Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31

“Ha re Tele”!

“Ha re Tele”!

“Ka hona ha re tele.”​—2 BAKOR. 4:16.

PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng e ka thusang Bakreste hore ba hlole lebelong le isang bophelong?

BAKRESTE ba lebelong le isang bophelong. Ho sa tsotellehe hore na ke nako e kae re le lebelong lena, re lokela ho matha ho fihlela moleng wa tlholo. Keletso eo moapostola Pauluse a ileng a efa Bakreste ba Filipi, e ka re thusa hore re qete lebelo la rona. Bakreste ba bang phuthehong ena, e ne e se e le kgale ba sebeletsa Jehova ha ba fumana lengolo leo la Pauluse. Ba ne ba se ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botshepehi, empa Pauluse o ile a ba hopotsa hore ba lokela ho matha ka mamello. O ne a batla hore ba latele mohlala wa hae wa ho “phehella pakaneng” kapa moputsong.​—⁠Bafil. 3:14.

2. Ke hobaneng ha keletso eo Pauluse a ileng a efa phutheho e Filipi e ne e loketse?

2 Ho ne ho loketse hore Pauluse a fe phutheho e Filipi keletso. Lebaka ke hore batho ba dulang Filipi, ba ile hlorisa phutheho e satswa thehwa. Sena se qadile ka selemo sa 50, ha Pauluse le Silase ba fumana memo ya hore ba ‘tshelele Macedonia.’ (Lik. 16:⁠9) Ha ba le moo, ba ile ba kopana le mosadi ya bitswang Lydia, ya ileng a mamela ditaba tse molemo “mme Jehova a bula pelo ya hae haholo.” (Lik. 16:14) Ha morao o ile a kolobetswa ha mmoho le ba lelapa la hae. Le ha ho le jwalo, Diabolose o ile a qala ho bakela bahlanka ba Modimo mathata. Banna ba motse ba ile ba isa Pauluse le Silase makgotleng a dinyewe mme ba ba qosa ka hore ba baka pherekano. Ba ile ba ba shapa, ba ba kwalla mme ha morao ba ba laela hore ba tsamaye motseng. (Lik. 16:16-40) Na ba ile ba tela? Tjhe. Bara le baradibabo rona ba phutheho ena e ntjha bona, ba ile ba etsang? Ba ile ba beha mohlala o motle ka hore le bona ba mamelle. Ba ile ba kgothatswa ke mohlala o motle oo Pauluse le Silase ba ileng ba ba behela ona.

3. Keng seo Pauluse a ileng a se hlokomela, hona re tlo hlahloba dipotso dife?

3 Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho tela. (2 Bakor. 4:​16) O ne a tseba hore e le hore a sebeletse Jehova ka botshepehi ho fihlela qetellong, o lokela ho tsepamisa kelello ya hae moputsong. Keng seo re ka ithutang sona mohlaleng wa Pauluse? Kajeno Bakrestemmoho ba re bontsha jwang hore re ka kgona ho mamella ho sa tsotellehe mathata? Hona tshepo eo re nang le yona ka bokamoso, e ka re thusa jwang hore re se ke ra tela?

MOHLALA WA PAULUSE O KA RE THUSA JWANG?

4. Keng e ileng ya thusa Pauluse hore a tswelepele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata?

4 Nahana ka boemo boo Pauluse a neng a le ho bona ha a ne a ngolla phutheho e Filipi. O ne a le ntlong ya botshwaruwa Roma. Ka hoo, o ne a sa kgone ho tswa e le hore a bolelle batho ditaba tse molemo. Le ha ho le jwalo, o ile a tswelapele ho ngolla diphutheho mangolo le ho bolela ditaba tse molemo ho batho ba neng ba tlo mo bona. Le kajeno, Bakreste ba bangata ba sa kgoneng ho ya tshimong, ba sebedisa monyetla o mong le o mong ho pakela batho ba tlang ho bona. Ba boetse ba ngola mangolo a kgothatsang bakeng sa batho ba sa fumaneheng malapeng a bona.

5. Ho ya ka Bafilipi 3:12-14, keng e ileng ya thusa Pauluse hore a tadime moputsong?

5 Pauluse ha a ka a dumella hore dintho tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng di mo sitise ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle o ile a re e le hore o sebeletse Jehova ho fihlela qetellong, ho molemo ho “lebala dintho tse ka morao” le ho “hahamalla dinthong tse ka pele.” (Bala Bafilipi 3:12-14.) Ke dintho dife tse neng di ka nna tsa sitisa Pauluse? Ya pele, Pauluse o ne a atlehile haholo pele e ba Mokreste. Le ha ho le jwalo, o ile a nka dintho tsena e le “dithole tse ngata.” (Bafil. 3:3-8) Ya bobedi, ha a ka a dumella maikutlo a hore o kile a hlorisa Bakreste a mo sitise ho sebeletsa Jehova. Ya boraro, ha a ka a nahana hore o se a sebeleditse Jehova ka ho lekaneng. Pauluse o finyelletse ho hongata tshebeletsong, ho sa tsotellehe ho kenngwa teronkong, ho shapuwa, ho otlwa ka majwe, ho robehelwa ke sekepe le ho haellwa ke dijo le diaparo. (2 Bakor. 11:​23-27) Tlasa maemo ana, Pauluse o ne a tseba hore o lokela ho tswelapele ho sebeletsa Jehova mme ke sona seo le rona re lokelang ho se etsa.

6. Ke dintho dife “tse ka morao” tseo re lokelang ho di lebala?

6 Re ka etsisa Pauluse jwang mme ra “lebala dintho tse ka morao”? Ba bang ba rona re ntse re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re di entseng nakong e fetileng. Haeba ho jwalo, iphe nako ya ho ithuta haholwanyane ka sehlabelo sa Kreste sa thekollo. Jwale, haeba re rapela, re ithuta le ho nahanisisa ka sehlabelo sa thekollo, re ke ke ra ikutlwa re le molato ka lebaka la dintho tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng. Hape re ke ke ra dula re nahana ka diphoso tseo Jehova a seng a di tshwaretse. Hlokomela seo re ka ithutang sona hape ho Pauluse. Ba bang re tlohetse menyetla ya ho fumana mesebetsi e patalang hantle e le hore re sebeletse Jehova. Haeba ho jwalo, na re tla kgona ho lebala dintho tse ka morao, ka hore re se ke ra itshola hore ebe re tlohetse menyetla ya ho rua? (Num. 11:4-6; Moek. 7:10) “Dintho tse ka morao” di ka akarelletsa dintho tseo re di finyelletseng tshebeletsong kapa mathata ao re ileng ra tobana le ona. Ke nnete hore ho nahana ka moo Jehova a re thusitseng ka teng nakong e fetileng, ho re atametsa haufi le yena. Empa ha re batle ho utlwa re kgotsofetse hoo re ka reng re sebeleditse Jehova ho lekane.​—⁠1 Bakor. 15:⁠58.

Lebelong lena le isang bophelong, re lokela ho qoba dintho tse ka re sitisang mme re tadime moputsongl (Sheba serapa sa 7)

7. Ho ya ka 1 Bakorinthe 9:24-27, keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re hlole lebelong le isang bophelong? Hlalosa.

7 Pauluse o ne a utlwisisa mantswe a Jesu a reng: “Ikitlaetseng ka matla.” (Luka 13:23, 24) O ne a tseba hore jwalo ka Kreste, o lokela ho ikitlaetsa ka matla ho fihlela qetellong. Ka hoo, o ile a bapisa bophelo ba Mokreste le lebelo. (Bala 1 Bakorinthe 9:24-27.) Semathi se dula se nahanne ka ho fihla moleng wa tlholo mme se qoba ho nahana ka dintho tse ka se sitisang. Ka mohlala, kajeno dimathi di ka iphumana di matha tseleng e nang le meaho ya kgwebo le moo ho nang le dintho tse ka di sitisang. Na o nahana hore semathi se ka ema, e le hore se shebe dintho tse ka shopong? Eseng haeba se batla ho fihla moleng wa tlholo. Ka tsela e tshwanang, le rona ha re a lokela ho dumella letho ho re sitisa lebelong lena le isang bophelong. Ka hona, haeba re tadima moputsong mme re ikitlaetsa ka matla jwalo ka Pauluse, re tla fumana moputso.

HO MAMELLA MAEMO A LEKANG TUMELO YA RONA

8. Re tlo hlahloba mathata afe a mararo a ka re nyahamisang?

8 A re ke re hlahlobeng mathata a mararo a ka re nyahamisang. Bothata ba pele, ke ha dintho di sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebelletse. Ba bobedi, ke ha re fokollwa ke bophelo. Bothata ba boraro, ke haeba re ba le mathata a sa feleng. Re ka rua molemo ha re ithuta ka moo ba bang ba ileng ba mamella mathata ana ka teng.​—Bafil. 3:17.

9. Re ikutlwa jwang ha dintho di sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebelletse?

9 Ha dintho di sa etsahale ka tsela eo re neng re e lebelletse. Kaofela re batla ho bona ha ditshepiso tsa Jehova di phethahala. Ha moprofeta Habakuke a ne a kopa Jehova hore a tlose bokgopo lefatsheng, Jehova o ile a re a ‘dule a lebeletse.’ (Hab. 2:⁠3) Le ha ho le jwalo, ha re bona dintho tseo re di lebelletseng di sa etsahale hona jwale, seo se ka re nyahamisa. (Liprov. 13:​12) Sena ke se ileng sa etsahalla Bakreste ba bang ho elella selemong sa 1914. Ka nako eo, batlotsuwa ba bangata ba ne ba lebelletse ho nkelwa lehodimong ka selemo seo. Keng seo Bakreste bana ba tshepahalang ba ileng ba se etsa ha seo ba neng ba se lebelletse se sa etsahale ka nako eo?

Seo Royal le Pearl Spatz ba neng ba se lebelletse ha se a ka sa etsahala ka 1914, empa ba ile ba tswelapele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata (Sheba serapa sa 10)

10. Banyalani ba bang ba ile ba ikutlwa jwang ha seo ba neng ba se lebelletse se sa etsahale?

10 A re ke re hlahlobe mohlala wa Bakreste ba babedi ba ileng ba tobana le bothata bona. Morabo rona Royal Spatz o kolobeditswe ka 1908 a le dilemo di 20. O ne a kgodisehile hore haufinyane o tla nkelwa lehodimong. Ha e le hantle ka 1911 ha a tshepisa Pearl hore o tlo mo nyala, o ile a re: “O a tseba hore ho tlo etsahalang ka 1914. Ka hoo, re lokela ho nyalana ka pele.” Na Bakreste bana ba ile ba nyahama ha 1914 e feta mme ho sa etsahale letho? Tjhe. Ntho e ka sehloohong eo ba neng ba amehile ka yona e ne e le ho etsa thato ya Modimo, eseng hore na ke melemo efe eo ba tla e fumana. Ba ne ba ikemiseditse ho matha lebelo lena ka mamello. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ho fihlela lefung. Ntle ho pelaelo, le wena o batla ho bona ha Jehova a halaletsa lebitso la hae, a bontsha hore Mmuso wa hae ke ona feela o nepahetseng mme a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Kgodiseha hore dintho tsena di tla etsahala ka nako eo Jehova a e behileng. Ho fihlela ka nako eo, e se e ka re ka tswelapele ho sebeletsa Modimo mme re se ke ra nyahama haeba dintho tseo re di lebelletseng di bonahala di sa phethahale.

Le ha Arthur Secord a se a tsofetse, o ne a ikemiseditse ho fa Jehova sohle seo a ka se kgonang. (Sheba serapa sa 11)

11, 12. Ke hobaneng ha re lokela ho tswelapele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi le ha re se re fokollwa ke bophelo? Fana ka mohlala.

11 Ho fokollwa ke bophelo. Ho fapana le semathi sa sebele, ha re hloke ho ba matla mmeleng e le hore re be le tumelo ho Jehova le ho mo sebeletsa ka tjheseho. Ha e le hantle, batho ba fokollwang ke bophelo ba ntse ba kgona ho etsa sohle se matleng a bona ho sebeletsa Jehova. (2 Bakor. 4:16) Ka mohlala, morabo rona Arthur Secord o ne a le dilemo di 88 mme a fokollwa ke bophelo, ka mora ho sebeletsa Bethele ka dilemo tse 55. Ka tsatsi le leng mooki o ile a tla betheng ya hae ho tla mo thusa. Yaba o re ho yena: “Morabo rona Secord, o entse ho hongata mosebetsing wa Jehova.” Empa Arthur o ne a sa ameha ka dintho tseo a seng a di entse. O ile a mo sheba mahlong, a bososela mme a re: “Ee, ke nnete. Feela dintho tseo re seng re di entse ha se tsona tsa bohlokwa. Ntho ya bohlokwa ke seo re tla se etsa ho tloha hona jwale.”

12 Mohlomong o se o sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata mme jwale ka lebaka la ho fokollwa ke bophelo, ha o sa kgona ho etsa seo o neng o kgona ho se etsa pele. Haeba ho jwalo, o se ke wa nyahama. Kgodiseha hore Jehova o ananela sohle seo o ileng wa mo etsetsa sona pele. (Baheb. 6:​10) Hopola hore ha se dintho tse ngata tseo re di etsang tshebeletsong, tse bontshang hore re rata Jehova empa ke ho etsa sohle seo re se kgonang hore re mo sebeletse. (Bakol. 3:23) Jehova o tseba moo matla a rona a fellang teng mme ha a lebella hore re etse se fetang seo re ka se kgonang.​—Mar. 12:43, 44.

Anatoly le Lidiya Melnik ba ile ba mamella ka botshepehi ho sa tsotellehe mathata (Sheba serapa sa 13)

13. Se etsahalletseng Anatoly le Lidiya, se bontsha jwang hore re ka sebeletsa Jehova le hoja re tobana le mathata?

13 Mathata a sa feleng. Bahlanka ba bang ba Jehova ba ile ba mamella mathata le mahloriso ka nako e telele. Ka mohlala, Anatoly Melnik o ne a le dilemo di 12 feela ha Ntate wa hae a tshwarwa le ho iswa botlamuweng Siberia, e leng sebaka se bohole ba dikhilomithara tse 7 000 ho tloha lapeng labo. Selemo ka mora moo, Anatoly, Mme wa hae le batswadi ba Mme wa hae, ba ile ba iswa botlamuweng hona Siberia. Ka mora nako, ba ile kgona ho ya dibokeng motseng o mong, empa ba ne ba lokela ho tsamaya dikhilomithara tse 30 serameng se batang. Ha nako e ntse eya, morabo rona Melnik o ile a kwallwa dilemo tse tharo teronkong mme a siya mosadi wa hae Lidiya le moradi wa bona ya neng a ena le selemo. Ho sa tsotellehe dintho tsena kaofela, morabo rona Anatoly le lelapa la hae ba ile ba tswelapele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Hona jwale morabo rona Anatoly o dilemo di 82 mme o sebeletsa Komiting ya Lekala la Central Asia. E se e ka kaofela ha rona re ka etsisa mohlala wa Anatoly le Lidiya mme re tswelepele ho sebeletsa Jehova le ho mamella jwalo ka ha re ile ra mamella nakong e fetileng.​—Bagal. 6:9.

NAHANA KA BOKAMOSO

14. Pauluse o ile a hlokomela hore o lokela ho etsang e le hore a fumane moputso?

14 Pauluse o ne a kgodisehile hore o tla qeta lebelo mme a fumane moputso. Ka ha e ne e le motlotsuwa o ne a lebeletse ho fumana “moputso wa pitso ya hodimo ya Modimo.” Le ha ho le jwalo, o ile a hlokomela hore o lokela ho “phehella” e le hore a o fumane. (Bafil. 3:14) O ile a sebedisa mohlala o motle e le hore a thuse phutheho e Filipi ho tadima moputsong.

15. Ha Pauluse a ne a kgothalletsa Bakreste ba Filipi hore ba phehelle, o ile a sebedisa mohlala wa ho ba moahi jwang?

15 Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Filipi hore ba tla phela lehodimong. (Bafil. 3:20) Ke hobaneng ha ba ne ba lokela ho hopola seo? Ka nako eo, batho ba ne ba batla ho ba baahi ba Roma, ka ha seo se ne se ba fa menyetla e mengata. * Le ha ho le jwalo, Bakreste ba tlotsitsweng e ne e le baahi ba Mmuso o molemo ho feta wa Roma mme ba e na le menyetla e mengata ho feta ya moo. Ho ba moahi wa Roma, ho ne ho sa re letho ha ho bapiswa le ho ba moahi wa Mmuso wa Modimo. Ka lebaka lena, Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste ba phutheho e Filipi hore ba tswelepele ba ‘itshwere ka mokgwa o tshwanelang ditaba tse molemo tse mabapi le Kreste.’ (Bafil. 1:​27) Le kajeno batlotsuwa ba re behela mohlala o motle ka hore ba tadime moputsong wa ho lo phela lehodimong.

16. Ho sa tsotellehe hore na re lo phela lehodimong kapa hona mona lefatsheng, keng seo Bafilipi 4:​6, 7 e reng re lokela ho se etsa?

16 Ebang re lo phela lehodimong kapa paradeiseng mona lefatsheng, re lokela ho tswelapele re tadimile moputsong. Ho sa tsotellehe hore na re lokela ho mamella hakae, ha re a lokela ho dumella ntho le ha e ka ba efe hore e re sitise ho sebeletsa Jehova. (Bafil. 3:​16) E ka nna ya ba re ile ra mamella mathata le mahloriso ka dilemo tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe, o “se ke [wa] tshwenyeha ka letho.” Empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi ha mmoho le diteboho, dikopo tsa hao tse matla o di tsebise Modimo mme o tla o fa kgotso e fetang monahano wohle.​—Bala Bafilipi 4:6, 7.

17. Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

17 Jwalo ka ha semathi se ikitlaetsa e le hore se fihle moleng wa tlholo, e se e ka re ka tadima moputsong e le hore re ka qeta lebelo lena le isang bophelong bo sa feleng. Re lokela ho ikitlaetsa ka matla mme re nahane ka dintho tse molemo tseo re tla di fumana nakong e tlang. Jwale, keng e ka re thusang hore re mamelle ho fihlella qetellong? Sehloohong se latelang, re tlo ithuta hore na ke dintho dife tse lokelang ho tla pele bophelong le hore na re ka “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo” jwang.​—Bafil. 1:9, 10.

PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile

^ par. 5 Ho sa tsotellehe hore na re sebeleditse Jehova nako e telele ha kae, re lokela ho tswelapele re ithuta le ho ntlafatsa bophelo ba rona ba Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba se ke ba tela. Lengolo leo a ileng a le ngolla phutheho ya Filipi le na le molaetsa o kgothatsang, o ka re thusang hore re mamelle lebelong lena le isang bophelong bo sa feleng. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ke jwang re ka sebedisang keletso ya Pauluse.

^ par. 15 Ka ha motse wa Filipi o ne o le tlasa puso ya Roma, baahi ba wona ba ne ba thabela melemo e itseng. Ka hoo, Bakreste ba phutheho e Filipi ba ne utlwisisa hantle seo Pauluse a neng a se bolela.