Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 33

O ka Ithutang Mohlaleng wa Daniele?

O ka Ithutang Mohlaleng wa Daniele?

“O motho ya ratwang haholo.”​—DAN. 9:23.

PINA YA 73 O re fe Sebete

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha Bababilona ba ile ba rata moprofeta Daniele?

 MOPROFETA Daniele e ne e sa le motjha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e yo ba motshwaruwa mme ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonwang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tswa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Ka hoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ya morena.​—Dan. 1:​3, 4, 6.

2. Jehova o ne a ikutlwa jwang ka Daniele? (Ezekiele 14:14)

2 Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makgabane a hae eseng hobane a ne a shebahala hantle kapa a sebeletsa phaleising. E ka nna yaba Daniele o ne a le dilemo di 20 ha Jehova a ne a re o tshwana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile jwalo ka Noe le Jobo ba ileng ba mo tshepahalla ka dilemo tse ngata. (Gen. 5:​32; 6:​9, 10; Jobo 42:​16, 17; bala Ezekiele 14:​14.) Jehova o ile a dula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.​—Dan. 10:​11, 19.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo bua ka makgabane a mabedi a Daniele a ileng a etsa hore Jehova a mo rate. Re tla qala ka ho hlalosa makgabane ao ebe re bua ka hore na o ile a a bontsha jwang. Re tla boela re bone hore na keng e ileng ya thusa Daniele hore a be le makgabane ao re be re bue ka hore na re ka mo etsisa jwang. Le hoja sehlooho sena se ngoletswe batjha, kaofela ha rona re ka ithuta mohlaleng wa Daniele.

EBA SEBETE JWALO KA DANIELE

4. Daniele o ile a bontsha sebete jwang? Fana ka mohlala.

4 Ho ka etsahala hore batho ba sebete ba tshohe empa ha ba dumelle hore seo se ba sitise ho etsa dintho tse nepahetseng. Daniele e ne e le motjha ya sebete. Nahana ka maemo a mabedi ao a ileng a bontsha sebete ho ona. E ka nna yaba boemo ba pele bo etsahetse dilemo tse pedi ka mora hore Bababilona ba fedise Jerusalema. Morena Nebukadnezare wa Babilona o ne a lorile toro e tshosang ya setshwantsho se seholohadi. O ile a re o tla bolaya banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ya hae. (Dan. 2:​3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsang ho seng jwalo batho ba ne ba tlo bolawa. O ile “a ya ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ya hore a tlo mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:​16) Daniele o ile a bontsha hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontshang hore Daniele o kile a hlalosa ditoro. O ile a kopa metswalle ya hae eo mabitso a yona a Babilona e neng e le Shadrake, Meshake le Abednego hore “ba rapele Modimo wa lehodimo, ba mo kope hore a ba hauhele mme a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:​18) Jehova o ile a araba dithapelo tsa bona. Modimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ya Nebukadnezare. Daniele le metswalle ya hae ha ba a ka ba bolawa.

5. Ke boemong bofe hape moo Daniele a neng a hloka ho bontsha sebete?

5 Nakwana ka mora hore Daniele a hlalose toro ya setshwantsho se seholohadi, ho ile ha etsahala ntho e nngwe hape e neng e hloka hore a be sebete. Nebukadnezare o ile a lora toro e nngwe e tshosang ya sefate se selelele haholo. Daniele o ile a bontsha sebete ka hore a hlalosetse morena se neng se bolelwa ke toro eo. O ile a ba a bolella morena hore o tla lahlehelwa ke kelello le hore ho ne ho tla feta nako e itseng a sa buse. (Dan. 4:​25) Morena o ne a ka nahana hore Daniele o a mo fetohela ebile o ne a ka mo bolaya. Empa Daniele o ile a bontsha sebete mme a hlalosa toro eo.

6. Keng eo e ka nnang yaba e thusitse Daniele hore a be sebete?

6 Keng eo e ka nnang yaba e thusitse Daniele hore a be sebete bophelo bohle ba hae? Ha Daniele a sa le monyenyane, o ile a ithuta mohlaleng o motle wa batswadi ba hae. Ba ne ba mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di file batswadi ba Baiseraele mme ba ruta ngwana wa bona Molao wa Modimo. (Deut. 6:​6-9) Daniele o ne a tseba Melao e Leshome le Melao e meng e akareletsang hore Baiseraele ba ne ba lokela ho jang le hore ba ne ba sa lokela ho jang. b (Lev. 11:​4-8; Dan. 1:​8, 11-13) Daniele o ne a boetse a tseba ka histori ya batho ba Modimo le hore ho ile ha etsahalang ka bona ha ba ne ba sa mamele melao ya Jehova. (Dan. 9:​10, 11) Dintho tse ileng tsa etsahalla Daniele di ile tsa mo thusa hore a kgodisehe hore Jehova le mangeloi a hae a matla ba tla mo thusa.​—Dan. 2:​19-24; 10:​12, 18, 19.

Ho bala, ho rapela le ho tshepa Jehova ho ile ha thusa Daniele hore a be sebete (Sheba serapa sa 7)

7. Keng hape e ileng ya thusa Daniele hore a be sebete? (Sheba setshwantsho.)

7 Daniele o ne a bala mangolo a baprofeta ba Modimo ho akareletsa le lengolo la moprofeta Jeremia. Ha Daniele a ntse a ithuta boprofeta boo, o ile a hlokomela hore Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona ka nako e telele ba haufi le ho lokollwa. (Dan. 9:2) Daniele o ile a bona ha boprofeta boo bo phethahala mme seo se ile sa mo thusa hore a tshepe Jehova. Ka hoo, batho ba tshepang Jehova ba ka kgona ho ba sebete. (Bapisa le Baroma 8:​31, 32, 37-39.) Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore Daniele o ne a dula a rapela Ntate wa hae ya lehodimong. (Dan. 6:​10) O ne a bolella Jehova dibe tsa hae le ka moo a neng a ikutlwa ka teng. Daniele o ne a boetse a kopa thuso ho Jehova. (Dan. 9:​4, 5, 19) Ha a hlaha a le sebete hobane e ne e le motho jwalo ka rona. Empa ho ithuta mangolo a baprofeta, ho rapela le ho tshepa Jehova ho ile ha mo thusa hore a be sebete.

8. Re ka etsang hore re be sebete?

8 Re lokela ho etsang e le hore re be sebete? Batswadi ba rona ba ka nna ba re kgothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete jwalo ka bona. Ho ba sebete ho tshwana le ho ithuta ntho e ntjha. Tsela e nngwe eo o ka ithutang ntho e ntjha ke ka hore o shebe dintho tseo motho ya o rutang a di etsang mme o mo etsise. Ka ho tshwanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng wa batho ba bontshang sebete. Re ithutileng mohlaleng wa Daniele? Le rona re lokela ho tseba Lentswe la Modimo hantle jwalo ka yena. Re lokela ho ba metswalle ya Jehova ka hore re dule re bua le yena mme re mo bolelle hore na re ikutlwa jwang. Hape re lokela ho tshepa Jehova le ho kgodiseha hore o tla dula a re thusa. Ha re etsa jwalo, re tla ba sebete ha re hlahelwa ke mathata.

9. Re fumana melemo efe ha re bontsha sebete?

9 Ho bontsha sebete ho re tswela molemo ka ditsela tse ngata. Nahana ka mohlala wa Ben. O ne a kena sekolo naheng ya Jeremane moo batho bohle ba neng ba dumela hore dintho di ikentse le hore Bibele ha e bue nnete ha e re dintho di bopilwe. Ka letsatsi le leng, Ben o ile a fuwa monyetla wa hore a eme ka pele mme a hlalosetse bana ba tlelase ya hae hore na ke hobaneng ha a dumela hore dintho di bopilwe. O ile a ba sebete mme a ba bolella seo a se dumelang. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Ben o re: “Titjhere ya ka e ne e mametse ka hloko mme e ile ya etsa dikopi tsa dintlha tseo ke neng ke di sebedisa ho tshehetsa ditaba tsa ka yaba e fa ngwana e mong le e mong ka tlelaseng kopi ya hae.” Bana bao Ben a kenang tlelase le bona ba ile ba etsang? Ben o re: “ Ba bangata ba bona ba ile ba mmamela mme ba mpabatsa.” Mohlala wa Ben o bontsha hore hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Ka hoo, re na le mabaka a utlwahalang a hore re be sebete.

TSHEPAHALA JWALO KA DANIELE

10. Ho tshepahala ho bolelang?

10 Ka Bibeleng, lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “tshepahala” kapa “lerato le tshepahalang,” le bolela tsela eo Modimo a ratang batho ba hae ka yona. Le boetse le hlalosa tsela eo batho ba Modimo ba ratanang ka yona. (2 Sam. 9:​6, 7) Lerato lena le ba matla le ho feta ha nako e ntse e eya. A re boneng hore na Daniele o ile a bontsha jwang hore o a tshepahala.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele hobane o ne a mo tshepahalla ka hore a romele lengeloi le hore a kwale melomo ya ditau (Sheba serapa sa 11)

11. Ke bothata bofe bo ileng ba hlahela Daniele ha a se a tsofetse? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

11 Daniele o ile a tlameha ho bontsha hore o tshepa Jehova ka makgetlo a mangata bophelong ba hae. O ile a hlahelwa ke bothata bo boholo ha a le dilemo tse ka hodimo ho 90. Ka nako eo, Bababilona ba ne ba hapuwe ke Bamede le Bapersia mme ba buswa ke Morena Dariuse. Banna ba neng ba sebeletsa Dariuse ba ne ba hloile Daniele ba bile ba sa hlomphe Modimo wa hae. Ka hoo, ba ile ba rera ho bolaya Daniele. Ba ile ba etsa hore morena a saene molao o neng o tla bontsha hore na Daniele o tshepahalla Modimo kapa morena. Ntho eo Daniele a neng a lokela ho e etsa ho bontsha hore o tshepahalla morena le hore o tshwana le batho ba bang ke hore a kgaotse ho rapela Jehova ka matsatsi a 30. Empa Daniele o ile a kgetha ho tshepahalla Jehova. Ka lebaka leo, o ile a lahlelwa ka sekoting sa ditau. Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele ka hore a mo pholose melomong ya ditau hobane a ile a mo tshepahalla. (Dan. 6:​12-15, 20-22) Ke jwang re ka dulang re tshepahalla Jehova jwalo ka Daniele?

12. Keng e thusitseng Daniele hore a dule a tshepahalla Jehova?

12 Re se re ithutile hore re lokela ho rata Jehova haholo e le hore re mo tshepahalle. Daniele o ile a dula a tshepahalla Jehova hobane o ne a mo rata haholo. O ne a rata Jehova haholo hobane o ne a qeta nako a nahana ka makgabane a Jehova le tsela eo a neng a a bontsha ka yona. (Dan. 9:4) Daniele o ile a boela a nahana ka dintho tse ntle tseo Jehova a ileng a mo etsetsa tsona le tseo a ileng a di etsetsa batho ba hae.​—Dan. 2:​20-23; 9:​15, 16.

Le wena o ka dula o tshepahalla Jehova ka hore o mo rate haholo jwalo ka Daniele (Sheba serapa sa 13)

13. (a) Batjha ba hlahelwa ke mathata afe? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho.) (b) Ho latela seo o se boneng videong, o ka reng haeba batho ba bang ba o botsa hore na Dipaki Tsa Jehova di tshehetsa di gay?

13 Kajeno batjha ba boemong bo tshwanang le boo Daniele a neng a le ho bona, ba phela hara batho ba sa hlompheng Jehova le melao ya hae. E ka nna yaba batho bao ha ba rate batho ba reng ba rata Modimo. Ba bang ba hlorisa batjha ba Dipaki e le hore ba se ke ba tshepahalla Jehova. Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahalla Graeme e leng motjha ya dulang Australia. O ile a kopana le boemo bo thata ha a ne a le sekolong se phahameng. Titjhere e ile ya ba botsa hore na ba ka etsang haeba motswalle wa bona a ka ba bolella hore ke gay. Titjhere e ile ya re ba ka tshehetsang motswalle wa bona ba eme ka lehlakoreng lena, ba sa mo tshehetseng ba eme ka lehlakoreng le leng. Graeme o re: “Bana kaofela ka tlelaseng ba ile ba ema ka lehlakoreng le tshehetsang motswalle eo ntle le nna le ngwana e mong eo e leng Paki ya Jehova.” Ntho e ileng ya etsahala ka mora moo e ne e tla bontsha hore na Graeme o tshepahalla Jehova kapa tjhe. O re: “Bana ba sekolo le titjhere ba ile ba re soma hora kaofela. Ke ile ka leka ka hohle ho buella dintho tseo ke di dumelang ke kgobile matshwafo ebile ke bua ka tsela e bonolo empa ha ba a ka ba mmamela.” Graeme o ile a ikutlwa jwang? O re: “Ke ne ke utlwile bohloko ha bana bao ke kenang sekolo le bona ba ntshoma empa ke ne ke thabile haholo hore ebe ke ile ka kgona ho buella dintho tseo ke di dumelang.” c

14. Keng e ka re thusang hore re dule re tshepahalla Jehova?

14 Ha re rata Jehova haholo re tla ikemisetsa ho dula re mo tshepahalla. Re rata Jehova le ho feta ha re ithuta ka makgabane a hae. Ka mohlala, re ka ithuta ka dintho tseo a di bopileng. (Bar. 1:​20) Haeba o batla ho rata Jehova le ho mo hlompha le ho feta, o ka bala dihlooho tse kgutshwanyane tse reng “Na e Entswe?” kapa wa shebella divideo tsa tsona. O ka boela wa bala bukana ya Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le ya The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking. Hlokomela seo motjha wa Paki ya dulang Denmark eo lebitso la hae e leng Esther a se buileng ka dibukana tsena. O re: “Dibukana tsena di beha mabaka ka tsela e monate. Ha di o bolelle hore na o dumele eng empa di fana ka mabaka a utlwahalang ebe wena o iketsetsa qeto.” Ben eo re buileng ka yena o re: “Dibukana tsena di matlafaditse tumelo ya ka haholo. Di mphile bopaki ba hore Modimo ke yena ya bopileng dintho.” Ka mora hore o ithute dibukana tsena, o tla dumellana le mantswe a Bibele a reng: “Jehova Modimo wa rona ya matla, o tshwanelwa ke ho roriswa le ho hlomphuwa hobane o bopile dintho tsohle.”​—Tshen. 4:​11. d

15. Ke eng hape e tla re thusa hore re tsebe Jehova le ho mo rata?

15 Ntho e nngwe e ka re thusang hore re tsebe Jehova ke ha re ithuta ka bophelo ba Mora wa hae e leng Jesu. Ke sona seo motjha wa Paki ya dulang naheng ya Jeremane eo lebitso la hae e leng Samira a ileng a se etsa. O re: “Ke ile ka tseba Jehova ha ke ntse ke ithuta ka Jesu.” Ha Samira a ntse a le monyenyane, o ne a sa utlwisise hore Jehova o na le maikutlo. Empa o ne a utlwisisa hore na Jesu o ne a ikutlwa jwang. O boetse o re: “Ke ne ke rata Jesu hobane e ne e le motho wa batho a bile a rata bana.” Ha a ntse a ithuta ka Jesu o ile a tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Hobaneng? O re: “Ke ile ka qala ho utlwisisa hore Jesu o etsa dintho jwalo ka Ntate wa hae. Ba tshwana hantle. Ke ile ka hlokomela hore lena ke le leng la mabaka ao Jehova a rometseng Jesu lefatsheng e le hore batho ba ka tseba Jehova.” (Joh. 14:9) Haeba o batla ho tseba Jehova le ho mo rata, iphe nako ya ho ithuta ka Jesu. Haeba o etsa jwalo, o tla rata Jehova le ho feta ebile o tla dula o mo tshepahalla.

16. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepahala? (Pesaleme ya 18:​25; Mikea 6:8)

16 Hangata batho ba tshepahalang ba ba le metswalle e ba tshepahallang. (Ruthe 1:​14-17) Hape batho ba tshepahallang Jehova ba dula ba ena le kgotso. Hobaneng? Hobane Jehova o tshepisa hore o tla tshepahalla batho ba mo tshepahallang. (Bala Pesaleme ya 18:​25; Mikea 6:8.) Ako nahane feela, Mmopi ya Matla Ohle o ikemiseditse ho dula e le motswalle wa rona. Ha Jehova e le motswalle wa rona, ha ho na ntho e ka re arohanyang le yena, ebang ke mathata, bahanyetsi kapa lefu. (Dan. 12:​13; Luka 20:​37, 38; Bar. 8:​38, 39) Ka nnete ke ha bohlokwa hore re etsise mohlala wa Daniele le hore re dule re tshepahalla Jehova.

TSWELA PELE O ITHUTA MOHLALENG WA DANIELE

17, 18. Re ka ithutang hape mohlaleng wa Daniele?

17 Sehloohong sena re buile ka makgabane a mabedi feela a Daniele empa ho na le dintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho yena. Ka mohlala, Jehova o ile a bontsha Daniele dipono, a etsa hore a lore ditoro a ba a mo fa bokgoni ba hore a hlalose boprofeta. Boholo ba boprofeta boo bo se bo phethahetse. Bo bong bo bua ka dintho tse tla etsahala nakong e tlang, tse tla ama motho e mong le e mong lefatsheng.

18 Sehloohong se latelang, re tlo bua ka ditlaleho tse pedi tsa boprofeta ba Daniele. Ho utlwisisa boprofeta bona ho ka re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng, ebang re banyenyane kapa re baholo. Boprofeta bona bo tla re thusa hore re itokisetse dintho tse tla etsahala haufinyane hobane re tla be re le sebete ebile re tshepahalla Jehova.

PINA YA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo

a Batjha ba bangata ba sebeletsang Jehova ba ba maemong ao ho ona ba lokelang ho bontsha sebete le ho tshepahalla Jehova. Bana ba kenang sekolo le bona ba ka ba soma hobane ba dumela hore dintho di bopilwe. Hape dithaka tsa bona di ka ba tsheha hobane ba sebeletsa Modimo ba bile ba mamela melao ya hae. Sehloohong sena re tlo bona hore batho ba etsisang mohlala wa moprofeta Daniele le ba sebeletsang Jehova ka sebete ba bile ba mo tshepahalla ba bohlale.

b E ka nna yaba Daniele o ne a ena le mabaka a mararo a ho hana ho ja dijo tsa Bababilona: (1) E ka nna yaba nama eo e ne e le ya diphoofolo tseo Molao wa Moshe o neng o re ha di a lokela ho jewa. (Deut. 14:​7, 8) (2) E ka nna yaba nama eo e ne e sa ntshwa madi hantle. (Lev. 17:​10-12) (3) Ho ja dijo tseo ho ne ho ka nna ha nkwa e le ho rapela modimo wa bohata.​—Bapisa le Levitike 7:​15 le 1 Bakorinthe 10:​18, 21, 22.

c Shebella video ya Ho Loka ha Nnete ho Tla Etsa Hore ho be le Kgotso ho jw.org/st-za.

d O ka boela wa bala buka ya Atamela ho Jehova e buang ka makgabane a Jehova le botho ba hae e le hore o ka mo rata le ho feta.