Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

Eba le Thabo e Tliswang ke ho Sebeletsa Jehova

Eba le Thabo e Tliswang ke ho Sebeletsa Jehova

“Ho bona ka mahlo ho molemo ho feta ho tsamaya ha moya.”​—MOEK. 6:9.

PINA YA 111 Mabaka a ho Thaba

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Batho ba bangata ba bontsha jwang hore ba batla ho eketsa tshebeletso ya bona?

 RE NA le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa ha lefatshe lena le ntse le atamela ho fela. (Mat. 24:​14; Luka 10:⁠2; 1 Pet. 5:⁠2) Kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo ohle. Batho ba bangata ba eketsa tshebeletso ya bona. Ba bang e eba bopulamadiboho. Ba bang ba ya Bethele kapa ba sebetsa kahong. Hape barababo rona ba bangata ba sebetsa ka thata hore e be bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. (1 Tim. 3:​1, 8) E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ho bona ha bahlanka ba hae ba ikemiseditse ho mo sebeletsa.​—⁠Pes. 110:⁠3; Esa. 6:⁠8.

2. Re ka ikutlwa jwang haeba re sa kgone ho etsa dintho tseo re neng re batla ho di etsetsa Jehova?

2 Re ka nyahama haeba ho feta nako mme re sa kgona ho finyella dintho tseo re neng re batla ho di etsa. Kapa re ka nyahamiswa ke hobane re sa kgone ho etsa mosebetsi o itseng ka lebaka la ho hola kapa mabaka a mang. (Liprov. 13:​12) Ntho eo e ile ya etsahalla moradiwabo rona Melissa. * O ne a rata ho ya Bethele kapa Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. O ile a re: “Ke se ke tsofetse haholo. Hona jwale menyetla ena e se e le toro feela ho nna. Ka dinako tse ding ke nyahama haholo.”

3. Ke dintho dife tseo ba bang ba lokelang ho di etsa e le hore ba fuwe mesebetsi ka phuthehong?

3 Batjha ba bang ba mafolofolo ba ka hloka ho ba le makgabane a mang pele ba ka fuwa mesebetsi e itseng. Ka mohlala, ba bang ba batjha bana e ka nna yaba ba bohlale, ba kgona ho etsa diqeto kapele hape ba mahlahahlaha. Empa ka lehlakoreng le leng, ba ka nna ba hloka ho ithuta ho ba le mamello, ho etsa mesebetsi ya bona ka hloko le ho hlompha batho ba bang. Haeba o amehile ka makgabane ao o lokelang ho ba le ona, o ka fuwa mosebetsi ka nako eo o sa e lebellang ho hang. Nahana ka mohlala wa morabo rona Nick. Ha a le dilemo di 20, o ile a utlwa bohloko haholo hobane a sa kgethwa hore e be mohlanka ya sebeletsang. O re: “Ke ile ka ipotsa hore na ebe ke na le bothata.” Empa morabo rona Nick ha a ka a nyahama. O ile a etsa mesebetsi yohle eo a neng a ena le yona ka mafolofolo. Hona jwale ke setho sa Komiti ya Lekala.

4. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

4 Na o nyahamisitswe ke hobane ha o eso finyelle ntho eo o neng o batla ho e etsetsa Jehova? Haeba ho jwalo, bolella Jehova ka moo o ikutlwang ka teng. (Pes. 37:​5-⁠7) O ka boela wa botsa Bakrestemmoho ba nang le boiphihlelo hore na o ka etsang hore o atlehe ha o ntse o sebeletsa Jehova mme wa leka ka hohle ho sebedisa ditlhahiso tsa bona. Haeba o etsa jwalo, o ka fuwa mosebetsi oo kapa ho finyella ntho eo o neng o batla ho e etsa. Empa jwalo ka moradiwabo rona Melissa eo re buileng ka yena, maemo a hao a ka nna a se o dumelle ho etsa dintho tseo o neng o batla ho di etsetsa Jehova. O ka etsang e le hore o dule o thabile? E le hore re arabe dipotso tsena, sehloohong sena re tlo bua ka (1) hore na o ka fumana thabo jwang, (2) o ka eketsa thabo ya hao jwang le (3) hore na ke dintho dife tseo o ka di etsang hore o dule o thabile.

O KA FUMANA THABO JWANG?

5. E le hore re thabe, re lokela ho ameha ka eng? (Moeklesia 6:⁠9)

5 Jwalo ka ha Moeklesia 6:⁠9 e bontsha, re ka fumana thabo haeba re e batla sebakeng se nepahetseng. (E bale.) Motho ya thabelang “ho bona ka mahlo” o ananela dintho tseo a nang le tsona jwalo ka maemo ao a leng ho ona. Ho fapana le hoo, motho ya tsamayang ka moya o dula a ntse a batla ntho eo a sa tlo kgona ho ba le yona. Jwale re ithutang tabeng ee? E le hore re thabe, re lokela ho ameha ka dintho tseo re nang le tsona le tseo re kgonang ho di finyella.

6. Re tlo hlahloba papiso efe, hona e tlo re rutang?

6 Na ho a kgoneha hore motho a thabiswe ke dintho tseo a seng a ntse a ena le tsona? E, ho a kgoneha le hoja ha nako e ntse e eya, ka tlhaho re batla ho leka dintho tse ntjha. Ka hoo, re ka thaba le ho feta haeba re leka dintho tse ntjha tse ‘bonwang ke mahlo’ a rona. Re ka kgona ho etsa ntho eo jwang? E le hore re bone, a re hlahlobeng papiso ya Jesu ya ditalenta e ho Matheu 25:​14-30. Re tlo bona hore na re tla ithutang ho yona mabapi le ho fumana thabo le ho dula re thabela dintho tseo re seng re ntse re ena le tsona.

O KA EKETSA THABO YA HAO JWANG?

7. Hlalosa papiso ya Jesu ya ditalenta.

7 Papisong ya ditalenta, monna e mong o ne a tlo nka leeto. Pele a tsamaya, o ile a bitsa makgoba a hae mme a fa le leng le le leng ditalenta e le hore le etse kgwebo ka tsona. * A nahanne ka bokgoni ba makgoba a hae, monna eo o ile a fa lekgoba la pele ditalenta tse hlano, la bobedi tse pedi yaba o fa la boraro e le nngwe. Makgoba a mabedi a ile a sebetsa ka thata ho etsetsa monga ona tjhelete e ngata. Le ha ho le jwalo, lekgoba la boraro ha le a ka la etsa letho mme monga lona a le leleka.

8. Ke hobaneng ha lekgoba la pele papisong eo le ne le ka thaba?

8 Ho ka etsahala hore ebe lekgoba la pele le ne le thabile haholo hore monga lona o le file ditalenta tse hlano. Tjhelete eo e ne e le ngata haholo mme e ne e bontsha hore monga lekgoba leo o a le tshepa. Empa ho thweng ka lekgoba la bobedi? Le ne le ka nyahamiswa ke hore lona ha le a fuwa ditalenta tse ngata jwalo ka lekgoba la pele. Jwale le ile la etsang?

Re ka ithutang ho lekgoba la bobedi leo Jesu a buileng ka lona papisong ya hae? (1) Le ile la fuwa ditalenta tse pedi. (2) La sebetsa ka thata hore le etsetse monga lona tjhelete e ngata. (3) La etsetsa monga lona ditalenta tse ding tse pedi (Sheba serapa sa 9-11)

9. Jesu o ile a re lekgoba la bobedi ha le a ka la etsang? (Matheu 25:​22, 23)

9 Bala Matheu 25:​22, 23. Jesu ha a ka a re lekgoba la bobedi le ile la kwata kapa hona ho halefa hobane feela le fuwe ditalenta tse pedi. Hape Jesu ha a ka a re lekgoba leo le ile la tletleba la re: ‘Ke fuwa tse kaa feela? Le nna ke ntse ke ena le bokgoni bo tshwanang le ba lekgoba le fuweng ditalenta tse hlano. Haeba monga ka a nahana hore ha ke tsebe ho etsa mosebetsi wa ka hantle, ho molemo hore ke nke ditalenta tsena ke di tjhekele mme ke tswele pele ke iketsetsa dintho tsa ka.’

10. Lekgoba la bobedi le ile la etsang ka ditalenta tsa lona?

10 Jwalo ka lekgoba la pele, lekgoba la bobedi le lona le ile la nka mosebetsi ona ka ho teba yaba le sebeletsa monga lona ka thata. Ka lebaka leo, le ile la etsetsa monga lona ditalenta tse ding hape tse pedi. Monga lona o ile a le putsa hobane le ile la sebetsa ka thata. O ile a thaba a ba a le fa mosebetsi o mong o eketsehileng.

11. Re ka eketsa thabo ya rona jwang?

11 Ka ho tshwanang, re ka eketsa thabo ya rona ka hore re amehe ka mosebetsi le ha e le ofe oo re o fuweng tshebeletsong ya Jehova. Ka hoo, “tshwareha ka matla haholo” mosebetsing wa boboledi mme o sebetse ka thata ka phuthehong. (Lik. 18:⁠5; Baheb. 10:​24, 25) Lokisetsa hantle e le hore o fane ka dikarabo tse matlafatsang ha o le dibokeng. Nka ka ho teba mosebetsi o mong le o mong oo o fuwang dibokeng tsa hara beke. Haeba o kopuwa hore o etse mosebetsi o itseng ka phuthehong tshepahala mme o o etse ka nako. O se ke wa nahana hore mosebetsi oo o o fuwang ha o bohlokwa haholo mme o tla o senyetsa nako. Leka ka matla ho ntlafatsa bokgoni ba hao. (Liprov. 22:​29) Ha o leka ka hohle ho sebeletsa Jehova ka thata, o tla thaba le ho feta ebile o tla atleha tshebeletsong ya hae. (Bagal. 6:⁠4) Ho tla boela ho be bonolo hore o thabe le batho ba bang haeba ba fuwa mosebetsi oo o neng o ka rata ho o etsa.​—⁠Bar. 12:​15; Bagal. 5:​26.

12. Dipaki tse pedi di ile tsa etsang hore di thabe le ho feta?

12 Na o sa hopola moradiwabo rona Melissa ya ileng a re o ne a rata ho ya Bethele kapa ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso? Le hoja a sa kgona ho finyella dintho tseo, o re: “Ke leka ka hohle hore ke be pulamadiboho e mafolofolo le ho etsa dintho tse fapaneng mosebetsing wa boboledi. Ho etsa jwalo ho entse hore ke thabe haholo.” Morabo rona Nick yena o ile a etsang ha a ne a sa kgethwa hore e be mohlanka ya sebeletsang? O re: “Ke ile ka ameha ka mosebetsi oo ke nang le wona oo ke lokelang ho o etsa o kang ho ya tshimong le ho fana ka dikarabo tse lokiseditsweng hantle dibokeng. Hape ke ile ka etsa kopo ya ho ya Bethele mme ka amohelwa selemong se hlahlamang.”

13. Ho tla etsahalang haeba o sebetsa ka thata mosebetsing oo o seng o ntse o ena le wona? (Moeklesia 2:​24)

13 Haeba o sebetsa ka thata mosebetsing oo o seng o ntse o ena le wona, na o tla fuwa boikarabelo bo eketsehileng nakong e tlang? Jwalo ka morabo rona Nick o ka nna wa bo fuwa. Empa haeba jwalo ka moradiwabo rona Melissa o sa ka wa finyella dintho tse itseng, o ka kgona ho eketsa thabo ya hao mme wa thaba le ho feta ha o ntse o sebeletsa Jehova. (Bala Moeklesia 2:​24.) Hape ha ho pelaelo hore o tla thaba haholo ha o tseba hore boiteko boo o bo etsang bo thabisa Monga rona Jesu Kreste.

DINTHO TSEO O KA DI ETSANG HO EKETSA THABO YA HAO

14. Re lokela ho dula re hopolang haeba ho ena le dintho tseo re batlang ho di etsetsa Jehova?

14 Haeba re sebeletsa Jehova ka hohle ka moo re ka kgonang, na ntho eo e bolela hore ha re a lokela ho batla menyetla e eketsehileng ya ho eketsa tshebeletso ya rona? Ha ho jwalo. Re ka kgona ra ba ra etsa dintho tse ka re thusang ho tswela pele re atleha mosebetsing wa boboledi le ho thusa bara le baradibabo rona. Haeba ka bohlale le ka boikokobetso re ameha ka ho thusa bara le baradibabo rona ho ena le ho ameha ka rona re tla atleha.​—⁠Liprov. 11:⁠2; Lik. 20:⁠35.

15. Ke dintho dife tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o thabe le ho feta?

15 O ka etsang? Kopa Jehova a o thuse o tsebe hore na ha e le hantle ke dintho dife tseo o ka kgonang ho di finyella. (Liprov. 16:⁠3; Jak. 1:⁠5) Na o ka leka ho etsa tse ding tsa dintho tse boletsweng  serapeng sa pele tse kang ho ba pulamadiboho e thusang kapa ya ka mehla, ho ya Bethele kapa ho sebetsa kahong? Kapa mohlomong o ka ithuta puo e nngwe e le hore o rute batho ka Bibele kapa o ye sebakeng se seng moo ho buuwang puo e nngwe. O ka ithuta ka ho eketsehileng ka dintho tseo o batlang ho di finyella bukeng ya Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova kgaolong ya 10 kapa wa bua le baholo ba phutheho ya heno. * Ha o ntse o leka ho finyella dintho tsena, tswelopele ya hao e tla bonwa ke batho ba bangata mme o tla thaba le ho feta.

16. O ka etsang haeba ka ho kgetheha ho na le ntho eo o sa kgoneng ho e finyella hona jwale?

16 Empa ho thweng haeba o sa kgone ho finyella dintho tseo ho builweng ka tsona sehloohong see? Ntho e ka o thusang ke hore o shebe hore na keng eo o ka kgonang ho e etsa. Ka hoo, leka ho etsa dintho tsena tse latelang.

Ke ntho efe e nngwe eo o ka nnang wa kgona ho e finyella? (Sheba serapa sa 17) *

17. Ho ya ka 1 Timothea 4:​13, 15, morabo rona a ka etsang hore a ntlafatse tsela eo a rutang ka yona?

17 Bala 1 Timothea 4:​13, 15. Haeba o morabo rona ya kolobeditsweng, o ka nna wa leka ho ntlafatsa tsela eo o buang le ho ruta ka yona. Hobaneng? Hobane ha o ‘ikakgela ka setotswana’ ho baleng, ho bueng le ho ruteng o tla thusa bamamedi ba hao haholo. Leka ho ithuta hore na o ka ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho bua jwang o sebedisa bukana ya Ikemisetse ho Bala le ho Ruta. Ithute ntlha e le nngwe ka nako, itlwaetse yona ha o le hae mme o e sebedise ha o fana ka dipuo. Kopa dikeletso ho moeletsi ya thusang kapa ho baholo ba bang “ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” * (1 Tim. 5:​17) O se ke wa ameha feela ka ho sebedisa ntho eo o ithutileng yona empa hape o thuse bamamedi ba hao hore ba matlafatse tumelo ya bona kapa o ba kgothalletse hore ba etse ntho eo ba ithutileng yona. Ha o etsa jwalo, o tla thaba le ho feta mme le bona ba tla thaba.

Ke dintho dife tse ding tseo o ka nnang wa kgona ho di finyella? (Sheba serapa sa 18) *

18. O ka etsang hore o atlehe mosebetsing wa boboledi?

18 Kaofela ha rona re fuwe mosebetsi wa ho bolela le ho etsa barutuwa. (Mat. 28:​19, 20; Bar. 10:​14) Na o ka rata ho ntlafatsa bokgoni ba hao mosebetsing oo wa bohlokwa? Ipehele dintho tseo o batlang ho di finyella ha o ntse o bala le ho sebedisa dintho tseo o ithutang tsona bukaneng ya Ikemisetse ho Bala le ho Ruta. O ka boela wa fumana ditlhahiso tse ding ho Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona le divideong tsa mohlala wa seo o ka se buang le batho tse bapalwang dibokeng tsa hara beke. Leka ho sebedisa ditlhahiso tse fapaneng o bone hore na ke e feng e atlehang. Ha o sebedisa ditlhahiso tsena o tla ipabola mosebetsing wa boboledi mme o tla thaba le ho feta.​—⁠2 Tim. 4:⁠5.

Ke dintho dife tse ding tseo o ka nnang wa kgona ho di finyella? (Sheba serapa sa 19) *

19. O ka etsang e le hore o be le makgabane a Bokreste?

19 Ha o ipehela dintho tseo o batlang ho di finyella, o se ke wa lebala ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e leng ho ba le makgabane a Bokreste. (Bagal. 5:​22, 23; Bakol. 3:​12; 2 Pet. 1:​5-⁠8) O ka etsang hore o be le makgabane ao? A re re ka mohlala o batla ho ba le tumelo e matla. O ka bala dingolwa tsa rona tse nang le dihlooho tse bontshang hore na o ka matlafatsa tumelo ya hao jwang. O tla fumana molemo haeba o shebella divideo tsa mananeo a JW Broadcasting® tse bontshang ka moo bara le baradibabo rona ba ileng ba bontsha tumelo e matla ha ba ntse ba sebetsana le diteko. Ka mora moo, o ka nahana hore na o ka etsisa tumelo ya bona jwang.

20. Re ka etsa jwang hore re thabe le ho feta mme re fokotse ho nyahama?

20 Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova ho feta ka moo re mo sebeletsang ka teng hona jwale. Lefatsheng le letjha la Modimo re tla mo sebeletsa ka hohlehohle. Ho fihlela nako eo, haeba re sebedisa menyetla yohle eo re nang le yona hona jwale, re tla thaba le ho feta mme re tla fokotsa ho nyahama. Ha bohlokwa le ho feta ke hore re tla hlompha le ho rorisa Jehova Modimo wa rona “ya thabileng.” (1 Tim. 1:​11) Ka hoo, a re thabisweng ke mesebetsi eo re nang le yona.

PINA YA 82 “Lesedi la Lona le ke le Kganye”

^ par. 5 Re rata Jehova haholo ebile re batla ho mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang tshebeletsong ya hae. Ke ka hoo re susumelletsehang ho eketsa tshebeletso ya rona kapa hona ho batla ho ba le mosebetsi o eketsehileng ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba re entse boiteko bohle empa re ntse re sa kgone ho finyella dintho tseo re di batlang? Hape re ka tswela pele re phathahane jwang tshebeletsong ya Jehova le ho dula re thabile? Re tla fumana karabo papisong ya Jesu ya ditalenta.

^ par. 2 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 7 TLHALOSO: Talenta e ne e lekana le moputso oo motho a ka o fumanang ha a sebeditse dilemo tse ka bang tse 20.

^ par. 15 Barababo rona ba kolobeditsweng ba kgothalletswa hore ba sebetse ka thata e le hore ba kgone ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. E le hore o tsebe hore ho hlokahalang, bala buka ya Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova kgaolo ya 5 le 6.

^ par. 17 TLHALOSO: Moeletsi ya thusang ke moholo ya kgethilweng hore a fe baholo ba bang le bahlanka ba sebeletsang keletso ka thoko haeba ho hlokahala, bakeng sa dipuo le ha e le dife tseo ba fanang ka tsona.

^ par. 64 SETSHWANTSHO: E le hore morabo rona a atlehe tseleng eo a rutang ka yona, o etsa dipatlisiso a sebedisa dingolwa tsa rona.

^ par. 66 SETSHWANTSHO: Ka mora hore moradiwabo rona a batle ho etsa bopaki bo sa rerwang, o fa motho ya sebetsang restjhurenteng karete ya jw.org.

^ par. 68 SETSHWANTSHO: A susumetswa ke ho batla ho ba le makgabane a Bokreste, moradiwabo rona o fa Mokrestemmoho le yena mpho..