Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batjha, le ka Kgotsofala Bophelong

Batjha, le ka Kgotsofala Bophelong

“O tla etsa hore ke tsebe tsela ya bophelo.”—PES. 16:11.

DIPINA: 133, 89

1, 2. Motho a ka fetoha jwang? Fana ka mohlala.

MOITHUTI e mong ya bitswang Tony o ne a le mothating wa ho tlohella sekolo. O ne a se na Ntate, a sa rate sekolo a bile a qeta mafelobeke a le dimoving kapa a na le mathaka. Ke nnete hore e ne e se motho ya ratang ntwa kapa lekgoba la dithethefatsi. Ke feela hore o ne a sa tsebe hore na hantlentle o phelelang. Ebile a nahana hore Modimo ha a yo. Yaba ka le leng o kopana le banyalani ba bang bao e leng Dipaki Tsa Jehova mme a ba botsa dipotso a ba a ba bolella ka moo a ikutlwang ka teng. Ba ile ba mo fa dibukana tse pedi, ya The Origin of Life—Five Questions Worth Asking le ya Na Dintho Tse Phelang Di Bopilwe?

2 Ha banyalani bao ba kgutlela ho Tony, o ne a se a fetohile. O ne a badile dibukana tseo hona hoo di neng di bile di kobehile. O ile a re: “Ka mora hore ke di bale, ke ile ka bona hore le jwale e tlameha ebe Modimo o teng.” O ile a dumela ho ithuta Bibele mme hanyane ka hanyane pono ya hae ka bophelo ya fetoha. O ile a ntlafatsa haholo dithutong tsa hae tsa sekolo. Esita le prinsepala ya hae e ne e hlolletswe ha e bona ka moo Tony a fetohileng ka teng. Yaba e re ho yena: “Hee monna, ho bonahala o se o ntlafaditse haholo, o se o itshwere hantle ebile o a pasa. Ebe ha se ka lebaka la Dipaki Tsa Jehova tseo o seng o tlwaelane le tsona?” Tony o ile a dumela hore ke tsona tse mo thusitseng yaba o qala ho mo bolella ka Modimo. O ile a qeta high school mme hona jwale ke pulamadiboho ya ka mehla hape ke mohlanka ya sebeletsang. Ebile o thabile haholo hore ebe o se a na le Ntate ya lerato, e leng Jehova.—Pes. 68:5.

MAMELA JEHOVA, O TLE O BONE HA DINTHO DI O TSAMAELA HANTLE

3. Keng seo Jehova a batlang hore batjha ba se etse?

3 Se ileng sa etsahalla Tony, se bontsha hore Jehova o amehile haholo ka lona batjha. O batla hore dintho di le tsamaele hantle mme le kgotsofale bophelong. Ke ka hona a reng ho wena: “O hopole Mmopi wa hao e Moholo. . . matsatsing a [botjha] ba hao.” (Moek. 12:1) Le ha ho le jwalo, dintho di ke ke tsa o tsamaela bolatjha feela lefatsheng lena leo re phelang ho lona. Empa seo ha se bolele hore ho ke ke ha kgoneha hore o hopole Mmopi wa hao. O ka atleha ka thuso ya Modimo, le hona eseng hona jwale feela empa bophelo bohle ba hao. Ka mohlala, hlokomela se ileng sa etsahala ha Davida a lwana le Goliathe, le ha Baiseraele ba kena Naheng e Tshepisitsweng.

4, 5. Re ithutang ka se ileng sa etsahala ha Baiseraele ba kena Kanana le ha Davida a lwana le Goliathe? (Sheba ditshwantsho tse qalong.)

4 Ha Baiseraele ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng, Modimo ha a a ka a ba laela hore ba ntlafatse bokgoni ba bona ba ho lwana kapa hona hore ba ikwetlisetse ntwa. (Deut. 28:1, 2) Ho e na le hoo, o ile a ba bolella hore ba lokela ho mamela ditaelo tsa hae mme ba mo tshepe. (Josh. 1:7-9) Ho ya ka batho, keletso ena e ne e ka bonahala e se na kelello. Empa e ne e le keletso e molemo ka ho fetisisa ka ha Jehova o ile a ba thusa hore ba hlole Bakanana. (Josh. 24:11-13) Ke nnete hore ho mamela Modimo ho hloka tumelo. Empa tumelo eo ka mehla e tswala katleho. Ena ke nnete e ke keng ya fetoha. E ntse e le nakong le kajeno.

5 Goliathe e ne e le seqhenqhahadi sa lesole mme a le bolelele ba dimithara tse ka bang 2.9, a bile a na le dihlomo tse felletseng tsa ntwa. (1 Sam. 17:4-7) Athe ha e le Davida yena, o ne a na le dintho tse pedi feela: e leng letjeketjane le tumelo ho Modimo wa hae Jehova. Ho batho ba fokollwang ke tumelo, Davida o ne a bonahala e le mpara. Ba ne ba fositse hakaakang. Ha e le hantle mpara e ne e le yena Goliathe enwa.—1 Sam. 17:48-51.

6. Keng eo re tlo ithuta yona ho phaella ho seo re seng re ithutile sona?

6 Sehloohong se fetileng, re ithutile dintho tse nne tse ka re thusang hore re thabe re be re atlehe bophelong. Tsona di akarelletsa takatso ya ho batla ho sebeletsa Modimo, ho ba le metswalle e molemo, ho ba le dintho tseo re batlang ho di finyella tshebeletsong le ho ananela tokoloho eo Modimo a re fileng yona. A re ke re tshohleng dintlha tsena ka ho eketsehileng mme kgetlong lena, re bone hore na di tsamaisana jwang le melaomotheo e fumanwang ho Pesaleme ya 16.

KGOTSOFATSA TAKATSO YA HAO YA HO BATLA HO SEBELETSA MODIMO

7. (a) O ka hlalosa motho ya nang le kamano e ntle le Modimo jwang? (b) Karolo ya kabelo ya Davida e ne e le eng, hona seo se ile sa mo ama jwang?

7 Motho ya nang le kamano e ntle le Modimo o na le tumelo e felletseng ho yena, ebile o na le pono e tshwanang le ya hae ka ditaba. O batla tataiso ya Modimo mme o ikemiseditse ho mo mamela. (1 Bakor. 2:12, 13) Davida ke mohlala o motle wa sena. O ile a bina a re: “Jehova ke karolo ya kabelo eo ke e filweng le ya senwelo sa ka.” (Pes. 16:5) Karolo ya kabelo ya Davida, e ne e le kamano e ntle le Modimo, eo e neng e le setshabelo sa hae. (Pes. 16:1) Ditlamorao e bile dife? O ile a re thabo ya hae e a kgaphatseha. Ruri ha ho letho le neng le thabisa Davida ho feta ho ba le kamano e haufi le Modimo.—Bala Pesaleme ya 16:9, 11.

8. Ke dintho dife tse ka etsang hore re kgotsofale e le ka nnete?

8 Batho ba ratang menyaka le ba hahamallang maruo, ba ke ke ba fumana thabo eo Davida a neng a na le yona. (1 Tim. 6:9, 10) Morabo rona e mong ya dulang Canada o ile a re: “E le hore motho a kgotsofale e le ka nnete, ha ho a itshetleha ka dintho tseo a nang le tsona bophelong. Empa ka ho fa Jehova Modimo ho hong etswe ke yena Mofani wa mpho e nngwe le e nngwe e molemo.” (Jak. 1:17) Ho ba le tumelo ho Modimo le ho mo sebeletsa, ho o thusa hore o tsebe hore na hantlentle o phelelang le hore o kgotsofale. Empa tumelo ya hao e ka hola jwang? O lokela ho qeta nako le Jehova ka ho bala Bibele, ho boha popo ya hae, ho nahana ka makgabane a hae esita le ka lerato leo a o ratang ka lona.—Bar. 1:20; 5:8.

9. O ka dumella Lentswe la Modimo hore le o susumetse jwalo ka Davida jwang?

9 Ka dinako tse ding Ntate wa rona ya lerato Jehova, o re bontsha lerato ka ho re kgalemela. Davida o ile a amohela kgalemelo e jwalo. O ile a re: “Ke tla boka Jehova, ya mphileng keletso. Ka sebele, diphio tsa ka di nkgalemetse bosiu.” (Pes. 16:7) O ile a nahanisisa ka tsela eo Modimo a tadimang dintho ka yona mme le yena a di tadima ka tsela e tshwanang. Le wena jwalo ka Davida, ha o na le tumelo e matla, o tla rata Modimo le ho feta o be o batle le ho mo mamela. Kamano ya hao le yena e tla ba matla ho feta pele. Moradiwabo rona ya bitswang Christin o re: “Ha ke etsa dipatlisiso ke bile ke nahanisisa ka seo ke se badileng, ke utlwa eka ka nnete Jehova o ne a nahanne ka nna ha a ngola sena.”

10. Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Esaia 26:3, ho tadima dintho ka tsela eo Jehova a di tadimang ka yona ho na le melemo efe?

10 Ha re fetelletse dintho ha re re ho ba le pono e tshwanang le ya Modimo ka ditaba, ho tla o thusa hore o be le boiphihlelo le temohisiso ka maemo a lefatshe le bokamoso. Ke hobaneng ha Modimo a o fa boiphihlelo bo jwalo le temohisiso? Hobane o batla hore o tsebe dintho tse lokelang ho tla pele bophelong ba hao, o etse diqeto tse nepahetseng mme o lebelle bokamoso bo molemo ka tjantjello. (Bala Esaia 26:3.) Morabo rona Joshua ya dulang United States o kile a re: “Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho tla o thusa hore dintho di o tsamaele hantle.” Bona ke bophelo ba sebele le bo kgotsofatsang e le ka nnete.

EBA LE METSWALLE YA SEBELE

11. Davida o ile a bontsha jwang hore re ka ba le metswalle ya sebele?

11 Bala Pesaleme ya 16:3. Davida o ne a tseba sephiri sa ho fumana metswalle ya sebele. O ne a thaba haholo ha a le hara batho ba ratang Jehova. Ba hlaloswa e le ba halalelang ka ha ba ne ba itshwere hantle mme ba lokile. Mongodi e mong wa pesaleme le yena o ne a ikutlwa ka tsela e tshwanang ka metswalle ya hae. O ile a re: “Nna ke molekane wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.” (Pes. 119:63) Jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng, le wena o ka fumana metswalle ya sebele hara batho ba hlomphang le ba mamelang Jehova. Metswalle e jwalo re ka e fumana le ho batho bao e seng dithaka tsa rona.

12. Motheo wa setswalle sa Davida le Jonathane e ne e le ofe?

12 Davida o ne a sa etse setswalle le dithaka tsa hae feela. Na o hopola lebitso la motho ya “hlomphehang,” eo e ileng ya ba motswalle wa hlooho ya kgomo le yena? Lebitso la hae ke Jonathane. Ha e le hantle, setswalle sa bona se ne se le setle hoo ebileng re balang ka bona ka Bibeleng. Le ha ho le jwalo, na o ne o tseba hore Jonathane o ne a siya Davida ka dilemo tse 30 kaofela? Jwale ebe motheo wa setswalle sa bona e ne e le ofe? E ne e le ho ba le tumelo ho Modimo, tsela eo ba neng ba hlomphana ka yona le ka moo ba ileng ba bontsha sebete ka teng ha ba lwana le dira tsa Modimo.—1 Sam. 13:3; 14:13; 17:48-50; 18:1.

13. Jwale wena o ka atoloha jwang ha o etsa metswalle? Fana ka mohlala.

13 Feela jwalo ka Davida le Jonathane, le rona re thaba haholo ha re le hara batho ba ratang Jehova le ba bontshang tumelo e matla ho yena. Kiera ya seng a sebeleditse Modimo ka dilemo tse ngata o re: “Ke entse setswalle le batho ba ratang Modimo lefatsheng lohle, ba tswang ditsong le merabeng e sa tshwaneng.” Ha o atoloha ka tsela eo, o tla bona bopaki bo totobetseng ba hore Lentswe la Modimo le moya o halalelang di kopanya batho.   

HAHAMALLANG DINTHO TSE MOLEMO BOPHELONG

14. (a) Keng e ka o thusang hore o hahamalle dintho tse molemo bophelong? (b) Batjha ba bang ba ikutlwa jwang ka ho finyella ho eketsehileng tshebeletsong?

14 Bala Pesaleme ya 16:8. Ho sebeletsa Modimo ho ne ho tla pele bophelong ba Davida. Le wena o ka kgotsofala bophelong haeba ho sebeletsa Jehova ho tla pele le haeba o nahana ka yena pele o etsa diqeto. Morabo rona ya bitswang Steven, o ile a re: “Ruri ke kgotsofala e le ka nnete ha ke bona ke atleha ho seo ke neng ke batla ho se fihlella bophelong.” Morabo rona e motjha wa Germany ya seng a sebeletsa Modimo naheng e nngwe, o re: “Ha ke batle hore mohlang ke seng ke tsofetse mona, ere ha ke sheba morao bophelong ba ka ke fumane hore tsohle tseo ke di entseng e ne e le ka lebaka la boithati.” Re tshepa hore le wena o ikutlwa ka tsela e tshwanang. Haeba ho jwalo, sebedisa dimpho tsa hao ho hlompha Modimo mme o be o etsetse ba bang se molemo. (Bagal. 6:10) Eba le dintho tseo o batlang ho di fihlella bophelong mme o kope Jehova hore a o thuse hore o di fihlelle. Kgodiseha hore Jehova o ikemiseditse ho arabela dithapelo tse jwalo.—1 Joh. 3:22; 5:14, 15.

15. Ke dintho dife tseo o ka nnang wa rata ho di fihlella? (Sheba lebokose le reng “ Dintho Tse Molemo Tseo o ka di Fihlellang.”)

15 Ke dintho dife tseo o ka nnang wa rata ho di fihlella? E ka nna yaba di akarelletsa ho araba ka mantswe a hao dibokeng, ho nka bopulamadiboho kapa ho ya sebeletsa Bethele. Kapa mohlomong o ka leka ho ithuta puo e nngwe e le hore o ka ya tlhokahalong. Motjha e mong ya bitswang Barak ya leng tshebeletsong ya nako e tletseng o re: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho tsoha hoseng ho hong le ho hong ke tseba hore ke sebeletsa Jehova ka matla ohle a ka.”

ANANELA TOKOLOHO EO MODIMO A O FILENG YONA

16. Davida o ne a ikutlwa jwang ka melao e lokileng ya Jehova, hona hobaneng?

16 Bala Pesaleme ya 16:2, 4Jwalo ka ha re se re bone sehloohong se fetileng, melao e lokileng ya Modimo le melaomotheo ya hae e re thusa hore re hloye se sebe mme re rate se setle. (Amose 5:15) Davida o ne a nka Jehova e le Mohlodi wa molemo wa hae. Molemo ona, o re thusa hore re itshware hantle hape re be batho ba lokileng. Davida o ile etsa sohle ho etsisa Modimo ka hore le yena a be molemo. Hape o ne a bile a hloile seo Modimo a se hloileng. Seo se ne se akarelletsa borapedi ba ditshwantsho, ho etsa dintho tse hlabisang ba bang dihlong le ho ikgapela thoriso e lokelang ho lebiswa ho Jehova feela.—Esa. 2:8, 9; Tšen. 4:11.

17, 18. (a) Davida o ile a ithutang ka ditlamorao tsa borapedi ba leshano? (b) Keng e bakelang batho mathata a eketsehileng kajeno?

17 Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, borapedi ba leshano bo ne bo akarelletsa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. (Hos. 4:13, 14) Borapedi bo jwalo bo ne bo bonahala bo le monate ho ba bang. Empa e ne e le monate wa nakwana feela. Ho ekelletsa ho seo, Davida o ile a ba a re batho ba rapelang medimo e meng, ba ipakela mathata a eketsehileng. Ba ile ba ba ba bakela le bana ba bona mathata a mangatangata. (Esa. 57:5) Empa Jehova o ne a nyonya bokgopo bona ba bona. (Jer. 7:31) Haeba o ne o phela mehleng eo, ho hlakile hore o ne o ka thaba haholo ha batswadi ba hao ba ne ba na le tumelo ho Modimo mme ba mo mamela.

18 Esita le kajeno, borapedi ba leshano bo kgothalletsa batho hore ba etse boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano le hore batho ba bong bo tshwanang ba ratane. Empa ditlamorao tsa sena seo ba se bitsang tokoloho ya boitshwaro, di ntse di tshwana ho tloha mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. (1 Bakor. 6:18, 19) Mohlomong le wena o a hlokomela hore batho ba ipaketse masisapelo feela. Ka hona, lona batjha, hle, mamelang Ntate wa lona ya lehodimong. Kgodisehang hore ha e le hantle ho mamela Modimo ho molemong wa lona. E se eka thuto ena e ka thophothela ka dipelong tsa lona mme la bona hore ho thabela ho etsa sebe ka nakwana, ho fella ka masisapelo le mahlomola. (Bagal. 6:8) Joshua eo re buileng ka yena pejana, o itse: “Re ka sebedisa tokoloho ya rona ka mokgwa oo re batlang ka ona, empa ho bapala ka yona, ho tla re kenya mathateng mme re ke ke ra kgotsofala.”

19, 20. Ke ditlhohonolofatso dife tse larileng ka pela batjha ba nang le tumelo ho Jehova le ba mo mamelang?

19 Jesu o kile a re ho barutuwa ba hae: “Haeba le dula lentsweng la ka, ka sebele le barutuwa ba ka, le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Tokoloho eo e re ntsha bodumeding ba leshano, ho dumela dinthong tse senang motheo, esita le dithutong tsa bomabarebare. Ha re mpa re bolela tse seng kae feela. Jwalo ka ha re ithutile, tokoloho ya sebele ke “tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.” (Bar. 8:21) Latswa tokoloho eo hona jwale ka hore o latele dithuto tsa Kreste. Ka tsela ena, o tla “tseba nnete” eseng hore o ithute yona feela empa o be o e phelele.

20 Batjha, sirelletsang tokoloho eo Modimo a le fileng yona. E sebedise ka bohlale mme e tla ba motheo wa bokamoso ba hao. Mora e mong wabo rona e motjha o ile a re: “Ha o sebedisa tokoloho ya hao ka bohlale jwalo ka motjha, seo se tla o thusa ha morao ha o se o lokela ho etsa qeto mabapi le mosebetsi kapa o lokela ho etsa qeto ya hore na o tla nyala kapa o tla ema hanyane na.”

21. O ka dula o le tseleng e isang bophelong ba sebele jwang?

21 Mehleng ena, bophelo boo batho ba bo nkang e le bo monate, ha bo tshwarelle ebile ke ba lefeela. Taba ke hore ha re tsebe hore na letsatsi la hosane le re tshwaretseng. (Jak. 4:13, 14) Ka hoo, e ka ba bohlale ho dula tseleng e isang “bophelong ba sebele” e leng bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 6:19) Le teng Modimo ha a re qobelle. Kgetho ke ya rona. Etsa Jehova karolo ya kabelo ya hao. Ananela dintho tse molemo tseo a o fileng tsona. (Pes. 103:5) Kgodiseha hore o tla etsa hore o thabe o be o kgotsofale ka ho sa feleng.—Pes. 16:11.