Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31

Na o Emetse “Motse o Nang le Metheo ya Sebele”?

Na o Emetse “Motse o Nang le Metheo ya Sebele”?

“O ne a letetse motse o nang le metheo ya sebele, motse oo sehahi le moetsi wa ona e leng Modimo.”​—BAHEB. 11:10.

PINA YA 22 Mmuso o Hlonngw​e—Ha o ke o Tle!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke dintho dife tseo bahlanka ba bangata ba Jehova ba di tetseng, hona hobaneng?

KAJENO bahlanka ba Modimo ba dimilione ba tetse dintho tse ngata. Bara le baradibabo rona ba bangata ba kgethile hore ba se ke ba kena lenyalong. Banyalani ba bang ba kgethile hore ba se ke ba ba le bana. Malapa a mang a kgotsofalletse dintho tseo a nang le tsona. Kaofela ba entse diqeto tsena e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang. Ba kgotsofetse mme ba tshepile hore Jehova o tla ba fa dintho tsohle tseo ba neng ba di hloka. Na ba tla ikwahlaya? Tjhe! Ke hobaneng ha re ka kgodiseha ka seo? Hobane nakong e fetileng Jehova o ile a fa bahlanka ba hae dintho tsohle tseo ba di hlokang. Ka mohlala, o ile a hlohonolofatsa Abrahama “ntata bohle ba nang le tumelo.”​—Bar. 4:11.

2. (a) Ho ya ka Baheberu 11:8-10, 16, ke hobaneng ha Abrahama a ile a ithaopela ho tloha Ure? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

2 Abrahama o ile a ithaopela ho tloha Ure moo a neng a phela ha monate. Hobaneng? Hobane o ne a emetse “motse o nang le metheo ya sebele.” (Bala Baheberu 11:8-10, 16.) “Motse” oo ke ofe? Ke mathata afe ao Abrahama a ileng a ba le ona ha a ntse a emetse hore motse oo o hahuwe? Hona ke jwang re ka tshwanang le Abrahama le bahlanka ba bang ba Jehova ba mehleng ee ba ileng ba latela mohlala wa hae?

“MOTSE O NANG LE METHEO YA SEBELE” KE OFE?

3. Motse oo Abrahama a neng a o emetse ke ofe?

3 Motse oo Abrahama a neng a o emetse ke Mmuso wa Modimo. Mmusong oo ho tla busa Jesu Kreste le batlotsuwa ba bang ba Bakreste ba 144 000. Pauluse o bitsa Mmuso oo “motse wa Modimo ya phelang, Jerusalema ya lehodimo.” (Baheb. 12:22; Tšen. 5:8-10; 14:1) Jesu o ile a ruta barutuwa ba hae hore ba rapelle Mmuso ona hore o tle e le hore thato ya Modimo e ka etsahala lefatsheng jwalo ka ha e etsahala lehodimong.​—Mat. 6:10.

4. Ho ya ka Genese 17:1, 2, 6, Abrahama o ne a tseba hakae ka motse kapa Mmuso oo Modimo a o tshepisitseng?

4 Na Abrahama o ne a tseba hore na Mmuso wa Modimo o tla hlophiswa ka tsela efe? O ne a sa tsebe. Hobane taba eo e ile ya ba “sephiri se halalelang” ka nako e telele. (Baef. 1:8-10; Bakol. 1:26, 27) Empa Abrahama o ne a tseba hore ba bang ba bana ba hae e tla ba marena, ka ha Jehova o ne a mo tshepisitse seo. (Bala Genese 17:1, 2, 6.) Abrahama o ne a na le tumelo e matla ditshepisong tsa Modimo mme e ne e ka o bona Mesia eo e neng e tla ba Morena Mmusong wa Modimo. Ke ka hoo Jesu a ileng a bolella Bajuda ba mehleng ya hae a re: “Ntata lona Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ya ho bona letsatsi la ka, mme o ile a le bona mme a thaba.” (Joh. 8:56) Ho hlakile hore Abrahama o ne a tseba hore ba bang ba bana ba hae e tla ba karolo ya Mmuso oo Jehova a tla o theha mme o ne a ikemiseditse ho emela Jehova hore a phethahatse tshepiso eo.

Abrahama o ile a bontsha jwang hore o na le tumelo ditshepisong tsa Jehova? (Sheba serapa sa 5)

5. Re tseba jwang hore Abrahama o ne a emetse motse wa Modimo?

5 Abrahama o ile a bontsha jwang hore o emetse motse kapa Mmuso wa Modimo? Ntlha ya pele, ha a a ka a ikamahanya le mebuso ya lefatshe. O ne a se na ha hae mme a dula dibakeng tse ngata ebile a sa tshehetse morena le ha e le ofe. Ho feta moo, ha a a ka a leka ho iketsetsa mmuso wa hae. Ho e na le hoo, o ile a dula a mamela Jehova le ho mo emela hore a phethahatse tshepiso ya hae. Abrahama o ile a etsa sena hobane o ne a na le tumelo e matla ho Jehova. A re ke re bueng ka a mang a mathata ao a ileng a ba le ona hape re bone hore na keng seo re ka ithutang sona mohlaleng wa hae.

ABRAHAMA O ILE A BA LE MATHATA AFE?

6. Ure e ne e le motse o jwang?

6 Abrahama o ile a tloha Ure moo a neng a phela ha monate ebile e le sebaka se sireletsehileng. Batho ba moo ba ne ba rutehile ebile ba ruile. Ure e ne e sireleditswe ke lebota le leholo ebile e potolohilwe ke metsi ka mahlakoreng a mararo. Batho ba Ure ba ne ba tseba dipalo le ho ngola. Hape ho ile ha fumanwa bopaki ba hore Ure e ne e na le dikgwebo tse ngata. Matlo a teng a ne a hahilwe ka setene, a plastaruwe ka samente a bile a pentuwe ka pente e tshweu. A mang a matlo ao a ne a na le dikamore tse 13 kapa tse 14 mme a na le lebala le entsweng ka majwe.

7. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a ka tshepa hore Jehova o tla mo sireletsa ha mmoho le lelapa la hae?

7 Abrahama o ne a tlamehile ho tshepa hore Jehova o tla mo sireletsa le lelapa la hae. Hobaneng? Hopola hore Abrahama le Sara ba tlohile Ure ntlong ya bona e neng e sireletsehile yaba ba dula ditenteng Kanana. Ba ne ba se ba sa sireletswa ke mabota a maholo le metsi a ba potolohileng. Ha e le hantle ho ne ho ka ba bonolo hore dira di ba hlasele.

8. Keng e ileng ya etsahalla Abrahama?

8 Abrahama o ile a etsa thato ya Modimo, ho ntse ho le jwalo ho na le nako eo ka yona ho neng ho le thata hore a hlokomele lelapa la hae. Ho ile ha ba le tlala e kgolo naheng eo Jehova a neng a itse a ye ho yona. Boemo bo ne bo le bobe haholo hoo Abrahama a ileng a etsa qeto ya hore ba ilo dula Egepeta ka nakwana. Le ha ho le jwalo ha ba fihla Egepeta, Faro eo e neng e le mmusi wa naha eo o ile a nka mosadi wa hae. Nahana ka moo Abrahama a ileng a tshwenyeha ka teng ho fihlela Jehova a etsa hore Faro a kgutlisetse Sara ho yena.​—Gen. 12:10-19.

9. Lelapa la Abrahama le ne le na le mathata afe?

9 Lelapa la Abrahama le ne le boetse le na le mathata a mang. Mosadi wa hae e leng Sara, o ne a sa kgone ho ba le bana mme sena se ile sa ba utlwisa bohloko ka dilemo tse ngata. Qetellong, Sara o ile a fa Abrahama lekgabunyane la hae e leng Hagare e le hore a ka ba etsetsa bana. Empa ka mora hore Hagare a ime Ishmaele, o ile a qala ho nyatsa Sara. Boemo bo ile ba mpefala hoo Sara a ileng a leleka Hagare.​—Gen. 16:1-6.

10. Ke dintho dife tse ileng tsa etsahalla Ishmaele le Isaka tse neng di ka etsa ho be thata hore Abrahama a tshepe Jehova?

10 Qetellong Sara o ile a ima mme a tswalla Abrahama mora eo a ileng a mo reha Isaka. Abrahama o ne a rata Ishmaele le Isaka. Empa ka ha Ishmaele o ne a hlorisa Isaka, Abrahama o ile a qobelleha hore a tsamaise Hagare le mora wa hae. (Gen. 21:9-14) Dilemo ha morao, Jehova o ile a kopa hore Abrahama a etse sehlabelo ka Isaka. (Gen. 22:1, 2; Baheb. 11:17-19) Maemong ana ka bobedi, Abrahama o ne a tlamehile ho tshepa hore Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae mabapi le Ishmaele le Isaka.

11. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a lokela ho emela Jehova ka mamello?

11 Nakong ena yohle, Abrahama o ne a tlameha ho emela Jehova ka mamello. O ne a na le dilemo tse ka hodimo ho 70 ha ba ne ba tloha Ure. (Gen. 11:31–12:4) Le ha ho le jwalo, o phetse dilemo tse fetang 100 a dula ditenteng le ho dula dibakeng tse fapaneng naheng ya Kanana. Ka hoo Abrahama o hlokahetse a na le dilemo tse 175. (Gen. 25:7) Empa ha a a ka a bona ha Jehova a phethahatsa tshepiso ya hae ya hore o tla fa bana ba hae naha eo a neng a dula ho yona. Hape ha a a ka a phela nako e telele hore a bone ha Mmuso wa Modimo o thehwa. Ho ntse ho le jwalo, Bibele e bontsha hore Abrahama o ile a shwa “a tsofetse mme a kgotsofetse.” (Gen. 25:8) Ho sa tsotellehe mathata ao Abrahama a ileng a ba le ona, tumelo ya hae e ile ya dula e le matla mme o ne a ikemiseditse ho emela Jehova. Empa ke eng e ileng ya mo thusa hore a mamelle? O ile a thuswa ke hore Jehova o ile a dula a mo sireleditse ebile a mo nka e le motswalle wa hae.​—Gen. 15:1; Esa. 41:8; Jak. 2:22, 23.

Ke jwang bahlanka ba Modimo ba bontshang tumelo le mamello e tshwanang le ya Abrahama? (Sheba serapa sa 12) *

12. Keng seo re se emetseng, hona re tlo bua ka eng?

12 Jwalo ka Abrahama, re emetse motse o nang le metheo ya sebele. Le ha ho le jwalo, ha se hona re emetseng hore motse ona o hahuwe. Mmuso wa Modimo o ile wa thehwa ka 1914 mme o busa lehodimong. (Tšen. 12:7-10) Empa re emetse hore o tlo busa lefatsheng. Ka hoo ha re ntse re emetse hore seo se etsahale, re ka nna ra tlameha ho mamella mathata a tshwanang le ao Abrahama le Sara ba ileng ba a mamella. Empa na kajeno ho na le bahlanka ba Jehova ba kgonang ho etsisa mohlala wa Abrahama? Dipale tsa bophelo tse hlahang ho Tora ya ho Lebela di bontsha hore batho ba bangata ba na le tumelo le mamello jwalo ka Abrahama le Sara. A re ke re bueng ka tse ding tsa dipale tsena mme re bone hore na re ka ithutang ho tsona.

BATHO BA ILENG BA ETSISA MOHLALA WA ABRAHAMA

Bill Walden o ne a ikemiseditse ho tela dintho tse itseng mme Jehova o ile a mo hlohonolofatsa

13. Keng seo o ithutang sona mohlaleng wa morabo rona Walden?

13 Ikemisetse ho itela. Haeba re batla ho etelletsa Mmuso pele bophelong ba rona, re tlameha ho etsisa Abrahama mme re ikemisetse ho tela dintho tse itseng e le hore re thabise Modimo. (Mat. 6:33; Mar. 10:28-30) Nahana ka mohlala wa morabo rona ya bitswang Bill Walden. * Ka 1942, Bill o ile a qala ho ithuta le Dipaki Tsa Jehova mme o ne a tlo amohela lengolo la hae la enjiniering ya meaho yunivesithing ya United States. Moprofesa e mong o ile a lokisetsa hore Bill a fumane mosebetsi ka mora hore a amohele dikri empa Bill o ile a hana mosebetsi oo. O ile a mo hlalosetsa hore o batla ho sebeletsa Modimo ho e na le hore a amohele mosebetsi o patalang haholo. Nakwana ka mora moo, ba boholong pusong ba ile ba re Bill a ye sesoleng. Ka tlhompho o ile a hana mme ka lebaka leo a iswa teronkong ka dilemo tse hlano le ho patadiswa tjhelete e ngata. Bill o ile a lokollwa ka mora dilemo tse tharo. Ha morao o ile a memelwa Sekolong sa Gileade mme yaba moromuwa Africa. Bill o ile a nyala Eva mme ba sebetsa ha mmoho Africa, e leng se neng se bolela hore ba lokela ho tela dintho tse itseng. Ka mora dilemo tse mmalwa ba ile ba kgutlela United States e le hore ba ilo hlokomela Mme wa Bill. Ha Bill a kgutsufatsa pale ya bophelo ba hae o re: “Ke thabile haholo ebile ke ananela monyetla oo ke o fumaneng wa hore ke sebeletse Jehova ka dilemo tse fetang tse 70. Hangata ke leboha Jehova hore o ile a nthusa hore ke mo sebeletse.” Na o ka kgona ho etsa tshebeletso ya nako e tletseng mosebetsi wa hao?

Eleni le Aristotelis Apostolidis ba ile ba bona hore Jehova o a ba matlafatsa

14, 15. Keng seo re ithutang sona mohlaleng wa mora le moradiwabo rona Apostolidis?

14 O se ke wa lebella hore ha o na ba le mathata. Mohlaleng wa Abrahama re ithutile hore batho ba iteletseng ho sebeletsa Jehova ba ba le mathata. (Jak. 1:2; 1 Pet. 5:9) Sena ke sona se ileng sa etsahalla Aristotelis Apostolidis. * O ile a kolobetswa Greece ka 1946 mme ka 1952 a tshepisa moradiwabo rona Eleni hore o tla mo nyala mme ka bobedi ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Le ha ho le jwalo Eleni o ile a kula mme ha fumanwa hore o na le hlahala bokong. Hlahala eo e ile ya tloswa empa dilemo tse mmalwa ka mora hore ba nyalane e ile ya kgutla hape. Dingaka di ile tsa boela tsa tlosa hlahala eo empa karolo e itseng ya mmele wa Eleni e ile ya holofala mme o ne a se a sa kgone ho bua hantle. Eleni o ile a tswela pele a le mafolofolo tshebeletsong ya hae ho sa tsotellehe ho kula kapa ho hloriswa ke mmuso ka nako eo.

15 Aristotelis o ile a hlokomela mohatsae ka dilemo tse 30. Ka nako eo e ne e le moholo, a sebetsa dikomiting tsa dikopano ebile o ile a thusa ha ho hahwa Holo ya Kopano. Ka 1987 Eleni o ile a hlahelwa ke kotsi ha a ntse a ruta batho Bibele. O ile a phela ka motjhine ka dilemo tse tharo mme ka mora moo a hlokahala. Ha Aristotelis a hlalosa ka moo dintho tsena di ileng tsa mo ama ka teng o re: “Dilemo tsena kaofela ke ile ka ba le mathata a mangata mme a mang a ona ke ne ke sa a lebella. Ka hoo ke ne ke hloka ho ikemisetsa ho mamella le ho se dumelle letho hore e nnyahamise. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a dula a mpha matla ao ke a hlokang e le hore ke mamelle mathata ana.” (Pes. 94:18, 19) Ka hoo Jehova o dula a rata bahlanka bohle ba hae ba ikemiseditseng ho etsa sohle seo re ka se kgonang le hoja ba na le mathata.

Audrey Hyde o ile a dula a nahanne ka bokamoso

16. Ke keletso efe eo Morabo rona Knorr a ileng a efa mosadi wa hae?

16 Dula o nahana ka bokamoso. Ka ha Abrahama o ne a nahana ka moputso oo Jehova a tla mo fa ona, seo se mo thusitse hore a mamelle mathata. Moradiwabo rona Audrey Hyde o ile a dula a nahanne ka tshepo eo a nang le yona ka bokamoso le hoja monna wa hae wa pele e leng Nathan H. Knorr a ile a hlokahala ka lebaka la kankere mme monna wa hae wa bobedi e leng Glenn Hyde a ile a tshwarwa ke bolwetse ba ho lebala bo bitswang Alzheimer. * O re o ile a thuswa ke seo Morabo rona Knorr a ileng a mo bolella sona dibeke tse mmalwa pele a hlokahala. O re: “Nathan o ile a nkgopotsa a re: ‘Ka mora lefu re ba le tshepo e matla mme ha re sa tla hlola re utlwa bohloko hape.’ Yaba o tswela pele hore ‘nahana ka bokamoso etswe ke hona moo moputso wa hao o leng teng. . . . Ameha ka ho thusa batho ba bang mme seo se tla o tlisetsa thabo.’” Ena ke keletso e molemo ya hore re amehe ka ho thusa batho ba bang le hore re ‘thabe tshepong.’​—Bar. 12:12.

17. (a) Ke hobaneng ha hona jwale re na le lebaka la ho nahana ka bokamoso? (b) Ke jwang lengolo la Mikea 7:7 le ka re thusang hore re thabele ditlhohonolofatso tsa nakong e tlang?

17 Kajeno re na le mabaka a mangata a ho nahana ka bokamoso. Dintho tse etsahalang lefatsheng hona jwale di bontsha ka ho hlaka hore re phela qetellong ya matsatsi a ho qetela. Haufinyana ha re sa tla emela hore Mmuso wa Modimo o buse lefatsheng ka ha o tla be o se o ntse o busa. E nngwe ya dintho tseo re tla di thabela ke ho bona ha baratuwa ba rona ba tsoswa bafung. Ka nako eo, Jehova o tla hlohonolofatsa Abrahama ka lebaka la tumelo le mamello eo a ileng a e bontsha ka hore a mo tsose bafung ha mmoho le lelapa la hae. Na o tla be o le teng hore o ba amohele? O tla ba teng haeba jwalo ka Abrahama o ikemiseditse ho itela bakeng sa Mmuso wa Modimo, o dula o na le tumelo ho sa tsotellehe mathata ebile o ithuta ho ba le mamello ha o ntse o emetse hore Jehova a phethahatse ditshepiso tsa hae.​—Bala Mikea 7:7.

PINA YA 74 Binang Pina ya Mmuso!

^ par. 5 Re ka nna ra fellwa ke mamello kapa ra fokollwa ke tumelo ha re ntse re emetse hore Modimo a phethahatse ditshepiso tsa hae. Ke dintho dife tseo re ka ithutang tsona ho Abrahama tse ka matlafatsang tumelo ya rona le ho re thusa hore re emele Jehova ka mamello hore a phethahatse ditshepiso tsa hae? Hona ke mehlala efe e metle eo bahlanka ba bang ba Jehova ba re behetseng yona?

^ par. 13 Pale ya bophelo ya morabo rona Walden e hlaha ho Molula-Qhooa wa December 1, 2013 leq. 8-10.

^ par. 14 Pale ya bophelo ya morabo rona Apostolidis e hlaha ho Molula-Qhooa wa February 1, 2002 leq. 24-28.

^ par. 16 Pale ya bophelo ya moradiwabo rona Hyde e hlaha ho Molula-Qhooa wa July 1, 2004 leq. 23-29.

^ par. 56 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Banyalani ba seng ba hodile ba tswela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata. Ba tswela pele ho matlafatsa tumelo ya bona ka hore ba nahane ka ditshepiso tseo Jehova a reng o tla di phethahatsa nakong e tlang.