Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18

Kgothatsa ba Bang ha o le Dibokeng

Kgothatsa ba Bang ha o le Dibokeng

“A re tsotellaneng. . . , re kgothatsane.”​—BAHEB. 10:24, 25.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha re lokela ho arabela ha re le dibokeng?

 KE HOBANENG ha re ya dibokeng? Lebaka la bohlokwa ke ho rorisa Jehova. (Pes. 26:12; 111:1) Lebaka le leng ke hobane re batla ho kgothatsana matsatsing ana a thata. (1 Bathes. 5:11) Ka hoo, ha re arabela dibokeng re rorisa Jehova ebile re a kgothatsana.

2. Re na le menyetla efe ya ho arabela dibokeng?

2 Beke le beke re ba le monyetla wa ho arabela dibokeng. Ka mohlala, mafelobeke re ba le monyetla wa ho arabela Thutong ya Tora ya ho Lebela. Dibokeng tsa hara beke re ba le monyetla wa ho arabela puong ya Matlotlo a Patilweng, Thutong ya Bibele ya Phutheho le dipuong tse ding tsa puisano.

3. Ke eng e ka etsang hore re utlwe ho le thata ho arabela, hona Baheberu 10:24, 25 e ka re thusa jwang?

3 Kaofela ha rona re batla ho rorisa Jehova le ho kgothatsa Bakrestemmoho. Empa ho na le dintho tse ka etsang hore ho be thata hore re arabele. Re ka tshoha ha re lokela ho arabela kapa re ka batla ho arabela hangata empa ka dinako tse ding re be re sa kgethwe. Re ka thuswa keng? Re ka fumana karabo mantsweng ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Baheberu. Ha a bua ka bohlokwa ba ho ya dibokeng o ile a re re lokela ho ‘kgothatsana.’ (Bala Baheberu 10:24, 25.) Ha re hopola hore ba bang ba kgothatswa ke dikarabo tsa rona tse bonolo le tse kgutshwanyane, seo se tla etsa hore re se ke ra tshoha haholo ha re arabela. Haeba re sa kgethwe hangata, re lokela ho thabela ho bona ha ba bang ba fumana monyetla wa ho arabela.​—1 Pet. 3:8.

4. Sehloohong see re tlo bua ka dintlha dife tse tharo?

4 Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na re ka kgothatsana jwang diphuthehong tse nyenyane moo ho se nang batho ba bangata ba arabelang. Re tla boela re bone hore na re ka kgothatsana jwang diphuthehong tse kgolo moo ho nang le batho ba bangata ba arabelang. Hape re tla bona hore na re ka kgothatsa ba bang jwang ka seo re se buang ha re arabela.

KGOTHATSA BA BANG HA O LE PHUTHEHONG E NYENYANE

5. Re ka kgothatsa ba bang jwang ha re le diphuthehong tse nyenyane?

5 Diphuthehong tse nyenyane ha ho na batho ba bangata ba arabelang bao mokganni wa thuto a ka ba kgethang. Ka dinako tse ding ha a qeta ho botsa potso a ka nna a lokela ho ema hanyenyane ho fihlela ho eba le motho ya phahamisang letsoho. Ntho ena e ka etsa hore seboka e be se bodutu le se sa kgothatseng. Keng seo o ka se etsang? Ikemisetse ho phahamisa letsoho hangata. Ha o etsa jwalo, o tla kgothatsa ba bang hore le bona ba arabele.

6, 7. O ka etsang e le hore o se ke wa tshoha haholo ha o arabela?

6 O ka etsang haeba o utlwa o tshoha pele o arabela? Batho ba bangata le bona ba a tshoha. Le ha ho le jwalo, e le hore o kgone ho kgothatsa Bakrestemmoho le wena, o ka batla ditsela tse tla o thusa hore o se ke wa tshoha haholo ha o arabela. O ka etsa seo jwang?

7 O ka thuswa ke ho sheba ditlhahiso tse ding tse hlahang dimakasineng tsa Tora ya ho Lebela tse fetileng. b Ka mohlala, lokisetsa hantle. (Diprov. 21:5) Ha o utlwisisa hantle hore na sehlooho se bua ka eng, o ke ke wa tshoha haholo ha o arabela. Lokisetsa hore o fane ka dikarabo tse kgutshwanyane. (Diprov. 15:23; 17:27) Ha o fana ka dikarabo tse kgutshwanyane, o ke ke wa tshoha haholo ho feta ha o fana ka tse telele. Karabo e kgutshwanyane e ka etsa hore ho be bonolo hore Bakrestemmoho ba utlwisise seo o se buang ho feta ho fana ka karabo e telele e nang le dintlha tse ngata. Ha karabo ya hao e le kgutshwanyane ebile o e beha ka mantswe a hao, o tla be o bontsha hore o lokiseditse hantle ebile o utlwisisa seo ho buuwang ka sona.

8. Jehova o ikutlwa jwang ka boiteko boo re bo etsang ba ho arabela?

8 O ka etsang haeba ka mora ho sebedisa ditlhahiso tsena o ntse o tshoha ha o batla ho arabela hangata? Kgodiseha hore Jehova o ananela boiteko boo o bo etsang ba ho arabela. (Luka 21:1-4) Jehova ha a lebella hore re etse dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa. (Bafil. 4:5) Nahana ka seo o batlang ho se finyella le hore na o tla se finyella jwang mme o kope Jehova hore a o thuse ho kgoba matshwafo. Mohlomong o ka qala ka ho lokisetsa hore o fane ka karabo e le nngwe e kgutshwanyane.

KGOTHATSA BA BANG HA O LE PHUTHEHONG E KGOLO

9. Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho arabela diphuthehong tse kgolo?

9 O ka ba le bothata bo fapaneng haeba o le phuthehong e kgolo. Mohlomong ho na le Bakrestemmoho ba bangata ba batlang ho arabela mme seo se ka etsa hore o kgethwe ka sewelo. Ka mohlala, Danielle haesale a rata ho arabela ha a le dibokeng. c O nka ho arabela dibokeng e le karolo ya borapedi ba hae, e le tsela ya ho kgothatsa batho ba bang le ho matlafatsa tumelo ya hae. Empa ka mora hore a fallele phuthehong e kgolo, o ne a se a sa kgethwe hangata ebile ka dinako tse ding diboka di ne di tswa a sa kgethwa. O re: “Ke ne ke utlwile bohloko. Ke ne ke utlwa eka ke fetwa ke ntho ya bohlokwa. Ha sena se etsahala ka makgetlo, ke ile ka bona eka se etswa ka boomo.”

10. Re ka etsang e le hore re fumane menyetla ya ho arabela?

10 Na o kile wa ikutlwa jwalo ka Danielle? Haeba ho jwalo, o ka nna wa ikutlwa o se o sa thabele ho arabela ha o le dibokeng mme wa mamela feela. Empa o se ke wa tela. O ka etsang? O ka thuswa ke ho lokisetsa dikarabo tse ngata. Haeba o sa kgethwe qalong ya thuto ya Tora ya ho Lebela, o tla nne o fumane menyetla e meng ya ho arabela ha diboka di ntse di tswela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana jwang le sehlooho ha o lokisetsa Tora ya ho Lebela. Ha o etsa jwalo o tla ba le dikarabo tse monate tseo o ka fanang ka tsona. O ka boela wa lokisetsa ho arabela dirapeng tse hlalosang dithuto tse tebileng. (1 Bakor. 2:10) Hobaneng? Hobane e ka ba batho ba mmalwa feela ba phahamisang serapeng seo. O ka etsang haeba le ka mora hore o sebedise ditlhahiso tsena o ntse o sa kgethwe? Pele diboka di qala o ka bua le morabo rona ya tlo kganna thuto mme o mo kope hore a o kgethe ho arabela serapeng seo o se kgethileng.

11. Ho Bafilipi 2:4, moapostola Pauluse o re kgothaletsa hore re etseng?

11 Bala Bafilipi 2:4. Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba amehe ka dintho tse tswelang batho ba bang molemo. Re ka sebedisa keletso ee jwang ha re le dibokeng? Ka hore re hopole hore bana ba bang ba bo rona le bona ba batla ho arabela dibokeng.

Dumella ba bang hore ba arabele dibokeng feela jwalo ka ha o dumella ba bang hore ba qoqe (Sheba serapa sa 12)

12. Ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa ya ho kgothatsa ba bang ha re le dibokeng? (Sheba le setshwantsho.)

12 Nahana ka sena, ha o qoqa le metswalle ya hao na o batla hore e dule e le wena feela ya buang? Ha ho jwalo. O batla hore le bona ba qoqe. Ka tsela e tshwanang, ha re le dibokeng re batla ho fa ba bang menyetla ya ho arabela. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho kgothatsa Bakrestemmoho ke ka ho ba fa monyetla wa ho bua ka tumelo ya bona. (1 Bakor. 10:24) A re boneng hore na re ka etsa sena jwang.

13. Re ka etsang e le hore batho ba bangata ba be le monyetla wa ho arabela?

13 Ntho e nngwe eo re ka e etsang ke ho fana ka dikarabo tse kgutshwanyane e le hore le ba bang ba ka arabela. Baholo le bahweletsi ba nang le boiphihlelo ba ka behela ba bang mohlala tabeng ena. Le ha o fana ka karabo e kgutshwanyane qoba ho bua dintlha tse ngata. Haeba o akareletsa dintlha tsohle tse hlahang serapeng, ba bang ba ke ke ba eba le monyetla wa ho arabela. Ka mohlala, serapeng sena ho buuwa ka dintlha tse pedi. Ya pele, fana ka dikarabo tse kgutshwanyane. Ya bobedi, qoba ho bua dintlha tse ngata. Haeba o motho wa pele ya kgethilweng ho arabela serapeng sena, o ka bua ka ntlha e le nngwe dintlheng tsena tse pedi.

Ke neng moo re ka kgethang hore re se ke ra phahamisa letsoho? (Sheba serapa sa 14) f

14. Ke eng e ka re thusang ho bona hore na ke neng moo re ka phahamisang matsoho? (Sheba le setshwantsho.)

14 Eba le temoho ha o kgetha ho arabela. Ha o phahamisa letsoho hangata sena se ka etsa hore morabo rona ya kgannang thuto a ikutlwe a tlamehile ho o kgetha le hoja ba bang ba eso ka ba eba le monyetla wa ho arabela. Hape sena se ka nyahamisa ba bang hore ba phahamise matsoho.​—Moek. 3:7.

15. (a) Re lokela ho ikutlwa jwang haeba re sa kgethwa? (b) Morabo rona ya kgannang thuto a ka bontsha jwang hore o nahanela batho bohle? (Sheba lebokose le reng “ Ha o Kganna Thuto ya Dipotso le Dikarabo.”)

15 Ha ho ena le batho ba bangata ba phahamisitseng matsoho nakong ya thuto, re ka nna ra se ke ra fumana monyetla wa ho arabela hangata ka moo re ka thabelang. Ka dinako tse ding thuto e ka fela re sa kgethwa. Ntho eo e ka re utlwisa bohloko empa ha re a lokela ho kwata haeba re sa kgethwa.​—Moek. 7:9.

16. O ka kgothatsa ba bang jwang ha ba fane ka dikarabo?

16 Haeba ha o a kgona ho araba hangata jwalo ka ha o ne o lakaditse, sebedisa monyetla oo ho mamela dikarabo tsa ba bang e le hore o ka ba babatsa ka mora diboka. Bakrestemmoho le wena ba ka kgothatswa ke ha o ba babatsa jwalo ka ha ba ne ba ka kgothatswa ke dikarabo tsa hao. (Diprov. 10:21) Ho babatsa ba bang ke tsela e nngwe ya ho ba kgothatsa.

DITSELA TSE DING TSA HO KGOTHATSANA

17. (a) Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang ho lokisetsa dikarabo? (b) Ke mehato efe e mene e hlahang videong eo re ka e sebedisang ha re lokisetsa? (Sheba le naletsana.)

17 Ke tsela efe e nngwe eo re ka kgothatsang ba bang ha re le dibokeng? Haeba o motswadi, thusa bana ba hao hore ba lokisetse dikarabo ho latela dilemo tsa bona. (Mat. 21:16) Ka dinako tse ding ha re le dibokeng, re ka ithuta dintlha tse buang ka lenyalo kapa boitshwaro hape ho ka nna ha eba le dirapa tseo ngwana a ka kgonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utlwisisa hore ha se ka mehla ba ka kgethwang ha ba batla ho arabela. Ha ba utlwisisa taba ena ba ke ke ba utlwa bohloko haeba ba sa kgethwe.​—1 Tim. 6:18. d

18. Re ka etsang e le hore re se ke ra bua ka rona haholo ha re arabela? (Diproverbia 27:2)

18 Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka dikarabo tse tla kgothatsa Bakrestemmoho le ho tlotlisa Jehova. (Diprov. 25:11) Ka dinako tse ding re ka nna ra bua ka dintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Bala Diproverbia 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho lwanela ho bua ka Jehova, Lentswe la hae le batho ba hae. (Tshen. 4:11) Le ha ho le jwalo, re tla be re sa etse phoso ha re bua ka rona haeba potso e re re bue ka dintho tse re etsahalletseng bophelong. Mohlala wa sena re tlo o bona serapeng se latelang.

19. (a) Ho tla etsahalang haeba re amehile ka dintho tse tla tswela Bakrestemmoho le rona molemo? (Baroma 1:11, 12) (b) Ke eng eo o e ratang ka ho arabela dibokeng?

19 Ke nnete hore ha re behelwe melao e thata ya hore re lokela ho arabela jwang empa kaofela ha rona re lokela ho nka ho arabela e le tsela ya ho kgothatsana. Taba ena e ka bolela ho arabela ka makgetlo. Kapa e ka bolela ho kgotsofalla menyetla eo re bileng le yona ya ho arabela le ho thabela hore ba bang le bona ba arabetse. Haeba re amehile ka dintho tse tla tswela Bakrestemmoho le rona molemo, kaofela ha rona re tla kgona ho ba le monyetla wa ‘ho kgothatsana.’​—Bala Baroma 1:11, 12.

PINA YA 93 Hlohonolofatsa ho Bokana ha Rona

a Re a kgothatsana ha re arabela dibokeng. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba a tshoha ha ba batla ho arabela. Ba bang bona ba thabela ho arabela hoo ba lakatsang eka ba ka kgethwa hangata. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na re ka bontsha jwang hore re tsotella ba bang e le hore kaofela re ka kgothatsana. Re tla boela re bone hore na re ka fana ka dikarabo tse tla susumeletsa Bakrestemmoho le rona jwang hore ba be lerato le ho etsa dintho tse ntle.

b E le hore o fumane ditlhahiso tse ding, sheba Tora ya ho Lebela ya January 2019, leqephe. 8-13, Molula-Qhooa wa September 1, 2003, leq. 19-22.

c Lebitso le fetotswe.

d Kena ho jw.org/st-za ebe o shebella video ya Eba Motswalle wa Jehova​—Lokisetsa Karabo ya Hao.

f DITSHWANTSHO: Morabo rona ya phuthehong e kgolo o se a arabetse, jwale o fa ba bang monyetla wa hore ba arabele.