Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16

PINA YA 64 Ho Kotula ka Thabo

O ka Etsang Hore o Thabele ho Etsa Mosebetsi wa Boboledi?

O ka Etsang Hore o Thabele ho Etsa Mosebetsi wa Boboledi?

“Sebeletsang Jehova le thabile.”PES. 100:2.

NTLHAKGOLO

Sehlooho sena se tlo bontsha dintho tseo re ka di etsang e le hore re thabele ho etsa mosebetsi wa boboledi haholwanyane.

1. Bahweletsi ba bang ba ikutlwa jwang ka ho etsa mosebetsi wa boboledi? (Sheba setshwantsho.)

 KA HA re batho ba Jehova, re bolella batho ba bang ditaba tse monate hobane re rata Ntate wa rona hape re batla ho thusa le batho ba bang hore ba mo tsebe. Bahweletsi ba bangata ba thabela ho etsa mosebetsi wa boboledi. Le ha ho le jwalo, ba bang ba fumana ho le thata hore ba thabele ho etsa mosebetsi ona. Hobaneng? Lebaka ke hobane ba bang ba bona ba dihlong hape ba nahana hore ha ba tsebe ho ruta. Ba bang ba utlwa ba sa phutholoha ho ya malapeng a batho ba sa mengwa. Ba bang ba tshaba hore batho ba tla ba halefela. Ba bang e ka nna yaba ba rutilwe hore ba se ke ba ngangisana le batho ba bang. Le hoja ba rata Jehova haholo, bara le baradi bana ba bo rona ba utlwa ho le thata hore ba bolelle batho bao ba sa ba tsebeng ditaba tse monate. Ho ntse ho le jwalo, ba a hlokomela hore mosebetsi ona ke wa bohlokwa hakae mme ba tswela pele ho o etsa. E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona ba etsa mosebetsi ona.

Na o thabela ho etsa mosebetsi wa boboledi? (Sheba serapa sa 1)


2. Ke hobaneng ha o sa lokela ho nyahama haeba o ikutlwa o sa thabele ho etsa mosebetsi wa boboledi?

2 Na ka dinako tse ding le wena o utlwa o sa thabele ho etsa mosebetsi wa boboledi? Haeba ho jwalo o se ke wa nyahama. E ka nna yaba ho ikutlwa ka tsela eo ho bontsha hore o ikokobeditse le hore ha o batle ho ipitsetsa mahlo a batho. Ho ka boela ha bontsha hore ha o batle ho ngangisana le batho ba bang. Ha ho na motho ya batlang ho halefelwa, haholo ha a leka ho etsetsa batho ba bang dintho tse ntle. Ntate wa hao ya lehodimong o tseba hantle hore na o ikutlwa jwang ebile o batla ho o thusa. (Esa. 41:13) Sehloohong sena re tlo bua ka dintlha tse hlano tse tla o thusa ha o ikutlwa o sa thabele ho etsa mosebetsi wa boboledi le tse tla o thusa hore o thabele ho o etsa.

DUMELLA LENTSWE LA MODIMO HORE LE O MATLAFATSE

3. Keng e ileng ya thusa moprofeta Jeremia hore a bolelle batho molaetsa o tswang ho Jehova?

3 Nakong e fetileng bahlanka ba Jehova ba ne ba matlafatswa ke molaetsa wa Modimo ho ba thusa hore ba phethe mosebetsi o boima. Nahana ka mohlala wa moprofeta Jeremia. O ne a tshwenyehile ha Jehova a mo fa mosebetsi wa hore a yo bolella batho molaetsa wa hae. Jeremia o ile a re: “Ha ke tsebe ho bua hobane ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:6) Keng e ileng ya mo thusa hore a be sebete? O ile a matlafatswa ke seo Modimo a ileng a mo bolella sona. Jeremia o ile a re: “Lentswe la Modimo la eba jwalo ka mollo o tukang o kwaletsweng masapong a ka. Ke ne ke kgathetse ke ho le tiisetsa.” (Jer. 20:​8, 9) Ho ne ho se bonolo hore Jeremia a bolelle batho molaetsa o tswang ho Jehova empa molaetsa oo o ile wa mo fa matla a hore a ba bolelle wona.

4. Ho tla etsahalang ha re bala Lentswe la Modimo mme re nahanisisa ka lona? (Bakolose 1:​9, 10)

4 Bakreste ba matlafatswa ke ho bala Lentswe la Modimo. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla phutheho ya Kolose, o ile a re ho ba le tsebo e nepahetseng ho ne ho tla ba thusa hore ‘tsela eo ba phelang ka yona e thabise Jehova’ le hore ba etse “dintho tse molemo.” (Bala Bakolose 1:​9, 10.) Dintho tse molemo di akareletsa ho bolela ditaba tse monate. Ka hoo, ha re bala Lentswe la Modimo ebile re nahanisisa ka lona, re ba le tumelo e matla ho Jehova ebile re a hlokomela hore ke ha bohlokwa ho bolella batho ba bang molaetsa wa Mmuso.

5. O ka etsang e le hore o ithute dintho tse ngata ha o bala Bibele?

5 O se ke wa potlaka ha o bala Lentswe la Modimo le ha o nahanisisa ka lona e le hore o ka ithuta dintho tse ngata tse ka o tswelang molemo. Iphe nako e lekaneng ya ho etsa dintho tsena. Haeba o bala temana eo ho leng thata hore o e utlwisise, o se ke wa e feta feela. Ho ena le hoo, sebedisa Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ya ho Etsa Lipatlisiso ya Lipaki Tsa Jehova e le hore o fumane tlhaloso ya yona. Haeba o ipha nako e lekaneng ha o ithuta, o tla kgodiseha hore dintho tseo Bibele e di buang ke nnete. (1 Bathes. 5:21) Haeba o kgodisehile, o tla thabela ho bolella batho ba bang dintho tseo o ithutileng tsona.

LOKISETSA HANTLE PELE O ETSA MOSEBETSI WA BOBOLEDI

6. Ke hobaneng ha re lokela ho lokisetsa hantle pele re etsa mosebetsi wa boboledi?

6 Haeba o lokisetsa hantle pele o etsa mosebetsi wa boboledi, o tla ba le sebete sa ho bua le batho ba bang. Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae hore ba lokisetse pele ba etsa mosebetsi wa boboledi. (Luka 10:​1-11) Ka ha ba ile ba etsa dintho tseo Jesu a ba rutileng tsona, ba ile ba kgona ho etsa dintho tse ngata tse ntle mme seo se ile sa ba thabisa haholo.—Luka 10:17.

7. Re ka lokisetsa jwang pele re ya mosebetsing wa boboledi? (Sheba setshwantsho.)

7 Re ka lokisetsa jwang pele re ya mosebetsing wa boboledi? Re hloka ho nahana ka hore na re batla ho reng ho batho le hore na re ka bua le bona jwang re sebedisa mantswe a rona. Ntho e nngwe e ka thusang ke ho nahana ka hore na batho ba bang bao re kopanang le bona ha re etsa mosebetsi wa boboledi ba ka itshwara jwang le hore na re tla reng ha ba itshwara ka tsela eo. Ha re etsa jwalo, re tla kgona ho bua le batho re phutholohile, re bososela mme re le botswalle.

Lokisetsa hantle pele o etsa mosebetsi wa boboledi (Sheba serapa sa 7)


8. Bakreste ba tshwana jwang le dijana tsa letsopa tseo ho buuweng ka tsona mohlaleng wa moapostola Pauluse?

8 Ha moapostola Pauluse a bua ka mosebetsi wa boboledi oo re o etsang o ile a re: “Re fuwe mosebetsi ona o ikgethang le hoja re tshwana feela le dijana tsa letsopa tse tshetseng letlotlo le kgethehileng.” (2 Bakor. 4:7) Ke mosebetsi ofe oo? Ke mosebetsi o pholosang bophelo ba batho wa ho bolela molaetsa wa Mmuso. (2 Bakor. 4:1) Dijana tsa letsopa di emelang? Di emela bahlanka ba Modimo ba bolellang batho ba bang ditaba tse monate. Mehleng ya Pauluse, batho ba rekisang ba ne ba sebedisa dinkgo tsa letsopa ho tsamaisa dintho tsa bohlokwa jwalo ka dijo, veine le tjhelete. Ka tsela e tshwanang, Jehova o sebedisa rona hore re etse mosebetsi ona wa bohlokwa wa ho bolela ditaba tse monate. Jehova o tla re thusa hore re be le matla a ho bolela molaetsa wa hae.

KOPA JEHOVA HORE A O FE SEBETE

9. Re ka etsang ha re tshaba ho hanyetswa ke batho? (Sheba setshwantsho.)

9 Ka dinako tse ding re ka tshaba ho hanyetswa ke batho. Keng e ka re thusang ha re ikutlwa ka tsela eo? Ako nahane ka thapelo eo baapostola ba ileng ba e etsa nakong eo ba neng ba laelwa hore ba kgaotse ho bolela ditaba tse monate. Ho ena le hore ba tshohe, ba ile ba kopa Jehova ka thapelo hore a ba thuse hore ‘ba nne ba bolele lentswe la hae ka sebete sohle.’ Jehova o ile a arabela thapelo ya bona hanghang. (Dik. 4:​18, 29, 31) Ka dinako tse ding ho tshaba ho hanyetswa ke batho ho ka etsa hore re tshwenyehe mme ha re ikutlwa ka tsela eo le rona re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re rate batho e le hore re se ke ra tshaba ho ba bolella ditaba tse monate.

Kopa Jehova hore a o fe sebete (Sheba serapa sa 9)


10. Jehova o re thusa jwang hore re kgone ho bolella batho ba bang ka yena? (Esaia 43:​10-12)

10 Jehova o re kgethile hore re be Dipaki tsa hae hape o tshepisa ho re thusa hore re be sebete. (Bala Esaia 43:​10-12.) Nahana ka ditsela tsena tse nne tseo a re thusang ka tsona. Ya pele, Jesu o dula a ena le rona ka mehla ha re bolela ditaba tse monate. (Mat. 28:​18-20) Ya bobedi, Jehova o sebedisa mangeloi ho re thusa. (Tshen. 14:6) Ya boraro, Jehova o re file moya wa hae o halalelang e le ho re thusa hore re hopole dintho tseo re ithutileng tsona. (Joh. 14:​25, 26) Ya bone, Jehova o boetse o re file bara le baradi ba bo rona hore ba sebetse le rona. Ka ha Jehova o a re thusa ebile Bakrestemmoho le rona ba a re tshehetsa, re na le dintho tsohle tseo re di hlokang e le hore re atlehe ha re bolela ditaba tse monate.

FETOHA LE MAEMO MME O BE LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA BATHO

11. O ka fumana batho ba bangata bao o ka buang le bona ka molaetsa wa Bibele hokae? (Sheba setshwantsho.)

11 Na o ikutlwa o nyahame ha o sa fumane batho malapeng a bona? Ipotse: ‘E ka nna yaba batho ba ile hokae?’ (Dik. 16:13) ‘Na ba mosebetsing kapa ba dishopong?’ Haeba ho jwalo, na o ka fumana batho ba bangata bao o ka buang le bona ha o paka seterateng? Morabo rona Joshua o re: “Ke fumana menyetla ya ho bua le batho ha ke tsamaya dibakeng tseo ho nang le dishopo le moo ho nang le batho ba bangata.” Morabo rona Joshua le mosadi wa hae Bridget, ba boetse ba fumana batho ba bangata ha ba ba etela mantsiboya le ka Sontaha motshehare.—Baef. 5:​15, 16.

Fetola sebaka le nako eo o etsang mosebetsi wa boboledi ka yona (Sheba serapa sa 11)


12. Re ka etsang ho fumana hore na batho ba dumelang kapa hore na ba kgathatsehile ka eng?

12 Haeba batho bao o buang le bona ba sa thahaselle molaetsa oo o ba bolellang wona, leka ho fumana hore na ba dumelang le hore na ba kgathatsehile ka eng. Morabo rona Joshua le Moradi wa bo rona Bridget ba sebedisa potso e hlahang ho e nngwe ya dipampitshana ha ba bua le batho. Ka mohlala, ba sebedisa pampitshana e reng Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele? Ba re: “Batho ba bang ba nka Bibele e le buka e hlahang ho Modimo empa ba bang ha ba nahane jwalo. Wena maikutlo a hao ke afe?” Hangata ho botsa potso ena ho etsa hore puisano e tswele pele.

13. Ke hobaneng ha re ka re re atlehile le hoja batho ba sa batle ho bua le rona? (Diproverbia 27:11)

13 Re ka re re atlehile ho etsa mosebetsi wa boboledi le hoja batho ba sa mamele molaetsa wa rona. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Lebaka ke hobane re entse seo Jehova le Mora wa hae ba neng ba batla hore re se etse e leng ho bolela ditaba tse monate. (Dik. 10:42) Le haeba re fumana batho ba sa batleng ho bua le rona, re a thaba hobane re a tseba hore re entse ntho e kgahlisang Ntate wa rona.—Bala Diproverbia 27:11.

14. Ke hobaneng ha re thaba ha mohweletsi a fumana motho ya thabelang molaetsa wa Bibele?

14 Le rona re a thaba ha mohweletsi a fumana motho ya thabelang molaetsa wa Bibele. Tora ya ho Lebela e tshwantsha mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate le ho batla ngwana ya lahlehileng. Batho ba bangata ba thusa hore a fumanwe mme ba etsa jwalo ka hore ba mo batle dibakeng tsohle. Ha ngwana eo a fumanwa, ha se batho ba itseng feela ba thabang empa motho e mong le e mong ya neng a thusa o a thaba. Ka tsela e tshwanang, kaofela ha rona re thusa mosebetsing wa ho etsa hore batho e be barutuwa ba Jesu. Ka hoo, kaofela ha rona ka phuthehong re lokela ho bolella batho ditaba tse monate mme re a thaba ha re bona e mong wa batho bao a qala ho tla dibokeng.

DULA O RATA JEHOVA LE BATHO BA BANG

15. Ho sebedisa keletso e hlahang ho Matheu 22:​37-39 ho re thusa jwang hore re dule re tjhesehela ho bolela ditaba tse monate? (Sheba setshwantsho se ka .)

15 Ha re rata Jehova le batho ba bang seo se tla re thusa hore re tjhesehele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. (Bala Matheu 22:​37-39.) Ako nahane feela hore na Jehova o thaba hakaakang ha a re bona re etsa mosebetsi ona le ka moo batho ba bang ba ka thabang ka teng ha ba qala ho ithuta Bibele. Hopola hore batho ba mamelang molaetsa wa rona mme ba nka qeto ya hore ba batla ho sebeletsa Jehova, ba tla fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang.—Joh. 6:40; 1 Tim. 4:16.

Ho dula re rata Jehova le batho ba bang ho tla re thusa hore re dule re thabela ho etsa mosebetsi wa boboledi (Sheba serapa sa 15)


16. Fana ka mehlala e bontshang hore na re ka etsang e le hore re thabele ho sebeletsa Jehova le hoja re sa kgone ho tswa ka tlung.

16 Na ha o kgone ho tswa ka tlung? Haeba ho jwalo, nahana ka dintho tseo o ka di etsang ho bontsha hore o rata Jehova le batho ba bang. Nakong ya sewa sa COVID-19, Morabo rona Samuel le Moradi wa bo rona Dania ba ne ba sa kgone ho tloha ha bona. Nakong eo e thata, ba ne ba bolella batho ba bang ditaba tse monate ka fono, ba ngola mangolo le ho kganna dithuto tsa Bibele ba sebedisa Zoom. Morabo rona Samuel o ile a pakela batho bao a neng a kopana le bona tleliniking moo a neng a fumana kalafo ya kankere. O re: “Ha re ena le mathata re ka ikutlwa re tshwenyehile, re kgathetse mme ra bona eka tumelo ya rona e a lekwa. Le ha ho le jwalo, re lokela ho etsa dintho tse tla re thusa hore re thabe ha re ntse re sebeletsa Jehova.” Ka yona nako eo, Dania o ile a wela mme o ne a sa kgone ho theoha betheng ka dikgwedi tse tharo. O ile a ba a sebedisa wheelchair ka dikgwedi tse tsheletseng. O re: “Ke ile ka leka ho etsa dintho tseo ke neng nka ka kgona ho di etsa boemong boo. Ke ile ka kgona ho bolella nese e neng e nketela molaetsa wa Bibele mme ke ne ke boetse ke qoqa Ie batho ba neng ba tlisa dintho ha rona. Hape ke ne ke qoqa ha monate ka fono le mosadi e mong ya neng a sebeletsa khamphani e rekisang metjhini le dintho tse ding tsa bongaka.” Le hoja Morabo rona Samuel le Moradi wa bo rona Dania ba ne ba sa kgone ho etsa dintho jwalo ka pele, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se kgonang mme seo se ile sa ba thabisa haholo.

17. Ke melemo efe eo o ka e fumanang ha o sebedisa dintlha tseo ho builweng ka tsona sehloohong see?

17 Leka ho sebedisa dintlha tsena tse hlano kaofela tseo ho builweng ka tsona sehloohong sena. Dintlha tsohle di tshwana le metswako e sebedisitsweng ho etsa hore dijo di latswehe. Ha metswako ena e kopantswe hantle, dijo di ba monate. Ka ho tshwanang, ha o sebedisa dintlha tsena kaofela o ka kgona ho lwantshana le maemo a ka etsang hore o nyahame mme o ka boela wa fumana thabo ha o ntse o etsa mosebetsi wa boboledi.

DINTLHA TSENA TSE LATELANG DI TLA O THUSA JWANG HORE O DULE O THABILE HA O ETSA MOSEBETSI WA BOBOLEDI?

  • Ho ba le nako ya ho lokisetsa hantle

  • Ho kopa Jehova hore a o fe sebete

  • Ho dula o rata Jehova le batho ba bang

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”