Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

Jehova o Lebela Batho ba Hae

Jehova o Lebela Batho ba Hae

“Leihlo la Jehova le ho ba mo tshabang.”​—PES. 33:18.

PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa ka”

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha Jesu a ile a kopa Jehova hore a lebele balatedi ba hae?

 BOSIUNG ba pele a shwa, Jesu o ile a etsa kopo e kgethehileng ho Ntate wa hae ya lehodimong. O ile a kopa Jehova hore a sireletse balatedi ba hae. (Joh. 17:15, 20) Ke nnete hore haesale Jehova a lebela le ho hlokomela batho ba hae. Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a tseba hore Satane o tla hanyetsa balatedi ba hae ka matla. Jesu o ne a boetse a tseba hore balatedi ba hae ba tla hloka thuso ya Jehova e le hore ba tobane le ditlhaselo tse kgopo tsa Diabolose.

2. Ho ya ka Pesaleme ya 33:18-20, ke hobaneng ha re sa lokela ho tshoha ha re hlahelwa ke mathata?

2 Lefatshe lena le laolwang ke Satane le bakela Bakreste ba nnete mathata a mangata mehleng ena. Re kopana le mathata a ka re nyahamisang le a etsang hore ho be thata ho dula re tshepahalla Jehova. Empa sehloohong sena re tla bona hore ha re a lokela ho tshoha. Jehova o a re lebela, o bona mathata ao re kopanang le ona mme o dula a ikemiseditse ho re thusa. A re hlahlobeng mehlala ya Bibele e mmedi e bontshang hore leihlo la Jehova “le ho ba mo tshabang.”​—Bala Pesaleme ya 33:18-20.

JEHOVA O A RE THUSA HA RE IKUTLWA EKA RE BANG

3. Ke neng moo re ka ikutlwang eka re bang?

3 Ka dinako tse ding re ka ikutlwa eka re bang le hoja re ena le bara le baradibabo rona ba bangata ka phuthehong. Ka mohlala, batjha ba ka ikutlwa eka ba bang ha ba lokela ho bua ka tumelo ya bona ka pela bana ba bang ka tlelaseng kapa ha ba qala ho fihla phuthehong e nngwe. Ba bang ba ka nna ba utlwa bohloko kapa ba nyahama ba nahana hore ba lokela ho mamella dintho tsena ka bobona. Re ka nna ra qeaqea ho hlalosetsa batho ba bang tsela eo re ikutlwang ka yona hobane re nahana hore ba ke ke ba utlwisisa. Ka dinako tse ding re ka ba ra ipotsa hore na ho na le motho ya re tsotellang e le ka nnete. Ho sa tsotellehe hore na ke eng e etsang hore re ikutlwe eka re bang, ho ikutlwa jwalo ho ka etsa hore re tshwenyehe re be re ikutlwe re se na thuso. Jehova ha a batle hore re ikutlwe ka tsela eo. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

4. Ke hobaneng ha moprofeta Elia a ile a re: ‘Ke setse ke le mong’?

4 Nahana ka mohlala wa monna ya nang le tumelo e leng Elia. Jezebele o ne a itse o tlo mo bolaya, ka hoo o ile a qeta matsatsi a ka hodimo ho 40 a ntse a baleha. (1 Mar. 19:1-9) Qetellong, ha a ntse a le ka lehaheng a le mong o ile a re ho Jehova: ‘Ke setse ke le mong.’ (1 Mar. 19:10) Ho ne ho ntse ho ena le baprofeta ba setseng. Ka mohlala, Obadia o ne a ile a pholosa baprofeta ba lekgolo hore ba se ke ba bolawa ke Jezebele. (1 Mar. 18:7, 13) Jwale ke hobaneng ha Elia a ile a utlwa eka o mong? Na o ne a nahana hore baprofeta bao Obadia a ileng a ba pholosa ba se ba shwele kaofela? Na o ne a ikutlwa eka o mong hobane ho se na motho ya ileng a qala ho sebeletsa Jehova le yena ka mora hore Jehova a ipake e le Modimo wa nnete Thabeng ya Karmele? Na o ne a bona eka ha ho motho ya tsebang hore dira tsa hae di leka ho mo bolaya kapa o ne a bona eka ha ho motho ya mo tsotellang? Bibele ha e hlalose hore na Elia o ne a ikutlwa jwang. Empa re a tseba hore Jehova yena o ne a utlwisisa hore na Elia o ikutlwa jwang. Hape o ne a tseba hore na a ka mo thusa jwang.

Ha re ikutlwa eka re bang, ke thuto efe e tshedisang eo re ka ithutang yona tseleng eo Jehova a ileng a thusa Elia ka yona? (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. Jehova o ile a kgodisa Elia jwang hore ha a mong?

5 Jehova o ile a thusa Elia ka ditsela tse ngata. O ne a mo kgothaletsa ho ntsha maikutlo a hae. Ka makgetlo a mabedi o ile a mo botsa a re: “O batlang mona?” (1 Mar. 19:9, 13) Jehova o ne a dula a mamela ha Elia a mo bolella hore na o ikutlwa jwang. Jehova o ne a arabela ka ho mo bontsha boteng ba hae le matla a hae a maholo. O ile a ba a tiisetsa Elia hore ho ntse ho ena le batho ba bangata ba mo sebeletsang. (1 Mar. 19:11, 12, 18) Re ka kgodiseha hore Elia o ile a ikutlwa a imolohile ka mora ho bua le Jehova le ho bona ka moo a ileng a mo araba ka teng. Jehova o ile a fa Elia mesebetsi e mengata ya bohlokwa. O ile a re a tlotse Hazaele hore e be morena wa Syria, Jehu hore e be morena wa Iseraele le Elisha hore e be moprofeta. (1 Mar. 19:15, 16) Ka ho mo fa mesebetsi ena Jehova o ile a thusa Elia hore a dule a nahana ka dintho tsa bohlokwa. O ile a ba a mo fa motswalle e leng Elisha. Jehova a ka o thusa jwang ha o ikutlwa eka o motwaitwai?

6. O ka rapella eng ha o ikutlwa eka o mong? (Pesaleme ya 62:8)

6 Jehova o batla hore o mo rapele. O bona mathata ao o tobaneng le ona mme o o kgodisa hore o tla mamela dithapelo tsa hao ka nako le ha e le efe. (1 Bathes. 5:17) O thabela ho mamela barapedi ba hae. (Liprov. 15:8) O ka rapella eng ha o ikutlwa eka ha o na mang wee? Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang jwalo ka ha Elia a ile a etsa. (Bala Pesaleme ya 62:8.) Bolella Jehova dintho tse o tshwenyang le hore na di etsa hore o ikutlwe jwang. Mo kope hore a o thuse ho sebetsana le tsela eo o ikutlwang ka yona. Ha o ikutlwa eka o mong kapa o tshohile ha o bolella bana bao o kenang sekolo le bona ka Bibele, kopa Jehova hore a o fe sebete seo o se hlokang hore o itlhalose. Kopa Jehova bohlale ba ho hlalosa tumelo ya hao ka masene. (Luka 21:14, 15) Ha o ikutlwa o nyahame, kopa Jehova hore a o thuse ho bua le Mokreste ya nang le boiphihlelo. O ka boela wa kopa Jehova hore a thuse Mokreste eo o tlo bua le yena ho utlwisisa tsela eo o ikutlwang ka yona. Phetlela Jehova sefuba, bona ka moo a arabelang dithapelo tsa hao ka teng o be o amohele thuso eo ba bang ba o fang yona. Ha o etsa jwalo, o ke ke wa ikutlwa eka o mong.

Na o batlana le mekgwa e fapaneng ya ho eketsa nako eo o e qetang o sebeletsa Jehova o ena le bara le baradibabo rona? (Sheba serapa sa 7)

7. O ithutang ho Mauricio?

7 Jehova o re file mosebetsi wa bohlokwa. O ka kgodiseha hore o bona le ho ananela sohle seo o se etsang ka phuthehong le tshebeletsong ya tshimo. (Pes. 110:3) Ho dula o phathahane mosebetsing oo ho ka o thusa jwang ha o ikutlwa eka o mong? Nahana ka mohlala wa morabo rona e motjha e leng Mauricio. b Nakwana ka mora hore Mauricio a kolobetswe, e mong wa metswalle ya hae o ile a kgaotsa ho sebeletsa Jehova. O re: “Ha ke bona motswalle wa ka a kgaotsa ho sebeletsa Jehova, ke ne ke se ke sa itshepe. Ke ne ke ipotsa hore na ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ya ho sebeletsa Jehova mme ke dule ke le karolo ya mokgatlo wa hae. Ke ne ke ikutlwa ke se na mang wee ke bile ke sa dumele hore ho na le motho ya ka utlwisisang tsela eo ke ikutlwang ka yona.” Ke eng e ileng ya thusa Mauricio? O re: “Ke ile ka eketsa nako eo ke e qetang tshebeletsong ya tshimo. Ho etsa jwalo ho ile ha nthusa hore ke tlohele ho dula ke nahana ka nna feela le tsela eo ke ikutlwang ka yona. Ke ne ke dula ke thabile ha ke sebetsa le batho ba bang tshimong.” Le rona re matlafatswa ke ho ngola mangolo le ho paka ka fono le bara le baradibabo rona le hoja re sa kgone ho kopana le bona. Ke eng hape e ileng ya thusa Morabo rona Mauricio? O boetse o re: “Ke ile ka boela ka etsa mesebetsi e mengata ka phuthehong. Ke ile ka sebetsa ka thata ho lokisetsa le ho fana ka dipuo dibokeng. Mesebetsi ena e ile ya etsa hore ke ikutlwe ke le bohlokwa ho Jehova le ho batho ba bang.”

JEHOVA O A RE THUSA HA RE IKUTLWA RE NYAHAME

8. Mathata a boima a ka etsa hore re ikutlwe jwang?

8 Re ka lebella hore re tla kopana le mathata matsatsing ana a ho qetela. (2 Tim. 3:1) Empa re ka nna ra se ke ra lebella ho hlahelwa ke mathata a itseng kapa ra makala ha re hlahelwa ke ona. Re ka ba le mathata a ditjhelete ka tshohanyetso. Ngaka e ka nna ya re bolella hore re na le bolwetse bo kotsi. Hape re ka nna ra hlokahallwa ke motho eo re mo ratang. Ka dinako tse jwalo, re ka ikutlwa re imetswe ebile re tsielehile, haholo ha re kopana le mathata a sa yeng moriting. Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao mme ka thuso ya hae re ka kgona ho mamella mathata le ha e le afe ka sebete.

9. Hlalosa mathata ao Jobo a ileng a kopana le ona.

9 Nahana ka mohlala wa monna ya nang le tumelo e leng Jobo. O kopane le mathata a mangata a nyahamisang ka nako e kgutshwanyane. Ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a bolellwa hore diphoofolo tsohle tsa hae di shwele le hore basebetsi ba hae le bana ba hae ba hlokahetse. (Jobo 1:13-19) Nakwana ka mora moo ha a ntse a utlwile bohloko haholo, o ile a kula haholo a tshwarwa ke bolwetse bo bohloko le bo neng bo mo senya sebopeho. (Jobo 2:7) Boemo ba Jobo bo ne bo le bobe hoo a neng a batla ho shwa mme o ile a re: “Ke. . .lahlile [bophelo ba ka].”​—Jobo 7:16.

Jehova o bolella Jobo ka moo a hlokomelang dintho tseo a di bopileng ka teng e le ho thusa Jobo hore a dumele hore o a mo rata le hore o tla mo hlokomela. (Sheba serapa sa 10)

10. Jehova o ile a etsang ho thusa Jobo hore a mamelle mathata? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

10 Jehova o ne a sa tlohella Jobo feela. Ka ha Jehova o ne a rata Jobo, o ile a mo thusa hore a mamelle mathata a hae. Jehova o ile a bua le Jobo, a mo hopotsa bohlale ba Hae bo ikgethang. O ile a boela a hopotsa Jobo hore o rata dibopuwa tsa hae. O ile a bua ka diphoofolo tse ngata tse hlollang. (Jobo 38:1, 2; 39:9, 13, 19, 27; 40:15; 41:1, 2) Hape Jehova o ile a sebedisa mohlankana ya tshepahalang e leng Elihu ho matlafatsa le ho tshedisa Jobo. Elihu o ile a mo tiisetsa hore ka mehla Jehova o hlohonolofatsa barapedi ba hae ha ba mamella. Hape Jehova o ile a susumelletsa Elihu ho eletsa Jobo ka tsela e lerato. Elihu o ile a hopotsa Jobo hore re fokola haholo ha re bapiswa le Jehova Mmopi wa bokahohle. Ka ho etsa jwalo, o ile a thusa Jobo hore a se ke a inahana boyena feela. (Jobo 37:14) Jehova o ile a boela a fa Jobo boikarabelo ba hore a rapelle metswalle ya hae e meraro e neng e mo sitetswe. (Jobo 42:8-10) Mehleng ee Jehova o re thusa jwang ha re thulana le mathata a boima?

11. Bibele e re tshedisa jwang ha re hlahelwa ke mathata?

11 Jehova ha a bue le rona ka ho toba jwalo ka ha a ne a bua le Jobo empa o bua le rona a sebedisa Lentswe la Hae e leng Bibele. (Bar. 15:4) O re tshedisa ka ho re fa tshepo ya bokamoso. Nahana ka ditemana tse mmalwa tsa Bibele tse ka re tshedisang ha re hlahelwa ke mathata. Ka Bibeleng Jehova o a re kgodisa hore ha ho na letho le tla “re arohanya le lerato la [hae]” esita le mathata. (Bar. 8:38, 39) O boetse o a re tiisetsa hore “o haufi le bohle ba ipiletsang ho yena” ka thapelo. (Pes. 145:18) Jehova o re ha re itshetleha ka yena re ka kgona ho mamella mathata le ha e le afe ra ba ra dula re thabile le hoja re ena le mathata. (1 Bakor. 10:13; Jak. 1:2, 12) Lentswe la Modimo le a re hopotsa hore mathata a rona ke a nakwana ha a bapiswa le ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo a tla re fa tsona. (2 Bakor. 4:16-18) Jehova o re fa tshepo e tiileng ya hore o tla fedisa sesosa sa mathata ohle a rona e leng Satane Diabolose le bohle ba kgopo jwalo ka yena. (Pes. 37:10) Na ho na le ditemana tsa Bibele tseo o di tshwereng ka hlooho tse tla o thusa ho mamella mathata a larileng ka pele?

12. Jehova o lebelletse hore re etseng haeba re batla ho fumana molemo Lentsweng la hae?

12 Jehova o lebelletse hore re be le nako ya ho ithuta Bibele ka mehla le ho nahanisisa ka ho teba ka seo re se balang. Ha re sebedisa dintho tseo re ithutang tsona, tumelo ya rona e a matlafala le setswalle sa rona le Jehova se a tiya. Ka lebaka leo, re ba le matla a ho mamella mathata. Hape Jehova o fa batho ba itshetlehang ka Lentswe la hae, moya o halalelang. Moya oo o halalelang o re fa “matla a fetang se tlwaelehileng” e le hore re ka mamella mathata.​—2 Bakor. 4:7-10.

13. Kwetliso e tswang Bibeleng e fanwang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene” e re thusa jwang ho mamella mathata?

13 Ka thuso ya Jehova “lekgoba le tshepahalang le le masene” le etsa dingolwa tse ngata, divideo le dipina tse re thusang hore re be le tumelo e matla le hore re dule re ena le setswalle se haufi le Jehova. (Mat. 24:45) Re lokela ho sebedisa dintho tsohle tseo Jehova a re fang tsona. Moradiwabo rona wa United States o bontshitse hore o ananela kwetliso e tswang Lentsweng la Modimo eo re e fumanang. O re: “Ka dilemo tse 40 ha ke ntse ke sebeletsa Jehova, botshepehi ba ka bo ile ba lekwa ka makgetlo.” Moradiwabo rona o ile a hlahelwa ke mathata a mangata haholo. Ntatemoholo wa hae o ile a hlokahalla kotsing ya koloi ka lebaka la mokganni ya neng a tahilwe. Batswadi ba hae ba ile ba kula hampe mme ba hlokahala, ha yena a ile a tshwarwa ke kankere ka makgetlo a mabedi. Ke eng e mo thusitseng ho mamella? Ha a hlalosa o re: “Haesale Jehova a ntlhokomela. Kwetliso e tswang Bibeleng eo lekgoba le tshepahalang le le masene le fanang ka yona e nthusitse ho mamella. Ka hoo, ke ikutlwa jwalo ka Jobo ya ileng a re: ‘Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!’”​—Jobo 27:5.

Re ka thusa ba bang jwang ka phuthehong ya Jehova? (Sheba serapa sa 14)

14. Jehova o sebedisa barapedimmoho le rona jwang ho re tshehetsa nakong eo re nang le mathata? (1 Bathesalonika 4:9)

14 Jehova o rutile batho ba hae hore ba ratane ba be ba tshedisane dinakong tse thata. (2 Bakor. 1:3, 4; bala 1 Bathesalonika 4:9.) Bara le baradibabo rona ba etsisa Elihu ka hore ba ikemisetse ho re thusa hore tumelo ya rona e dule e le matla le ha re ena le mathata. (Lik. 14:22) Ka mohlala, bona hore na phutheho e ile ya kgothatsa le ho thusa Moradiwabo rona Diane jwang e le hore tumelo ya hae e dule e le matla ka mora hore molekane wa hae a kule hampe. O re: “Ho ne ho nyolosetsa empa re ile ra utlwa mofuthu wa lerato la Jehova dikgweding tseo tse boima. Phutheho ya rona e ile ya re thusa haholo. Ba ile ba re etela, ba re founela le ho re aka, e leng seo re neng re se hloka e le hore re dule re le matla. Ka ha ha ke tsebe ho kganna, bara le baradi beso ba ne ba nkisa dibokeng le tshimong ka dikoloi tsa bona.” Ke tlhohonolofatso ho ba karolo ya lelapa le ratanang hakana.

RE ANANELA LERATO LA JEHOVA

15. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore re ka kgona ho sebetsana le maemo a boima?

15 Kaofela ha rona re hlahelwa ke mathata a itseng. Jwalo ka ha re bone, re ke ke ra sebetsana le ona re le bang. Jwalo ka ntate ya lerato, Jehova o dula a re hlokomela. O lehlakoreng la rona ebile o malalaalaotswe ho utlwa dikopo tsa rona, ho re thusa le ho re tshehetsa. (Esa. 43:2) Re kgodisehile hore re ka mamella mathata hobane ka lerato Jehova o re file sohle seo re se hlokang e le hore re ka mamella. O re file monyetla wa hore re bue le yena ka thapelo. O re file Bibele, thuto e ngata e re thusang ho ba le tumelo e matla le lelapa la bara le baradibabo rona ba re ratang, ho re thusa dinakong tse thata.

16. Re lokela ho etsang e le hore Jehova a dule a re hlokomela?

16 Re motlotlo hore ebe re na le Ntate wa rona ya lehodimong ya re hlokomelang. “Dipelo tsa rona di ithabela ho yena.” (Pes. 33:21) Re ka bontsha hore re ananela lerato leo Jehova a re bontshang lona ka ho sebedisa dintho tsohle tseo a re fang tsona ho re thusa. Re boetse re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re dule re le metswalle ya Jehova. Ha re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mamela Jehova le ho etsa dintho tse nepahetseng, o tla dula a re hlokomela ka ho sa feleng.​—1 Pet. 3:12.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

a Re hloka thuso ya Jehova e le hore re hlole mathata ao re thulanang le ona mehleng ena. Sehlooho sena se tla re hopotsa hore Jehova o hlokomela batho ba hae. O bona mathata ao re kopanang le ona re le batho ka bomong mme o re thusa hore re a hlole.

b Mabitso a mang a fetotswe.