Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

“Ba o Mamelang” ba Tla Pholoha

“Ba o Mamelang” ba Tla Pholoha

“Ikele hloko ka mehla mme o ele hloko le ho ruta ha hao. Dula dinthong tsena, ka ha ka ho etsa sena o tla ipholosa mme o pholose le ba o mamelang.”​—1 TIM. 4:16.

PINA YA 67 ‘Bolelang Lentswe’

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng eo re lakatsang hore ba malapa a rona ba e etse?

MORADIWABO RONA ya bitswang Pauline * o re: “Ho tloha mohla ke neng ke ithuta nnete, esale ke batla ho ba le lelapa leso Paradeiseng. Batho bao haholoholo ke neng ke batla hore ke sebeletse Jehova le bona, ke monna wa ka Wayne ha mmoho le mora wa ka.” Na hona le ba lelapa leno ba so kang ba ithuta nnete? E ka nna yaba o ikutlwa jwalo ka Pauline ya neng a batla hore ba lelapa la hae ba sebeletse Jehova le yena.

2. Ke dipotso dife tseo re tla di tshohla sehloohong sena?

2 Re ka se qobelle ba lelapa hore ba amohele ditaba tse molemo, empa re ka ba kgothalletsa hore ba batle ho ithuta Bibele. (2 Tim. 3:14, 15) Ke hobaneng ha re lokela ho bolella ba lelapa ditaba tse molemo? Ke hobaneng ha re lokela ho ipeha maemong a bona? Keng seo re lokelang ho se etsa e le hore ba lelapa ba rate Jehova jwalo ka rona? Hona Bakrestemmoho ba ka thusa jwang?

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO BOLELLA BA LELAPA DITABA TSE MOLEMO?

3. Ho ya ka 2 Petrose 3:​9, ke hobaneng ha re lokela ho bolella ba lelapa ditaba tse molemo?

3 Haufinyane Jehova o tlo fedisa lefatshe lena. Ke feela batho ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba tla pholoha. (Lik. 13:48) Re qeta nako e ngata le matla a rona re bolella baahisane le batho bao re sa ba tsebeng ditaba tse molemo, ka hoo re lokela ho di bolella ba malapa a rona. Ntate wa rona ya lerato Jehova, “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”​—⁠Bala 2 Petrose 3:⁠9.

4. Ke phoso efe eo re ka e etsang ha re bolella ba lelapa ditaba tse molemo?

4 Re lokela ho hopola hore ho na le tsela e fosahetseng le e nepahetseng ya ho bolela ditaba tse molemo. Ka mohlala, re ka ba mosa ha re bolella motho eo re sa mo tsebeng ditaba tse molemo, empa ha re bua le ba malapa ra bua feela re sa nahane.

5. Keng seo re lokelang ho se hopola pele re bolella ba lelapa ditaba tse molemo?

5 Ba bangata ba rona re a swaba ha re hopola tsela eo re ileng ra leka ho pakela ba malapa a rona ka yona mme re lakatsa eka re ka be re entse dintho ka tsela e fapaneng. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Seo le se buang ka mehla e ke e be se nang le mosa, se nokilweng ka letswai, e le hore le tsebe ka moo le tshwanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakol. 4:​5, 6) Ka hoo, e ka ba hantle hore re hopole keletso ena pele re bolella ba lelapa ditaba tse molemo. Ho seng jwalo, re ka iphumana re ba utlwisitse bohloko, ho ena le hore re ba thuse hore ba re mamele.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO IPEHA MAEMONG A BONA?

Ha o ipeha maemong a batho ebile o itshwere hantle, seo se ka fana ka bopaki bo boholo (Sheba serapa sa 6-8) *

6, 7. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore Mokreste a ipehe boemong ba molekane wa hae eo eseng Paki.

6 Ipehe boemong ba motho. Pauline eo re ileng ra bua ka yena o re: “Qalong ke ne ke batla hore nna le monna wa ka re bue ka Modimo le Bibele feela. Re ne re sa be le moqoqo o tlwaelehileng.” Le ha hole jwalo, Wayne o ne a sa utlwisise dintho tseo Pauline a di buang ka ha o ne a e na le tsebo e nyane ka Bibele. O ne a utlwa eka ntho feela eo mosadi wa hae a neng a amehile ka yona ke bodumedi. O ne a tshwenyehile hore, e se ke yaba mosadi wa hae o bodumeding bo kotsi le bo thetsang batho.

7 Pauline o a dumela hore hangata mantsiboya o ne a ya dimmokeng mme mafelobeke a qeta nako a le tshimong le dibokeng. O re: “Ka dinako tse ding Wayne o ne a ikutlwa a le mong ka ha o ne a fihla ntlong mme a fumane ho sena batho.” Ke ho utlwahalang hore Wayne o ne a hopola mosadi wa hae le mora wa hae. O ne a sa tsebe metswalle ena e metjha eo Pauline a qetang nako le yona mme ho ne ho bonahala eka ke ya bohlokwa ho mo feta. Sena se ile sa etsa hore Wayne a tshose Pauline ka hore o tla mohlala. Ke sefe seo Pauline a ka beng a se entse ho ipeha boemong ba monna wa hae?

8. Ho ya ka 1 Petrose 3:1, 2, keng e ka kgahlang ba malapa a rona?

8 Beha mohlala o motle. Hangata ba malapa a rona ba hlokomela seo re se etsang ho feta seo re se buang. (Bala 1 Petrose 3:1, 2.) Sena ke sona seo Pauline a se hlokometseng, o re: “Ke ne ke tseba hore Wayne o rata lelapa la hae mme ha se hore o ne a batla ho nhlala. Taba ya hore o ile a ntshosa ka hore o tla nhlala, e ile ya etsa hore ke batle ho etsa dintho ka tsela eo Jehova a reng re di etse ka yona lenyalong. Ka hoo, ho ena le hore ke tswelepele ho mo emella ka Bibele, ke ne ke lokela ho mo behela mohlala.” Pauline o ile a kgaotsa ho qobella Wayne hore a ithute Bibele mme o ile a qala ho bua le yena ka dintho tse tlwaelehileng. Wayne o ile a hlokomela hore mosadi wa hae o leka hore ho be le kgotso ka tlung le hore mora wa bona o se a mo mamela. (Liprov. 31:​18, 27, 28) Ha Wayne a bona ka moo lelapa la hae le fetohileng ka teng ka lebaka la ho ithuta Bibele le yena o ile a batla ho ithuta yona.​—1 Bakor. 7:12-14, 16.

9. Ke hobaneng ha re lokela ho tswelapele ho pakela ba malapa a rona?

9 Tswelang pele ho pakela ba malapa a lona. Jehova o re behela mohlala wa sena. “Ka makgetlo kgetlo” o ile a fa batho monyetla wa ho ithuta ditaba tse molemo e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. (Jer. 44:4, Bibele​—⁠Phetolelo e Ntjha) Moapostola Pauluse o ile kgothalletsa Timothea hore a tswelepele ho pakela batho ba bang. Hobaneng? Hobane ka ho etsa jwalo o ne a tla ipholosa a be a pholose le ba mo mamelang. (1 Tim. 4:​16) Re rata ba malapa a rona, ke ka hoo re batlang hore ba ithute Bibele. Tsela eo Pauline a neng a se a etsa dintho ka yona, e ile ya ama lelapa la hae. Hona jwale o thabela ho sebeletsa Jehova ha mmoho le monna wa hae. Ka bobedi ke bopulamadiboho mme Wayne o sebeletsa e le moholo.

10. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le mamello?

10 Eba le mamello. Ha re qala ho sebedisa melao ya Modimo bophelong ba rona, ho ka ba thata hore ba lelapa ba utlwisise tsela eo re seng re etsa dintho ka yona. Hangata ntho ya pele eo ba e hlokomelang ke hore ha re sa keteka matsatsi a bodumedi ebile ha re sa kenella dipolotiking. Qalong ba bang ba ka nna ba re kwatela. (Mat. 10:​35, 36) Empa ha re a lokela ho ba fella pelo. Haeba re tlohela ho ba thusa hore ba utlwisise seo re se dumelang, ho tla be ho tshwana le ha eka re ba ahlola ka hore ha ba tshwanelwe ke bophelo bo sa feleng. Jehova ha a re fa mosebetsi wa ho ahlola batho empa oo file Jesu. (Joh. 5:22) Ka hoo haeba re eba le mamello, ba malapa a rona ba ka nna ba batla ho mamela molaetsa wa rona.​—Sheba lebokose le reng “ Sebedisa Websaete ya Rona ho Ruta.”

11-13. Re ithutang tseleng eo Alice a ileng a tshwara batswadi ba hae ka yona?

11 Emela seo o se dumelang empa o be mosa. (Liprov. 15:2) Nahana ka mohlala wa Alice. Nakong eo a neng a ithuta Bibele o ne a dula hole le batswadi ba hae, ba neng ba sa dumele ho Modimo ebile ba rata dipolotiki. Alice o ile a hlokomela hore hanghang o lokela ho ba bolella ka dintho tse molemo tseo a ithutileng tsona. O re: “Haeba o dieha ho bolella ba lelapa leno hore na ke bodumedi bofe boo o seng o bo kgethile, ba ka nna ba tshoha mohlang ba tsebang.” Ka hoo, o ile a kgetha dihlooho tseo a nahanang hore batswadi ba hae ba ka di thabela, tse kang tse buang ka lerato. Yaba ka mora moo o ba ngolla mangolo a hlalosang hore na Bibele e reng ka dihlooho tseo le hore na bona ba ikutlwa jwang. (1 Bakor. 13:​1-13) O ile a boela a ba leboha hore ebe ba ile ba mo hodisa le ho mo hlokomela, hape o ile a ba romella dimpho. Nakong eo a neng a tjhaketse batswadi ba hae o ne a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa Mme wa hae ka mosebetsi wa ka tlung. Qalong batswadi ba Alice ba ne ba sa thaba ha a ba bolella ka tumelo ya hae e ntjha.

12 Le ha Alice a ne a tjhaketse batswadi ba hae, o ile a nna a tswelapele ho bala Bibele. O re: “Sena se ile sa etsa hore Mme wa ka a bone hore na Bibele ke ya bohlokwa hakae ho nna.” Ha nako e ntse eya, Ntate wa Alice o ile a batla ho bala Bibele e le hore a bone hore na keng e fetotseng monahano wa ngwana wa hae, hape o ne a batla ho fumana phoso ho yona. Alice o re: “Ke ile ka mo fa Bibele mme ka hara yona ka mo ngolla molaetsa o mokgutshwane.” Diphello e ile ya eba dife? Ntate wa Alice ha a ka a fumana diphoso tseo a neng a di batla ka Bibeleng, ho ena le hoo e ile ya mo ama maikutlo.

13 Re lokela ho emela seo re se dumelang empa re be mosa le hoja re tlameha ho mamella mahloriso. (1 Bakor. 4:​12b) Ka mohlala, Alice o ile a lokela ho mamella ha Mme wa hae a mo hanyetsa. O re: “Ha ke ne ke kolobetswa Mme wa ka o ile a re ke ngwana ‘ya sa mameleng.’” Alice o ile a etsang? O tswelapele ho re: “Ho ena le hore ke qobe ho bua ka bodumedi ba ka, ka tlhompho ke ile ka mo hlalosetsa hore ke entse qeto ya ho ba Paki ya Jehova mme nke ke ka e fetola. Ke ile ka leka ho kgodisa Mme wa ka hore ke a mo rata. Ka bobedi re ile ra lla mme ka mora moo ka mo phehela dijo tse monate. Ho tloha ka nako eo, Mme wa ka o ile a dumela hore Bibele e nketsa motho ya molemo.”

14. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dumella ba malapa a rona ho fetola qeto ya rona ya ho sebeletsa Jehova?

14 Ho ka nka nako hore ba malapa a rona ba utlwisise hore na ke hobaneng ha ho sebeletsa Jehova ho le bohlokwa ho rona. Ka mohlala, Mme wa Alice o ile a boela a lla ha Alice a kgetha ho ba pulamadiboho, ho ena le hore a ithutele seo ba neng ba mo kgethetse sona. Empa Alice o ile a emela seo a se dumelang. Alice o re: “Haeba o ka dumella ba lelapa hore ba fetole qeto ya hao nthong e itseng, ba tla batla ho fetola qeto e nngwe le e nngwe ya hao. Empa haeba ka mosa o emela seo o se dumelang, ba bang ba lelapa ba ka nna ba o mamela.” Sena ke sona se ileng sa etsahalla Alice. Hona jwale batswadi ba hae ke bopulamadiboho ebile ntate wa hae ke moholo.

BAKRESTEMMOHO BA KA THUSA JWANG?

Bakrestemmoho ba ka thusa ba malapa a rona bao eseng Dipaki jwang? (Sheba serapa sa 15-16) *

15. Ho ya ka Matheu 5:14-16 le 1 Petrose 2:12, ke jwang ‘mesebetsi e metle’ ya Bakrestemmoho e ka thusang ba malapa a rona?

15 Jehova o sebedisa ‘mesebetsi e metle’ ya bahlanka ba hae ho hulela batho ka phuthehong ya Bokreste. (Bala Matheu 5:14-16; 1 Petrose 2:12.) Haeba molekane wa hao ha se Paki ya Jehova, na e be o kile a kopana le Dipaki? Pauline eo re buileng ka yena qalong, o ile a memela bara le baradibabo rona ha hae, e le hore monna wa hae Wayne a ba tsebe. Wayne o hopola ka moo morabo rona e mong a ileng a leka ho mo hlalosetsa hore na Dipaki Tsa Jehova ke batho ba jwang. O re: “Mora eo wa bo rona o ile a kopa letsatsi mosebetsing e le hore re tlo shebella papadi ya bolo. Sena se ile sa mpontsha hore ho na le dintho tseo a di thabelang ntle le bodumedi ba hae.”

16. Ke hobaneng ha re lokela ho memela ba lelapa dibokeng?

16 Tsela e molemo ya ho thusa ba malapa a rona, ke ka ho ba memela dibokeng. (1 Bakor. 14:24, 25) Lekgetlo la pele leo Wayne a ileng dibokeng ka lona, e ne e le ha a ya sehopotsong hobane se ne se tshwarwa ha a se a kgutlile mosebetsing ebile se nka nako e kgutshwane. O re: “Ha ke hopole hore na puo e ne e reng, empa ke hopola tsela eo batho ba neng ba le ka yona. Ba ile ba tla ho nna mme ba ntumedisa ka mofuthu. Sena se ile sa mpontsha hore ke batho ba hantle.” Ho ne ho ena le banyalani ba neng ba thusa Pauline ka ngwana ha a le tshimong le ha a le dibokeng. Ha Wayne a etsa qeto ya ho utlwisisa bodumedi ba molekane wa hae, o ile a kopa mora eo wa bo rona hore a mo rute Bibele.

17. Ha re a lokela ho ipeha molato kang, hona ke hobaneng ha re sa lokela ho nahana hore ba malapa a rona ba ke ke ba fetoha?

17 Re lakatsa eka re ka sebeletsa Jehova ha mmoho le ba malapa a rona. Le ha ho le jwalo, ho sa tsotellehe boiteko boo re bo etsang ho ba thusa, ba ka nna ba se ke ba amohela nnete. Haeba seo se ka etsahala, ha re a lokela ho ipeha molato. Ho feta moo, re ka se qobelle motho hore a dumele seo re se dumelang. Empa ha ba lelapa ba hlokomela ka moo o thabileng ka teng ka lebaka la ho sebeletsa Jehova, seo se ka ba susumetsa haholo. Ka hoo ba rapelle, ba nahanele ha o bua le bona mme o se ke wa ba fella pelo. (Lik. 20:20) Ha o etsa dintho tsena, kgodiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Jwale haeba ba lelapa ba kgetha ho o mamela ba tla pholoha.

PINA YA 57 A re Pakeleng Batho ba Mefuta Yohle

^ par. 5 Re batla hore ba malapa a rona ba sebeletse Jehova, empa ke bona ba tla kgetha hore na ba batla ho mo sebeletsa kapa tjhe. Sehlooho sena se tla re bontsha hore na ke jwang re ka etsang hore ba re mamele.

^ par. 1 Mabitso a mang a fetotswe. Sehloohong sena, ha hothwe “ba lelapa” ho bolelwa ditho tsa lelapa tse so kang di ithuta ka Jehova.

^ par. 53 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o thusa ntate wa hae eo eseng Paki ho lokisa koloi mme ka nako e nepahetseng o mo bontsha video ho jw.org®.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona o mametse ka hloko ha monna wa hae eo eseng Paki a mo bolella hore na letsatsi la hae le bile jwang. Ha morao o thabela ho ikgatholla le ba lelapa.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona o memetse bara le baradibabo rona ha hae mme ba leka ho tseba monna wa hae haholwanyane. Ha morao ka bobedi ba ya sehopotsong.