Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32

Le Ratane Haholo

Le Ratane Haholo

“Sena ke seo ke tswelang pele ho se rapella, hore lerato la lona le ka ata ka ho eketsehileng.”​—BAFIL. 1:⁠9.

PINA YA 106 A re Beng le Lerato

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke bo mang ba thusitseng hore ho thehwe phutheho Filipi?

HA MOAPOSTOLA Pauluse, Silase, Luka le Timothea ba fihla Filipi e neng e le tlasa mmuso wa Roma, ba ile ba fumana batho ba neng ba thabela ho ithuta ka Modimo. Bahlanka bana ba Jehova ba tjhesehang, ba ile ba thusa hore ho be le phutheho sebakeng seo. Ho ka etsahala hore bara le baradibabo rona ba phutheho eo, ba ne ba kopanela ha Lydia ya neng a ena le kamohelo ya baeti.​—Lik. 16:⁠40.

2. Ha morao phutheho eo e ile ya tobana le mathata afe?

2 Ka mora nakwana, phutheho ena e sa tswa thehwa e ile ya tobana le mathata. Satane o ile a susumelletsa batho ba hloileng nnete hore ba lwantshe Pauluse le metswalle ya hae. Pauluse le Silase ba ile ba tshwarwa, ba otlwa ka melamu mme ba kenngwa teronkong. Ka mora hore ba lokollwe, ba ile ba etela phutheho ena e ntjha mme ba e kgothatsa. Yaba ba siya Luka moo mme ba tsamaya le Timothea. Keng seo phutheho eo e ileng ya se etsa? Jehova o ile a thusa phutheho ena ka moya o halalelang, e le hore e ka tswelapele ho mo sebeletsa ka tjheseho. (Bafil. 2:12) Pauluse o ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho rata phutheho ena.

3. Ho ya ka Bafilipi 1:9-11, keng seo Pauluse a ileng a se rapella?

3 Ka mora dilemo tse ka bang leshome, Pauluse o ile a ngolla phutheho ena lengolo. Ha o ntse o bala lengolo leo, o tla hlokomela ka moo Pauluse neng a rata Bakrestemmoho le yena ka teng. O ile a re: “Ke le [hlolohetswe] kaofela ka lerato le mofuthu le kang leo Kreste Jesu a nang le lona.” (Bafil. 1:⁠8) O ile a ba bolella hore o ne a ba rapella. O ile a kopa Jehova hore a ba thuse hore ba ratane haholo, ba nepisise dintho tsa bohlokwa haholo, ba hloke sekodi, ba qobe ho kgopisa ba bang le hore ba behe ditholwana tse lokileng. Le rona kajeno re ka rua molemo mantsweng ana a Pauluse. (Bala Bafilipi 1:9-11.) Ka hoo sehloohong sena, re tlo tshohla dintlha tseo a buileng ka tsona mme re bone hore na re ka di sebedisa jwang bophelong ba rona.

LERATO LA LONA LE HOLE

4. (a) Ho ya ka 1 Johanne 4:9, 10, Jehova o bontshitse jwang hore o a re rata? (b) Re lokela ho rata Jehova ha kae?

4 Jehova o ile a bontsha ka moo a re ratang ka teng, ha a ne a romela mora wa hae lefatsheng hore a tlo re shwela. (Bala 1 Johanne 4:9, 10.) Sena se re susumelletsa hore le rona re mo rate. (Bar. 5:8) Empa re lokela ho rata Modimo ha kae? Jesu o ile a arabela potso ena ha a ne a re ho Mofarisi: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle.” (Mat. 22:36, 37) Re batla ho rata Modimo ka dipelo tsohle tsa rona mme re batla hore ka mehla lerato lena le hole. Pauluse o ile a bolella phutheho e Filipi hore lerato la bona le lokela ho “ata ka ho eketsehileng.” Keng seo re lokelang ho se etsa hore re dule re rata Modimo?

5. Keng e ka etsang hore lerato la rona le hole?

5 Re lokela ho tseba Modimo e le hore re mo rate. Hobane Bibele e re: “Ya sa rateng ha a tsebe Modimo, hobane Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Moapostola Pauluse o ile a re lerato la rona le tla hola haeba re ena le “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng” ka Modimo. (Bafil. 1:9) Ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re ile ra rata Jehova le hoja re ne re sa tsebe dintho tse ngata ka yena. Yaba lerato leo le a hola ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka yena. Ke ka hona ho leng bohlokwa hore re bale Bibele ka mehla le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona.​—Bafil. 2:16.

6. Keng seo re ithutang sona ho 1 Johanne 4:​11, 20, 21 mabapi le ho rata ba bang?

6 Lerato leo Modimo a re ratang ka lona le re susumelletsa hore re rate Bakrestemmoho le rona. (Bala 1 Johanne 4:11, 20, 21.) Re ka nna ra nahana hore ho tla ba bonolo hore re rate bara le baradibabo rona. Lebaka ke hore re rapela Jehova mme re leka ka hohle ho mo etsisa. Hape re boetse re etsisa mohlala wa Jesu, ya ileng a re bontsha lerato ka hore a fane ka bophelo ba hae molemong wa rona. Empa ka dinako tse ding ho ka ba thata hore re mamele taelo e reng re ratane. Ela hloko se ileng sa etsahala phuthehong e Filipi.

7. Keng seo re ithutang sona keletsong eo Pauluse a ileng a efa Evodia le Syntike?

7 Evodia le Syntike ba ne ba sebetsa ka tjheseho le moapostola Pauluse. Le ha ho le jwalo ba ile ba kgaotsa ho ba metswalle, mohlomong ka lebaka la ho qabana. Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho eo baradi bana babo rona ba neng ba kopanela ho yona, o ile a ba bitsa ka mabitso mme a ba eletsa hore “ba be le kelello e tshwanang.” (Bafil. 4:2, 3) Pauluse o ile a bona ho le molemo hore a fe phutheho yohle keletso ena e reng: “Le nne le etse dintho tsohle le sa korotle mme le se na dikgang.” (Bafil. 2:14) Ha ho pelaelo hore keletso ena ha e a ka ya thusa baradi bana babo rona feela empa e ile ya thusa phutheho yohle hore e tswelepele ho bontshana lerato.

Ke hobaneng ha re lokela ho sheba dintho tse ntle tseo bara le baradibabo rona ba di etsang? (Sheba serapa sa 8) *

8. Keng e etsang hore ho be thata hore re rate Bakrestemmoho le rona, hona re ka thuswa keng?

8 Ka dinako tse ding ho ka ba thata hore re rate Bakrestemmoho le rona haeba jwalo ka Evodia le Syntike, re sheba diphoso tsa bona. Hopola hore kaofela ha rona re etsa diphoso. Jwale haeba re sheba diphoso tsa batho ba bang, ho tla ba thata hore re ba rate. Ka mohlala, re ka teneha haeba Mokrestemmoho a lebala ho re thusa ho hlwekisa Holo ya Mmuso. Ka hoo, ha re dula re nahana ka diphoso tsa hae, re ka teneha le ho feta mme lerato la rona le ka fola. Ha o iphumana o le boemong bona, hopola hore Jehova o tseba diphoso tsa hao le tsa moreno. Le ha ho le jwalo, o le rata kaofela. Ka lebaka leo, re lokela ho etsisa Jehova ka ho re re rate bara le baradibabo rona mme re shebe dintho tse ntle tseo ba di etsang. Haeba re etsa ka hohle hore re rate Bakrestemmoho le rona, seo se tla etsa hore re momahane.​—Bafil. 2:1, 2.

“DINTHO TSA BOHLOKWA HAHOLO”

9. “Dintho tsa bohlokwa haholo” tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona ho Bakreste ba Filipi ke dife?

9 Jehova o ile a laela Pauluse hore a bolelle Bakreste ba phutheho e Filipi hore ba lokela ho “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.” (Bafil. 1:10) Dintho tsena tsa bohlokwa di akarelletsa ho bontsha hore re hlompha lebitso la Jehova, ho phethahala ha ditshepiso tsa hae le ho ba le kgotso le bonngwe ka phuthehong. (Mat. 6:9, 10; Joh. 13:35) Ka hona, re tla be re bontsha hore re rata Jehova haeba re nka dintho tsena e le tsa bohlokwa bophelong ba rona.

10. Re lokela ho etsang hore re hloke sekodi?

10 Pauluse o ile a re re “hloke sekodi.” Sena ha se bolele hore re lokela ho phethahala. Ke nnete hore re ke ke ra phethahala jwalo ka Jehova. Le ha ho le jwalo, Jehova o tla re nka re sena sekodi haeba re leka ka hohle ho rata ba bang le ho nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo. Tsela e nngwe e ka bontshang hore re rata Bakrestemmoho le rona, ke ka ho qoba ho ba kgopisa.

11. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho kgopisa batho ba bang?

11 Keletso e reng re qobe ho kgopisa ba bang e tebile. Empa ke dintho dife tse ka kgopisang ba bang? Batho ba bang ba ka kgopiswa ke boithabiso le mosebetsi oo re o kgethang kapa tsela eo re aparang ka yona. Mohlomong ha re etse dintho tseo Jehova a di hloileng. Empa haeba diqeto tseo re di etsang di kgopisa ba bang, seo se tebile. Jesu o itse ho ne ho ka ba molemo haholo hore lelwala le leketliswe melaleng ya rona mme re lahlelwe ka lewatleng, ho e na le hore re kgopise balatedi ba hae.​—Mat. 18:6.

12. Re ithutang ho se ileng sa etsahalla banyalani ba bang ba bopulamadiboho?

12 Hlokomela ka moo banyalani ba bang ba bopulamadiboho ba ileng ba nka keletso ya Jesu ka ho teba ka teng. Ba ne ba le phuthehong e le nngwe le banyalani ba sa tswa kolobetswa. Ha banyalani bana e sa ntse e le bana, ba ne ba thibelwa ho etsa dintho tse ngata hoo ba neng ba nka hore Bakreste ha ba a lokela ho shebella dimuvi le ha e le dife. Ka hoo, ba ile ba kgopiseha haholo ha ba fumana hore bopulamadiboho bao, ba kile ba shebella muvi. Ka lebaka leo, bopulamadiboho bana ba ile ba tlohela ho ya dimuving ho fihlela ha banyalani bana ba batjha ba se ba kgona ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:14) Ka ho etsa sena, banyalani bana ba bopulamadiboho, ba ile ba bontsha ka diketso hore ba rata banyalani bana ba batjha.​—Bar. 14:19-21; 1 Joh. 3:18.

13. Ke jwang re ka iphumanang re susumelleditse motho e mong hore a etse sebe?

13 Tsela e nngwe eo re ka kgopisang ba bang ka yona, ke ka ho ba susumelletsa hore ba etse sebe. Empa seo se ka etsahala jwang? Nahana ka mohlala o latelang. Motho e mong ya ntseng a ithuta Bibele, o ile a sebetsa ka thata hore a kgaotse hoba lekgoba la jwala mme o ile a hlokomela hore o lokela ho bo qoba ka ho felletseng. Ha morao o etsa diphetoho tse hlokehang mme qetellong o a kolobetswa. Ka letsatsi le leng o mengwa mmokeng mme morabo rona e mong o mo fa jwala, e be o re ho yena: “O se o le Mokreste jwale, ka hoo o na le moya wa Jehova. O tla o thusa hore o be le boitshwaro. Haeba o na le boitshwaro o tla kgona ho nwa jwala bo lekaneng.” Re se re ka inahanela feela hore na ditlamorao e ne e tla ba dife hoja morabo rona a ka mamela keletso eo e fosahetseng.

14. Diboka di re thusa jwang hore re sebedise dikeletso tse hlahang ho Bafilipi 1:10?

14 Diboka di re thusa ka ditsela tse ngata hore re sebedise dikeletso tse hlahang ho Bafilipi 1:​10. Ntlha ya pele, seo re ithutang sona dibokeng se re bontsha hore tsela eo Jehova a nahanang ka yona e molemo. Ntlha ya bobedi ke hore re ithuta ho sebedisa seo re se balang e le hore re hloke sekodi. Ntlha ya boraro ke hore re susumelletseha “leratong le mesebetsing e metle.” (Baheb. 10:24, 25) Ha Bakrestemmoho le rona ba re kgothatsa, re susumelletseha ho rata Modimo le bara le baradibabo rona le ho feta. Ka hona, ha re rata Modimo le Bakrestemmoho e le ka nnete, re tla etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra ba kgopisa.

LE NNE LE ‘TLALE DITHOLWANA TSE LOKILENG’

15. Ho “tlala ditholwana tse lokileng” ho bolelang?

15 Pauluse o ile a rapella Bakreste ba phutheho e Filipi hore ba ‘tlale ditholwana tse lokileng.’ (Bafil. 1:11) Ha ho pelaelo hore “ditholwana tse lokileng” di ne di akarelletsa ho rata Jehova le Bakrestemmoho le ho bua le batho ba bang ka tshepo le ka tumelo ya bona. Lengolo la Bafilipi 2:15 le sebedisa polelo e reng “kganyang le le masedi lefatsheng.” Sena se a utlwahala hobane Jesu o bitsa balatedi ba hae “lesedi la lefatshe.” (Mat. 5:14-16) Hape o laetse balatedi ba hae hore ba “etse . . . barutuwa” mme a re e tla ba “dipaki . . . ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Mat. 28:18-20; Lik. 1:8) Haeba re sebetsa ka thata ho bolela ditaba tse molemo, re tla beha “ditholwana tse lokileng.”

Ha Pauluse a ne a le ntlong ya botshwaruwa Roma, o ne a bolela ditaba tse molemo ho batho ba neng ba mo etela le ho balebedi ba teronko (Sheba serapa sa 16)

16. Bafilipi 1:12-14, e bontsha jwang hore re ka kganya jwalo ka masedi le hoja re ena le mathata? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

16 Ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ona, re ka kganya jwalo ka masedi. Ka dinako tse ding dintho tse bonahalang eka di re thibela ho bolela ditaba tse molemo, o ka fumana hore ha e le hantle di re fa monyetla wa ho paka. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a le ntlong ya botshwaruwa Roma ha a ne a ngolla phutheho e Filipi lengolo. Empa seo ha se a ka sa mo thibela ho bolela ditaba tse molemo ho batho ba neng ba mo etela le ho balebedi ba teronko. Pauluse o ile a tjhesehela mosebetsi wa boboledi le tlasa maemo ana mme seo se ile sa fa Bakrestemmoho le yena sebete sa hore ba “bolele lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.”​—Bala Bafilipi 1:12-14; 4:22.

Dula o batla ditsela tsa ho bolella batho ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 17) *

17. Fana ka mohlala wa ka moo bara le baradibabo rona ba ileng ba bolela ditaba tse molemo le tlasa maemo a thata.

17 Bara le baradibabo rona ba bangata, ba bontsha sebete jwalo ka Pauluse. Le hoja ba dula dinaheng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona kapa ba sa kgone ho paka ka ntlo le ntlo, ba batla ditsela tse ding tsa ho bolela ditaba tse molemo. (Mat. 10:16-20) Naheng e nngwe, molebedi wa potoloho o ile a kgothalletsa bahweletsi hore ba bolele ditaba tse molemo ho basebetsimmoho, baithutimmoho, ba lelapa, baahisani le ho batho bao ba ba tlwaetseng. Le pele dilemo tse pedi di fela, ho ile ha eba le diphutheho tse eketsehileng naheng eo. Mohlomong rona ha re dule naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho yona. Le ha ho le jwalo, re ka ithuta ho hoholo ho bara le baradi bana babo rona hore haeba re etsa sohle seo re ka kgona ho bolella batho ditaba tse molemo, Jehova o tla re fa matla a ho tswelapele mosebetsing ona le ha re tobana le mathata.​—Bafil. 2:13.

18. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

18 Hona jwale ho feta le ha e le neng pele, re lokela ho ikemisetsa ho sebedisa keletso eo Pauluse a ileng a e fa phutheho e Filipi. E se e ka re ka nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo, ra hloka sekodi, ra qoba ho kgopisa ba bang mme ra beha ditholwana tse lokileng. Ka ho etsa jwalo, re tla ratana haholo mme re tlise thoriso ho Ntate wa rona ya lerato Jehova.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

^ par. 5 Hona jwale, re lokela ho ratana haholo ho feta le ha e le neng pele. Lengolo le ileng la ngollwa phutheho e Filipi, le re ruta hore na ke jwang re ka bontshanang lerato le ha re tobana le mathata.

^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ha ho ntse ho hlwekiswa Holo ya Mmuso, morabo rona Joe o tlohella ho sebetsa mme o bua le morabo rona e mong ya emeng le mora wa hae. Sena se tena Mike, ka ha o lebelletse ho bona Joe a sebetsa eseng a qoqa. Ha morao Mike o bona Joe a thusa moradiwabo rona ya tsofetseng. Sena se etsa hore Mike a nahane ka dintho tse ntle tseo Joe a di etsang.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Naheng eo Dipaki di sa kgoneng ho bolela ditaba tse molemo ho yona, morabo rona o bolella motho eo a mo tsebang ditaba tse molemo ntle le hore batho ba bang ba hlokomele. Ha morao, ha a nkile kgefu mosebetsing, o pakela mosebetsimmoho le yena.