Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tiisetsa Mme o Mamelle o na le Tshepo

Tiisetsa Mme o Mamelle o na le Tshepo

HO HLOKAHALA hore re be le tiisetso ho feta le ha e le neng pele, etswe ho a nyolosetsa ‘matsatsing ana a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5) Re potolohilwe ke batho ba itjhebileng bobona, ba se nang boitshwaro le ba batlang hore e dule e le bona feela ba nepileng. Batho bana ke ba se nang mamello. Ka hona, Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Na ke se ke tshwaeditswe ke batho bao ke phelang le bona hoo ke seng ke sa tiisetse le ho tiisetsa?’ Ha e le hantle ho tiisetsa ho bolelang? Hona nka etsa jwang hore tiisetso e be karolo ya botho ba ka?

TIISETSO KENG?

Bibele e hlalosa tiisetso e le ho fetang feela ho mamella boemo bo thata. Motho ya hlileng a nang le tiisetso, o mamella a na le tshepo ya hore dintho di tla ba betere. Ha a itjhebe boyena feela, empa o nahanela le ba bang haholoholo ha ho bile le ho se utlwisisane. Ka lebaka leo, ha motho ya hlileng a nang le tiisetso a utlwisitswe bohloko ka tsela eitseng, ha a inehele empa o ba le tshepo ya hore dintho di tla loka. Ha ho makatse he, hore ebe Bibele e re “tiisetso” e tswa leratong. * (1 Bakor. 13:4) Bibele e boetse e re “tiisetso” ke e nngwe ya “ditholwana tsa moya.” (Bagal. 5:22, 23) Jwale re lokela ho etsang e le hore re be le tiisetso?

O KA BA LE TIISETSO JWANG?

Re lokela ho rapella moya o halalelang e le hore re be le tiisetso. Hobane Jehova o o fa bohle ba mo kopang le ba itshetlehang ka yena. (Luka 11:13) Le ha ho le jwalo, le rona re lokela ho etsa karolo ya rona mme re etse dintho tumellanong le dithapelo tsa rona. (Pes. 86:10, 11) Sena se bolela hore re lokela ho lwana ya kgumamela hore kamehla re be le tiisetso, e le hore e ka mela ka metso dipelong tsa rona. Ho phaella moo, re lokela ho etsa boiteko bo matla hore tiisetso e be karolo ya botho ba rona.

Re ka ba le tiisetso ha re hlahlobisisa re bile re etsisa mohlala o phethahetseng wa Jesu. Ha moapostola Pauluse a bua ka “botho bo botjha” bo akarelletsang ho ba le “tiisetso,” o ile a re kgothalletsa hore “kgotso ya Kreste e ke e laole ka dipelong tsa [rona].” (Bakol. 3:10, 12, 15) Re ka dumella kgotso eo hore e “laole” ka dipelong tsa rona ka hore re etsise tumelo ya Jesu mme re tshepe hore Modimo o tla lokisa ditaba ka nako ya hae. Ha re etsisa Jesu hantle, re ke ke ra ba difelapelwana ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang.—Joh. 14:27; 16:33.

Le hoja re lebelletse ka tjantjello e kgolo tshepiso ya Modimo ya lefatshe le letjha, re ithuta ho ba le tiisetso ha re nahanisisa ka tiisetso ya Modimo. Bibele e a re kgothatsa ha a re: “Jehova ha a diehe mabapi le tshepiso ya hae, jwalo ka ha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Na ha re nahanisisa ka tsela eo ka yona Jehova a nang le tiisetso, seo ha se re susumelletse le ho feta hore le rona re mamelle batho ba bang? (Bar. 2:4) Empa ke maemo afe a re hlokang hore re tiisetse?

MAEMO A HLOKANG HORE RE BE LE TIISETSO

Ho na le maemo a mangata letsatsi le letsatsi a hlokang hore re tiisetse. Ka mohlala, haeba o ne o batla ho bua ntho eitseng ya bohlokwa, o tla lokela ho ema hanyane hore o se ke wa kena batho hanong. (Jak. 1:19) Hape o tla lokela ho tiisetsa ha badumedimmoho le wena ba etsa dintho tse o tenang. Ho e na le ho fela pelo ka pele, ema hanyane mme o ke o nahanisise ka moo Jehova le Jesu ba ikutlwang kateng ka mefokolo ya rona. Ha ba dule ba shebile diphoso esita le tse nyane feela tseo re di etsang. Ho fapana le hoo, ba bona makgabane a rona a matle mme ka tiisetso ba ela hloko ha re ntlafatsa.—1 Tim. 1:16; 1 Pet. 3:12.

Boemo bo bong hape boo ho hlokahalang hore re bontshe tiisetso ho bona, ke haeba motho e mong a re re buile kapa re entse ntho eitseng e mpe. Hangata maemong a jwalo, re ye re potlakele ho ikemela. Le ha ho le jwalo, Bibele e re kgothalletsa ho etsa dintho ka tsela e fapaneng. E re: “Ya sa feleng pelo o molemo ho feta ya ikgohomosang moyeng. O se ke wa potlaka moyeng wa hao hore o kgopehe, etswe ho kgopeha ho dula difubeng tsa ba hlokang kelello.” (Moek. 7:8, 9) Ka hoo, esita le hoja re qosuwe ka bohata, re ntse re lokela hore re bontshe tiisetso. Sena ke sona hantle seo Jesu a neng a se etsa ha ba ne ba mo qholotsa.—Mat. 11:19.

Batswadi ke bona bao ka ho kgetheha ba lokelang ho ba le tiisetso ha ba thusa bana ba bona hore ba se ke ba ba le mekgwa e mebe. Mohlala wa sena ke wa Mattias ya leng Bethele e Scandinavia. Ha e sa le motjha, o ile a lokela ho mamella ha ba mo nyefola sekolong ka lebaka la tumelo ya hae. Qalong batswadi ba hae ba ne ba sa elellwe. Ka hoo, ba ile ba tlameha ho sebetsana le ditlamorao, ha mora bona a qala jwale a belaella hore na ebe o tumelong ya nnete kapa tjhe. Ntate wa Mattias e leng Gillis, o ile a re: “Ho ne ho hlokahala hore motho o be le tiisetso ena ya haesale.” Mattias o ne a se a bile a ba botsa a re: “Modimo ke mang? Hothweng haeba Bibele ha se Lentswe la Modimo? Hona re tseba jwang hore ehlile ke Modimo ya batlang hore re etse nthwena le nthwane?” O ne a ka ba a botsa Ntate wa hae a re: “Ke hobaneng ha ke tla ahlolelwa hore ha ke dumele jwalo ka lona?”

Gillis o re: “Ka nako tse ding ha mora wa rona a re hloma dipotso a kwatile, re ne re bona hore ha se hore o lwana le nna kapa Mme wa hae. Empa o ne a hlile a se a belaella nnete, a utlwa hore jwale o utlwile ho lekane ke ho ba paki.” Ebe Gillis o ile a etsang boemong boo? O re: “Ke ne ke ye ke dule fatshe le yena ebe re nka hora tse ngata re ntse re bontshana mabaka. Ke ne ke qeta nako ke thotse ke mo mametse, ebe mona le mane ke akgela potso ho mo nonya maikutlo. Ka nako tse ding ke ne ke bile ke mo hlalosetsa ntho eitseng eo a neng a lokela ho nahanisisa ka yona letsatsing leo kapa pele re ntshetsa moqoqo pele. Ha ka nako tse ding ke ne ke mo kopa hore a ke a mphe matsatsinyana a mmalwa nke ke nahanisise ka ntlha eitseng eo a e buileng. Ka lebaka la meqoqo eo re neng re ba le yona kamehla le Mattias, o ile a qetella a hatetse pele butle butle. Hamorao a utlwisisa le ho amohela dithuto tse kang ya thekollo, bobusi ba Modimo le hore Jehova o a re rata. Ke nnete hore ho nkile nako ebile ho ne ho nyolosetsa. Empa hanyane ka hanyane o ile a qala ho rata Jehova ka pelo yohle. Nna le mosadi wa ka re a thaba hore ebe ka tiisetso, re ile ra leka ka matla ho thusa mora wa rona ho feta dilemo tsa botjha ka katleho.”

Gillis le mosadi wa hae ba ne ba tshepile hore Jehova o tla ba tshehetsa ha ka tiisetso ba ntse ba leka ho thusa mora bona. Ha Gillis a hetla morao o re: “Kamehla re ye re bolelle Mattias hore ka tsela eo re neng re mo rata ka yona, re ne re rapela Jehova ka tiyo hore a mo thuse a utlwisise.” Batswadi bao ba ile ba thaba haholo ha ba bona ha tiisetso ya bona e putswa.

Re boetse hape re lokela ho ba le tiisetso haholoholo ha re hlokomela ditho tsa lelapa tse kulang kapa metswalle. A re ke re bueng ka mohlala wa Ellen * eo le yena a dulang Scandinavia.

Hoo e ka bang dilemo tse 8 tse fetileng, monna wa Ellen o ile a otlwa ke setorouku ka makgetlo a mabedi hoo se ileng sa senya tsela eo boko ba hae bo sebetsang ka yona. Ka lebaka leo, hona jwale ha a sa kgona ho ba le maikutlo a ho utlwa bohloko, ho thaba kapa ho qenehela. Boemo bona bo sithabetsa Ellen haholo. Ha a di beha o re: “Ho ne ho nhloka hore ke tiisetse hore! Mme le dithapelo tsa ka di se na Amen.” O phaella ka hore: “Lengolo le ntshidilang leo ke le ratang haholo ke la Bafilipi 4:13, le reng: ‘Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.’” Ellen o ile a tiisetsa ka mamello a kgodisehile ka ho felletseng hore Jehova o na le yena.—Pes. 62:5, 6.

TIISETSA JWALO KA JEHOVA

Ha ho tluuwa tabeng ya ho tiisetsa, Jehova o a ipabola. (2 Pet. 3:15) Ho na le ditlaleho tse ngata ka Bibeleng moo Jehova a bontshang tiisetso ka tsela e ikgethang. (Neh. 9:30; Esa. 30:18) Ka mohlala, Jehova o ile a sebetsa ditaba jwang ha Abrahama a ne a mo botsa hore na o ikemiseditse ho etsang ka Sodoma? Bibele e tlaleha hore ha Abrahama a bua, Jehova ha a a ka a mo kena hanong. Ho e na le hoo, Jehova o ile a theha tsebe dipotsong le maikutlong ohle a Abrahama. Yaba Jehova o mo kgodisa hore o ne a ntse a mo mametse ka hore a phete lentswe le leng le le leng leo a le buileng. A ba a mo kgodisa hore a ke ke a fedisa Sodoma le haeba ho ka ba le batho ba 10 feela ba lokileng. (Gen. 18:22-33) Ruri ona ke mohlala o motle wa ho mamela ka tiisetso le ho se nkehe maikutlo.

Ka sebele tiisetso ke karolo ya bohlokwa ya botho bo botjha boo Bakreste ba lokelang ho ikapesa bona. Haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba le tiisetso, re tla be re tlotlisa Ntate wa rona ya re ratang Jehova. Qetellong, re tla balellwa hara “bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang ditshepiso.”—Baheb. 6:10-12.

^ par. 4 Lerato le ile la tshohlwa pele letotong lena la dihlooho tse buang ka ditholwana tsa moya wa Modimo.

^ par. 15 Lebitso le fetotswe