Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Johanne Mokolobetsi Mohlala o ka re Thusang Hore re Dule re Thabile

Johanne Mokolobetsi Mohlala o ka re Thusang Hore re Dule re Thabile

NA ho na le mosebetsi oo o batlang ho o etsa ka phuthehong empa maemo ha a o dumelle? Mohlomong ke boikarabelo boo motho e mong a nang le bona, kapa mohlomong ke mosebetsi oo o kileng wa o etsa nakong e fetileng. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la ho tsofala, ho kula le boikarabelo ba lelapa, ha o kgone ho o etsa. E ka nna yaba Mokgatlo o ile wa etsa diphetoho tse ileng tsa etsa hore o tlohele kabelo eo o sebeditseng ho yona ka nako e telele. Ho sa tsotelle hore na lebaka ke lefe, o ka nna wa utlwa eka ha o etse se lekaneng tshebeletsong ya Jehova. Maemong a kang ana, ke ho utlwahalang hore ka dinako tse ding o ikutlwe o phoqehile. Ho ntse ho le jwalo, keng e ka o thusang ho re o se ke wa kwata kapa wa nyahama? Keng e ka o thusang hore o dule o thabile?

Mohlaleng wa Johanne Mokolobetsi, re ka ithuta hore na ke jwang re ka dulang re thabile. Johanne o ile a thabela dikabelo tse kgethehileng tshebeletsong ya Jehova. Le ha ho le jwalo, o ne a sa nahana hore dintho di ka fetoha. O ne a boetse a sa nahana hore o tla kwallwa nako e telele teronkong ho feta eo a e qetileng a le tshebeletsong. Ho sa tsotellehe maemo ana, o ile a tswelapele ho sebeletsa Jehova a thabile bophelo bohle ba hae. Ebe o ile a thuswa keng? Hona re ka thuswa keng hore re dule re thabile le ha re ka phoqeha?

KABELO E NENG E THABISA JOHANNE

Ka selemo sa 29, Johanne o ile a qala mosebetsi oo Jehova a neng a mo file wona wa ho bolella batho ka ho tla ha Mesia, o ne a re: “Bakang, ka ha Mmuso wa mahodimo o atametse.” (Mat. 3:⁠2; Luka 1:​12-17) Batho ba bangata ba ile ba mo mamela. Haele hantle, ho ile ha tla batho ba bangata ba tswang dibakeng tse hole mme ba ile ba mamela molaetsa wa hae, ba etsa diphetoho, qetellong ba kolobetswa. Hape Johanne o ile a bontsha sebete ha a bolella baetapele ba bodumedi ka kahlolo e neng e tla ba tlela haeba ba sa fetohe. (Mat. 3:​5-12) Hoo e ka bang dikgwedi tse 6 ka mora moo, o ile a etsa ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa tshebeletsong ya hae, e leng ho kolobetsa Jesu. Ho tloha ka nako eo, Johanne o ile a laela batho hore ba latele Jesu, e leng Mesia ya neng a tshepisitswe.​—⁠Joh. 1:​32-⁠37.

Jesu ha a bua ka karolo e ikgethang ya Johanne o ile a re: “Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho eso hlahiswe e moholo ho Johanne Mokolobetsi.” (Mat. 11:​11) Ha ho pelaelo hore Johanne o ne a thabela ditlhohonolofatso tseo Jehova a neng a mo fa tsona. Jwalo ka Johanne, le kajeno hona le bahlanka ba bangata ba Jehova ba fumanang ditlhohonolofatso tse kgolo. A re bue ka morabo rona Terry. Yena le mosadi wa hae Sandra, ba qetile dilemo tse ka hodimo ho 50 tshebeletsong ya nako e tletseng. Terry o re: “Ke bile le dikabelo tse ngata tse thabisang. Ke ile ka sebeletsa ke le pulamadiboho, ka sebeletsa Bethele, ka ba pulamadiboho e kgethehileng, molebedi wa potoloho, molebedi wa setereke mme hona jwale hape ke pulamadiboho e kgethehileng.” Re a thaba ha re fuwa dikabelo tshebeletsong ya Jehova empa re hloka ho etsa boiteko ba ho dula re thabile le ha maemo a rona a fetoha. Mohlala wa Johanne o tla re thusa ho bona hore na re ka etsa sena jwang.

KGOTSOFALLA KABELO EO JEHOVA A O FANG YONA

Ntho e neng e etsa hore Johanne Mokolobetsi a dule a thabile, ke hobane o ne a ananela dikabelo tseo Jehova a neng a mo file tsona. Nahana ka mohlala ona, ka mora hore Jesu a kolobetswe, balatedi ba hae ba ile ba ba bangata ho feta ba Johanne. Sena se ile sa tshwenya barutuwa ba Johanne mme ba ile ba re ho yena: “Bona, o a kolobetsa mme bohle ba ya ho yena.” (Joh. 3:26) Yaba Johanne o re: “Ya nang le monyaduwa ke monyadi. Le ha ho le jwalo, motswalle wa monyadi, ha a ema mme a mo utlwa, o ba le thabo e kgolo ka lebaka la lentswe la monyadi. Ka hona thabo ena ya ka e tlatsitswe.” (Joh. 3:29) Johanne ha a ka a ipapisa le Jesu, kapa a nka hore Jesu o mo nketse sebaka. Ho fapana le hoo, Johanne o ile a tswelapele a thabile hobane o ne a nka ho ba “motswalle wa monyadi” e le ha bohlokwa.

Tsela eo Johanne a neng a nahana ka yona, e ile ya mo thusa hore a dule a thabile ho sa tsotellehe hore na kabelo ya hae e ne e le boima hakae. Ka mohlala, ka tlhaho e ne e le Monazari mme o ne a sa lokela ho nwa veine. (Luka 1:15) Ha Jesu a bua ka bophelo bo bobebe ba Johanne, o ile a re: “Johanne o tlile a sa je a sa nwe.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phela bophelo bo tlwaelehileng, ka ha e ne e se Banazari. (Mat. 11:18, 19) Hape Johanne o ne a sa etse mehlolo empa o ne a tseba hore barutuwa ba Jesu ho akarelletsa le bao e neng e le ba hae, ba ne ba fuwe matla a ho etsa mehlolo. (Mat. 10:1; Joh. 10:41) Ho ena le hore a tshwenyehe ka phapang e teng pakeng tsa balatedi ba hae le ba Jesu, o ile a tjhesehela tshebeletso ya hae.

Le rona re ka dula re thabile haeba re nka kabelo eo re leng ho yona e le ya bohlokwa. Terry eo re buileng ka yena qalong, o re: “Ke ne ke ameha ka kabelo eo ke e fuweng ka nako eo.” Ha a sheba nako eo a e qetileng a le tshebeletsong ya nako e tletseng, o re: “Ha ke ikwahlaye ka letho empa ke hopola dinako tse thabisang tseo ke bileng le tsona.”

Re tla thaba le ho feta tshebeletsong haeba re hopola hore ntho e etsang hore dikabelo tsa rona ebe tsa bohlokwa, ke ho ba “basebetsimmoho le Modimo.” (1 Bakor. 3:9) Haeba o ena le ntho ya bohlokwa o lokela ho e hlokomela e le hore e dule e le ntle, ka tsela e tshwanang re ka dula re thabile dikabelong tsa rona haeba re hopola hore re sebetsa le Jehova. Ha re na ipapisa le batho ba bang, ebile re ke ke ra nka hore dikabelo tseo Jehova a ba fileng tsona ke tsa bohlokwa ho feta tsa rona.​—Bagal. 6:4.

AMEHA KA SEO JEHOVA A NKANG HORE KE SA BOHLOKWA

E ka nna yaba Johanne o ne a tseba hore tshebeletso ya hae ha e na nka nako e telele, empa o ne a sa nahana hore e tla fela ka ho panya ha leihlo. (Joh. 3:​30) Ka selemo sa 30, hoo e ka bang dikgwedi tse 6 ka mora hore a kolobetse Jesu, Morena Heroda o ile a mo isa teronkong. Ho ntse ho le jwalo, o ile a tswelapele ho fana ka bopaki. (Mar. 6:​17-20) Keng e ileng ya thusa Johanne hore a nne a tswelepele a thabile le hoja bophelo ba hae bo fetohile? O ne a dula a nahana ka seo Jehova a se nkang e le sa bohlokwa.

Ha Johanne a ntse a le teronkong, o ile a fumana tlaleho e buang ka dintho tseo Jesu a di etsang tshebeletsong. (Mat. 11:2; Luka 7:18) O ne a kgodisehile hore Jesu ke Mesia, empa o ne a ipotsa hore na o tla kgona ho phethahatsa dintho tsohle tseo Mangolo a itseng o tla di etsa. Ka ha o ne a tseba hore Mesia e ne e tla ba morena, e ka nna yaba o ile a ipotsa hore na o ne a tla busa haufinyane. O ile a boela a ipotsa hore na ebe Jesu o tla mo lokolla teronkong. Ka hoo Johanne o ne a batla ho tseba hore na keng seo Jesu a tla se etsa mme o ile a romela barutuwa ba hae hore ba botse Jesu, ba re: “Na o ya Tlang kapa re lokela ho lebella ya fapaneng?” (Luka 7:19) Ha ba kgutla, e tlameha e be Johanne o ile a mamela ka hloko ha ba mo bolella ka mehlolo eo Jesu a e entseng, ba re: “Ba foufetseng ba a bona, ba holofetseng ba a tsamaya, balepera ba ntse ba hlwekiswa mme ba sa utlweng ditsebeng ba a utlwa, bafu ba ntse ba tsoswa, mafutsana a ntse a bolellwa ditaba tse molemo.”​—Luka 7:20-22.

Ha ho pelaelo hore Johanne o ile a kgothatswa ke seo barutuwa ba hae ileng ba mo bolella sona. Sena se ne se netefatsa taba ya hore Jesu o phethahatsa boprofeta ba Mesia. Johanne o ne a tseba hore tshebeletso ya hae ke ya bohlokwa le hoja Jesu a sa ka a mo lokolla teronkong. Ho sa tsotellehe maemo a thata a neng a mo hlahela, o ne a ena le mabaka a mangata a ho thaba.

Ho ameha ka ditlaleho tse buang ka ho bolelwa ha ditaba tse molemo lefatsheng lohle, ho re thusa hore re dule re thabile

Le rona jwalo ka Johanne re lokela ho ameha ka ho sebeletsa Jehova, e leng se tla re thusa hore re mamelle ka thabo. (Bakol. 1:9-11) Re ka etsa sena ka ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona mme seo se tla re hopotsa hore tshebeletso ya rona ho Jehova ke ya bohlokwa. (1 Bakor. 15:​58) Sandra o re: “Ho bala kgaolo ya Bibele ka mehla ho nthusitse hore ke atamele haufi le Jehova. Ka hoo sena se etsa hore Jehova a tle pele bophelong ba ka.” Re ka boela ra nahana ka ditlaleho tse buang ka mosebetsi oo bara le baradibabo rona ba o etsetsang Jehova. Sena se tla re thusa hore re se ke ra nahana ka rona feela, empa le ka seo Jehova a re etsetsang sona. Sandra o boetse o re: “Lenaneo la kgwedi la JW Broadcasting® le re thusa hore re be haufi le mokgatlo wa Jehova le hore re dule re thabile dikabelong tsa rona.”

Nako e kgutshwane eo Johanne a e qetileng a paka o ne a etsa sena ka “moya le matla a Elia” mme jwalo ka Elia “e ne e le motho ya nang le maikutlo a jwalo ka a rona.” (Luka 1:​17; Jak. 5:​17) Ka ho tshwanang, ha re etsisa mohlala wa hae ka ho ananela le ho ameha ka ho sebeletsa Jehova, re tla dula re thabile ho sa tsotellehe hore na ho etsahalang bophelong ba rona.