SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35
Tswelang Pele ho Hahana
“Le nne le tshedisane le ho hahana.”—1 BATHES. 5:11.
PINA YA 90 Le Kgothatsane
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Ho ya ka 1 Bathesalonika 5:11, ke mosebetsi ofe oo re o etsang?
NA PHUTHEHO ya heno e kile ya haha Holo ya Mmuso kapa ya e lokisa? Haeba ho jwalo, e tlameha ebe o hopola diboka tsa pele tseo le bileng le tsona mohahong oo o motjha. O ile wa leboha Jehova haholo. Ha e le hantle, e ka nna yaba o ne o thabile hoo o neng o batla ho lla ebile o sa kgone le ho bina pina e qalang. Diholo tsa rona tsa Mmuso tse hahilweng hantle di etsa hore batho ba rorise Jehova. Empa re rorisa Jehova le ho feta ha re etsa mosebetsi o mong wa ho haha. Mosebetsi oo o akareletsa ntho ya bohlokwa ho feta mehaho, e leng ho haha batho ba tlang mehahong ya rona ya borapedi. Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka taba ena ha a ne a ngola mantswe a ho 1 Bathesalonika 5:11, e leng lengolo la rona la sehlooho.—E bale.
2. Re tlo bua kang sehloohong see?
2 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle wa ho haha Bakrestemmoho le yena. O ne a qenehela batho ba bang. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na o ile a thusa Bakrestemmoho le yena jwang hore ba (1) mamelle mathata, (2) ba etse kgotso le batho ba bang le hore ba (3) matlafatse tumelo ya bona ho Jehova. A re boneng hore na ke jwang re ka etsisang mohlala wa hae kajeno ka hore re hahe Bakrestemmoho le rona.—1 Bakor. 11:1.
PAULUSE O ILE A THUSA BAKRESTEMMOHO LE YENA HORE BA MAMELLE MATHATA
3. Pauluse o ne a lekalekanya dintho jwang?
3 Pauluse o ne a rata Bakrestemmoho le yena haholo. O ile a qenehela le ho utlwela Bakrestemmoho le yena bohloko ha ba ne ba ena le mathata hobane le yena o ile a hlahelwa ke mathata. Ho na le nako eo Pauluse a ileng a fellwa ke tjhelete mme o ile a lokela ho batla mosebetsi e le hore a itlhokomele le ho hlokomela batho bao a neng a ena le bona. (Lik. 20:34) O ne a iphedisa ka ho etsa ditente. Ha a fihla Korinthe, o ile a sebetsa le Akuila le Prisilla bao le bona ba neng ba etsa mosebetsi wa ho etsa ditente. Le ha ho le jwalo, “ka sabatha e nngwe le e nngwe” o ne a bolella Bajuda le Bagerike ditaba tse molemo. Ha Silase le Timothea ba fihla, “Pauluse a qala ho tshwareha ka matla haholo ka lentswe.” (Lik. 18:2-5) Pauluse o ne a dula a tseba hore ntho ya bohlokwa bophelong ba hae ke ho sebeletsa Jehova. Ka ha Pauluse o ne a sebetsa ka thata, o ile a kgona ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena. O ile a ba hopotsa hore ba se ke ba dumella mathata le ho tshwenyeha ka ho hlokomela ba malapa a bona ho ba sitisa ho etsa “dintho tsa bohlokwa haholo,” e leng dintho tsohle tse amanang le borapedi ba bona.—Bafil. 1:10.
4. Pauluse le Timothea ba ile ba thusa Bakrestemmoho le yena jwang ha ba ne ba hloriswa?
4 Nakwana ka mora hore phutheho ya Thesalonika e thehwe, Bakreste ba moo ba ile ba hloriswa haholo. Ha bahanyetsi ba halefileng ba ne ba sa kgone ho fumana Pauluse le Silase, ba ile ba hulela “barababo rona ba itseng ho babusi ba motse,” ba ile ba hweletsa ba re: ‘Banna bana ba etsa ho hanyetsanang le melaotaelo ya Cesare.’ (Lik. 17:6, 7) O ka inahanela feela hore na Bakreste bao ba batjha ba ne ba tshohile hakae ha ba hlokomela hore banna ba motse ba ba fetohetse. Ba ne ba ka tlohela ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo empa Pauluse o ne a sa batle hore seo se etsahale. Le hoja yena le Silase ba ne ba lokela ho tsamaya, ba ile ba etsa bonnete ba hore phutheho eo e ntjha e sala e hlokometswe. Pauluse o ile a hopotsa Bathesalonika a re: “Re roma Timothea, morabo rona . . . , e le ho le tiisa le ho le tshedisa bakeng sa tumelo ya lona, e le hore ho se ke ha eba le ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana.” (1 Bathes. 3:2, 3) E ka nna yaba Timothea le yena o ile a hloriswa motseng wa habo wa Lystra. O ile a bona ha Pauluse a matlafatsa barababo ba motseng oo. Ka ha Timothea o ile a bona ka moo Jehova a ileng a ba thusa ka teng, o ne a ka kgodisa Bakrestemmoho le yena bao ba batjha hore le bona Jehova o tla ba thusa.—Lik. 14:8, 19-22; Baheb. 12:2.
5. Tsela eo moholo e mong a ileng a thusa Morabo rona Bryant ka yona e ile ya mo tswela molemo jwang?
5 Ke ka tsela efe e nngwe eo Pauluse a ileng a kgothatsa Bakrestemmoho le yena? Ha Pauluse le Barnabase ba kgutlela Lystra, Ikoniamo le Antioke, ba ile ba “beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e nngwe le e nngwe.” (Lik. 14:21-23) Ha ho pelaelo hore banna bao ba kgethilweng ba ile ba etsa bonnete ba hore ba kgothatsa diphutheho tseo jwalo ka ha baholo ba etsa le kajeno. Hlokomela seo Morabo rona Bryant a ileng a se bua, o re: “Ha ke le dilemo di 15 ntate wa ka o ile a tsamaya lapeng mme mme wa ka a kgaolwa. Ke ile ka ikutlwa ke nyahame ebile ke se na mang wee.” Keng e ileng ya thusa Bryant hore a mamelle maemo ana a thata? O re: “Morabo rona Tony eo e leng moholo o ne a dula a bua le nna dibokeng le ka dinako tse ding. O ile a mpolella ka batho ba bang ba neng ba ena le mathata empa ba dula ba thabile. O ile a mpalla Pesaleme ya 27:10 mme o ne a dula a bua le nna ka Ezekiase ya neng a sebeletsa Modimo ka botshepehi le hoja ntate wa hae a ne a sa mo behele mohlala o motle.” See se ile sa thusa Bryant jwang? O re: “Tsela eo Tony a ileng a nkgothatsa ka yona e ile ya nthusa hore qetellong ke be tshebeletsong ya nako e tletseng.” Baholo, elang hloko batho ba kang Bryant, ba hlokang “lentswe le molemo” la kgothatso.—Liprov. 12:25.
6. Pauluse o ile a sebedisa dipale tsa bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng jwang ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena?
6 Pauluse o ile a hopotsa Bakrestemmoho le yena hore ‘leru le leholo la dipaki’ le ile la mamella mathata ao le neng le ena le ona hobane Jehova a ile a le fa matla. (Baheb. 12:1) Pauluse o ne a tseba hore dipale tsa ba ileng ba mamella mathata a sa tshwaneng nakong e fetileng di ne di tla kgothatsa Bakrestemmoho le yena le ho ba thusa hore ba dule ba tadimile ‘motseng wa Modimo ya phelang.’ (Baheb. 12:22) Ho etsahala se tshwanang le kajeno. Kaofela ha rona re ile ra matlafala ha re utlwa ka moo Jehova a ileng a thusa Gideone, Barake, Davida, Samuele le ba bang ba bangata. (Baheb. 11:32-35) Le kajeno mehlala ya bahlanka ba Jehova ba ileng ba bontsha tumelo e a re matlafatsa. Hangata ntlokgolo re fumana mangolo a tswang ho bara le baradibabo rona bao tumelo ya bona e ileng ya matlafala ha ba bala dipale tsa bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba mehleng ena.
PAULUSE O ILE A BONTSHA BAKRESTEMMOHO LE YENA HORE NA KE JWANG BA KA BANG LE KGOTSO LE BA BANG
7. Re ka ithutang keletsong ya Pauluse e hlahang ho Baroma 14:19-21?
7 Re kgothatsa bara le baradibabo rona ha re bua le ho etsa dintho tse tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong. Ha re dumelle hore dintho tseo re sa dumellaneng ka tsona di re arole. Hape ha re tsitlelle maikutlo a rona haeba ho se na molaomotheo wa Bibele o tlolwang. Nahana ka mohlala ona. Phutheho ya Roma e ne e ena le Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba. Ha Molao wa Moshe o ne o fediswa ho ne ho se ho sa hlokahale hore bahlanka ba Jehova ba mamele melao e neng e bua ka ho ja dijo tse itseng. (Mar. 7:19) Ho tloha ka nako eo ho ya pele, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba ikutlwa ba lokolohile hore ba ka ja dijo tsa mefuta yohle. Le ha ho le jwalo, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba sa ikutlwe ba lokolohile hore ba ka ja dijo tseo. Taba ena e ile ya baka dikarohano ka phuthehong. Pauluse o ile a hatisa bohlokwa ba ho ba le kgotso le batho ba bang mme o ile a re: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se nwe veine kapa ho se etse ntho le ha e le efe eo ka lebaka la yona moreno a kgoptjwang.” (Bala Baroma 14:19-21.) Ka hoo, Pauluse o ile a thusa Bakrestemmoho ho bona ka moo dikgohlano di ka utlwisang batho ba bang bohloko ha mmoho le phutheho yohle. O ne a ikemiseditse ho fetola tsela eo a etsang dintho ka yona e le hore a se ke a kgopisa batho ba bang. (1 Bakor. 9:19-22) Le rona ka ho tshwanang re ka haha batho ba bang le ho etsa hore ho be le kgotso ka hore re qobe ho ngangisana ka dintho tseo e leng qeto ya botho.
8. Pauluse o ile a rarolla bothata bo neng bo ka etsa hore ho se ke ha eba le kgotso ka phuthehong jwang?
8 Pauluse o ile a beha mohlala o motle ka ho etsa hore ho be le kgotso hara batho ba neng ba sa dumellane ka ditaba tsa bohlokwa. Ka mohlala, ba bang phuthehong ya mehleng ya baapostola ba ne ba hatella hore Baditjhaba ba bolle e le hore Bajuda ba se ke ba ba nyatsa. (Bagal. 6:12) Pauluse o ne a sa dumellane le taba eo ho hang empa ho ena le hore a tsitlelle hore dintho di etsahale ka tsela ya hae o ile a ikokobetsa mme a isa taba eo ho baapostola le baholo ba Jerusalema. (Lik. 15:1, 2) Taba ya hore Pauluse o ile a rarolla bothata boo ka tsela ena, e ile ya thusa Bakreste hore ba dule ba thabile le ho ba le kgotso ka phuthehong.—Lik. 15:30, 31.
9. Re ka etsisa mohlala wa Pauluse jwang?
9 Haeba ho na le taba e tebileng e ka bakang ho se utlwisisane, re ka etsa hore ho be le kgotso ka hore re batle tataiso ho batho bao Jehova a ba kgethileng ho hlokomela phutheho. Hangata re ka fumana keletso e thehilweng Bibeleng dingolweng tsa rona kapa ra fumana tataiso e tswang mokgatlong wa Modimo. Re tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong ha re mamela ditaelo tseo re di fumanang ho ena le ho etsa dintho re tsitlelletse maikutlo a rona.
10. Pauluse o ile a etsang hape e le hore ho be le kgotso ka phuthehong?
10 Pauluse o ile a etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong ka hore a bue ka makgabane a Bakrestemmoho le yena eseng diphoso tsa bona. Ka mohlala, ha a phethela lengolo le neng le ya ho Baroma o ile a ngola mabitso a batho ba bangata mme a bua dintho tse ntle ka bona. Re ka etsisa Pauluse ka hore re bue ka makgabane a bara le baradibabo rona. Ha re etsa jwalo re thusa bara le baradibabo rona hore ba momahane, e leng se tla etsa hore ho be le lerato ka phuthehong.
11. Re ka etsa kgotso le batho ba bang jwang haeba re qabane le bona?
11 Ho ka etsahala hore ka dinako tse ding Bakreste ba nang le boiphihlelo ba ngangisane kapa ba se ke ba dumellana ka taba e itseng. Ntho ena e ile ya etsahalla Pauluse le motswalle wa hae Barnabase. Banna bana ba babedi ba ne ba sa dumellane ka hore na ba tsamaye le Mareka leetong la bona le latelang la boromuwa. Ho ile ha eba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale” mme ba ile ba etsa qeto ya hore ba arohane. (Lik. 15:37-39) Le ha ho le jwalo Pauluse, Barnabase le Mareka ba ile ba etsa kgotso mme seo se ne se bontsha hore ba ne ba nka ho ba le kgotso le bonngwe ka phuthehong e le ntho ya bohlokwa. Ha morao Pauluse o ile a bua dintho tse ntle ka Barnabase le Mareka. (1 Bakor. 9:6; Bakol. 4:10) Le rona re lokela ho etsa kgotso le Bakrestemmoho le rona mme re tswele pele ho sheba dintho tse ntle tseo ba di etsang. Ha re etsa jwalo re tla etsa hore ho be le kgotso le bonngwe ka phuthehong.—Baef. 4:3.
PAULUSE O ILE A MATLAFATSA TUMELO YA BAKRESTEMMOHO LE YENA
12. Bara le baradibabo rona ba eba le mathata afe?
12 Re haha Bakrestemmoho le rona ha re matlafatsa tumelo eo ba nang le yona ho Jehova. Bakreste ba bang ba songwa ke ba malapa bao e seng Dipaki, basebetsimmoho kapa bana bao ba kenang sekolo le bona. Ba bang ba kula haholo kapa ba ntse ba utlwisitswe bohloko ke dintho tse ba hlahetseng. Ha ba bang bona e se le dilemo ba kolobeditswe mme e se e le nako e telele ba emetse hore lefatshe lena le fediswe. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba hlahelwa ke mathata a kang ana mme le mehleng ena mathata ao a ka leka tumelo ya Bakrestemmoho le rona. Pauluse o ile a etsang ho matlafatsa Bakrestemmoho le yena?
13. Pauluse o ile a thusa Bakreste ba neng ba songwa ka lebaka la dintho tseo ba di dumelang jwang?
13 Pauluse o ile a matlafatsa tumelo ya Bakrestemmoho le yena a sebedisa Mangolo. Ka mohlala, e ka nna yaba Bakreste ba Bajuda ba ne ba sa tsebe hore na ba reng ho ba lelapa bao e neng e se Bakreste ba neng ba re Bojuda bo phahametse Bokreste. Ha ho pelaelo hore lengolo leo Pauluse a neng a le ngolletse Baheberu le ile la matlafatsa Bakreste bao haholo. (Baheb. 1:5, 6; 2:2, 3; 9:24, 25) Ba ne ba ka sebedisa tsela eo Pauluse a neng a beha mabaka ka yona ho araba batho ba neng ba ba qosa. Mehleng ena re ka thusa Bakrestemmoho le rona ba songwang hore ba sebedise dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng hore ba hlalose seo ba se dumelang. Haeba batjha ba songwa hobane ba dumela hore dintho di bopilwe re ka ba thusa hore ba fumane dintlha tse ka ba thusang ho hlalosa seo ba se dumelang bukaneng ya Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ya The Origin of Life—Five Questions Worth Asking.
14. Pauluse o ile a etsang le hoja a ne a phathahane ka ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo?
14 Pauluse o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba bontshane lerato ka ho etsa ‘mesebetsi e metle.’ (Baheb. 10:24) O ne a sa ba thuse feela ka dintho tseo a di buang empa le ka dintho tseo a di etsang. Ka mohlala, ha ho ne ho ena le tlala Judea, Pauluse o ile a ba fa dintho tseo ba neng ba di hloka. (Lik. 11:27-30) Le hoja Pauluse a ne a phathahane ka ho ruta le ho bolela ditaba tse molemo, o ne a dula a batla ditsela tsa ho thusa batho ba neng ba hloka. (Bagal. 2:10) Ka ho etsa jwalo, o ile a thusa Bakrestemmoho le rona hore ba kgodisehe hore Jehova o tla ba hlokomela. Mehleng ena re haha tumelo ya Bakrestemmoho le rona ha re sebedisa nako, matla le bokgoni ba rona ho ba thusa ha ho ena le dikoduwa. Hape re ka etsa jwalo ka hore ka mehla re fane ka monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle. Ha re etsa dintho tsena le tse ding, re thusa Bakrestemmoho le rona hore ba tshepe hore Jehova a ke ke a ba lahla le ka mohla.
15, 16. Re lokela ho tshwara Bakrestemmoho le rona bao tumelo ya bona e seng e fokola jwang?
15 Pauluse o ne a dula a kgothatsa batho bao tumelo ya bona e neng e se e fokola. O ne a ba qenehela mme a bua le bona ka tsela e ba kgothatsang. (Baheb. 6:9; 10:39) Ka mohlala, o ne a dula a sebedisa lentswe “re” lengolong la hae le neng le ya ho Baheberu, e leng se bontshang hore o ne a dumela hore le yena o lokela ho sebedisa keletso eo a fanang ka yona. (Baheb. 2:1, 3) Le rona jwalo ka Pauluse, re lokela ho dula re kgothatsa batho bao tumelo ya bona e seng e fokola. Ha e le hantle, re ba kgothatsa ka hore re bontshe hore re a ba tsotella. Ha re etsa jwalo re bontsha hore re a ba rata. Dintho tseo re di buang le tsela eo re buang le bona ka yona e ka ba kgothatsa.
16 Pauluse o ile a kgodisa Bakrestemmoho le yena hore Jehova o hlokomela dintho tse ntle tseo ba di etsang. (Baheb. 10:32-34) Le rona re ka mo etsisa ha re thusa Mokrestemmoho eo tumelo ya hae e seng e fokola. Re ka kopa a re bolelle hore na ho tlile jwang hore e be Paki kapa hore a nahane ka maemo ao Jehova a ileng a mo thusa ho ona. Re ka sebedisa monyetla oo ho mo tiisetsa hore Jehova ha a lebala tsela eo a ileng a bontsha hore o a mo rata ebile a ke ke a mo lahla. (Baheb. 6:10; 13:5, 6) Ho qoqa le bara le baradibabo rona ka dintho tsena ho ka ba susumeletsa hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova.
“LE NNE LE TSHEDISANE”
17. Ke dintho dife tseo re ka tswelang pele ho di etsa?
17 Re ka kgona ho ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho kgothatsa batho ba bang ha nako e ntse e ya feela jwalo ka ha motho ya hahang le yena a ntlafatsa bokgoni ba hae ba ho haha ha a ntse a sebetsa. Re ka thusa ba bang hore ba be le matla a ho mamella mathata ka hore re ba bolelle ka batho ba ileng ba mamella mathata nakong e fetileng. Re ka etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong ka hore re bue ka dintho tse ntle tseo batho ba bang ba di etsang le ka hore re lokise ditaba haeba ho ena le diqabang kapa ho se utlwisisane. Re ka tswela pele ho haha tumelo ya Bakrestemmoho le rona ka hore re buisane le bona ka dintho tsa bohlokwa tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng, ka ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang le ka ho tshehetsa bao tumelo ya bona e seng e fokola.
18. O ikemiseditse ho etsang?
18 Bara le baradibabo rona ba hahang mehaho ya rona ba thabile ebile ba kgotsofetse. Le rona re ka thaba le ho kgotsofala ha re haha tumelo ya Bakrestemmoho le rona. Mehaho e ka senyeha empa melemo ya mosebetsi wa rona wa ho kgothatsa ba bang e tla dula e le teng ka ho sa feleng. E se eka re ka ikemisetsa ho dula re ‘tshedisana le ho hahana.’—1 Bathes. 5:11.
PINA YA 100 Ba Amoheleng ka Mofuthu
a Bophelo bo boima. Bara le baradibabo rona ba tlasa kgatello e matla. Ka hoo, re ka ba thusa haholo haeba re ka ba kgothatsa ka ditsela tse sa tshwaneng. A re bueng ka mohlala wa moapostola Pauluse o ka re thusang ho bona hore na re ka etsa seo jwang.
b DITSHWANTSHO: Ntate o bontsha moradi wa hae ditlhahiso tse tswang dingolweng tsa rona tse ka mo thusang ho hlola kgatello ya ho keteka keresemese.
c DITSHWANTSHO: Banyalani ba tlile naheng e nngwe ho thusetsa moo ho hlahileng koduwa.
d DITSHWANTSHO: Moholo o etetse morabo rona eo tumelo ya hae e seng e fokola. O bontsha morabo rona dinepe tsa Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho seo ba neng ba ile ho sona dilemo tse fetileng. Dinepe tseo di etsa hore morabo rona a hopole dinako tse monate tseo ba bileng le tsona. Ka mora nako o kgutlela ka phuthehong.