelong a selemo sa 32. Motseng oo ho ne ho dula metswalle ya Jesu e haufi e leng Lazaro le dikgaitsedi tsa hae tse pedi, Maria le Maretha. (Luka 10:38-42) Lazaro o ile a kula mme dikgaitsedi tsa hae di ne di tshwenyehile. Di ile tsa romella Jesu molaetsa a le ka mose ho Jordane, bohole ba leeto le ka nkang matsatsi a mabedi ka maoto ho tloha Bethani. (Joh. 10:40) Ka maswabi, moromuwa o ile a fihla ho Jesu ha Lazaro a shwa. Le hoja Jesu a ne a tseba hore motswalle wa hae o shwele, o ile a ya Bethani ka mora matsatsi a mabedi. Nakong eo a fihlang Bethani, Lazaro o ne a se a ena le matsatsi a mane a shwele. Jesu o ne a tlo etsa ntho e nngwe e neng e tla thabisa metswalle ya hae e be e tlotlise Modimo.​—Joh. 11:4, 6, 11, 17.

11. Re ka ithutang ka botswalle tlalehong ee?

11 Re ka ithutang ka botswalle tlalehong ee? Nahana ka taba ena: Ha Maria le Maretha ba romella Jesu molaetsa, ha ba a ka ba mo kopa hore a tle Bethani. Ba mo boleletse feela hore motswalle wa hae o a kula. (Joh. 11:3) Ka mora hore Lazaro a shwe, Jesu o ne a ka kgona ho mo tsosa a ntse a le hole. Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ile a kgetha ho ya Bethani e le hore a yo ba le metswalle ya hae Maria le Maretha. Na o na le motswalle ya ka o thusang le ha o sa mo kopa? Haeba ho jwalo, o a tseba hore o tla o thusa “dinakong tsa mahlomola.” (Diprov. 17:17) E se eka re ka etsisa Jesu mme ra ba metswalle e jwalo ho batho ba bang. Jwale a re kgutleleng tlalehong e buang ka Lazaro re bone hore na ho ile ha etsahalang ha morao.

12. Jesu o ile a tshepisa Maretha eng, hona ke hobaneng ha Maretha a ne a ka mo kgolwa? (Johanne 11:23-26)

12 Bala Johanne 11:23-26. Maretha o ile a utlwa hore Jesu o haufi le Bethani. Hanghang o ile a yo mo kgahlanyetsa yaba o re: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” (Joh. 11:21) Ke nnete hore Jesu a ka be a fodisitse Lazaro. Empa o ne a batla ho etsa ntho e hlollang ho feta moo. O ile a re: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” Hape o ile a fa Maretha lebaka la ho dumela tshepiso ena, a re: “Ke nna tsoho le bophelo.” Modimo o file Jesu matla a ho tsosa bafu. Pejana ho moo, o ne a ile a tsosa ngwanana e mong nakwana ka mora hore a shwe hape o ile a tsosa mohlankana e mong letsatsing leo a shweleng ka lona. (Luka 7:11-15; 8:49-55) Empa na o ne a ka kgona ho tsosa motho ya nang le matsatsi a mane a shwele a bile a se a ntse a qadile ho bola?

“LAZARO, TSWA!”

Jesu o ile a utlwela metswalle ya hae bohloko ha e shwetswe (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Ho latela Johanne 11:32-35, Jesu o ile a etsang ha a bona Maria le batho ba bang ba lla? (Sheba setshwantsho.)

13 Bala Johanne 11:32-35. Nahana hore na ho ile ha etsahala eng ka mora moo. Kgaitsedi ya Lazaro e nngwe e leng Maria, o ile a ya ho Jesu. O ile a bua mantswe a tshwanang le a ngwanabo, a re: “Morena, hoja o ne o le teng kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.” Maria le batho ba neng ba ena le yena ba ne ba utlwile bohloko haholo. Ha Jesu a ba bona mme a ba utlwa ba lla, o ile a sarelwa haholo. O ile a ba utlwela bohloko yaba o a lla. O ne a utlwisisa hore na ho bohloko hakae ho shwelwa ke motho eo o mo ratang. E tlameha ebe o ne a labalabela ho ba tshedisa ka hore a tsose Lazaro.

14. Tsela eo Jesu a ileng a itshwara ka yona ha a bona Maria a lla e re rutang ka Jehova?

14 Seo Jesu a ileng a se etsa ha a bona Maria a lla se re ruta hore Jehova ke Modimo ya nang le kutlwelobohloko. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, Jesu o etsisa Ntate wa hae hantle ka tsela eo a nahanang ka yona le eo a ikutlwang ka yona. (Joh. 12:45) Ha metswalle ya Jesu e shwetsweng e lla, o ile a e utlwela bohloko yaba o a lla. Ka hoo, re a bona hore Jehova le yena o re utlwela bohloko ha a bona re lla. (Pes. 56:8) E tlameha ebe taba ena e etsa hore o ikutlwe o batla ho atamela haufi le Modimo wa rona ya nang le kutlwelobohloko.

Jesu o ile a bontsha hore o na le matla a ho tsosa bafu (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. Ho latela Johanne 11:41-44, ho ile ha etsahalang ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro? (Sheba setshwantsho.)

15 Bala Johanne 11:41-44. Ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro o ile a re ba tlose lejwe le neng le kwahetse lebitla. Le ha ho le jwalo, Maretha o ile a hanana le taba eo, a re e tlameha ebe setopo sa Lazaro se se se nkga. Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore ha o ka dumela o tla bona matla a Modimo?” (Joh. 11:39, 40) Ka mora moo Jesu o ile a sheba hodimo yaba o rapela phatlalatsa. O ne a batla hore ho roriswe Jehova bakeng sa ntho eo a neng a tlo e etsa. Jesu o ile a hweletsa a re: “Lazaro, tswa!” Lazaro a tswa ka lebitleng. Jesu o ile a etsa ntho eo batho ba bangata ba neng ba nahana hore e ke ke ya etsahala.

16. Tlaleho e hlahang ho Johanne kgaolo ya 11 e matlafatsa tumelo eo re nang le yona ya hore ho tla ba le tsoho jwang?

16 Tlaleho e hlahang ho Johanne kgaolo ya 11 e matlafatsa tumelo ya rona ya hore ho tla ba le tsoho ya bafu. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hopola hore Jesu o ile a re ho Maretha: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.” (Joh. 11:23) Jwalo ka Ntate wa hae, Jesu o batla ho tsosa bafu ebile o na le matla a ho etsa jwalo. Ha a ne a lla, o ile a bontsha hore o labalabela ho tsosa bafu le ho tlosa bohloko bo bakilweng ke lefu. Jesu o ile a bontsha hore o na le matla a ho tsosa bafu ha a ne a tsosa Lazaro. Hape hopola hore Jesu o ile a re ho Maretha: “Na ha ke a o bolella hore ha o ka dumela o tla bona matla a Modimo?” (Joh. 11:40) Re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore Modimo o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho tsosa bafu. Re ka etsang e le hore re kgodisehe le ho feta hore ho tla ba le tsoho?

RE KA ETSANG HORE RE KGODISEHE LE HO FETA HORE HO TLA BA LE TSOHO?

17. Re lokela ho hopolang ha re ntse re bala ditlaleho tse buang ka tsoho?

17 Bala ditlaleho tse buang ka tsoho o be o nahanisise ka tsona. Ka Bibeleng ho na le ditlaleho tse robedi tse buang ka batho ba ileng ba tsoswa bafung. c Di bale ka hloko. Ha o ntse o di bala, o hopole hore batho bao ba kile ba phela mona lefatsheng. Leka ho bona hore na o ka ithutang ha o ntse o bala ditlaleho tseo. Nahana hore na tlaleho e nngwe le e nngwe e bontsha jwang hore Jehova o batla ho tsosa bafu le hore o na le matla a ho etsa jwalo. Etsa bonnete ba hore o nahanisisa ka tlaleho e buang ka tsoho ya Jesu ka ha ke yona ya bohlokwa ka ho fetisisa. Hopola hore batho ba bangata ba ile ba bona Jesu ka mora hore a tsoswe le hore tumelo ya rona e thehilwe tsohong ya hae.​—1 Bakor. 15:3-6, 20-22.

18. Dipina tse buang ka tsoho di ka o thusa jwang? (Sheba naletsana.)

18 Mamela dipina tsa rona tsa bodumedi tse buang ka tsoho, di bine o be o nahane ka tsona. d (Baef. 5:19) Dipina tsena di etsa hore re kgodisehe le ho feta hore ho tla ba le tsoho hape di matlafatsa tumelo ya rona. Di mamele, o ithute ho di bina hantle. Hape le ka buisana ka mantswe a dipina tseo borapeding ba lelapa. Di tshware ka hlooho, o nahanisise ka mantswe a tsona e le hore di ka o ama pelo tsa ba tsa matlafatsa tumelo ya hao. Ha o etsa jwalo, nakong eo o hlahelwang ke mathata kapa o shwelwang ke motho eo o mo ratang, moya wa Jehova o tla o thusa hore o hopole dipina tseo mme o tla matlafala o be o tshedisehe.

19. O ka nahana ka dintho dife tse tla etsahala tsohong? (Sheba lebokose le reng “ O Tla ba Botsang?”)

19 Iketsetse setshwantsho sa hore na ho tla ba jwang tsohong. Jehova o entse hore re kgone ho ipona re se re le Paradeiseng. Moradi e mong wa bo rona o re: “Ke qeta nako e ngata ke ipona ke le Paradeiseng hoo ke ye be ke utlwe eka ke se ke ntse ke fofonela monko o monate wa dipalesa.” Ako nahane o se o kopana le banna le basadi ba tshepahalang ba phetseng ha ho ne ho ngolwa Bibele. O tatetse ho kopana le mang? Hona o tla mo botsa dipotso dife? Hape nahana o se o kopana le batho bao o ba ratang ba hlokahetseng. Nahana hore na ho tla ba jwang ha le kopana. Nahana hore na le tla bua kang, hore na ho tla ba jwang ha le hakana le hore na o tla be o thabile hakae ho boela o ba bona.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

20 Re ananela haholo hore ebe Jehova o re tshepisa hore o tla tsosa bafu. Re kgodisehile hore tshepiso ena e tla phethahala hobane Jehova o batla ho tsosa bafu ebile o na le matla a ho etsa jwalo. A re ikemisetseng ho matlafatsa tumelo ya rona ya hore tshepiso ena e tla phethahala. Ha re etsa jwalo, re tla atamela haufi le Modimo ya re tshepisang hore baratuwa ba rona ba tla tsoha.

PINA YA 147 Ho Tshepisitswe Bophelo bo sa Feleng

a Haeba o kile wa hlokahallwa ke motho eo o mo ratang, e tlameha ebe tshepo ya tsoho e o tshedisa haholo. Empa o ka hlalosetsa batho ba bang jwang hore na ke hobaneng ha o dumela hore bafu ba tla tsoha? Hape o ka matlafatsa tumelo ya hao jwang tshepong ya tsoho? Sehlooho sena se tlo re thusa kaofela hore re matlafatse tumelo ya rona tshepong ya tsoho.

b Sehlooho sa pina eo se re Ho Haufi Moo re Yang. Ke pina ya broadcasting ya November 2016.

c Bala lebokose le reng “Ditlaleho Tse Robedi Tsa Tsoho Tse ka Bibeleng” le hlahang ho Molula-Qhooa wa August 1, 2015 leq. 4.

d Sheba dipina tse latelang bukeng ya rona ya dipina ya Binelang Jehova le Thabile:Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha” (Pina ya 139), “Tadima Moputsong!” (Pina ya 144) le “O Tla Howa” (Pina ya 151). O ka boela wa mamela dipina tsa broadcasting tse latelang ho jw.org/st-za: “Ho Haufi Moo re Yang,” “Bophelo Lefatsheng le Letjha” le “Ipone le Wena o le Moo.”