Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34

O Motho wa Bohlokwa ka Phuthehong ya Jehova

O Motho wa Bohlokwa ka Phuthehong ya Jehova

“Feela jwalo ka ha mmele o le mong empa o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele oo, le hoja di le ngata, e le mmele o le mong, le Kreste o jwalo.”​—1 BAKOR. 12:12.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Re thabela ho ba le monyetla ofe?

RE THABELA monyetla wa ho ba karolo ya phutheho ya Jehova. Re a thaba ebile re ba le kgotso ha re sebeletsa Jehova le bara le baradibabo rona. Empa o na le mosebetsi ofe ka phuthehong?

2. Ke papiso efe eo moapostola Pauluse a ileng a e sebedisa mangolong a mmalwa ao a ileng a a ngola?

2 Re ka ithuta ho eketsehileng ka mosebetsi oo re nang le ona ka phuthehong papisong e hlahang mangolong a mmalwa ao moapostola Pauluse a ileng a a ngola. Lengolong le leng le le leng ho ao Pauluse a ileng a a ngola o ile a bapisa phutheho le mmele wa motho. O ile a boela a bapisa motho e mong le e mong ka phuthehong le ditho tsa mmele.​—Bar. 12:4-8; 1 Bakor. 12:12-27; Baef. 4:16.

3. Ke dintho dife tse tharo tseo re tlo bua ka tsona sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona papisong eo Pauluse a ileng a e etsa. Ya pele, re tla ithuta hore e mong le e mong wa rona o na le mosebetsi * o itseng ka phuthehong ya Jehova. Ya bobedi, re tlo bona hore na keng seo re lokelang ho se etsa haeba re utlwa ho le thata ho utlwisisa hore na mosebetsi oo ke ofe. Ya boraro, re tla bua ka hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re dule re etsa mosebetsi oo Modimo a re fileng ona ka phuthehong.

E MONG LE E MONG WA RONA HO NA LE NTHO EO A KA E ETSANG KA PHUTHEHONG

4. Ke eng seo re ithutang sona ho Baroma 12:4, 5?

4 Ntho ya pele eo re ithutang yona papisong ya Pauluse ke hore e mong le e mong wa rona o na le mosebetsi oo a ka o etsang lelapeng la Jehova. Pauluse o qala papiso ya hae ka ho re: “Feela jwalo ka ha mmeleng o le mong re ena le ditho tse ngata, empa e se ditho tsohle tse nang le mosebetsi o tshwanang, ka hoo rona, le hoja re le bangata, re mmele o le mong bonngweng le Kreste, empa ka bomong re ditho tsa tse ding.” (Bar. 12:4, 5) Pauluse o ne a bolelang? O ne a bolela hore le hoja re na le mesebetsi e fapaneng ka phuthehong empa kaofela re ba bohlokwa.

Re na le mesebetsi e fapaneng eo re e etsang ka phuthehong empa e mong le e mong wa rona ke wa bohlokwa (Sheba serapa sa 5-12) *

5. Ke eng seo Jehova a se fileng phutheho?

5 Ha o nahana ka batho ba nang le mosebetsi ka phuthehong e ka nna yaba o nahana ka ba re etellang pele. (1 Bathes. 5:12; Baheb. 13:17) Ke nnete hore ka Kreste, Jehova o fane ka “dimpho [tseo e leng] banna” ka phuthehong. (Baef. 4:8) “Dimpho [tsena tseo e leng] banna” di akarelletsa ditho tsa Sehlopha se Busang, Bathusi ba Sehlopha se Busang, Ditho tsa Komiti ya Lekala, balebedi ba potoloho, barupedi ba dikolo tsa Bibele, baholo ka phuthehong le bahlanka ba sebeletsang. Bara bana babo rona ba kgethilwe ka moya o halalelang hore ba hlokomele dinku tsa Jehova le ho di matlafatsa.​—1 Pet. 5:2, 3.

6. Ho ya ka 1 Bathesalonika 2:6-8, ke eng seo barababo rona ba kgethilweng ka moya o halalelang ba ikemiseditseng ho se etsa?

6 Barababo rona ba kgethwa ka moya o halalelang hore ba etse mesebetsi e fapaneng ka phuthehong. Jwalo ka ha ditho tse fapaneng tsa mmele tse kang maoto le matsoho di sebedisana e le hore mmele ohle o rue molemo, barababo rona ba kgethilweng ba sebetsa ka thata e le hore phutheho e rue molemo. Ha ba leke ho ipatlela thoriso. Ho e na le hoo ba leka ho matlafatsa bara le baradibabo bona. (Bala 1 Bathesalonika 2:6-8.) Re leboha Jehova ka bara bana babo rona ba behang dithahasello tsa rona pele ho tsa bona.

7. Ke eng seo bahlanka ba Jehova ba bangata ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba se thabelang?

7 Ba bang ka phuthehong ba ka nna ba kgethwa hore e be baromuwa, bopulamadiboho ba kgethehileng kapa ba ka mehla. Haele hantle bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba entse qeto ya hore mosebetsi wa bona wa letsatsi le letsatsi ebe ho ruta batho Bibele. Ka ha ba entse qeto ena ba thusitse batho ba bangata hore ebe barutuwa ba Jesu Kreste. Le hoja bongata ba bara le baradi bana babo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba se na tjhelete kapa dintho tse itseng, Jehova o a ba hlohonolofatsa. (Mar. 10:29, 30) Re rata bara le baradi bana babo rona mme re thabela hore ebe ke karolo ya phutheho ya rona.

8. Ke hobaneng ha mohweletsi e mong le e mong e le wa bohlokwa ho Jehova?

8 Na barababo rona ba kgethilweng le ba tshebeletsong ya nako e tletseng ke bona feela ba nang le mosebetsi ka phuthehong? Ha ho jwalo. Mohweletsi e mong le e mong ke wa bohlokwa ka phuthehong le ho Modimo. (Bar. 10:15; 1 Bakor. 3:6-9) Haele hantle o mong wa mosebetsi wa bohlokwa ka phuthehong ke ho etsa barutuwa ba Morena wa rona Jesu Kreste. (Mat. 28:19, 20; 1 Tim. 2:4) Bohle ba etsang mosebetsi ona e bang ba kolobeditswe kapa ha ba a kolobetswa ba leka ho etsa hore mosebetsi ona ebe wa bohlokwa bophelong ba bona.​—Mat. 24:14.

9. Ke hobaneng ha re nka baradibabo rona e le ba bohlokwa?

9 Jehova o bontsha hore o hlompha baradibabo rona ka hore a bafe mosebetsi wa bohlokwa ka phuthehong. O nka basadi, bomme, bahlolohadi le baradibabo rona ba masoha ba mo sebeletsang ka botshepehi e le ba bohlokwa. Bibele e bua ka basadi ba bangata ba ileng ba thabisa Modimo. Eba hlalosa ba behile mohlala o motle wa ho ba le tumelo, bohlale, mafolofolo, sebete, ho fana le mesebetsi e metle. (Luka 8:2, 3; Lik. 16:14, 15; Bar. 16:3, 6; Bafil. 4:3; Baheb. 11:11, 31, 35) Re leboha Jehova hore ebe re na le baradibabo rona ba nang le makgabane a tshwanang le ao.

10. Ke hobaneng ha bara le baradibabo babo rona ba hodileng e le ba bohlokwa?

10 Re a thaba hore ebe ho na le bara le barababo rona ba seng ba hodile ka phuthehong. Ba bang ba sebeleditse Jehova ka botshepehi bophelo bohle ba bona. E ka nna yaba ba bang ba bara le baradibabo rona ba seng ba hodile ba sa tswa ithuta Bibele. Ho sa tsotellehe seo ba a kula ka lebaka la botsofadi. Mathata a kang ana a ka ba sitisa ho etsa mesebetsi e meng ka phuthehong le ho bolela ditaba tse molemo. Le ha ho le jwalo bara le baradi bana babo rona ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho bolella batho ditaba tse molemo, ho kgothatsa le ho kwetlisa batho ba bang. Ka hoo re ithuta dintho tse ngata ho bona mme ke ba bohlokwa ho rona le ho Jehova.​—Liprov. 16:31.

11, 12. Bara le baradibabo rona ba batjha ba o kgothaditse jwang?

11 Nahana ka bara le baradibabo rona ba batjha. Ba ba le mathata a mangata ka ha ba holela lefatsheng le buswang ke Satane Diabolose. (1 Joh. 5:19) Le ha ho le jwalo re a kgothala ha re bona ba ya tshimong, ba arabela dibokeng ebile ba emela seo ba se dumelang ka sebete. Ka nnete bara le baradibabo rona ba batjha ke ba bohlokwa ka phuthehong.​—Pes. 8:2.

12 Ho bara le baradi ba bang babo rona ho thata ho dumela hore ke ba bohlokwa ka phuthehong. Jwale ke eng e ka thusang e mong le e mong wa rona hore a bone hore ke wa bohlokwa ka phuthehong? A re ke re bone.

O NA LE MOSEBETSI OO O KA O ETSANG KA PHUTHEHONG

13, 14. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ka nahana hore ha ho na letho leo ba ka le etsang ka phuthehong?

13 Ntho ya bobedi eo re ithutang yona papisong ya Pauluse e etsa hore re nahane ka bothata boo batho ba bangata ba nang le bona kajeno. Ho thata hore ba dumele hore ho na le mosebetsi oo ba ka o etsang ka phuthehong. Pauluse o ile a re: “Haeba leoto le ka re: ‘Kahobane ha ke letsoho, ha ke karolo ya mmele,’ hase hore ka lebaka lena hase karolo ya mmele. Haeba tsebe e ka re: ‘Kahobane ha ke leihlo, ha ke karolo ya mmele,’ hase hore ka lebaka lena hase karolo ya mmele.” (1 Bakor. 12:15, 16) Ke eng seo Pauluse a neng a re ruta sona moo?

14 Haeba o ipapisa le batho ba bang ho tla ba thata hore o bone hore ho na le mosebetsi oo o ka o etsang ka phuthehong. Ba bang ka phuthehong ba ka nna ba ba le bokgoni ba ho ruta, ba ho hlophisa ditho kapa ba ho kgothatsa batho ba bang. Mohlomong o nahana hore ha o na bokgoni boo ba nang le bona. Sena se a bontsha hore o motho ya ikokobeditseng. (Bafil. 2:3) Le ha ho le jwalo hlokomela hore haeba o dula o ipapisa le batho ba nang le bokgoni boo o senang bona o tla nyahama. Jwalo ka ha Pauluse a bontshitse, o ka ba wa nahana hore ha ho na letho leo o ka le etsang ka phuthehong. Jwale ke eng e ka o thusang hore o lwantshe maikutlo ao?

15. Ho ya ka 1 Bakorinthe 12:4-11, ke eng seo re hlokang ho se hopola ka dimpho tseo re nang le tsona?

15 Nahana ka ntlha ena, Jehova o ile a fa ba bang ba bahlanka ba hae moya o halalelang empa ha ba a ka ba etsa mesebetsi e tshwanang. (Bala 1 Bakorinthe 12:4-11.) Jehova o ile a ba fa bokgoni le dimpho tse fapaneng empa Mokreste e mong le e mong e ne e le wa bohlokwa ho yena. Kajeno Jehova ha a re fe moya o halalelang hore re etse mehlolo empa molaomotheo ona o ntse o sebetsa le ho rona. Ka hoo le hoja re se na bokgoni bo tshwanang empa kaofela ha rona re ba bohlokwa ho Jehova.

16. Ke keletso efe ya moapostola Pauluse eo re hlokang ho e sebedisa?

16 Ho e na le hore re ipapise le Bakreste ba bang re lokela ho sebedisa keletso ya moapostola Pauluse e reng: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi wa hae o leng sona, jwale o tla ba le sesosa sa thabo e kgaphatsehang mabapi le yena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”​—Bagal. 6:4.

17. Re tla fumana molemo ofe haeba re mamela keletso ya Pauluse?

17 Haeba re sebedisa keletso ya Pauluse seo se tla etsa hore re itlhahlobe mme re tla hlokomela bokgoni boo re nang le bona. Ka mohlala e ka nna yaba moholo ha ana bokgoni ba ho fana ka dipuo empa o atleha ho etsa barutuwa. Kapa e ka nna yaba ha a hlophiseha jwalo ka baholo ba bang empa o tsebahala e le moholo ya lerato le ya mosa le eo bara le baradibabo rona ba phutholohang ho mo kopa dikeletso tsa Bibele. Kapa mohlomong morabo rona o tsebahala ka ho amohela baeti. (Baheb. 13:2, 16) Haeba re hlokomela hore le rona re na le bokgoni bo itseng re tla bona hore ho na le seo re ka se etsang ka phuthehong. Hape seo se tla etsa hore re se ke ra honohela bara le baradibabo rona ba nang le bokgoni boo re senang bona.

18. Ke jwang re ka ntlafatsang bokgoni ba rona ba ho ruta?

18 Ho sa tsotellehe hore na re na le mosebetsi ofe ka phuthehong kaofela ha rona re lokela ho ntlafatsa bokgoni boo re nang le bona. E le ho re thusa hore re ntlafatse bokgoni boo re nang le bona Jehova o sebedisa mokgatlo wa hae ho re kwetlisa. Ka mohlala, dibokeng tsa hara beke re thuswa hore na ke jwang re ka ntlafatsang mosebetsing wa ho ruta batho Bibele. Na o leka ho sebedisa kwetliso eo o e fumanang dibokeng tseo?

19. O ka etsang hore o kgone ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso?

19 Kwetliso e nngwe ya bohlokwa eo re e fumanang ke ya Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Batho ba ka yang sekolong sena ke bara le baradibabo rona ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba dilemo tse pakeng tsa 23 le 65. O ka nna wa bona e ka ha o na kgona ho ya sekolong sena. Empa ho e na le hore o nahane ka mabaka a etsang hore o se ke wa ya sekolong seo nahana ka mabaka a etsang hore o batle ho ya ho sona. Ebe ka mora moo e etsa dintho tse tla o thusa hore o tshwanelehe ho ya sekolong seo. Ka hoo ka thuso ya Jehova le ho sebetsa ka thata o ka kgona ho etsa ntho e neng e bonahala e ka ha e na kgoneha.

SEBEDISA BOKGONI BA HAO HO THUSA PHUTHEHO

20. Ke eng seo re ka ithutang sona ho Baroma 12:6-8?

20 Ntho ya boraro eo re ithutang yona papisong ya Pauluse e hlaha ho Baroma 12:6-8. (E bale.) Mona Pauluse o bontsha hore motho e mong le e mong o na le mosebetsi oo a ka o etsang ka phuthehong. Empa o hatisa hore re lokela ho sebedisa bokgoni boo re nang le bona ho matlafatsa phutheho.

21, 22. Ke eng seo re ka ithutang sona ho Robert le Felice?

21 Nahana ka se etsahalletseng morabo rona Robert. * O ile a kopuwa hore a tlohe tshebeletsong eo a neng a le ho yona naheng e nngwe mme a ilo sebetsa Bethele naheng ya habo. Le hoja barababo rona ba ile ba mo kgodisa hore ha hona phoso eo a e etseng, o re: “Ke ile ka qeta dikgwedi tse ngata ke sa thaba ka ha ke ne ke nahana hore ho na le phoso eo ke e entseng mosebetsing oo ke neng ke le ho ona. Ka dinako tse ding ke ne ke ikutlwa ekare nka tlohela ho sebeletsa Bethele.” Ke eng e ileng ya mo thusa hore a boele a thabe? Moholo e mong o ile a mo hopotsa hore mesebetsi eo re neng re le ho yona pele e ne e le tsela eo Jehova a re kwetlisetsang mesebetsi eo re tla bang le yona ka mora moo. Robert o ile a hlokomela hore o hloka ho tlohela ho nahana ka dintho tse fetileng mme a amehe ka dintho tseo a kgonang ho di etsa hona jwale.

22 Morabo rona Felice Episcopo o ile a ba le bothata bo tshwanang le boo. Yena le mosadi wa hae ba ile ba graduata Sekolong sa Gileade ka 1956 mme ya ba bapotolohi Bolivia. Ka 1964 ba ile ba ba le ngwana. Felice o re: “Ho ne ho le thata ho tlohela mosebetsi oo re neng re o rata. Ho bua nnete feela ke qetile selemo ke nyahame. Empa Jehova o ile a nthusa hore ke fetole tsela eo ke neng ke nahana ka yona mme ke amehe ka ho ba motswadi.” Na o ikutlwa jwalo ka Robert kapa Felice? Na o nyahamiswa ke hore ha o sa kgona ho etsa mosebetsi oo o neng o o etsa pele? Haeba ho jwalo o ka thaba le ho feta haeba o ameha ka seo o kgonang ho se etsa hona jwale e le hore o sebeletse Jehova le bara le baradibabo rona. Dula o sebedisa bokgoni ba hao ho thusa batho ba bang mme seo se tla etsa hore o thabe ha o ntse o thusa phutheho.

23. Re lokela ho nahanisisa ka eng, hona ke eng eo re tlo bua ka yona sehloohong se latelang?

23 Jehova o nka e mong le mong wa rona e le wa bohlokwa. O batla hore re be karolo ya lelapa la hae. Haeba re nahanisisa ka hore na re ka matlafatsa bara le baradibabo rona jwang mme re leka ka matla ho etsa sona seo, re ke ke ra utlwa e ka ha ho na mosebetsi oo re ka o etsang ka phuthehong. Empa re lokela ho ikutlwa jwang ka batho ba bang ka phuthehong? Hona re ka bontsha jwang hore re a ba rata le ho ba hlompha? Sehloohong se latelang re tlo bua ka dintho tsena tsa bohlokwa.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

^ par. 5 Kaofela ha rona re batla ho ba batho ba bohlokwa ho Jehova. Empa ka dinako tse ding re ka nna ra ipotsa hore keng seo re lokelang ho se etsa e le hore re be batho ba bohlokwa ho yena. Sehlooho sena se tla re thusa ho bona hore e mong le e mong wa rona ke wa bohlokwa ka phuthehong.

^ par. 3 TLHALOSO YA LENTSWE: Ha re bua ka mosebetsi oo re nang le ona ka phuthehong re bua ka dintho tseo motho a ka di etsang ho matlafatsa phutheho. Bokgoni ba rona ba ho kgothatsa ba bang ka phuthehong ha bo a itshetleha ka morabe, hore na re na le tjhelete e kae, re tswa lelapeng le jwang, re tlwaetse ho etsang kapa re rutehile hakae.

^ par. 21 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 63 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ditshwantsho tse tharo tse bontshang se etsahalang pele diboka di kena, ha di se di kene le ka mora hore di tswe. Setshwantsho sa pele: Moholo o dumedisa moeti ya tlileng dibokeng, morabo rona ya motjha o lokisa di mic le moradiwabo rona o bua le moradiwabo rona ya seng a hodile. Setshwantsho sa bobedi: Bara le baradibabo rona ba batjha le ba hodileng ba phahamisitse matsoho e le hore ba arabele thutong ya Tora ya ho Lebela. Setshwantsho sa boraro: Banyalani ba thusa ho hlwekisa Holo ya Mmuso. Mme o thusa ngwana wa hae ho kenya monehelo ka lebokoseng. Morabo rona ya motjha o hlwekisa moo dibuka di dulang mme morabo rona e mong o kgothatsa moradiwabo rona ya seng a hodile.