Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke ne ke Ikemiseditse Hore le ka Mohla Nke ke ka Nyahama

Ke ne ke Ikemiseditse Hore le ka Mohla Nke ke ka Nyahama

BATJHA ba bangata mona Bethele ba mpitsa “DADDY,” “PAPA,” “NTATEMOHOLO.” Ka ha ke dilemo di 89 ke ya thaba ha ba mpitsa jwalo. Ke nka hoo e le e nngwe ya ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova dilemong tsena tse 72 ke le tshebeletsong ya nako e tletseng. Ho latela dintho tse seng di etsahetse ha ke ntse ke le tshebeletsong ena ya Modimo, ke ye ke bue le batjha mme ke re: ‘Le tla hlohonolofatswa haeba le sa nyahame.’—2 Likron. 15:7.

BATSWADI BA KA LE BANABESO

Batswadi ba ka ba ile ba tloha Ukraine mme ba fallela Canada. Ba fihla ba dula toropong ya Rossburn provenseng ya Manitoba. Heso re bana ba 16 mme nna ke wa bo 14. Papa e ne e le motho le Bibele mme a dula a re balla yona Sontaha se seng le se seng hoseng. Empa o ne a nka bodumedi e le mokgwa wa ho etsa tjhelete. Jwale hangata o ne a ye a swaswe a re: “Ke a ipotsa hore na ebe Jesu yena o ne a patalwa ke mang ha a ntse a bolella le ho ruta batho molaetsa wa Bibele?”

Bana beso ba 8 e ile ya ba Dipaki Tsa Jehova. Ausi wa ka Rose, e ile ya ba pulamadiboho ho fihlela a hlokahala. O ile a qeta matsatsi a hae a ho qetela a ntse a kgothalletsa batho bohle ho bala Bibele mme a re: “Ke batla ho o bona lefatsheng le letjha hle.” Athe Abuti wa ka Ted yena, o ne a dumela thuto ya mollo wa dihele. Sontaha se seng le se seng hoseng o ne a rera radiong, a hatella thuto ena mme a bolella bamamedi ba hae hore baetsadibe ba tlo tjha ka ho sa feleng diheleng. Le ha ho le jwalo, hamorao le yena e ile ya ba Paki ya Jehova e tjhesehang.

KA MOO TSHEBELETSO YA KA YA NAKO E TLETSENG E QADILENG KATENG

Ka tsatsi le leng ha ke tswa sekolong ka June 1944, ke ile ka fumana bukana e nngwe tjena e nang le sehlooho se reng The Coming World Regeneration * tafoleng ka kamoreng ya ho jela. Ke ile ka e kwatola, ka bala qephe la pele, ka re la bobedi, ya ba ha ke sa kgona ho e beha fatshe. Ka mora hore ke qete ho bala bukana eo, ke ne ke se ke ikemiseditse ho sebeletsa Jehova jwalo ka Jesu.

Ho tlile jwang hore bukana eo e be tafoleng moo? Abuti wa ka Steve o re Bontate ba bang tjena ba rekisang dibuka le dibukana ba ne ba tlile lapeng. Yaba o re: “Ke ile ka e reka hobane tjhe e ne e le disente tse hlano feela.” Bontate bao ba ile ba kgutla Sontaha se latelang. Yaba ba a re bolella hore ke Dipaki Tsa Jehova mme ba sebedisa Bibele ho araba dipotso tseo batho ba ka di botsang. Re ile ra rata ditaba tsa bona hobane batswadi ba rona ba ne ba re rutile hore re hlomphe Bibele. Ba ile ba ba ba re bolella hore Dipaki Tsa Jehova di tla be di na le kopano Winnipeg e leng toropong eo Ausi wa ka Elsie a neng a dula ho yona. Ke ile ka etsa qeto ya ho ya kopanong eo.

Ke ile ka palama baesekele ya ka mme ka sekaja ka nka dikhilomithara tse ka bang 320 ho leba Winnipeg. Empa ha ke fihla Kelwood, ka pota ha Dipaki tsane tse neng di tlile lapeng. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka ya sebokeng le bona mme ka qala ho ithuta hore na ha e le hantle phutheho e bolelang. Ka ba ka ithuta hore motho e mong le e mong o lokela ho ruta ba bang Bibele ka ntlo le ntlo jwalo ka Jesu.

Ha ke se ke le Winnipeg, ke ile ka kopana le Abuti wa ka Jack ya neng a tlile kopanong a tswa bophirimela ba Ontario. Letsatsing la pele la kopano, morabo rona o ile a etsa tsebiso ya hore ho tla ba le kolobetso. Nna le Jack re ile ra etsa qeto ya ho kolobetswa hona kopanong eo. Re ne re ikemiseditse ho kena kgabong re le bopulamadiboho ba kamehla hang ka mora ho kolobetswa. Abuti wa ka e ile ya ba pulamadiboho ya kamehla ka mora kopano. Ka ha jwale nna ke ne ke le dilemo di 16, ke ile ka lokela ho kgutlela sekolong. Empa selemo hamorao, yaba di a thakgoha.

KE ITHUTILE DINTHO TSE NGATA HA KE LE PULAMADIBOHO

Re ile ra qala ho bulamadiboho le Stan Nicolson re le Souris kwana, toropong e nngwe e provenseng ya Manitoba. Yaba ka mora nakwana feela ke a ithuta hore ha se hore dintho di tla dula di o tsamaela bothebelele feela ha o le pulamadiboho. Le ha re ne re bona tjhelete ya rona e ntse e fela, re ne re peselletsa le ho feta. Ka tsatsi le leng tjena re kgutlile tshimong re kobile dihlooho re se na le ha e le sente ena e ntsho feela. Re lapile hore! Re ile ra makala le ho hlollwa ha e re ha re fihla monyako, ra fumana mokotla o moholo wa dijo. Le ho tla fihlela lena le hodimo, re ntse re ipotsa hore na mokotla ona o ne o tlisitswe ke mang. Bosiung boo, re ile ra ja jwalo ka marena. Re a thaba hore ebe ha re a ka ra lahlela thaole. Ha e le hantle, mafelong a kgwedi eo eitse ha ke ema sekaleng, ka be se ke bekga boima boo ke neng ke so ka ke bo bekga haesale e le nna bophelong.

Dikgwedi tse mmalwa hamorao, re ile ra abelwa ho ya toropong ya Gilbert Plains e dikhilomithara tse ka bang 240 ka leboya ho Souris. Mehleng eo, phutheho e nngwe le e nngwe e ne e na le tjhate tjena e polakuweng pela sethalla e neng e ngotse tlaleho yohle ya kgwedi le kgwedi ya tshimo. Kgweding e nngwe ha phutheho e ne e sa sebetsa hantle, ke ile ka fana ka puo ho hatisa ntlha ya hore bara le baradibabo rona ba lokela ho ntlafatsa. Eitse ka mora seboka seo, moradi e mong wabo rona ya hodileng wa pulamadiboho, a tla ho nna dikeledi di keleketla marameng yaba o re: “Ke lekile empa ke entse sohle seo nneng nka kgona ho se etsa.” Yaba le nna ke a se kgitla mme ka kopa hore a ntshwarele.

Barababo rona ba banyenyane ba ntseng ba le mahlahahlaha le bona, ba ka iphumana ba entse phoso e tshwanang le ya ka mme ba ikutlwela bohloko hamorao. Empa ke ithutile hore ho e na le hore o nyahame ha o entse diphoso tse jwalo, o lokela ho ithuta ho tsona mme o tswele pele ka bophelo. Etswe o tla hlohonolofatswa ha o sebeletsa Jehova ka botshepehi.

DIQHWEBESHANO TSA QUEBEC

Ke ile ka thabela monyetla wa ho memelwa ho ya tlelaseng ya bo 14 ya Sekolo sa Gileade ke le dilemo di 21 feela mme ka qeta ka February 1950. Hoo e ka bang kotara ya tlelase kaofela, e ile ya romelwa provenseng ya Quebec e Canada mme Dipaki Tsa Jehova di ne di hloriwa ka sehloho moo. Nna ke ile ka abelwa ho ya Val-d’Or toropong e nang le dimmaene tsa kgauta. Ka tsatsi le leng re ne re le sehlopha mme re bolela molaetsa wa Bibele motseng wa boahelani o bitswang Val-Senneville. Yaba moruti e mong wa moo, o re tshosetsa ka hore haeba re sa tswe feela motseng moo, ho tla nkga ho sa bola. Sena se ile sa etsa hore ke mo qose. Moruti eo o ile a fumanwa a le molato. *

Ketsahalo ena le tse ding tse tshwanang le yona e bile karolo ya “Diqhwebeshano Tsa Quebec.” Kereke ya Roma ya Katholike e busitse provense ya Quebec ka dilemo tse fetang 300. Baruti le boradipolotiki ba neng ba entse selekane le bona, ba ile ba hlekefetsa Dipaki Tsa Jehova. Ke nnete hore ho ne ho se bonolo mme re bile re le mmalwa feela. Empa le ka mohla ha re a ka ra nyahama. Ho ne ho ntse ho na le Maquebec a neng a rata molaetsa wa rona. Ke ile ka ithuta le batho ba bangata bao e ileng ya ba Dipaki Tsa Jehova. Hape ka ithuta le lelapa le leng la batho ba 10. Kaofela ha bona e ile ya ba Dipaki Tsa Jehova. Mohlala wa bona wa ho ba sebete, o ile wa susumelletsa ba bang hore ba tlohele Kereke ya Katholike. Re ile ra tswela pele re sa kgaotse mme ra hlola diqhwebeshano tseo.

RE ILE RA KWETLISA BARABABO RONA KA PUO YA BONA

Ke ile ka abelwa ho ya Haiti ka 1956. Barumuwa ba bangata ba ne ba thatafallwa ho ithuta Sefrench, empa batho ba ne ba ntse ba mamela ho ntse ho le jwalo. Moromuwa e mong ya bitswang Stanley Boggus o re: “Re ne re hlollwa ha batho ba moo ba re ruta puo ya bona e le hore re kgone ho itlhakisa ka yona.” Qalong, ke ne ke nolofallwa ka ha ke ne ke ithutile Sefrench ha ke le kwana Quebec. Empa ka mora nakwana, re ile ra hlokomela hore bara le baradibabo rona ba bangata ba moo, ba ne ba bua Secreole sa Haiti feela. Ka hona, haeba re ne re batla ho atleha, re ne re lokela ho ithuta puo ya moo. Le jwale re ile ra etsa sona seo mme ra hlohonolofatswa ka boiteko ba rona.

E le hore re nne re kwetlise barababo rona, Sehlopha se Busang se ile sa re dumella hore re fetolele Tora ya ho Lebela le dingolwa tse ding ka Secreole sa Haiti. Palo ya ba tlang dibokeng e ile ya nyoloha ka sekgahla ho pholletsa le naha eo kaofela. Ho ne ho na le bahweletsi ba 99 feela Haiti ka 1950. Empa ba eketseha ho ba ba fetang 800 ka 1960. Ke ile ka abelwa ho ya Bethele ka nako eo. Ka 1961, ke ile ka abelwa hore ke be morupedi Sekolong sa Tshebeletso sa Mmuso. Re ile ra kwetlisa baholo ba 40 le bopulamadiboho ba kgethehileng. Yaba kopanong e nngwe ka January 1962, re kgothalletsa barababo rona ba tshwanelehang hore ba eketse tshebeletso ya bona mme ba bang ya ba bopulamadiboho. Taba ena e ile ya tla hantle ka nako, etswe mahloriso a ne a tla tloha a qala.

Hang feela ka mora kopano ka la 23 January 1962, nna le moromuwa e mong ya bitswang Andrew D’Amico, re ile ra tshwarwa ofising ya lekala. Yaba Fadimehang! ya Sefrench ya January 8, 1962 e nkuwa ka mahahapa. Fadimehang! e ne e ile ya qotsa koranta ya Sefrench e neng e re Haiti ke boloing. Ba bang ha ba a ka ba rata taba ena mme ba re e tlameha ebe re ingolletse yona lekaleng. Yaba dibeke hamorao, baromuwa bao ba ntshwa Haiti ka ntshwe di sa fohlwa. * Empa barababo rona ba neng ba kwetlisitswe ba moo, ba ile ba nna ba etsa mosebetsi o tswileng matsoho. Kajeno, ke thaba le bona ka mamello eo ba ileng ba ba le yona le ka tswelopele ya bona ya tumelo. Ebile hona jwale ba se ba bile ba na le Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya Secreole sa Haiti. E leng ntho eo ho ya ka rona e neng e ke ke ya etsahala le ka mohla.

RE HAHA DIHOLO CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

Ka mora ho sebeletsa Haiti, ke ile ka abelwa ho ya ba moromuwa Central African Republic. Yaba hamorao ke ba molebedi ya tsamayang mme qetellong ka ba molebedi wa lekala.

Mehleng eo, Diholo tsa Mmuso tsa moo e ne e le tsa boemo bo tlase. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho hela jwang hlatheng le ho rulela ka bona. Ke ne ke le sebonwang, bafeti ka tsela ba mmakalletse hore na ebe nka sokola ho etsa ntho e bonolo jwalo jwang. Sena se ile sa susumelletsa barababo rona hore le bona ba ikakgele ka setotswana ho haha le ho lokisa Diholo tsa bona tsa Mmuso. Re ne re fetohile ditsheo ho baruti hobane kereke tsa bona di ne di ruletswe ka masenke ha rona re ne re ruletse ka jwang. Ho sa tsotellehe seo, re ile ra nna ra rulela Diholo tsa rona tsa Mmuso ka jwang. Sefefo se ileng sa ruthutha motsemoholo Bangui, se ile sa ba kwala melomo. Se ile sa fothola masenke a kereke, sa a suwasuwa sa fihla sa a lahlela seterateng kwana. Athe ha e le marulelo a jwang Diholong tsa rona tsa Mmuso, a ile a ema tswe! Re ile ra haha ofisi ya lekala le lehae la baromowa ka kgwedi tse hlano feela e le hore mosebetsi wa Mmuso o nne o tswele pele. *

KE ILE KA NYALA MOSADI YA RATANG TSHEBELETSO

Mona teng ke letsatsing la rona la lenyalo

Ka 1976 mosebetsi wa Mmuso o ile wa thibelwa Central African Republic yaba ke abelwa ho ya N’Djamena, motsemoholo wa boahelani wa naha ya Chad. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka kopana le Happy, e leng pulamadiboho e kgethehileng e neng e tswa Cameroon. Ra nyalana ka la 1 April 1978. Kgweding yona eo, ntwa ya bana ba thari e ile ya qhoma mme jwalo ka ba bang le rona ra balehela karolong e ka borwa ya naha. Eitse ha ntwa eo e lala, ra kgutla mme ra fumana lehae la rona le se le fetohile ntlokgolo ya dinokwane. Tsohle di ne di ile, dingolwa, mose wa Happy wa lenyalo le dimpho tseo re ileng ra di fuwa mohla re neng re nyalana. Empa ha re a ka ra nyahama. Re ne re ntse re ikemiseditse ho sheba pele feela.

Hoo e ka bang dilemo tse pedi hamorao, mosebetsi wa rona o ne o se o sa thibelwa Central African Republic. Ha re kgutlela teng, yaba re se re sebeletsa re le balebedi ba tsamayang. Re ne re dula ka khumbing re na le bethe e menwang, moqomo o ka tshelang dilithara tse 200 tsa metsi, foriji ya kgase le setofo sa kgase. Ka nnete ho ne ho nyolosetsa. Lekgetlong le leng ha re le tseleng, maponesa a ile a re emisa a sa tswa re emisa.

Hangata motjheso wa moo e ne e le o mona o ntshang kwena bodibeng (50°C). Dikopanong mona ka nako tse ding ho ne ho ba thata hore re fumane metsi a lekaneng bakeng sa kolobetso. Jwale barababo rona ba ne ba tjheka mabopong a dinoka tse tjheleng ebe hanyane ka hanyane ba fumana metsinyana bakeng sa kolobetso. Hangata kolobetso e ne e etsetswa ka moqomong.

MOSEBETSI O EKETSEHILENG DIKAROLONG TSE DING TSA AFRICA

Ka 1980 re ile ra romelwa Nigeria. Re ile ra qeta dilemo tse pedi le halofo re lokisetsa mohaho o motjha wa lekala. Barababo rona ba ile ba reka mohaho o mekato e mmedi yaba ba o ntjhafatsa hore o tshwanele boemo. Hoseng ho hong ke ile ka itlola matjato mme ka nyolohela hodimodimo e le hore ke thuse. Ho elella dihoreng tsa motsheare, ka theoha ka tsela eo ke ileng ka nyoloha ka yona. Empa ka ha jwale mohaho o ne o tjhwatluwe, ke ile ka hata hampe mme ka tsubella fatshe mme ka wa jwalo ka mokotla wa ditapole. Boemo ba ka bo ne bo hlile bo bonahala bo hlobaetsa, empa ka mora hore ngaka e etse ditlhahlobo le Ekserei, ya re ho Happy: “Beha pelo sekotlolong. O mpa a nonyetsehile feela, o tla ba hantle hoo e ka bang ka mora beke.”

Mona ke ha re le tseleng e yang kopanong mme re ka hara “sepalangwang sa setjhaba”

Ka 1986 re ile ra ya Côte d’Ivoire ho ya ba balebedi ba tsamayang teng. Re ile ra sebetsa le ho ya fihla naheng ya boahelani ya Burkina Faso. Le ka mohla ke ne ke so ka ke nahana hore Burkina e ka ba lehae la rona ka nakwana.

Athe mona ke ha re ntse re le balebedi ba tsamayang, ke yona khumbi eo re itseng re ne re dula ka hara yona ena

Haesale ke tloha Canada ka 1956. Empa ka 2003 ka mora dilemo tse 47 ke tlohile, ka kgutlela Bethele e Canada lekgetlong lena ke se ke na le mosadi wa ka Happy. Ke nnete hore re ne re se re dula Canada ka molao jwale, empa re ne re utlwa eka re batho ba Africa.

Mona ke ithuta Bibele le motho ha ke ne ke le kwana Burkina Faso

Yare ka 2007 ha ke le dilemo di 79, ra kgutlela Africa hape. Re ile ra abelwa ho ya Burkina Faso, e leng moo ke ileng ka ba setho sa Komiti ya Naha. Ofisi eo re neng re sebeletsa ho yona e ile ya fetolwa ofisi ya phetolelo(RTO) mme e le ka tlasa lekala la Benin. Yaba ka August 2013 re abelwa ho ya Bethele e Benin.

Mona ke nna le Happy ha re sebeletsa lekaleng le Benin

Ho sa tsotellehe ho fokollwa ke bophelo, ke ntse ke shwa ke ikepela ka tshebeletso. Dilemong tse tharo tse fetileng, ke kgonne ho thusa Gédéon le Frégis hore ba kolobetswe, ka thuso ya baholo le mosadi wa ka. Hona jwale ba sebeletsa Jehova ka pelo yohle.

Ka nako e tshwanang, nna le mosadi wa ka re ile ra tliswa lekaleng la South Afica, moo lelapa la moo la Bethele le ntlhokomelang ka lerato. Dinaheng tseo ke bileng le monyetla wa ho sebeletsa ho tsona kontinenteng ya Africa, South Afica ke naha ya bo 7. Ka October 2017, re ile ra fumana tlhohonolofatso e ikgethang. Re ile ra mengwa ha ho ne ho nehelwa mehaho ya ntlokgolo ya Warwick e New York. Le ka mohla re ke ke ra lebala ketsahalo eo.

Buka ya selemo ya 1994 leqepheng la 255 e re: “Ho bohle ba mamelletseng ka dilemo tse ngata, re re ho lona: ‘Le be sebete mme le se ke la dumella matsoho a lona ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi wa lona.’—2 Likron. 15:7.” Nna le Happy re ikemiseditse hore le ka mohla re ke ke ra nyahama mme re kgothalletsa ba bang hore le bona ba etse se tshwanang.

^ par. 9 E hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova ka 1944. Empa hona jwale ha e sa printwa.

^ par. 18 Bona sehlooho se reng “Quebec Priest Convicted for Attack on Jehovah’s Witnesses” se hlahang makasineng ya Sekgowa ya Fadimehang! ya November 8, 1953, leq. 3-5.

^ par. 23 Dintlha tsa taba ena di hlaha Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1994, leq. 148-150.

^ par. 26 Sheba sehlooho se reng: “Building on a Solid Foundation” makasineng ya Fadimehang! ya May 8, 1966 leqephe 27.