Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32

Matlafatsa Tumelo ya Hao ho Mmopi

Matlafatsa Tumelo ya Hao ho Mmopi

“Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba dintho tsa sebele le hoja di sa bonwe.”​—BAHEB. 11:1.

PINA YA 11 Popo e Rorisa Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. O ile wa rutwa eng ka Mmopi wa rona?

HAEBA o hotse o le Paki ya Jehova e tlameha ebe o ile wa ithuta ka Jehova o sa le monyane haholo. O ile wa rutwa hore ke Mmopi, o na le makgabane a ratehang le hore o batla ho etsa lefatshe paradeise.​—⁠Gen. 1:⁠1; Lik. 17:​24-⁠27.

2. Batho ba bang ba nka batho ba dumelang ho Mmopi jwang?

Batho ba bangata ha ba dumele hore Modimo o teng, re se re sa re letho ka hore ke Mmopi. Ho ena le hoo, ba dumela hore bophelo bo bile teng ka tshohanyetso le hore bo ile ba qala ka dintho tse nyenyane yaba ha nako e ntse e ya e eba dintho tse rarahaneng. Ba bang ba batho ba dumelang dintho tsena ba rutehile haholo. Ba re saense e bontshitse hore Bibele e fosahetse le hore batho ba nang le tumelo ho Mmopi ke ba sa rutehang, ba seng bohlale le ba thetsehang ha bonolo.

3. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re matlafatse tumelo ya rona?

3 Na maikutlo a batho ba rutehileng haholo a ka etsa hore re belaelle taba ya hore Jehova ke Mmopi wa rona ya lerato? Taba ena e itshetlehile haholo ka hore na ke hobaneng ha re dumela hore Jehova ke Mmopi. Na ke hobane o ile wa bolellwa hore o dumele hore ho na le Mmopi kapa na ke hobane o ile wa ipha nako ya ho ithuta le ho ikgodisa ka taba eo? (1 Bakor. 3:​12-15) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Dipaki Tsa Jehova, kaofela ha rona re lokela ho dula re matlafatsa tumelo ya rona. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra kgeloswa ke “filosofi le thetso ya lefeela” e rutwang ke batho ba hanyetsang Lentswe la Modimo. (Bakol. 2:⁠8; Baheb. 11:⁠6) E le ho re thusa, sehlooho sena se tlo bua ka hore na (1) ke hobaneng ha batho ba bangata ba sa dumele hore Mmopi o teng, (2) hore na re ka matlafatsa tumelo ya rona ho Jehova e leng Mmopi wa rona jwang le (3) hore na re ka etsang hore re dule re ena le tumelo e matla.

KE HOBANENG HA BATHO BA BANGATA BA SA DUMELE HORE HO NA LE MMOPI?

4. Ho ya ka Baheberu 11:⁠1 tumelo ya rona e thehilwe ho eng?

Batho ba bang ba nahana hore ho ba le tumelo ho akarelletsa ho dumela nthong eo o se nang bopaki ba yona. Empa Bibele ha e hlalose tumelo jwalo. (Bala Baheberu 11:⁠1.) Ela hloko hore ho ba le tumelo dinthong tse sa bonweng tse kang ho dumela ho Jehova, Jesu le Mmuso wa hae o lehodimong ho itshetlehile ka hore re be le bopaki bo re kgodisang hore di teng. (Baheb. 11:⁠3) Rasaense e mong wa Paki o re: “Tumelo ya rona ha e iphapanyetse dintho tseo saense e di buang.”

5. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba dumela hore ha se Mmopi ya entseng hore bophelo bo be teng?

5 Re ka ipotsa: ‘Haeba ho na le bopaki bo kgodisang ba hore Mmopi o teng, ke hobaneng ha batho ba bangata ba sa dumele hore Modimo ke yena ya entseng hore bophelo bo be teng?’ Ke hobane batho ba bang ha ba a ka ba itlhahlobela bopaki ka bobona. Morabo rona Robert eo e leng Paki ya Jehova hona jwale o re: “Ka ha ho ne ho se mohla ho buuwang ka popo sekolong, ke ne ke nahana hore ha se nnete hore dintho di bopilwe. E bile ka mora hore ke be dilemong tsa bo20 moo ke ileng ka buisana le Dipaki Tsa Jehova yaba di mpolella ka ho hlaka le ka tsela e kgodisang hore Bibele e re Modimo o bopile dintho tsohle.” *​—⁠Sheba lebokose le reng “ Re Etsa Kopo ho Batswadi.”

6. Ke hobaneng ha batho ba bang ba sa dumele hore ho na le Mmopi?

Batho ba bang ha ba dumele hore ho na le Mmopi hobane ba re ba dumela feela dintho tseo ba ka di bonang. Empa ha e le hantle ba dumela dinthong tse sa bonweng tse kang matla a kgohedi hobane ba na le bopaki ba hore a teng. Mofuta wa tumelo oo Bibele e buang ka wona o akarelletsa “dintho tsa sebele le hoja di sa bonwe.” (Baheb. 11:⁠1) Ho nka nako le matla hore re iphumanele bopaki ba hore ho na le Mmopi empa batho ba bangata ha ba iphe nako ya ho etsa jwalo. Motho ya sa hlahlobeng bopaki ba hore ho na le Mmopi a ka etsa qeto ya hore Modimo ha a yo.

7. Hlalosa hore na ke batho bohle ba rutehileng ba sa dumeleng hore Modimo o bopile bokahohle.

7 Ka mora hore borasaense ba bang ba hlahlobe bopaki, ba ile ba kgodiseha hore Modimo o bopile bokahohle. * Jwalo ka morabo rona Robert eo re buileng ka yena, e ka nna yaba batho ba bang ba ne ba sa dumele hore ho na le Mmopi hobane ba sa ka ba rutwa ka popo ha ba le yunivesithi. Le ha ho le jwalo, borasaense ba bangata ba ile ba ithuta ka Jehova le ho mo rata. Jwalo ka borasaense bao, kaofela ha rona re lokela ho matlafatsa tumelo ya rona ho Modimo ho sa tsotellehe hore na re rutehile kapa tjhe. Ha ho na motho e mong ya ka re etsetsang ntho eo.

O KA MATLAFATSA TUMELO YA HAO YA HORE HO NA LE MMOPI JWANG?

8, 9. (a) Re tlo araba potso efe hona jwale? (b) Ho ithuta ka popo ho ka o thusa jwang?

8 O ka etsang ho matlafatsa tumelo ya hao ya hore ho na le Mmopi? A re hlahlobeng ditsela tse nne.

9 Ithute ka popo. O ka matlafatsa tumelo ya hao ho Mmopi ka hore o ithute ka hloko ka diphoofolo, dimela le dinaledi. (Pes. 19:⁠1; Esa. 40:​26) Ha o dula o ithuta ka dintho tseo, o tla kgodiseha le ho feta hore Jehova ke Mmopi. Hangata dingolwa tsa rona di na le dihlooho tse buang ka popo. O se ke wa tshaba ho bala dihlooho tseo le haeba o utlwa di le thata. Leka ho ithuta dintho tsohle tseo o ka di kgonang. Hape o ka shebella divideo tse ho websaete ya jw.org tse buang ka popo tse bapalwang dikopanong tsa setereke dilemong tsa morao tjena.

10. Fana ka mohlala o tiisang hore popo e a paka hore ho na le Mmopi. (Baroma 1:⁠20)

10 Ha o ntse o ithuta ka popo ela hloko hore na e o rutang ka Mmopi. (Bala Baroma 1:​20.) Mohlala, e ka nna yaba o a tseba hore letsatsi le fana ka motjheso o etsang hore bophelo bo tswele pele empa hape le boetse le ntsha mahlasedi a kotsi haholo. Batho ba hloka ho sireletswa mahlaseding ao mme ho feela ho le jwalo. Ka tsela efe? Lefatshe le na le kgase kapa lera le le sireletsang, le monyang mahlasedi ao hore a se ke a kena lefatsheng. Ha mahlasedi ana a eba mangata haholo lera lena le kopana le ho feta. Na jwale ha o dumele hore ho na le motho ya entseng dintho tsee ya lerato hape e le Mmopi ya bohlale?

11. O ka fumana dintho tse matlafatsang tumelo ya hao ka popo hokae? (Sheba lebokose le reng “ Dintho Tse Ding Tse ka Matlafatsang Tumelo ya Hao.”)

11 O ka fumana dintho tse ngata tse ka matlafatsang tumelo ya hao tse buang ka popo ha o sebedisa Watch Tower Publications Index le ha o etsa dipatlisiso ho jw.org. O ka qala ka ho bala dihlooho le ho shebella divideo tse tlasa sehlooho se reng “Na e Entswe?” Dihlooho tseo di kgutshwanyane hape di bua ka dintho tse hlollang ka diphoofolo le dimela. Di boetse di na le mehlala ya ka moo borasaense ba lekileng ho etsisa dintho tseo tsa tlhaho.

12. Ha o ithuta Bibele, ke dintho dife tse ding tseo o lokelang ho di ela hloko?

12 Ithute Bibele. Rasaense yane eo re buileng ka yena serapeng sa bone ha a ka a tloha a se a dumela feela hore ho na le Mmopi. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e eya o ile a dumela hore ho na le Mmopi. O re: “Tumelo ya ka e ne e sa itshetleha feela ka hore na ke ithutileng saenseng. E ne e boetse e thehilwe dinthong tseo ke ithutileng tsona ka hloko ka Bibeleng.” Mohlomong o se o ntse o tseba Bibele hantle. Empa e le hore o be le tumelo e matla ho Mmopi o lokela ho tswela pele o ithuta Lentswe la Modimo. (Josh. 1:⁠8; Pes. 119:​97) Ka mohlala, o nahane ka hore na Bibele e nepahetse hakae ha e hlalosa dintho tse etsahetseng nakong e fetileng. O ele hloko boprofeta ba yona le ho dumellana ha yona. Ha o etsa jwalo, o tla matlafatsa tumelo ya hao tabeng ya hore Mmopi wa rona ya lerato le ya bohlale ke yena ya re bopileng le hore o buduletse Bibele bakeng sa rona. *​—⁠2 Tim. 3:​14; 2 Pet. 1:⁠21.

13. Ke mohlala ofe wa Bibele o bontshang bohlale ba Modimo?

13 Ha o ntse o ithuta Lentswe la Modimo ela hloko hore na keletso ya lona e ka o thusa jwang. Ka mohlala, kgale kwana Bibele e ile ya lemosa hore lerato la tjhelete le kotsi le hore le “baka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:​9, 10; Liprov. 28:​20; Mat. 6:​24) Na keletso eo e ntse e sebetsa le mehleng ee? Buka ya The Narcissism Epidemic e re: “Ka kakaretso batho ba ratang ho rua ha ba a thaba hape ba na le kgatello e matla ya maikutlo. Esita le batho ba batlang ho ba le tjhelete e ngata ha ba a thaba hape ba kula haholo.” Ka hoo, ho mamela keletso ya Bibele ha e bua ka lerato la tjhelete ho ka re thusa. Na ho na le dikeletso tse ding tsa Bibele tseo o ka nahanang ka tsona tse o thusitseng? Ha re ananela keletso ya Bibele re tla e rata le ho feta, haholo hobane e fanwe ke Mmopi wa rona ya bohlale le ya lerato. (Jak. 1:⁠5) Ka lebaka leo bophelo ba rona e tla ba bo thabisang haholo.​—⁠Esa. 48:​17, 18.

14. Ha o ntse o ithuta Bibele o tla ithutang ka Jehova?

14 Eba le lebaka la ho ithuta Bibele e leng ho tseba Jehova. (Joh. 17:3) Ha o ntse o ithuta Bibele, o tla hlokomela makgabane a Jehova ao o ileng wa a bona ha o ne o ithuta ka popo. Ho ithuta ka makgabane ao ho tla o kgodisa hore Jehova o teng. (Ex. 34:6, 7; Pes. 145:8, 9) Ka hoo, ha o ntse o ithuta ka Jehova haholwanyane tumelo ya hao e tla matlafala, o tla mo rata haholo mme setswalle sa hao le yena se tla tiya le ho feta.

15. O tla fumana molemo ofe ha o bua ka tumelo ya hao?

15 Bolella batho ba bang ka tumelo eo o nang le yona ho Modimo. Ha o etsa jwalo o tla matlafatsa tumelo ya hao. Empa o tla etsang haeba motho eo o buang le yena ka Bibele a o botsa potso ya hore na ho na le Mmopi ebe ha o a kgodiseha hantle hore na o tlameha ho mo araba jwang? Leka ho fumana karabo e tswang Bibeleng dingolweng tsa rona ebe o bua le motho eo ka yona. (1 Pet. 3:​15) O ka boela wa kopa thuso ho Dipaki tse nang le boiphihlelo. Ebang motho eo o dumela karabo ya Bibele kapa tjhe, o tla fumana molemo wa hore ebe o ile wa etsa dipatlisiso. Tumelo ya hao e tla tiya le ho feta. Ka lebaka leo, o ke ke wa kgolwa mashano a buuwang ke batho ba nkwang ba rutehile haholo kapa ba le bohlale ba reng ha ho na Mmopi.

DULA O ENA LE TUMELO E MATLA

16. Ho ka etsahalang haeba re sa dule re matlafatsa tumelo ya rona?

16 Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova re lokela ho dula re matlafatsa tumelo ya rona ho yena. Hobaneng? Hobane haeba re sa hlokomele tumelo ya rona e ka fokola. O hopole hore tumelo e akarelletsa bopaki ba dintho tse sa bonweng. Dintho tseo re sa di boneng re ka di lebala habobebe. Ka hoo, Pauluse o ile a re ho hloka tumelo ke “sebe se re tshwasang ha bonolo.” (Baheb. 12:1) Ka hona re ka etsang hore re qobe leraba leo?​—2 Bathes. 1:3.

17. Re ka thuswa keng hore re be le tumelo e matla?

17 Ntlha ya pele, kopa Jehova hore a o fe moya o halalelang mme o etse jwalo nako le nako. Hobaneng? Hobane tumelo ke tholwana ya moya. (Bagal. 5:​22, 23) Re ke ke ra ba le tumelo e matla ho Mmopi wa rona haeba re sa thuswe ke moya o halalelang. Haeba re dula re kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang o tla re fa wona. (Luka 11:13) Ka ho kgetheha re ka ba ra rapela ra re: “Re fe tumelo e eketsehileng.”​—Luka 17:5.

18. Ho ya ka Pesaleme ya 1:​2, 3 ke mpho efe eo re nang le yona?

18 Ntlha ya bobedi, eba le nako ya ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi. (Bala Pesaleme ya 1:​2, 3.) Ha pesaleme eo e ne e ngolwa, ke Baiseraele ba seng ba kae feela ba neng ba ena le kopi e felletseng ya molao wa Modimo. Morena le baprista ba ne ba kgona ho fumana dikopi mme ka mora selemo se seng le se seng sa bosupa ho ne ho eba le ditokisetso tse etswang hore “banna, basadi, bana” le bajaki ba Iseraele ba mamele molao wa Modimo ha o balwa. (Deut. 31:​10-12) Mehleng ya Jesu ke batho ba mmalwa feela ba neng ba ena le meqolo hape e ne e fumaneha disynagogeng. Ho ena le hoo mehleng ena batho ba bangata ba ka kgona ho bala karolo e itseng ya Bibele kapa kaofela ha yona. Ka nnete eo ke mpho e babatsehang. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho eo ya bohlokwa?

19. Re lokela ho etsang e le hore re dule re ena le tumelo e matla?

19 Re ka bontsha hore re ananela mpho ya ho ba le Lentswe la Modimo ka ho le bala letsatsi le letsatsi. Re lokela ho ipehela nako ya ho bala Bibele le ho ithuta yona eseng mohlang re nang le nako feela. Ha re dula re ithuta Bibele ka nako eo re ipehetseng yona re tla ba le tumelo e matla haholo.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

20 Ho fapana le batho “ba bohlale le ba nang le kelello” ba lefatshe lena, rona re na le tumelo e matla e thehilweng Lentsweng la Modimo. (Mat. 11:​25, 26) Ka ha re ithuta Bibele, e a re bolella hore na ke hobaneng ha maemo a lefatshe a ntse a mpefala le hore na Jehova o tla etsang ho a lokisa. Ka hoo, a re ikemisetseng ho matlafatsa tumelo ya rona le ho thusa batho ba bang ka hohle ka moo ho ka kgonehang hore le bona ba be le tumelo ya hore ho na le Mmopi. (1 Tim. 2:​3, 4) Hape a re duleng re emetse nako eo ka yona batho bohle ba tla bua mantswe a tshwanang le a ho Tšenolo 4:​11 a reng: “Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho . . . hobane o bopile dintho tsohle.”

PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

^ par. 5 Mangolo a bontsha ka ho hlaka hore Jehova Modimo ke Mmopi. Empa batho ba bangata ha ba dumele taba eo. Ba dumela hore dintho di ikentse. Haeba re sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ya rona ho Modimo le Bibele, dintho tseo ba di buang di ke ke tsa etsa hore re belaele hore o bopile dintho tsohle. Sehloohong sena re tlo bona hore na re ka kgona jwang ho etsa jwalo.

^ par. 5 Dikolo tse ngata ha di rute hore dintho di bile teng ka hore di bopuwe. Matitjhere a mang a re ho ruta bana ka hore ho na le Mmopi ho ka kenakenana le bolokolohi ba bodumedi ba bana ba sekolo.

^ par. 7 Ho Watch Tower Publications Index ya moraorao o tla fumana maikutlo a batho ba ka hodimo ho 60 ba rutehileng haholo ba akarelletsang borasaense ba dumelang hore dintho di bopilwe. Tlasa sehlooho se reng “Science” eya sehloohwaneng se reng “scientists expressing belief in creation.” Maikutlo a ba bang a ka fumanwa bukeng ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha o le tlasa sehlooho se reng “Saense le Theknoloji” eya tlasa sehloohwana se reng “‘Puisano’ (Lihlooho Tsa Tsoha!).”

^ par. 12 Ka mohlala, bala sehlooho se reng “Na Bibele le Saense di a Dumellana?” se ho Tsoha! ya February 2011 le se reng “Seo Jehova a se Profetang se a Phethahala” ho Molula-Qhooa wa January 1, 2008.