Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

Matlafatsa Tshepo eo o Nang le Yona Mokgatlong wa Jehova

Matlafatsa Tshepo eo o Nang le Yona Mokgatlong wa Jehova

“Hopolang ba le etellang pele, ba le boleletseng lentswe la Modimo.”BAHEB. 13:7.

NTLHAKGOLO

Re ka etsang e le hore re dule re hlompha le ho tshepa mokgatlo wa Jehova?

1. Batho ba Jehova ba ne ba hlophisitswe jwang mehleng ya baapostola?

 HA JEHOVA a fa batho ba hae mosebetsi, o lebeletse hore ba o etse ka tsela e hlophisehileng. (1 Bakor. 14:33) Ka mohlala, ke thato ya Modimo hore ditaba tse monate di bolelwe lefatsheng lohle. (Mat. 24:14) Jehova o file Jesu boikarabelo ba ho etella pele mosebetsi ona. Jesu o etsa bonnete ba hore mosebetsi ona o etswa ka tsela e hlophisehileng. Ha diphutheho di ne di thehwa dibakeng tse fapaneng mehleng ya baapostola, ho ne ho kgethwa baholo hore ba fane ka tataiso le ho etella pele. (Dik. 14:23) Jerusalema ho ne ho ena le sehlopha sa baapostola le baholo mme se ne se etsa diqeto tse itseng tseo diphutheho tsohle di neng di lebeletswe hore di di mamele. (Dik. 15:2; 16:4) Ka ha Bakreste ba mehleng eo ba ne ba mamela ditaelo tseo, “diphutheho [di ile] tsa nna tsa matlafala tumelong mme tsa hola letsatsi le letsatsi.”—Dik. 16:5.

2. Ke jwang Jehova a nnileng a fa batho ba hae tataiso le ditaelo ho tloha ka 1919?

2 Jehova o ntse a hlophisa batho ba hae le mehleng ena. Ho tloha ka 1919, haesale Jesu a sebedisa sehlopha se senyenyane sa banna ba tlotsitsweng ho hlophisa mosebetsi wa boboledi le ho fa balatedi ba hae ditaelo tse tswang Lentsweng la Modimo ka nako e nepahetseng. a (Luka 12:42) Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi wa sehlopha seo.—Esa. 60:22; 65:​13, 14.

3, 4. (a) Fana ka mohlala o bontshang hore na re rua molemo jwang ka hore ebe re hlophisehile. (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Haeba re ne re sa hlophiseha, re ne re ke ke ra kgona ho etsa mosebetsi oo Jesu a re fileng wona. (Mat. 28:​19, 20) Ka mohlala, haeba bara ba bo rona ba ne ba sa hlophise hore tshimo yohle ya phutheho ya rona e sebetswe, motho e mong le e mong o ne a tla ya tshimong moo a ratang. Dibaka tse ding di ne di tla phetwa hangata ke bahweletsi ba fapaneng, athe dibaka tse ding tsona di ne di ke ke tsa sebetswa ho hang. O nahana hore ke melemo efe e meng eo re e fumanang ka hore ebe re hlophisehile?

4 Jesu o ntse a tswela pele ho hlophisa batho ba Modimo le mehleng ena feela jwalo ka ha a ne a etsa ha a ne a le lefatsheng. Sehloohong sena re tla hlahloba mohlala oo Jesu a o behileng le hore na mokgatlo wa rona o mo etsisa jwang. Re tla boela re bue ka hore na re ka bontsha jwang hore re tshepa mokgatlo wa Jehova.

MOKGATLO WA RONA O ETSISA JESU

5. Tsela e nngwe eo re etsisang Jesu ka yona ke efe? (Johanne 8:28)

5 Jesu o ile a ithuta dintho tseo a lokelang ho di bua le tseo a lokelang ho di etsa ho Ntate wa hae ya lehodimong. Mokgatlo wa Jehova o etsisa Jesu ka ho sebedisa Lentswe la Modimo ho re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng le ho re tataisa bophelong. (Bala Johanne 8:28; 2 Tim. 3:​16, 17) Kgafetsa re hopotswa ho bala Lentswe la Modimo le ho sebedisa dintho tseo re ithutang tsona. Re rua molemo jwang ha re mamela keletso ee?

6. Molemo o mong wa bohlokwa oo re o fumanang ha re ithuta Bibele ke ofe?

6 Re rua molemo haholo ha re ithuta Bibele re sebedisa dingolwa tse thehilweng ho yona. Ka mohlala, re kgona ho bapisa seo re ithutang sona le tataiso eo re e fuwang ke mokgatlo. Ha re bona hore tataiso eo re e fuweng e thehilwe Mangolong, re tshepa mokgatlo wa Jehova le ho feta.—Bar. 12:2.

7. Ke molaetsa ofe oo Jesu a neng a ruta ka wona, hona batho ba ka mokgatlong wa Jehova ba mo etsisa jwang?

7 Jesu o ne a bolela ‘molaetsa o monate wa Mmuso wa Modimo.’ (Luka 4:​43, 44) Jesu o ile a boela a laela barutuwa ba hae hore ba bolele ka Mmuso. (Luka 9:​1, 2; 10:​8, 9) Mehleng ena batho bohle ba ka mokgatlong wa Jehova ba bolela molaetsa wa Mmuso, ho sa tsotellehe hore na ba dula hokae le hore na ba na le boikarabelo bofe.

8. Ke tlotla efe eo re nang le yona?

8 Ke tlotla ho bolella batho ba bang ka Mmuso wa Modimo. Ha se motho e mong le e mong ya nang le tlotla eo. Ka mohlala, ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a hanela bademona ho bua ka yena. (Luka 4:41) Mehleng ena pele motho a ya tshimong le Dipaki Tsa Jehova, o tlameha hore a be a se a ntse a phela ka tsela e kgahlisang Modimo. Re bontsha hore re ananela tlotla eo ka ho bolela ka Mmuso wa Modimo ka dinako tsohle hohle moo re leng teng. Jwalo ka Jesu, sepheo sa rona ke ho lema le ho nosetsa peo ya Mmuso dipelong tsa batho.—Mat. 13:​3, 23; 1 Bakor. 3:6.

9. Mokgatlo o tsebahatsa lebitso la Modimo jwang?

9 Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la Modimo. Ha Jesu a rapela Ntate wa hae ya lehodimong o ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Joh. 17:26) Mokgatlo wa Jehova o etsisa Jesu ka ho etsa sohle ho thusa batho ba bang ho tseba lebitso la Modimo. O entse sena ka ho hatisa BibelePhetolelo ya Lefatshe le Letjha e kgutliseditseng lebitso la Modimo moo le neng le le teng qalong. Phetolelo ena ya Bibele e a fumaneha hona jwale e feletse kapa e sa fella ka dipuo tse fetang 270. Dintlha Tsa A4 le A5 phetolelong ena, di fana ka dintlha mabapi le ho kgutlisetswa ha lebitso la Modimo ka Bibeleng. Dintlha Tsa A5 di boetse di hlalosa hore na ke hobaneng ha lebitso la Modimo le lokela ho hlaha Mangolong a Segerike a Bakreste ka makgetlo a 237.

10. O ithutang ho se ileng sa buuwa ke mme e mong ya dulang Myanmar?

10 Jwalo ka Jesu, re batla ho thusa batho ba bangata haholo ka moo ho ka kgonehang ka teng hore ba tsebe lebitso la Modimo. Mme e mong ya dilemo di 67 ya dulang Myanmar o ile a lla ha a qala ho ithuta ka lebitso la Modimo. O ile a re: “Ke lekgetlo la ka la pele bophelong ke tseba hore lebitso la Modimo ke Jehova. . . . Le nthutile ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.” Jwalo ka ha re bone paleng ena, ho tseba lebitso la Modimo ho ka fetola bophelo ba batho.

DULA O BONTSHA HORE O TSHEPA MOKGATLO WA MODIMO

11. Baholo ba ka bontsha jwang hore ba tshepa mokgatlo wa Jehova? (Sheba setshwantsho.)

11 Tsela e nngwe eo ka yona baholo ba ka bontshang hore ba tshepa mokgatlo wa Modimo ke efe? Ha ba fumana tataiso ba lokela ho e bala ka hloko mme ba etse sohle se matleng a bona hore ba e sebedise. Ka mohlala, ba fumana tataiso ya hore na ba tshware diboka jwang, ba rapelle phutheho jwang le hore na ba hlokomele dinku tsa Kreste jwang. Ha baholo ba latela tataiso eo ba e fuwang ke mokgatlo, bara le baradi ba bo rona ba a bona hore Jehova o a ba rata le ho ba hlokomela.

Baholo ba re thusa ho tshepa tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova (Sheba serapa sa 11) b


12. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho mamela ba re etellang pele? (Baheberu 13:​7, 17) (b) Ke hobaneng ha re lokela ho sheba makgabane a ba re etellang pele?

12 Ha baholo ba re fa tataiso, re lokela ho ikemisetsa ho e latela. Ha re etsa jwalo, re tla be re nolofaletsa ba etellang pele hore ba etse mosebetsi wa bona. Bibele e re kgothaletsa ho mamela le ho ikokobeletsa ba re etellang pele. (Bala Baheberu 13:​7, 17.) Ka dinako tse ding ho thata ho etsa jwalo. Hobaneng? Hobane banna bana ha ba a phethahala. Le ha ho le jwalo, haeba re shebane le mefokolo ya baholo ho ena le makgabane a bona, re tla be re thusa dira tsa rona. Jwang? Batho ba re hanyetsang ba batla hore re se ke ra tshepa hore Jehova o sebedisa mokgatlo ho re tataisa. Haeba re nahana jwalo ka bona, re ka qetella re se re sa tshepe mokgatlo wa Modimo. Ke eng eo re ka e etsang e le hore re hlokomele le ho hana mashano a dira tsa rona?

O SE KE WA DUMELLA BA BANG HORE BA ETSE HORE O SE KE WA TSHEPA MOKGATLO

13. Bahanyetsi ba Modimo ba entse eng hore mokgatlo wa Modimo o bonahale o sa etse dintho hantle?

13 Bahanyetsi ba Modimo ba leka ho etsa hore dintho tse ntle tse etswang ke mokgatlo wa hae di bonahale di le mpe. Ka mohlala, re ithutile hore Mangolo a re Jehova o batla hore barapedi ba hae ba hlweke mmeleng, boitshwarong le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang. O batla hore batho ba etsang dintho tse mpe ba sa bake ba tloswe ka phuthehong. (1 Bakor. 5:​11-13; 6:​9, 10) Re mamela taelo eo ya Mangolo. Empa ha re mamela taelo ena bahanyetsi ba rona ba re ha re rate batho, re a ba ahlola le hore ha re rate ha batho ba fapane le rona.

14. Ke mang ya hlohlelletsang dipale tsa bohata tse buuwang ka mokgatlo?

14 Elellwa hore na ke mang ya hlileng a hlaselang mokgatlo wa Modimo. Satane Diabolose ke yena ya hlohlelletsang mashano a buuwang ka mokgatlo. “Ke ntate wa leshano.” (Joh. 8:44; Gen. 3:​1-5) Ka hoo, re ka lebella hore Satane o tla sebedisa batshehetsi ba hae ho jala dipale tsa bohata ka mokgatlo wa Jehova. Ke sona se ileng sa etsahalla Jesu le Bakreste ba mehleng ya pele.

15. Baetapele ba bodumedi ba ile ba tshwara Jesu le balatedi ba hae jwang?

15 Le hoja Jesu Mora wa Modimo a ne a phethahetse ebile a etsa mehlolo, Satane o ile a sebedisa batho ba bang hore ba jale mashano ka yena. Ka mohlala, baetapele ba bodumedi ba ile ba bolella batho hore Jesu o fuwe matla a ho leleka bademona ke “mmusi wa bademona.” (Mar. 3:22) Ha Jesu a ne a le nyeweng, baetapele ba bodumedi ba ile ba mo qosa ka hore o rohakile Modimo yaba ba susumeletsa batho hore ba kope hore Jesu a ahlolelwe lefu. (Mat. 27:20) Ha morao ha balatedi ba Kreste ba bolela ditaba tse monate, bahanyetsi ba bona ba ile ba “hlohlelletsa batho” hore ba hlorise Bakreste. (Dik. 14:​2, 19) Ha Molula-Qhooa wa December 1, 1998 o bua ka Diketso 14:​2, o ile wa re: “Ba sa kgotsofalla ho hana ha bona molaetsa, bahanyetsi ba Bajuda ba ile ba qala ho etsa letsholo la diqoso tse se nang bopaki, ba leka ho hlohlelletsa Baditjhaba ho hloya Bakreste.”

16. Re lokela ho hopola eng ha re utlwa dipale tsa bohata?

16 Satane ha a ka a qetela ho bua leshano mehleng ya baapostola feela. Le kajeno o ntse a ‘kgelosa lefatshe lohle.’ (Tshen. 12:9) Ha o utlwa dipale tsa bohata tse buang ka mokgatlo kapa ka bara ba bo rona ba etellang pele, hopola hore na dira tsa Jesu di ile tsa tshwara Jesu le barutuwa ba hae jwang. Le mehleng ena batho ba Jehova ba ntse ba hloriswa le ho etseletswa ka mashano hantle feela jwalo ka ha Bibele e ile ya bolela esale pele. (Mat. 5:​11, 12) Dipale tsa bohata di ke ke tsa re kgelosa haeba re hlokomela hore na mohlodi wa tsona ke ofe ebile re nka bohato hanghang. Ke bohato bofe boo re lokelang ho bo nka?

17. Re ka etsang hore dipale tsa bohata di se ke tsa re ntsha kotsi? (2 Timothea 1:13) (Sheba lebokose le reng “ Seo o Lokelang ho se Etsa ha o Utlwa Dipale Tsa Bohata.”)

17 Hana dipale tsa bohata. Moapostola Pauluse o ile a fana ka ditaelo tse hlakileng ka hore na re lokela ho etsa eng ha re utlwa dipale tsa bohata. O ile a bolella Timothea hore ‘a kgalemele ba bang moo hore ba se ke ba mamela dipale tsa bohata.’ (1 Tim. 1:​3, 4; 4:7) Le hoja ngwana a ka thonaka ntho fatshe yaba o e kenya ka hanong, motho e moholo a ke ke a etsa jwalo hobane o a utlwisisa hore ho etsa jwalo ho ka mo kudisa. Re hana dipale tsa bohata hobane re a tseba hore na di tswa hokae. Ho ena le hoo, re mamela “thuto e molemo.”—Bala 2 Timothea 1:13.

18. Re ka bontsha jwang hore re tshepa mokgatlo wa Jehova?

18 Re buile ka ditsela tse tharo feela tsa ka moo mokgatlo wa Modimo o etsisang Jesu ka teng. Ha o ntse o ithuta Bibele, leka ho fumana ditsela tse ding tseo mokgatlo o etsisang Jesu ka tsona. Thusa batho ba bang phuthehong ya heno hore ba tshepe mokgatlo haholwanyane. Hape, tswela pele o tshepa mokgatlo ka hore o sebeletse Jehova ka botshepehi mme o dule o le haufi le mokgatlo oo a o sebedisang ho phetha thato ya hae. (Pes. 37:28) E se eka re ka ananela tlotla ya ho ba karolo ya batho ba Jehova ba lerato le ba tshepahalang.

O KA RENG?

  • Batho ba Modimo ba etsisa Jesu ka ditsela dife?

  • Re ka tswela pele re bontsha hore re tshepa mokgatlo wa Jehova jwang?

  • Re lokela ho etsa eng ha re utlwa dipale tsa bohata?

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

a Sheba lebokose le reng “Hobaneng re re 1919?” bukeng ya Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete leq. 102-103.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ka mora hore baholo ba buisane ka hore na teroli e lokela ho sebediswa jwang, molebedi wa sehlopha o fetisetsa tataiso eo ho bahweletsi hore ba eme pela lebota ba le furaletse.