SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34
Ithute Boprofeta ba Bibele
“Ba bohlale ke bona ba tla di utlwisisa.”—DAN. 12:10.
PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Keng e ka o thusang hore o thabele ho ithuta boprofeta ba Bibele?
BEN eo e leng motjha wa Paki o re: “Ke rata ho ithuta boprofeta ba Bibele.” Na o dumellana le yena kapa o utlwa ho le thata ho utlwisisa boprofeta ba Bibele? E ka nna yaba o utlwa eka ho ithuta boprofeta ha ho monate. Le ha ho le jwalo, ha o ithuta ka hore na ke hobaneng ha Jehova a ngotse boprofeta ka Lentsweng la hae, o ka nna wa fetola maikutlo a hao.
2. Re tlo bua kang sehloohong see?
2 Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha re lokela ho ithuta boprofeta ba Bibele le hore na re ka ithuta bona jwang. Re tla boela re bue ka ditlaleho tse pedi tsa boprofeta tse hlahang bukeng ya Daniele e le ho bona hore na ho bo utlwisisa ho ka re thusa jwang.
KE HOBANENG HA RE LOKELA HO ITHUTA BOPROFETA BA BIBELE?
3. Re lokela ho etsang haeba re batla ho utlwisisa boprofeta ba Bibele?
3 Re lokela ho kopa thuso haeba re batla ho utlwisisa boprofeta ba Bibele. Nahana ka mohlala ona. A re re o etetse sebaka seo o sa se tsebeng empa motswalle wa hao eo o tsamayang le yena o se tseba hantle. O tseba hantle hore na le hokae le hore tsela e nngwe le e nngwe e ya hokae. O ne o tla thaba hore ebe motswalle wa hao o dumetse ho tsamaya le wena. Ka tsela e tshwanang, Jehova o tshwana le motswalle eo mme o tseba bokamoso ba rona hantle. Ka hoo, e le hore re utlwisise boprofeta ba Bibele, re lokela ho ikokobetsa mme re kope thuso ho Jehova.—Dan. 2:28; 2 Pet. 1:19, 20.
4. Ke hobaneng ha Jehova a entse hore boprofeta bo ngolwe ka Lentsweng la hae? (Jeremia 29:11) (Sheba setshwantsho.)
4 Jehova o jwalo ka motswadi ya molemo, o batla hore re thabele bophelo nakong e tlang. (Bala Jeremia 29:11.) Ha a tshwane le batho hobane ke motswadi ya kgonang ho re bolella hantle hore na ho tlo etsahalang nakong e tlang ebile o dula a nepile. Jehova o kgethile batho hore ba ngole boprofeta ka Lentsweng la hae e le hore re ka tseba ka diketsahalo tsa bohlokwa pele di etsahala. (Esa. 46:10) Boprofeta bo tswang Bibeleng ke mpho e bontshang hore Ntate wa rona ya lehodimong o a re rata. Empa re ka kgodiswa keng hore dintho tseo Bibele e reng di tla etsahala e fela e le nnete?
5. Batjha ba ka ithutang ho Max?
5 Hangata batjha ba Dipaki ba kopana le bana ba bang sekolong ba sa hlompheng Bibele. Bana bao ba etsa hore batjha ba Dipaki ba be le dipelaelo. Utlwa hore na morabo rona e mong eo lebitso la hae e leng Max o reng. O re batswadi ba hae ba ne ba mo ruta hore Bibele ke Lentswe la Modimo le hore bodumedi ba bona ke ba nnete. Empa ha e eba motjha o ile a qala ho belaella dintho tseo batswadi ba hae ba neng ba mo ruta tsona. Batswadi ba hae ba ile ba mo thusa jwang? O re batswadi ba hae ba ne ba kgobile matshwafo le hoja ba ne ba tshwenyehile. Ba ile ba araba dipotso tseo a neng a ena le tsona kaofela ka Bibele empa ho na le ntho eo Max le yena a ileng a e etsa. O re o ile a ithuta boprofeta ba Bibele yaba o qoqela bana ba bang dintho tseo a ithutileng tsona. Ka mora moo, o ile a kgodiseha hore Bibele ke Lentswe la Modimo.
6. O lokela ho etsang haeba o na le dipelaelo, hona hobaneng?
6 Haeba jwalo ka Max re belaella dinnete tse ka Bibeleng, ha ho hlokahale hore re ikutlwe re le molato. Empa ha re a lokela ho belaella dinnete tse ka Bibeleng hobane dipelaelo di tswana le mafome. Haeba re sa di tlose, di ka senya tumelo ya rona. E le hore re ka tlosa dipelaelo, re hloka ho ipotsa, ‘Na ke dumela seo Bibele e se buang ka bokamoso?’ Haeba o sa kgodiseha, o hloka ho ithuta boprofeta bo ka Bibeleng bo seng bo phethahetse. Seo o ka se etsa jwang?
O KA ITHUTA BOPROFETA BA BIBELE JWANG?
7. Daniele o re behetse mohlala ofe wa ho ithuta boprofeta? (Daniele 12:10) (Sheba setshwantsho.)
7 Daniele o re behetse mohlala o motle wa ho ithuta boprofeta. O ne a ena le lebaka le utlwahalang la ho ithuta boprofeta hobane o ne a batla ho bo utlwisisa. Daniele o ne a ikokobeditse hape a tseba hore Jehova o ne a tla mo thusa hore a utlwisise boprofeta haeba a ne a mo mamela a bile a phela ka melao ya hae. (Dan. 2:27, 28; bala Daniele 12:10.) O ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a kope Jehova hore a mo thuse. (Dan. 2:18) Daniele o ne a boetse a etsa dipatlisiso. O ne a bala Mangolo a neng a le teng ka nako eo. (Jer. 25:11, 12; Dan. 9:2) Rona re ka etsisa Daniele jwang?
8. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ithuta boprofeta ba Bibele?
8 Ke hobaneng ha o ithuta boprofeta ba Bibele? Na ke hobane o batla ho bo utlwisisa? Haeba ho jwalo, Jehova o tla o thusa. (Joh. 4:23, 24; 14:16, 17) Ke hobaneng ha batho ba bang ba ithuta boprofeta? Ba ithuta boprofeta hobane ba na le tshepo ya hore ba tla fumana bopaki ba hore Bibele ha se Lentswe la Modimo. Ba etsa sena hobane ba na le boikutlo ba hore haeba Bibele ha se Lentswe la Modimo ba ka phela ka tsela eo ba e batlang. Le ha ho le jwalo, kaofela ha rona re hloka mabaka a utlwahalang a hore na ke hobaneng ha re ithuta boprofeta ba Bibele. Hape ho na le boikutlo boo re lokelang ho ba le bona e le hore re utlwisise boprofeta ba Bibele.
9. Hlalosa hore na re lokela ho ba le boikutlo bofe e le hore re utlwisise boprofeta ba Bibele.
9 Ikokobetse. Jehova o tshepisa batho ba ikokobeditseng hore o tla ba thusa. (Jak. 4:6) Re lokela ho kopa hore a re thuse ho utlwisisa boprofeta ba Bibele ka hore re mo rapele. Hape re lokela ho dumela hore re hloka thuso ya mokgatlo oo a o sebedisang ho re fa dingolwa le divideo ka nako e tshwanetseng. (Luka 12:42) Jehova ke Modimo ya hlophisehileng. Ka hoo, ho a utlwahala hore ebe o sebedisa mokgatlo o le mong ho re thusa ho utlwisisa dithuto tse ka Lentsweng la hae.—1 Bakor. 14:33; Baef. 4:4-6.
10. O ithutang ho Moradi wa bo rona Esther?
10 Etsa dipatlisiso. Kgetha boprofeta boo o bo ratang ebe o qala ho etsa dipatlisiso ka bona. Ke sona seo Esther a ileng a se etsa. O ne a rata boprofeta bo buang ka hore Mesia o ne a tla tla. O re ha a le dilemo di 15, o ile a qala ho etsa dipatlisiso ka boprofeta boo hobane o ne a batla bopaki ba hore boprofeta boo bo ngotswe pele Jesu a tla lefatsheng. Dintho tse neng di ngotswe meqolong e fumanweng Lewatleng le Shweleng di ile tsa etsa hore a kgodisehe hore boprofeta boo ke nnete. O re bo bong ba bona bo ne bo ngotswe pele ho mehla ya Kreste, ka hoo e tlameha ebe boprofeta boo bo ne bo tswa ho Modimo. Esther o boetse o re o ne a tlameha ho bala boprofeta boo ka makgetlo a mangata e le hore a bo utlwisise mme o thabiswa ke hore o ile a etsa jwalo. O re ka mora ho etsa dipatlisiso tse ngata ka boprofeta ba Bibele, o ile a bona hore Bibele e bua nnete.
11. Ke hobaneng ha re lokela ho kgodiseha hore Bibele e bua nnete?
11 Ha re bona boprofeta ba Bibele bo phethahala, re kgona ho tshepa Jehova le ho feta ebile re tshepa le tsela eo a re tataisang ka yona. Hape boprofeta ba Bibele bo re thusa hore re dule re ena le tshepo ya hore mathata ao re nang le ona hona jwale a tla fela. A re bueng ka ditlaleho tse pedi tsa boprofeta ba Bibele tseo Daniele a buileng ka tsona tseo re di bonang di phethahala hona jwale. Ho utlwisisa boprofeta bona ho tla re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng.
KE HOBANENG HA O LOKELA HO UTLWISISA BOPROFETA BO BUANG KA MAOTO A TSHEPE LE LETSOPA?
12. Maoto a boprofeteng bo buang ka ‘tshepe e kopaneng le letsopa le bonolo’ a emelang? (Daniele 2:41-43)
12 Bala Daniele 2:41-43. Torong eo Daniele a ileng a e hlalosetsa Morena Nebukadnezare, maoto a setshwantsho seo morena a se boneng a ne a entswe ka ‘tshepe e kopaneng le letsopa le bonolo.’ Ha re bapisa boprofeta bo bukeng ya Daniele le ya Tshenolo, re ka re maoto a emela Mmuso wa Manyesemane le Maamerika e leng mmuso o matla ka ho fetisisa lefatsheng mehleng ena. Daniele o re “mmuso oo o tla ba le dikarolo tse matla le tse fokolang.” Ke hobaneng ha o na le dikarolo tse fokolang? Ke hobane batho ba tshwantshetswang ke letsopa le bonolo ba sitisa mmuso ona hore o bonahatse matla a wona a kang tshepe. b
13. Re ka ithuta dintlha dife tsa bohlokwa boprofeteng boo?
13 Re ithuta dintlha tsa bohlokwa tlhalosong ya setshwantsho se seholo seo Daniele a se boneng torong. Re boetse re ithuta dintlha tse ngata karolong ya maoto ya setshwantsho seo. Ntlha ya pele, re ka ithuta tsela eo Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o ileng wa bontsha matla a wona ka teng. Ka mohlala, ke wona o ka sehloohong o ileng wa hlola Ntweng ya Pele le ya Bobedi ya Lefatshe. Le ha ho le jwalo, mmuso ona wa Manyesemane le Maamerika haesale o ntse o fokola mme o tla tswela pele o fokola. O fokodiswa ke hobane batho ba buswang ke wona ba a lwantshana ebile ba lwantsha mmuso ona. Ntlha ya bobedi eo re ka ithutang yona ke hore Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika e tla ba mmuso wa ho qetela o busang pele Mmuso wa Modimo o busa lefatsheng. Le hoja dinaha tse ding di leka ho lwantsha mmuso ona, di ke ke tsa o hlola. Re tseba sena hobane “lejwe” le emelang Mmuso wa Modimo le tla silakanya maoto a setshwantsho seo se seholo a emelang Mmuso wa Manyesemane le Maamerika.—Dan. 2:34, 35, 44, 45.
14. Ho utlwisisa boprofeta bo buang ka maoto a tshepe le letsopa ho ka re thusa jwang hore re etse diqeto tse bohlale?
14 Na o kgodisehile hore boprofeta ba Daniele bo buang ka maoto a tshepe le letsopa bo tla phethahala? Tsela eo o phelang ka yona e tla bontsha hore o kgodisehile ka taba ena. Haeba o kgodisehile, o ke ke wa batla ho etsa tjhelete e ngata kapa ho ba le dintho tse ngata hobane o a tseba hore haufinyane lefatshe lena le tlo fediswa. (Luka 12:16-21; 1 Joh. 2:15-17) Ho utlwisisa boprofeta bona ho tla o thusa hore o bone ka moo mosebetsi wa boboledi o leng bohlokwa ka teng. (Mat. 6:33; 28:18-20) Ka mora ho ithuta boprofeta bona, o ka ipotsa hore na diqeto tseo o di etsang di bontsha hore o kgodisehile hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla fedisa mebuso yohle ya batho.
BOPROFETA BO BUANG KA “MORENA WA LEBOYA” LE “MORENA WA BORWA” BO O AMA JWANG?
15. “Morena wa leboya” le “morena wa borwa” ke bomang mehleng ee? (Daniele 11:40)
15 Bala Daniele 11:40. Kgaolo ya 11 ya Daniele e bua ka marena a mabedi a lwantshanang. Ha re bapisa boprofeta bona le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng, re kgona ho bona hore “morena wa leboya” ke naha ya Russia le dinaha tse e tshehetsang le hore “morena wa borwa” ke Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika. c
16. “Morena wa leboya” o tshwara batho ba Modimo jwang?
16 Batho ba Modimo ba buswang ke “morena wa leboya” ba hloriswa ke morena enwa. Dipaki tse ding tsa Jehova di a shapuwa ebile di kwallwa diteronkong ka lebaka la seo di se dumelang. Bana ba bo rona ha ba tshoswe ke mahloriso ana. Tsela eo “morena wa leboya” a ba tshwarang ka yona e etsa hore ba be le tumelo e matla hobane ba a tseba hore dintho tseo a di etsang di phethahatsa boprofeta bo bukeng ya Daniele. d (Dan. 11:41) Ho tseba taba ena ho ka re thusa hore re dule re ena le tshepo ebile re tshepahalla Jehova.
17. Batho ba Modimo ba ile ba hlahelwa ke mathata afe pusong ya “morena wa borwa”?
17 Nakong e fetileng “morena wa borwa” le yena o ile a hlorisa batho ba Jehova. Ka mohlala, o ile a ba hlorisa nakong ya Ntwa ya Pele le ya Bobedi ya Lefatshe ha ba bangata ba bona ba ne ba kwallwa diteronkong hobane ba sa kenelle dipolotiking. Le bana ba bona ba ne ba lelekwa dikolong. Dilemong tsa morao tjena, Dipaki Tsa Jehova tse dulang moo morena wa borwa a busang, le tsona di ile tsa eba le mathata a mang. Ka mohlala, ha e le nako ya dikgetho Mokreste a ka nna a utlwa eka a ka tshehetsa mokga o itseng kapa radipolotiki ya itseng. Le hoja a ke ke a vouta, a ka nna a tshehetsa mokga oo ka pelong ya hae. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re se ke ra kenella dipolotiking esita le ka pelong.—Joh. 15:18, 19; 18:36.
18. Re ikutlwa jwang ha re bona ho se utlwane ho pakeng tsa “morena wa leboya” le “morena wa borwa”? (Sheba setshwantsho.)
18 Batho ba sa dumeleng hore boprofeta ba Bibele ke nnete ba ka nna ba tshwenyeha haholo ha ba bona “morena wa borwa” ‘a thulana ka manaka’ le “morena wa leboya.” (Dan. 11:40, nal.) Marena ana a mabedi a na le dibetsa tse ngata tse matla tse ka bolayang batho bohle lefatsheng. Empa re a tseba hore Jehova a ke ke a dumella hore ntho ena e etsahale. (Esa. 45:18) Ha re tshwenyehe ha re bona ho se utlwane ho pakeng tsa “morena wa leboya” le “morena wa borwa.” Ho ena le hoo, tumelo ya rona e a matlafala hobane taba ena e bontsha hore bofelo ba lefatshe lena bo atametse.
TSWELA PELE HO ITHUTA BOPROFETA
19. Keng eo re lokelang ho e tseba ka boprofeta ba Bibele?
19 Ha re tsebe hore na boprofeta bo bong ba Bibele bo tlo phethahala jwang. Moprofeta Daniele le yena o ne a sa utlwisise hore na dintho tsohle tseo a neng a di ngola di bolelang. (Dan. 12:8, 9) Taba ya hore ha re tsebe hantle hore na boprofeta bo itseng bo tla phethahala jwang ha e bolele hore bo ke ke ba phethahala. Re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa ho utlwisisa dintho tseo re hlokang ho di tseba ka nako e loketseng feela jwalo ka ha a ile a etsa nakong e fetileng.—Amose 3:7.
20. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo thabisang boo re tlo bona ha bo phethahala haufinyane mme re lokela ho dula re etsang?
20 Ho na le nako eo ho tla etswa phatlalatso ya “kgotso le tshireletseho.” (1 Bathes. 5:3) Ka mora moo, mebuso ya lefatshe e tla hlasela bodumedi ba bohata ebe e a bo fedisa. (Tshen. 17:16, 17) Mebuso ena e tla boela e hlasele batho ba Modimo. (Ezek. 38:18, 19) Diketsahalo tsena di tla etsa hore ntwa ya ho qetela e leng ya Armagedone e qale. (Tshen. 16:14, 16) Re kgodisehile hore diketsahalo tsena di tlo etsahala haufinyane. Hona jwale a re bontsheng hore re ananela boprofeta boo Ntate wa rona ya re ratang a re fileng bona ka hore re ithute bona le ho thusa batho ba bang hore ba bo tsebe.
PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng
a Le hoja boemo ba lefatshe bo ntse bo mpefala, re ka kgodiseha hore dintho di tla ntlafala haufinyane. Re ba le kgodiseho eo ha re ithuta boprofeta ba Bibele. Sehloohong sena re tla bua ka mabaka a hore na ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ka boprofeta ba Bibele. Re tla boela re bue ka ditlaleho tse pedi tsa boprofeta ba Daniele le hore na ke melemo efe eo re tla e fumana ha re di utlwisisa.
b Sheba sehlooho se reng “Jehova o Senola se ‘Tla Etsahala Haufinyane,’ ” ser. 7-9, ho Molula-Qhooa wa June 15, 2012.