Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

Matlafatsa Tumelo ya Hao Tshepisong ya Jehova ya Hore ho Tla ba le Lefatshe le Letjha?

Matlafatsa Tumelo ya Hao Tshepisong ya Jehova ya Hore ho Tla ba le Lefatshe le Letjha?

“Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?”​—NUM. 23:19.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Re lokela ho etsang ha re ntse re emetse lefatshe le letjha?

 RE ANANELA tshepiso ya Jehova ya hore ho tla ba le lefatshe le letjha. (2 Pet. 3:13) Le hoja re sa tsebe hore na le tla ba teng neng, dintho tse etsahalang hona jwale di a bontsha hore lefatshe leo le haufi.​—Mat. 24:32-34, 36; Dik. 1:7.

2 Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Dipaki Tsa Jehova, tumelo ya rona e lokela ho dula e le matla e le hore re ka dumela hore tshepiso ena ya Modimo e tla phethahala. Hobaneng? Hobane tumelo e matla e ka fokola. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a re ho fokollwa ke tumelo ke “sebe se re tshwasang ha bonolo. (Baheb. 12:1) Re lokela ho dula re nahana ka dintho tse bontshang hore lefatshe le letjha le haufi e le hore tumelo ya rona e se ke ya fokola.​—Baheb. 11:1.

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tse tharo tseo re lokelang ho di etsa ho matlafatsa tumelo ya rona e le hore re ka dumela tshepiso ya Jehova ya hore ho tla ba le lefatshe le letjha: (1) ho nahana ka sehlabelo sa Jesu, (2) ho nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho di etsa le (3) ho etsa dintho tse amanang le borapedi ba rona. Re tla boela re bone ka moo mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ka matlafatsang tumelo ya rona ka teng mehleng ena. Pele ho moo, a re bueng ka dintho tseo e ka nnang yaba di a re etsahalla hona jwale tse hlokang hore re be le tumelo e matla tshepisong ya lefatshe le letjha le tlang.

MAEMO A HLOKANG HORE RE BE LE TUMELO E MATLA

4. Ke diqeto dife tse hlokang hore re be le tumelo e matla?

4 Letsatsi le letsatsi re etsa diqeto tse hlokang hore re be le tumelo e matla. Ka mohlala, re lokela ho etsa diqeto mabapi le ho kgetha metswalle, boithabiso, thuto, molekane wa lenyalo, mosebetsi le ho ba le bana. Ho bohlokwa hore re ipotse: ‘Na diqeto tseo ke di etsang di bontsha hore ke kgodisehile hore lefatshe lena le tla fediswa le hore haufinyane Modimo o tla etsa hore ho be le lefatshe le letjha? Na diqeto tseo ke di etsang di tshwana le tsa batho ba sa dumeleng hore ba ka phela ka ho sa feleng?’ (Mat. 6:19, 20; Luka 12:16-21) Re tla etsa diqeto tse nepahetseng haeba re matlafatsa tumelo ya rona ya hore lefatshe le letjha le haufi.

5, 6. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le tumelo e matla ha re ena le mathata? Hlalosa.

5 Re boetse re na le mathata a hlokang hore re be le tumelo e matla. Re ka hloriswa, ra kula kapa ra etsahallwa ke dintho tse ding tse ka re nyahamisang. Qalong, re ka nna ra bona eka re tla kgona ho mamella mathata ao re nang le ona. Empa mathata a kang ana a ka nka nako e telele. Ka hoo, re hloka ho ba le tumelo e matla e le hore re mamelle le ho tswela pele re sebeletsa Jehova re thabile.​—Bar. 12:12; 1 Pet. 1:6, 7.

6 Ha re ena le mathata, re ka bona eka lefatshe le letjha leo Jehova a le tshepisitseng le ke ke la tla. Na see se bolela hore tumelo ya rona e a fokola? Ha ho jwalo. Nahana ka mohlala o latelang. Ha ho bata haholo mariha, re ka bona eka lehlabula le ke ke la eba teng. Empa ka mora nako e seng kae lehlabula le ba teng. Ka tsela e tshwanang, ha re nyahame re ka nna ra bona eka lefatshe le letjha le ke ke la eba teng. Le ha ho le jwalo, haeba tumelo ya rona e le matla, re tla kgodiseha hore Modimo o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae. (Pes. 94:3, 14, 15; Baheb. 6:17-19) Ha re kgodisehile, ho sebeletsa Jehova e tla ba yona ntho e tlang pele bophelong ba rona.

7. Ke boikutlo bofe boo re lokelang ho bo qoba?

7 Re boetse re lokela ho ba le tumelo e matla ha re etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Batho ba bangata bao re ba bolellang “ditaba tse monate” tsa hore Modimo o tla etsa hore ho be le lefatshe le letjha, ba re taba eo ke ntho e ke keng ya etsahala. (Mat. 24:14; Ezek. 33:32) Ha re a lokela ho dumella hore maikutlo ao a bona a etse hore re belaele dintho tseo Jehova a re rutang tsona. E le hore re qobe seo, re lokela ho tswela pele re matlafatsa tumelo ya rona. A re bueng ka ditsela tse tharo tsa ka moo re ka etsang sena ka teng.

NAHANA KA SEHLABELO SA JESU

8, 9. Ho nahana ka sehlabelo sa Jesu ho ka matlafatsa tumelo ya rona jwang?

8 Tsela ya pele ya ka moo re ka matlafatsang tumelo ya rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena se a re kgodisa hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a re shwela le hore na Jehova o tetseng, seo se matlafatsa tumelo ya rona le ho re kgodisa hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo?

9 Jehova o ile a telang? Jehova o ile a romela Mora wa hae wa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe lehodimong a tlo phela mona lefatsheng e le motho ya phethahetseng. Ha a le mona lefatsheng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hloriswa a ba a bolawa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kgolo e le ka nnete. Modimo wa rona ya lerato a ka be a sa fana ka Mora wa hae hore a hloriswe le ho bolawa ka sehloho hore feela re phele ka nakwana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Ka ha Jehova o ile a fana ka Mora wa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha.

NAHANA KA DINTHO TSOHLE TSEO JEHOVA A NANG LE MATLA A HO DI ETSA

10. Ho ya ka Baefese 3:20, Jehova a ka kgona ho etsang?

10 Tsela ya bobedi eo re ka matlafatsang tumelo ya rona ka yona ke ho nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho di etsa. O na le matla a ho phethahatsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e tshepisang. Batho ba bangata ba nahana hore ho ke ke ha kgonahala hore re phele ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. Le ha ho le jwalo, esale Jehova a tshepisa dintho tseo batho ba ke keng ba kgona ho di phethahatsa. Jehova a ka kgona ho phethahatsa ditshepiso tsa hae hobane ke ya Matla Ohle. (Jobo 42:2; Mar. 10:27) Ka hoo, ha re makale ha Jehova a re tshepisa dintho tse hlollang.​—Bala Baefese 3:20.

11. Fana ka mohlala wa e nngwe ya ditshepiso tsa Modimo tse hlollang. (Sheba lebokose le reng, “ Ditshepiso Tsa Modimo Tse Hlollang Tse Phethahetseng.”)

11 Nahana ka tse ding tsa dintho tseo Jehova a ileng a di tshepisa bahlanka ba hae nakong e fetileng tse neng di bonahala eka di ke ke tsa phethahala. O ile a kgodisa Abrahama le Sara hore le hoja ba tsofetse ba ne ba tla ba le mora. (Gen. 17:15-17) O ile a ba a bolella Abrahama hore ditloholo tsa hae di ne di tla rua naha ya Kanana. Ka dilemo tse ngata ha Baiseraele e leng ditloholo tsa Abrahama e ne e le makgoba Egepeta, ho ne ho bonahala eka tshepiso eo e ne e ke ke ya phethahala. Empa e ile ya phethahala. Ha morao, Jehova o ile a bolela hore Elizabetha ya neng a se a tsofetse o tla ba le ngwana. O ile a boela a bolella Maria eo e neng e le morwetsana hore o ne a tla tswala Mora wa Hae. Seo se ne se tla phethahatsa tshepiso eo Jehova a neng a e entse dilemo tse ngata pele ho moo serapeng sa Edene.​—Gen. 3:15.

12. Lengolo la Joshua 23:14 le la Esaia 55:10, 11 le re tiisetsa eng ka matla ao Jehova a nang le ona?

12 Ha re nahana ka ditshepiso tsa Jehova tsa nakong e fetileng le ka moo a ileng a di phethahatsa ka teng, re kgona ho bona hore o na le matla a maholo mme seo se matlafatsa tshepo ya rona ya hore lefatshe le letjha le haufi. (Bala Joshua 23:14; Esaia 55:10, 11.) Sena se etsa hore re kgone ho thusa batho ba bang ho utlwisisa hore tshepiso ya Jehova ya hore ho tla ba le lefatshe le letjha ha se toro feela. Ha Jehova a bua ka mahodimo a matjha le lefatshe le letjha o ile a re: ‘Mantswe ana a a tshepahala mme ke a nnete.’​—Tshen. 21:1, 5.

ETSA DINTHO TSE AMANANG LE BORAPEDI BA RONA

DIBOKA TSA BOKRESTE

Ho ya dibokeng tsa Bokreste ho ka matlafatsa tumelo ya hao jwang? (Sheba serapa sa 13)

13. Diboka tsa Bokreste di ka matlafatsa tumelo ya rona jwang? Hlalosa.

13 Tsela ya boraro eo re ka matlafatsang tumelo ya rona ka yona ke ho qeta nako re etsa dintho tse amanang le borapedi ba rona. Ka mohlala, nahana ka moo diboka tsa Bokreste di re thusang ka teng. Moradi wa bo rona Anna ya qetileng dilemo tse ngata a etsa mesebetsi e fapaneng tshebeletsong ya nako e tletseng o re: “Diboka di nthusa hore tumelo ya ka e dule e le matla. Le ha ho ka etsahala hore motho ya behang puo ha a na bokgoni bo kgethehileng ba ho ruta kapa ha a bue ntho e itseng e ntjha, ke dula ke fumana dintlha tse nthusang hore ke utlwisise Bibele haholwanyane mme seo se matlafatsa tumelo ya ka.” b Tumelo ya rona e boetse e a matlafala ha re mametse dikarabo tseo Bakrestemmoho le rona ba fanang ka tsona dibokeng.​—Bar. 1:11, 12; 10:17.

HO RUTA BATHO BIBELE

Ho ruta batho Bibele ho ka matlafatsa tumelo ya hao jwang? (Sheba serapa sa  14)

14. Ho ruta batho Bibele ho re thusa jwang?

14 Tumelo ya rona e boetse e matlafatswa ke ho etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. (Baheb. 10:23) Moradi wa bo rona Barbara ya nang le dilemo tse ka hodimo ho 70 a sebeletsa Jehova o re: “Ke hlokometse hore ho bolela ditaba tse monate ho etsa hore tumelo ya motho e be matla. Tumelo ya ka e matlafala le ho feta ha ke ntse ke bolella batho ditshepiso tsa Jehova tse thabisang.”

HO ITHUTA BIBELE

Ho ithuta Bibele ho ka matlafatsa tumelo ya hao jwang? (Sheba serapa sa 15)

15. Ho ithuta Bibele ho ka matlafatsa tumelo ya rona jwang? (Sheba le setshwantsho.)

15 Ntho e nngwe e ka matlafatsang tumelo ya rona ke ho ithuta Bibele. Moradi wa bo rona Susan o na le lenaneo la ho ithuta Bibele. O re: “Ka Sontaha, ke lokisetsa sehlooho sa Tora ya ho Lebela se tla ithutwa bekeng e latelang. Ka Mantaha le Labobedi, ke lokisetsa diboka tsa hara beke. Ka matsatsi a setseng ke ithuta Bibele.” Ka ha o dula a latela lenaneo la hae la ho ithuta Bibele, tumelo ya hae e a matlafala. Moradi wa bo rona Irene ya sebeleditseng ntlokgolo ka dilemo tse ngata o re ho ithuta ka boprofeta bo hlahang ka Bibeleng ho matlafatsa tumelo ya hae. O re: “Ho a thabisa ho bona ka moo esita le dintlha tse nyenyane tse amanang le boprofeta bo ka Bibeleng di phethahalang ka teng.” c

“JWANG KAPA JWANG E TLA PHETHAHALA”

16. Ke hobaneng ha mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ka re thusa le mehleng ee? (Baheberu 10:36, 37)

16 Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le nako e telele ba emetse hore bofelo bo fihle. Batho ba bangata ba bona eka bofelo bo nka nako e telele ho tla. Empa Jehova o tseba ka moo bahlanka ba hae ba ikutlwang ka teng, ke ka hoo a ileng a re ho moprofeta Habakuke: “Pono ena e sa emetse nako ya yona. E haufi le ho phethahala, e tla fela e phethahale. Le ha e ka bonahala eka e a dieha, o nne o e lebelle. Jwang kapa jwang e tla phethahala. E ke ke ya siuwa ke nako.” (Hab. 2:3) Na mantswe aa a ne a ngoletswe Habakuke feela? Kapa na le rona a ka re thusa? Jehova o ile a laela moapostola Pauluse hore a bolelle Bakreste ba letetseng lefatshe le letjha mantswe a tshwanang le ana. (Bala Baheberu 10:36, 37.) Ka hoo, le hoja re ka bona eka tshepiso ya Jehova ya ho re pholosa e nka nako e telele ho phethahala, “jwang kapa jwang e tla phethahala. E ke ke ya siuwa ke nako.”

17. Mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Habakuke a ile a thusa Moradi wa bo rona Louise jwang?

17 Bahlanka ba bangata ba Jehova haesale ba mamela taelo e reng ‘ba nne ba lebelle’ letsatsi la Jehova. Moradi wa bo rona Louise ya qadileng ho sebeletsa Jehova ka 1939 o re: “Ka nako eo, ke ne ke nahana hore Armagedone e tlo fihla le pele ke qeta sekolo. Seo ha se a ka sa etsahala empa ntho e nthusitseng dilemong tsena tsohle ke ho bala dipale tsa batho ba ileng ba letela hore Jehova a phethahatse ditshepiso tsa hae mme sena se nthusitse hore le nna ke letele Jehova ka mamello. Ke ile ka bala ka Noe, Abrahama, Josefa le ba bang ba ileng ba tlameha ho leta nako e telele pele ba ka fumana moputso oo Jehova a ba tshepisitseng ona. Ho dula ke kgodisehile hore ditshepiso tsa Jehova di tla phethahala ho nthusitse ebile ho thusitse le ba bang hore ba kgodisehe hore lefatshe le letjha le haufi.” Bahlanka ba bang ba Jehova ba mo sebeleditseng nako e telele le bona ba dumellana le taba ena.

18. Ho nahana ka dintho tse bopilweng ho ka matlafatsa tumelo ya rona jwang ya hore lefatshe le tla ba letjha?

18 Lefatshe le letjha ha le eso be teng. Le ha ho le jwalo, nahana ka dintho tse bopilweng tse kang dinaledi, difate, diphoofolo le batho. Ha ho na motho ya ka hanang hore dintho tsena di teng. Le hoja pele di ne di le siyo, hona jwale di teng hobane Jehova o di bopile. (Gen. 1:1, 26, 27) Modimo o tshepisa hore o tla etsa hore lefatshe lena le be letjha. O tla phethahatsa tshepiso eo. Lefatsheng le letjha batho ba tla phela ka ho sa feleng ba sa kule. Re ka kgodiseha hore lefatshe le letjha le tla tla ka nako eo Modimo a e behileng.​—Esa. 65:17; Tshen. 21:3, 4.

19. O ka matlafatsa tumelo ya hao jwang?

19 Sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ya hao hona jwale. Dula o ananela sehlabelo sa Jesu. Nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho di etsa. Etsa dintho tse amanang le borapedi ba rona. Ka ho etsa jwalo, o tla ba hara “ba ileng ba fumana ditshepiso ka lebaka la tumelo le mamello ya bona.”​—Baheb. 6:11, 12; Bar. 5:5.

PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha

a Batho ba bangata mehleng ena ha ba dumele ha Bibele e re ho tla ba le lefatshe le letjha. Ba nahana hore taba ena ke toro feela. Le ha ho le jwalo, rona re kgodisehile hore ditshepiso tsohle tsa Jehova di tla phethahala. Empa re ntse re tlameha ho sebetsa ka thata hore tumelo ya rona e dule e le matla. Re ka etsa see jwang? Sehlooho sena se tlo re thusa hore na re ka matlafatsa tumelo ya rona jwang.

b Mabitso a mang a fetotswe.

c O ka fumana dihlooho tse ngata tse buang ka boprofeta ba Bibele ha o sheba sehlooho se reng, “Prophecy” bukeng ya Watch Tower Publications Index. Ka mohlala, o ka sheba sehlooho se reng “Seo Jehova a se Profetang se a Phethahala” ho Molula-Qhooa wa January 1, 2008.