Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

Re ka Ithutang Mehlolong ya Jesu?

Re ka Ithutang Mehlolong ya Jesu?

“O ne a tsamaya hohle dibakeng tsena a etsa dintho tse ntle a bile a fodisa.”​—DIK. 10:38.

PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Hlalosa hore na ho ne ho etsahalang mohla Jesu a etsang mohlolo wa hae wa pele.

 AKO nahane ka se ileng sa etsahala ha Jesu a qala tshebeletso ya hae ka selemo sa 29. Ka le leng Jesu le mme wa hae Maria ha mmoho le baratuwa ba bang ba hae ba ne ba menngwe moketeng wa lenyalo Kana. Motse ona o ne o le ka leboya ho Nazaretha e leng moo Jesu a holetseng teng. Ka ha Maria e ne e le motswalle lelapeng leo, o ne a thusana ka ho hlokomela baeti. Ha mokete o ntse o tswela pele veine e ile ya fela. Taba eo e ne e ka tlotlolla lelapa le banyalani bao ba batjha haholo. b Ho ka etsahala hore ebe ho ne ho tlile batho ba bangata ho feta ba neng ba lebeletswe. Hanghang Maria o ya ho mora wa hae mme o re: “Ha ba na veine.” (Joh. 2:1-3) Jesu o etsa ntho e makatsang mme o fetola metsi “veine ya boleng bo phahameng.”​—Joh. 2:9, 10.

2, 3. (a) Jesu o ile a etsa mehlolo efe? (b) O ka rua molemo ofe ha o ithuta ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa?

2 Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata nakong ya tshebeletso ya hae. c O ile a sebedisa matla a hae a hlollang ho thusa batho ba diketekete. Ka mohlala, o ile a fepa batho ka mohlolo ka makgetlo a mabedi. Lekgetlong la pele o ile a fepa banna ba 5 000, la bobedi a fepa ba 4 000. Ho ka etsahala hore kaofela o ile a fepa batho ba 27 000 ha ho kopanyeletswa basadi le bana. (Mat. 14:15-21; 15:32-38) Mohla a neng a etsa mehlolo eo, Jesu o ile a boela a fodisa batho ba bangata ba neng ba kula. (Mat. 14:14; 15:30, 31) o se o ka inahanela hore na letshwele leo le ne le hloletswe hakae hore ebe Jesu o ile a le fodisa le ho le fepa ka mohlolo.

3 Mehleng ena re ka ithuta dintho tse ngata mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa. Sehlooho sena se tlo re bontsha tse ding tsa dithuto tse matlafatsang tumelo tseo re ka di fumanang mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mora moo re tla bona hore na re ka ithutang ka ho ba le boikokobetso le kutlwelobohloko mehlolong eo Jesu a ileng a e etsa.

RE ITHUTANG KA JEHOVA LE JESU?

4. Mehlolo ya Jesu e re ruta ka bomang?

4 Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e re ruta dithuto tsa bohlokwa tse matlafatsang tumelo ka yena le Ntate wa hae. Lebaka ke hobane Jehova ke yena ya neng a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo eo. Diketso 10:38 e re: ‘Modimo o ile a fa Jesu matla a ba a mo kgetha ka moya o halalelang. O ne a tsamaya hohle dibakeng tsena a etsa dintho tse ntle a bile a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolose hobane Modimo o ne a ena le yena.’ O tla hopola hore Jesu o ile a etsisa Ntate wa hae tseleng eo a nahanang le ho ikutlwa ka yona, dinthong tseo a ileng a di bua le ho di etsa ho akareletsa le mehlolo eo a ileng a e etsa. (Joh. 14:9) A re bueng ka dithuto tse tharo tseo re ka ithutang tsona mehlolong ya Jesu.

5. Jesu o ne a susumetswa keng ha a etsa mehlolo? (Matheu 20:30-34)

5 Ntho ya pele eo re ithutang yona ke hore Jesu le Ntate wa hae ba re rata haholo. Ha Jesu a le lefatsheng o ile a bontsha hore o rata batho haholo ka hore a sebedise matla a hae ho thusa batho ba nang le mathata. Ka letsatsi le leng banna ba babedi ba sa boneng ba ile ba mo kopa hore a ba thuse. (Bala Matheu 20:30-34.) Hlokomela hore Jesu o ile “a ba hauhela” yaba o a ba fodisa. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “a ba hauhela” le akareletsa boikutlo bo matla ba ho ba le kutlwelobohloko e tswang botebong ba pelo. Jesu o ile a boela a fepa batho ba lapileng le ho fodisa molepera ka lebaka la boikutlo boo bo matla ba ho ba le kutlwelobohloko bo susumetswang ke lerato. (Mat. 15:32; Mar. 1:41) Re ka kgodiseha hore Jehova Modimo ya mohau le Mora wa hae ba re rata haholo ebile ba utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata. (Luka 1:78; 1 Pet. 5:7) Ka nnete e tlameha ebe ba potlaketse ho fedisa mathata ohle ao re nang le wona.

6. Modimo o file Jesu matla a ho etsang?

6 Ya bobedi, Modimo o file Jesu matla a ho fedisa mathata ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontsha hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloding wa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le diphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:1-6; Bar. 5:12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng e a tiisa hore a ka fodisa mafu “a mefuta yohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:43, 44) O boetse o na le matla a ho laola difefo tse matla le ho ntsha bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:37-39; Luka 8:2) Ka nnete ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora wa hae matla a makana.

7, 8. (a) Mehlolo eo Jesu a e entseng e re kgodisang? (b) Ke mohlolo ofe oo o labalabelang ho o bona o phethahala lefatsheng le letjha?

7 Ya boraro, re ka kgodiseha hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala nakong e tlang tlasa Mmuso wa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatsheng e a re bontsha hore na o tla etsa dintho tse kgolo hakae ha e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. Ela hloko hore na ke dintho dife tseo re tla di thabela tlasa puso ya Kreste. Re tla thabela ho phela hantle hobane o tlo fedisa bokowa le mafu a mefuta yohle. (Esa. 33:24; 35:5, 6;Tshen. 21:3, 4) Ha ho na mohla re tla lapa kapa re angwe ke dintho tse bohloko tse bakwang ke dikoduwa tsa tlhaho. (Esa. 25:6; Mar. 4:41) Re tla thaba haholo ha re amohela baratuwa ba rona ba tsositsweng. (Joh. 5:28, 29) Ke mohlolo ofe oo ka ho kgetheha o labalabelang ho o bona ha o phethahala lefatsheng le letjha?

8 Ha Jesu a ne a etsa mehlolo o ile a bontsha hore o na le boikokobetso le kutlwelobohloko. Le rona re lokela ho ba le makgabane ana. A re hlahlobeng mehlala e mmedi, re qale ka mokete wa lenyalo o neng o le Kana.

BOIKOKOBETSO

9. Jesu o ile a etsang moketeng wa lenyalo? (Johanne 2:6-10)

9 Bala Johanne 2:6-10. Ha ho na letho le neng le tlama Jesu hore a etse ho hong ha veine e ne e fela lenyalong. Ho ne ho se na boprofeta bo neng bo itse Mesia o ne a tla etsa veine ka mohlolo. Empa o nahana hore o ne o tla ikutlwa jwang haeba dinomaphodi di ne di ka fela lenyalong la hao? Jesu o ile a utlwela lelapa leo bohloko, haholoholo banyalani mme o ne a sa batle hore ba hlajwe ke dihlong. Ka hoo, o ile a etsa mohlolo jwalo ka ha re se re bone qalong ya sehlooho sena. O ile a fetola dilithara tse ka bang 390 tsa metsi hore e be veine ya boleng bo phahameng. Mohlomong o ile a etsa e ngata jwalo e le hore ho ka ba le e tla sala ba tle ba e sebedise ha morao kapa mohlomong e le hore e ka rekiswa ho thusa banyalani bana ba batjha ka ditjhelete. Ka nnete e tlameha ebe banyalani bao ba batjha ba ne ba thabile haholo.

Etsisa Jesu ka hore o se ke wa ithorisa ka dintho tseo o di finyeletseng (Sheba serapa sa 10 le 11) e

10. Ke dintlha dife tsa bohlokwa tseo re ithutang tsona ho Johanne kgaolo ya bobedi? (Sheba setshwantsho.)

10 A re ke re bue ka dintlha tsa bohlokwa tseo re di fumanang ho Johanne kgaolo ya bobedi. Na o hlokometse hore ha se Jesu ya ileng a tshela metsi ka hara dinkgo tsa lejwe? Ho ena le hore a ipitsetse mahlo a batho o ile a re basebeletsi e be bona ba tshelang metsi ka dinkgong. (Temana ya 6, 7) Hape ka mora hore a fetole metsi veine ha se yena ya ileng a e isa ho motsamaisi, ho ena le hoo o ile a bolella basebeletsi hore e be bona ba e isang ho yena. (Temana ya 8) Jesu ha a ka a nka kopi ya veine yaba o e phahamisetsa hodimo mme o bolella batho ka moo e leng yena ya e entseng ka teng.

11. Re ka ithutang mohlolong wa ho fetola metsi veine?

11 Re ka ithutang mohlolong wa ho fetola metsi veine? Re lokela ho ikokobetsa. Jesu ha a ka a ikotla sefuba ka mohlolo oo ebile ha ho mohla a kileng a ikotla sefuba ka ntho le ha e le efe eo a kileng a e etsa. Ho ena le hoo, ka boikokobetso o ne a dula a rorisa Ntate wa hae bakeng sa dintho tsohle. (Joh. 5:19, 30; 8:28) Haeba re ikokobeditse jwalo ka Jesu re ke ke ra ikgantsha ka dintho tseo re di finyeletseng. Ho sa tsotellehe hore na re etsa mesebetsi efe bakeng sa Jehova, a re se keng ra ithorisa empa ho ena le hoo re rorise Jehova ka dintho tsohle tseo re kgonang ho mo etsetsa tsona. (Jer. 9:23, 24) Re lokela ho rorisa Modimo hobane ke yena feela ya lokelang ho roriswa. Etswe ha ho na letho leo re ka kgonang ho le finyella haeba Jehova a sa re thuse.​—1 Bakor. 1:26-31.

12. Etsa mohlala o bontshang hore na re ka ikokobetsa jwang jwalo ka Jesu.

12 A re bone hore na re ka etsang hape e le ho bontsha hore re ikokobeditse jwalo ka Jesu. Ako nahane ka boemo bona: Moholo o qeta nako e ngata a ntse a thusa mohlanka ya sebeletsang hore a lokisetse puo ya hae ya pele ya phatlalatsa. Mohlanka ya sebeletsang o kgona ho fana ka puo eo ha monate dibokeng hobane moholo a mo thusitse. Ha diboka di tswa motho e mong o ya ho moholo eo mme o re ho yena: ‘Mora wa bo rona o fane ka puo ha monate.’ Na moholo o tla be a etsa hantle haeba a ka re: ‘E, ke nna ya mo thusitseng’? Kapa na o ne a ka ikokobetsa ebe o re: ‘E ho jwalo, ke motlotlo ka yena’? Haeba re ikokobeditse re ke ke ra batla hore batho ba tsebe dintho tse ntle tseo re di etseditseng batho ba bang. Re kgotsofalla hore ebe Jehova o a bona ebile o ananela dintho tseo re di etsetsang batho ba bang. (Bapisa le Matheu 6:2-4; Baheb. 13:16) Jehova o a thaba ha re ikokobeditse jwalo ka Jesu.​—1 Pet. 5:6.

KUTLWELOBOHLOKO

13. Jesu o ile a bonang ha a le haufi le motse wa Naine, hona o ile a etsang? (Luka 7:11-15)

13 Bala Luka 7:11-15. Ako nahane ka boemo bona bo ileng ba etsahala mahareng a tshebeletso ya Jesu. O ne a le Naine a tswa Galilea e haufi le Shuneme moo moprofeta Elisha a ileng a tsosa mora wa mosadi e mong dilemo tse ka bang 900 pele ho moo. (2 Mar. 4:32-37) Ha Jesu a kena motseng, o bona batho ba nkile mofu ba eya mabitleng. Boemo ke bo utlwisang bohloko hobane mohlolohadi o shwetswe ke mora wa hae ya mong. Mohlolohadi eo ya hlokahaletsweng ha a mong, batho ba bangata ba tswang motseng ba na le yena. Jesu o emisa batho bao, o etsetsa mohlolohadi eo ntho e makatsang ka ho tsosa mora wa hae. Ona ke mohlolo wa pele ho e meraro ya moo Jesu a tsositseng batho e tlalehilweng ka Dikosepeleng.

Etsisa Jesu ka ho bontsha batho ba hlokahaletsweng hore o ba utlwela bohloko (Sheba serapa sa 14-16)

14. Ke dintlha dife tsa bohlokwa tseo re di fumanang ho Luka kgaolo ya 7? (Sheba setshwantsho.)

14 A re ke re bueng ka dintlha tsa bohlokwa tseo re di fumanang ho Luka kgaolo ya bosupa. Na o hlokometse hore ha Jesu a bona mme eo ya hlokahalletsweng o ile a mo hauhela? (Temana ya 13) E ka nna yaba Jesu o ile a hauhela mme enwa ha a mo bona a tsamaya a lla ka pela setopo sa ngwana wa hae. Jesu o ile a mo hauhela a ba a bontsha hore o mo utlwela bohloko. O ile a bua le yena ka bonolo yaba o re: “O se ke wa lla.” O ile a thusa mme eo ka ho tsosa mora wa hae yaba “o mo isa ho mme wa hae.”​—Temana ya 14, 15.

15. Re ka ithutang mohlolong oo Jesu a ileng a o etsa?

15 Re ka ithutang mohlolong oo Jesu a ileng a o etsa wa ho tsosa mora wa mohlolohadi? Re lokela ho utlwela batho ba shwetsweng bohloko. Ke nnete hore re ke ke ra kgona ho tsosa bafu. Le ha ho le jwalo, haeba re ela hloko batho ba hlokahaletsweng re ka ba utlwela bohloko. Re ka bontsha hore re ba utlwela bohloko ka ho bua le ho etsa dintho tse tla ba tshedisa. d (Diprov. 17:17; 2 Bakor. 1:3, 4; 1 Pet. 3:8) Mantswe le dintho tse nyenyane tseo re di etsang di ka ba kgothatsa haholo.

16. Jwalo ka ha re bona setshwantshong, re ithutang paleng ya mme eo re buileng ka yena serapeng?

16 Ako nahane ka boemo bona. Dilemong tse fetileng moradi wa bo rona e mong o ile a bona mme ya neng a ntse a lla ha ho ntse ho binwa pina e nngwe ka dibokeng. Pina eo e ne e bua ka tshepo ya tsoho mme mme eo o ne a sa tswa hlokahallwa ke moradi wa hae. Ka ha moradi wa bo rona o ne a tseba hore na ho etsahalang, o ile a potlakela ho mme eo a mo haka yaba ba bina pina eo ha mmoho. Ha morao mme eo o ile a re: “Ha ke eso ikutlwe ke ratwa hakaalo ke bara le baradi beso.” O ile a thabela hore ebe o ile a ya dibokeng letsatsing leo. O boetse o re: “Re boetse re fumana thuso eo re e hlokang dibokeng.” Re ka kgodiseha hore Jehova o bona dintho tse nyenyane tseo re di etsang ho bontsha batho ba hlokahaletsweng le ba “kgathetseng matla” hore re ba utlwela bohloko ebile o a di ananela.​—Pes. 34:18.

IKETSETSE THUTO E TLA O TSWELA MOLEMO

17. Re ithutileng sehloohong see?

17 Re ka kgothala haholo ha re bala ka mehlolo eo Jesu a e entseng. Ha re bala ka mehlolo eo, re a ithuta hore Jehova le Jesu ba re rata haholo. Hape re a ithuta hore Jesu o na le matla a ho fedisa mathata ohle ao batho ba nang le wona. Re ka boela ra kgodiseha hore ditshepiso tsohle tseo Modimo a re tshepisitseng tsona di tla phethahala haufinyane ha Mmuso wa hae o se o busa. Ha re ntse re bala ka mehlolo eo re lokela ho nahana hore na ebe re ka etsang e le hore re be le makgabane a tshwanang le a Jesu. Mohlomong o ka etsa kemiso ya hore ha o ithuta Bibele o le mong kapa borapeding ba lelapa le buisane haholwanyane ka mehlolo e meng eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mora moo o bue le batho ba bang ka dintho tseo o ithutileng tsona. O tla ba le dintho tse ngata tse matlafatsang tumelo tseo o tla di bua le ba bang.​—Bar. 1:11, 12.

18. Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

18 Jesu o ile a tsosa motho wa ho qetela ho ba bararo bao Bibele e reng o ile a ba tsosa ho elella qetellong ya tshebeletso ya hae. Lekgetlong lena o ile a tsosa motswalle wa hae. Maemo a motswalle eo wa hae a ne a fapane le a batho bao Jesu a ileng a ba tsosa pele ho yena. Re ka ithutang tlalehong ya Dikosepele e buang ka mohlolo oo? Re ka etsang hore re matlafatse tshepo eo re nang le yona ya tsoho? Re tla araba dipotso tseo sehloohong se latelang.

PINA YA 20 O Fane ka Mora wa Hao wa Bohlokwa

a Re a hlollwa ha re bala ka mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa. Ka mohlala, o ile a kgutsisa sefefo, a fodisa ba kulang a ba a tsosa bafu. Ka Bibeleng ditaba tse kang tsena ha di a ngollwa ho re tlosa bodutu feela empa di ngoletswe ho re ruta. Ha re ntse re ithuta ka mehlolo ena re tla ithuta ka Jehova le Jesu mme tumelo ya rona e tla matlafala hape re tla bona hore na ke makgabane afe ao re lokelang ho ba le wona.

b Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, batho ba ne ba nka ho amohela baeti e le ntho ya bohlokwa. Hore ebe motho o amohetse baeti hantle, o ne a lokela ho etsa bonnete ba hore dijo di fumaneha ka bongata. Taba ena e ne e le ya bohlokwa haholo ha ho ne ho ena le mokete wa lenyalo.”

c Ka Dikosepeleng ho buuwa ka mehlolo e fetang 30 eo Jesu a ileng a e etsa. Ho na le mehlolo e meng e mengata eo Jesu a ileng a e etsa empa Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ke efe. Ka letsatsi le leng “motse ohle” o ile wa tla ho yena yaba o “phekola ba bangata ba neng ba tshwerwe ke mafu a sa tshwaneng.”​—Mar. 1:32-34.

d E le hore o fumane dintlha tsa hore na o ka reng kapa wa etsang ho tshedisa batho ba hlokahaletsweng, bala sehlooho se reng “Tshedisa ba Hlokahaletsweng, Jwalo ka ha Jesu a ile a Etsa” ho Molula-Qhooa wa November 1, 2010.

e DITSHWANTSHO: Jesu o shebile ha banyalani ha mmoho le bamemuwa ba thabela ho nwa veine ya boleng bo phahameng.