Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batjha, Mmopi wa Lona o Batla Hore le Thabe

Batjha, Mmopi wa Lona o Batla Hore le Thabe

“Ya kgotsofatsang nako ya hao ya bophelo ka se molemo.”—PES. 103:5.

DIPINA: 135, 39

1, 2. Ha re kgetha dintho tseo re batlang ho di finyella bophelong, ke hobaneng ha e le bohlale ho mamela Mmopi wa rona? (Sheba ditshwantsho tse qalong.)

HAEBA o motjha, mohlomong o se o kile wa fumana dikeletso tse ngata mabapi le bokamoso ba hao. Mohlomong matitjhere a hao, baeletsi kapa batho ba bang, ba se ba kile ba o kgothalletsa ho ya yunivesithi kapa ho batla mosebetsi o patalang hantle. Le ha ho le jwalo, Jehova yena o o kgothalletsa ho nka tsela e fapaneng. Ke nnete hore Jehova o batla hore o sebetse ka thata ha o ntse o le sekolong, e le hore o ka ba le mokgwa wa ho iphidisa ha o se o qetile sekolo. (Bakol. 3:23) Empa ha o ntse o nahana ka hore na ebe ke dintho dife tse lokelang ho tla pele bophelong ba hao, tseba hore Jehova a ka thaba haeba o mamela melaomotheo ya hae mme o etsa thato ya hae.—Mat. 24:14.

2 Hopola hore Jehova o tseba se larileng ka pele lefatsheng lena le hore bofelo ba lona bo haufi. (Esa. 46:10; Mat. 24:3, 36) Ka ha le rona o a re tseba, o tseba se tla re kgotsofatsa le se tla re thabisa esita le dintho tse ka re swetsang le tse ka re amohang thabo. Jwale, ho sa tsotellehe hore na dikeletso tsa batho di bonahala di le ntle hakae, ha se bohlale hohang hafeela di sa tsamaisane le Lentswe la Modimo.—Liprov. 19:21.

“HA HO BOHLALE . . . [BO KA] HANYETSANG JEHOVA”

3, 4. Ho mamela keletso e bowatla ho ile ha ama Adama le Eva ha mmoho le bana ba bona jwang?

3 Keletso e bowatla e qadile tshimolohong ha Satane a ne a thetsa Adama le Eva. Ka boikgohomoso, Satane o ile a re Adama le Eva ba ka thaba haeba ba ne ba ka ikgethela ntho eo ba e batlang. (Gen. 3:1-6) Empa bonneteng, keletso ya Satane e ne e bontsha boithati. O ne a batla hore Adama le Eva ha mmoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona ba rapele yena eseng Jehova. Ha yena a ne a ba etseditseng? Jehova o ne a ba file dintho tsohle tseo ba neng ba na le tsona. Tse kang lenyalo la bona, lehae le letle, mmele e phethahetseng le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng.

4 Ka maswabi, Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Modimo yaba ba kgetha ho mo lahla. Jwalo ka ha o tseba, ditlamorao e bile masisapelo le mahlomola. Feela jwalo ka lelomo le fothotsweng, ba ile ba pona mme qetellong ba shwa. Bana ba bona ba ile ba kgola ditholwana tse bosula ka lebaka la sebe. (Bar. 5:12) Ho ntse ho le jwalo, batho ba bangata ba ntse ba kgetha ho se mamele Modimo. Ba batla ho iketsetsa borata. (Baef. 2:1-3) Empa ditlamorao tsa seo di bontsha hore “ha ho bohlale . . . [bo ka] hanyetsang Jehova.”—Liprov. 21:30.

5. Keng seo Modimo a neng a kgodisehile ka sona ka batho, hona na o ne a na le lebaka le utlwahalang la ho kgodiseha jwalo?

5 Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ne a tseba hore batho ba bang ho akarelletsa le batjha, ba ne ba tla mo batla mme ba batle le ho mo sebeletsa. (Pes 103:17, 18; 110:3) O ananela batjha bana hakaakang! Na o ballwa hara batjha bao? Haeba ho jwalo, ntle ho pelaelo o thabela dintho tse molemo tse tswang ho Modimo mme e tlameha ebe thabo ya hao ya kgapatseha. (Bala Pesaleme 103:5; Liprov. 10:22) Jwalo ka ha re tla bona, re tlo ithuta hore na ke jwang re ka bang le kamano e ntle le Modimo, ra etsa metswalle ya sebele, ra ba ra ba le tokoloho ya sebele. Re tla boela hape re ithute hore na ke dintho dife tseo re lokelang ho ikemisetsa ho di fihlella bophelong.

JEHOVA O KGOTSOFATSA TAKATSO YA HAO YA HO BATLA HO MO SEBELETSA

6. Ke hobaneng ha o lokela ho ameha ka kamano ya hao le Modimo, hona o kgotsofatsa takatso ya hao ya ho batla ho mo sebeletsa jwang?

6 Ho fapana le diphoofolo, o hloka hore o be le kamano e ntle le Modimo mme ke yena feela ya ka o thusang. (Mat. 4:4) Ha o mo mamela ka hloko, o tla ba le temohisiso, o be bohlale mme o thabe. Ka mantswe a mang, re tla thaba haeba re na le kamano e ntle le Modimo. Etswe le Jesu o kile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya.” (Mat. 5:3) Modimo o sebedisa Bibele le dintho tse ngata tseo re di fuwang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho kgotsofatsa takatso ya rona ya ho batla ho mo sebeletsa. (Mat. 24:45) Ruri tsena ke matletsetletse a dijo.—Esa. 65:13, 14.

7. Ke ditlhohonolofatso dife tseo o tla di fumana ha o sebedisa dintho tseo Modimo a fanang ka tsona hore o be le kamano e ntle le yena?

7 Dintho tse re thusang hore re be le kamano e ntle le Modimo, di tla etsa hore o be bohlale, hape o be le matla a ho nahana, a tlang ho o sirelletsa ka ditsela tse ngata. (Bala Liproverbia 2:10-14.) Ka mohlala, dintho tsena, di o thusa hore o lemohe dithuto tsa leshano tse kang ya hore ha ho na Mmopi. Di boetse di o sirelletsa mashanong a hore tjhelete le maruo ke senotlolo sa thabo. Hape di o thusa ho hlokomela le ho hana ditakatso tse fosahetseng le boitshwaro bo bobe. Ka hona, dula o batla bohlale bo tswang ho Modimo le matla a ho nahana mme o di nke e le letlotlo. Ha o sebedisa dintho tsena tseo re sa tswa bua ka tsona, o tla hlokomela hore Jehova o a o rata le hore o o batlela se molemo.—Pes. 34:8; Esa. 48:17, 18.

8. Ke hobaneng ha o lokela ho ba le kamano e ntle le Modimo hona jwale, hona see se tla o tswela molemo jwang nakong e tlang?

8 Haufinyane lefatshe la Satane le tla fediswa mme Jehova e tla ba yena feela setshabelo sa rona. Ho tseba mang hore nako e tla fihla eo ka yona re seng re lokela ho sheba ho Jehova feela bakeng sa hore na re tla jang hosane. (Hab. 3:2, 12-19) Jwale, ena ke nako ya hore o be le kamano e ntle le Ntate wa hao ya lehodimong mme o mo tshepe. (2 Pet. 2:9) Haeba o etsa jwalo, ho sa tsotellehe diteko tse o hlahelang, o tla ikutlwa jwalo ka Davida ya ileng a re: “Ke behile Jehova ka pela ka ka mehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekediswa.”—Pes. 16:8.

JEHOVA O TLA O FA METSWALLE YA SEBELE

9. (a) Ho latela lengolo la Johanne 6:44, Jehova o etsang? (b) Keng e ikgethang ka ho kopana le Dipaki Tsa Jehova tse ding?

9 Ka lerato Jehova o hula ba tshepahalang le bao a ba ratang hore e be karolo ya lelapa la hae mme ba tle borapeding ba nnete. (Bala Johanne 6:44.) Ha o qala ho kopana le motho eo e seng paki, keng seo o se tsebang ka yena? Bonyane dintho tseo o ka di hopolang ka yena ke lebitso la hae le tsela eo a shebahalang ka yona. Sena se ke ke sa etsahala ha o qala ho kopana le paki e nngwe ya Jehova. Le haeba motho eo a hodisitswe ka tsela e fapaneng le ya hao, kapa a tswa naheng e nngwe, e le wa morabe kapa setso se fapaneng le sa hao, o se o ntse o tseba ho hongata ka yena mme le yena o a o tseba.

Jehova o batla hore re be le metswalle ya sebele le dintho tseo re batlang ho di fihlella bophelong (Sheba serapa sa 9-12)

10, 11. Keng seo barapedi ba Jehova ba tshwanang ka sona, hona se re fa menyetla efe?

10 Ka mohlala, ha o kopana le paki e nngwe ya Jehova o se o ntse o hlokomela puo e hlwekileng eo le nang le yona. (Sof. 3:9) Sena se bontsha hore le dumela ho Modimo, le tseba melao ya hae ya boitshwaro mme le na le tshepo ka bokamoso. Ka hona, tsena ke tsona dintho tsa bohlokwa tseo o lokelang ho di tseba ka motho mme di etsa hore o mo tshepe. Di boetse hape di re thusa hore re be le setswalle se tshwarellang le sa sebele.

11 Ha re fetelletse ditaba ha re re ha o le morapedi wa Jehova o fumana metswalle ya sebele lefatsheng lohle. Ebile o sa ntse o tlo fumana e eketsehileng. Ha ho na batho ba fumanang mpho e babatsehang hakana ntle le barapedi ba Jehova.

DINTHO TSEO RE LOKELANG HO IKEMISETSA HO DI FIHLELLA BOPHELONG

12. Ke dintho dife tseo o batlang ho di finyella tshebeletsong?

12 Bala Moeklesia 11:9–12:1. Na ho na le seo o batlang ho se finyella tshebeletsong? Mohlomong o batla ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Kapa mohlomong o batla ho ntlafatsa tsela eo o buang le ho ruta ka yona. Ho sa tsotellehe seo o batlang ho se finyella, ha o bona ditlamorao tse molemo kapa ba bang ba o babatsa ka seo o se etsang, o ikutlwa jwang? Ntle ho pelaelo o a thaba ka seo o se fihlelletseng. O tlamehile ho thaba haholo, hobane o nka ho etsa thato ya Jehova e le ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ka ho etsa jwalo, o etsitsa mohlala wa Jesu.—Pes. 40:8; Liprov. 27:11.

13. Keng se ikgethang ka ho sebeletsa Jehova ho e na le ho hahamalla maruo?

13 Ha o sebeletsa Jehova, o etsa mosebetsi o kgotsofatsang mme ha se wa lefeela. Moapostola Pauluse o ile a re: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing wa Morena, le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakor. 15:58) Le hoja ho bonahala eka motho ya ruileng o atlehile, ha e le hantle hoo ke lefeela. (Luka 9:25) Seo re se bona ho se ileng sa etsahalla Morena Solomone.—Bar. 15:4.

14. Re ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Solomone mabapi le ho hahamalla maruo?

14 Solomone ya neng a tumme, a ruile a bile a le matla, o ile a re a ke a leke a bone hore na ebe ho ke ke ha ba le se molemo na. (Moek. 2:1-10) O ile a haha matlo, a etsa dirapa le diphaka, ke hore a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a e batla. O ile a ikutlwa jwang ka mora moo? Na o ne a kgotsofetse? Ha ho hlokahale hore re nne re ipotse dipotso. Hobane Solomone ka boyena o a re bolella. O ile a re: “Ka retelehela mesebetsing yohle ya ka eo matsoho a ka a neng a e entse . . . , ntho e nngwe le e nngwe e ne e le lefeela . . . Ho ne ho se letho le molemo.” (Moek. 2:11) Ena ke thuto ya bohlokwa hakaakang. Na o tla e jella masapo a hlooho?   

15. Ho latela lengolo la Pesaleme ya 32:8, ke hobaneng ha tumelo e le ya bohlokwa, hona re fumana melemo efe ha re na le yona?

15 Jehova ha a rate hore o ithute ha bohloko bophelong. Ka hona, o hloka tumelo e le hore o tsebe ho mamela Modimo mme ho etsa thato ya hae ho tle pele bophelong ba hao. Tumelo ke ntho ya bohlokwa mme le ka mohla e ke ke ya o swetsa. Kgodiseha hore Jehova a ke ke a lebala “lerato leo [o] ileng [wa] le bontsha bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Ka lebaka leo, etsa sohle seo o ka se kgonang hore o hahe tumelo ya hao mme o tle o bone hore Ntate wa hao ya lehodimong, o o batlela se molemo feela bophelong.—Bala Pesaleme ya 32:8.

MODIMO O FANA KA TOKOLOHO YA SEBELE

16. Ke hobaneng ha re lokela ho ananela tokoloho eo re nang le yona le ho e sebedisa ka bohlale?

16 Pauluse o kile a re: “Moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakor. 3:17) Jehova o rata tokoloho mme o kentse lerato leo pelong ya hao. Le ha ho le jwalo, o batla hore o sebedise tokoloho ya hao ka bohlale ka ha seo se tla o sirelletsa. Mohlomong o tseba batjha ba bang ba shebellang pornography kapa ba etsang boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano, ba bapalang dipapadi tse behang bophelo kotsing kapa bao e leng makgoba a dithethefatsi le jwala. Ho bua nnete, ho bonahala eka ho monate ho etsa dintho tsena. Empa ditlamorao e ba tse bohloko haholo, tse kang ho kula, ho ba lekgoba kapa esita le hona ho shwa. (Bagal. 6:7, 8) Ho hlakile hore ba a ithetsa ha ba re dintho tsena ke hona ho lokoloha.—Tite 3:3.

17, 18. (a) Ho mamela Modimo ho ka re lokolla jwang? (b) Tokoloho eo Adama le Eva ba neng ba na le yona e tshwana jwang le eo batho ba nang le yona kajeno?

17 Na o kile wa utlwa ho thwe ho na le motho ya ileng a kula ka lebaka la ho mamela tataiso ya Bibele? Ho mamela Jehova ho molemo ebile ho a re lokolla. (Pes. 19:7-11) Sebedisa tokoloho ya hao ka bohlale ka hore o mamele melao e phethahetseng ya Modimo le melaomotheo ya hae. Ha o etsa jwalo, o tla be o bontsha Modimo ha mmoho le batswadi ba hao hore o a tshepahala mme ba tla o fa tokoloho e eketshehileng. Ha e le hantle, morero wa Modimo ke ho fa bahlanka ba hae ba tshepahalang tokoloho e phethahetseng eo Bibele e reng ke “tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.”—Bar. 8:21.

18 Adama le Eva ba ne ba kile ba latswa tokoloho e jwalo. Modimo o ne a ba file dithibelo tse kae ha ba ntse ba le serapeng sa Edene? E le nngwe to! ka monwana. Ba ne ba sa lokela ho ja tholwana ya sefate se le seng feela. (Gen. 2:9, 17) Na thibelo eo e ne e le boima ebile e hatella? Le letho. Ha e tshwane le melao e mengatangata e entsweng ke batho, eo motho a se nang boikgethelo haese feela ho ithuta yona le ho e mamela.

19. Ke ka ditsela dife re rutwang ho ba batho ba lokolohileng?

19 Jehova ha a tshware bahlanka ba hae ka thata. Ho e na le ho re fa melao e mengatangata e sa feleng, ka mamello o re ruta hore re bontshane lerato. O batla hore re phele ka melaomotheo ya hae mme re hloye se sebe. (Bar. 12:9) Thuto ya Jesu ya Thabeng ke mohlala wa sena, hobane moo, Jesu o fana ka lebaka la hore na ke hobaneng ha motho a qetella a etsa dintho tse mpe. (Mat. 5:27, 28) Kreste jwalo ka Morena Mmusong wa Modimo, o tla dula a re ruta le ha re se re le lefatsheng le letjha, e le hore re be le boikutlo bo tshwanang le ba hae ka toka le tlolo ya molao. (Baheb. 1:9) O tla boela a re thuse hore re phethahale mmeleng le kelellong. Nahana feela o se o sa utlwe morwalo wa sebe le ditlamorao tse bohloko tsa sebe. Jwale ebe qetellong, o thabela “tokoloho e kganyang” eo Jehova a o tshepisitseng yona.

20. (a) Jehova o sebedisa tokoloho ya hae jwang? (b) Hona re ka ithutang mohlaleng oo?

20 Ke nnete hore tokoloho ya rona ha se e se nang moedi. E tataiswa ke lerato leo re ratang Modimo le batho ba bang ka lona. Re ka re Jehova o batla hore re mo etsise. Le hoja tokoloho ya hae e se na moedi, o kgetha ho tataiswa ke lerato ha a sebedisana le bahlanka ba hae. (1 Joh. 4:7, 8) Ka hoo, re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore tokoloho ya rona e tla ba ya sebele haeba feela re etsisa Modimo.

21. (a) Davida o ne a ikutlwa jwang ka Jehova? (b) Re tlo ithutang sehloohong se latelang?

21 Na ebe o sebedisa dintho tseo Jehova a re fileng tsona, tse re thusang hore re be le kamano e ntle le yena, re etse metswalle ya sebele, re be re be le tokoloho ya sebele? Ho thweng ka dintho tseo o lokelang ho ikemisetsa ho di fihlella bophelong? (Pes. 103:5) Haeba ho jwalo, e se eka le wena o ka bua mantswe a ho Pesaleme ya 16:11 a reng: “O tla etsa hore ke tsebe tsela ya bophelo. Ho thaba ka kgotsofalo ho sefahlehong sa hao; Ho na le thabo letsohong la hao le letona ka ho sa feleng.” Sehloohong se latelang, re tlo ithuta matlotlo a mang hape a bohlokwa a fumanwang ho Pesaleme ya 16. Sena se tla kgantsha lesedi le ho feta ha re ntse re letetse bophelo bo kgotsofatsang e le ka nnete.