Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Jehova o ile a re Tshwara ka Mosa

Jehova o ile a re Tshwara ka Mosa

NNA le mosadi wa ka Danièle, re ne re sa tswa fihla hoteleng ha e mong wa basebeletsi ba hotele a re ho nna: ‘Ntate, ke kopa o founele maponesa a bodara.’ Re ne re na le dihora tse mmalwa re qeta ho fihla Gabon naheng ya West Africa, moo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe teng dilemong tsa bo 1970.

Ka ha Danièle mokgwa hae o ne a le sedi, o ile a bona se etsahalang mme a nsebela a re: “O se ke wa itlhopha ka ho a founela, a se a ntse a le teng.” Eitse ha re re mahlo tloha, ra fumana koloi ya maponesa e se e eme pela monyako wa hotele. Yaba metsotsonyana ha morao, re a tshwarwa. Ke leboha mohatsaka haholo, hobane ke ile ka ba ka kgona le ho fa morabo rona e mong ditokomane tse itseng.

Ha re ntse re le tseleng e yang seteisheneng sa maponesa, ke ile ka bona ka moo ho leng molemo ka teng ho ba le mosadi ya sebete le ya ratang Jehova le mokgatlo wa hae. Ena e ne e le e nngwe ya diketsahalo tseo ho tsona nna le mohatsaka re ileng ra sebetsa jwalo ka thimi. E reng ke le hlabe malotsana ho se ho kae ka hore na ho tlile jwang hore re etele dinaha tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona.

JEHOVA O ILE A NTHUSA HORE KE TSEBE NNETE

Ke hlahile ka 1930 torotswaneng e ka leboya ho France e bitswang Croix. Lapeng, re ne re le Makhatholike ana a popota. Heso re ne re ya Mmiseng beke e nngwe le e nngwe mme Papa o ne a shwa a ikepela ka kereke ya hae. Le ha ho le jwalo, ha ke haba ho ba dilemo di 14, ho ile ha ba le ketsahalo e nngwe e ileng ya mpula mahlo hore ke bone boikaketsi ba ditho tsa kereke ena.

Nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe, naha ya France e ne e potapotilwe ke lebotho la sesole la Germany. O ne o tla fumana moruti wa rona ditherong tsa hae, a bua ka hore re lokela ho tshehetsa mmuso. Dipuo tsa hae di ne di re ferekanya. Bongata ba rona mona France, re ne re ikutswa ha re mamela radio ya BBC e neng e hasa ditaba tse mabapi le ho tshehetsa Mekgatlo e ipupileng e batlang ho hlasela naha. Moruti o ile a hlanohela mokgatlo oo a neng a o tshehetsa pele. Yaba ka September 1944, o se a hlophisa hore ho be le mokete wa diteboho bakeng sa Mekgatlo ena e batlang ho hapa naha. Jwale sena ke sona he, se ileng sa etsa hore ke lahlehelwe ke tshepo kerekeng ena.

Nakwana ka mora ntwa, Papa o ile a hlokahala. Ke ile ka utlwa hore jwale ke boikarabelo ba ka ho hlokomela Mama, ka ha Ausi wa ka o ne a se a nyetswe mme a dula Belgium. Ke ile ka fumana mosebetsi o patalang hantle. Mongaka le bara ba hae, e ne e le Makhatholike ana a haesale. Le hoja ho ne ho bonahala eka ke ne ke tla tshwarella khampaneng eo ya bona, ho ne ho na le qeto ya bohlokwa eo ke neng ke lokela ho e etsa e neng e tla ba phephetso e kgolo.

Ka 1953, Ausi wa ka Simone eo e neng e se e le Paki ya Jehova, o ile a re tjhakela. O ile a sebedisa Bibele ho pepesa dithuto tsa leshano tsa Kereke ya Khatholike. Tse kang ya mollo wa dihele, Boraro bo Teroneng le ya hore moya ha o shwe. Qalong, ke ile ka mo etsetsa seteraeke hobane a ne a sa sebedise Bibele ya Khatholike. Empa ha morao, ka hlokomela hore seo a nrutang sona ke nnete. Yaba ka le leng o ntlisetsa dimakasine tsa kgale tsa Tora ya ho Lebela. Ke ne ke di bala ka tjantjello e kgolo bosiu pele ke robala. Ka pelepele lesedi la nnete le ile la hlaka, empa ke ne ke tshaba ho nka kgato esere ka tloha ka lahlehelwa ke mosebetsi.

Ke ile ka nna ka ithuta Bibele le ho bala dihlooho tsa Tora ya ho Lebela ke le mong dikgwedi tse seng kae. Yaba ke etsa qeto ya hore nke ke ye Holong ya Mmuso. Lerato leo ba ileng ba mpontsha lona moo, le ile la nkama maikutlo. Ka mora hore ke qete dikgwedi tse 6 ke ntse ke ithuta Bibele le morabo rona e mong ya nang le boiphihlelo, ke ile ka etsa qeto ya hore ke a kolobetswa ka September 1954. Nakwana ka mora moo, ke ile ka thaba haholo ha Mama le ngwaneso le bona e ba Dipaki Tsa Jehova.

KE ILE KA ITSHETLEHA KA JEHOVA HA KE LE TSHEBELETSONG YA NAKO E TLETSENG

Ka 1958, ke ile ka fumana monyetla wa ho ya kopanong ya matjhaba e neng e le New York. Ka bomadimabe, Mama o ile a hlokahala dibeke tse mmalwa pele ho yona. Ka ha jwale ke ne ke se ke se na boikarabelo ba ho hlokomela lelapa, ke ile ka nyahlatsa mosebetsi wa boiphediso mme ka qala ho phayona. Ka mora nakwana, ka kopana le Danièle Delie eo e neng e le pulamadiboho e tjhesehang. Yaba ke mo kopa hore e be mosadi wa ka mme ka May 1959, ya ba lesapo la masapo a ka.

Danièle o qadile ho phayona mahaeng kwana Brittany hole le habo. O ne a hloka ho ba sebete e le hore a bolele molaetsa wa Bibele sebakeng seo se neng se tletse Makhatholike mme a bile a lokela ho tsamaya ka baesekele. O ne a na le boikutlo bo tshwanang le ba ka mme a ikemiseditse ho bolela molaetsa a sa senye nako, etswe re ne re tshoha hore bofelo bo tla tloha bo re kgaoletsa. (Mat. 25:13) Boitelo boo a neng a na le bona, bo ile ba re thusa hore re peselletse le ho feta tshebeletsong ya nako e tletseng.

Matsatsi a mmalwa ka mora hore re nyalane, re ile ra abelwa ho ba bapotolohi. Re ne re tlameha ho ithuta ho phela bophelo bo itekanetseng. Phutheho ya pele eo re ileng ra e etela, e ne e na le bahweletsi ba 14 mme bara le baradibabo rona moo, ba sa kgone ho re amohela mahaeng a bona. Ka hona, re ile ra lokela ho robala fatshe leteraseng ka Holong ya Mmuso sethalleng. Ke nnete hore teng ho ne ho kukunela, empa tjhe bonyane ke ntse ke na le mokokotlo.

Re ne re etela diphutheho ka koloi ena ya rona e nyane

Danièle o ile a ba a tlwaela mosebetsi wa ho potoloha le hoja re ne re phathahane hakaalo. O ne o ke ke wa utlwa a tletleba ha a ne a lokela ho nkemela koloing ha re ba le seboka sa baholo ka tshohanyetso. Le hoja re qetile dilemo tse pedi fela re le bapotolohi, re ile ra ithuta hore ke ha bohlokwa hore banyalani ba be le puisano ka dintho tse ba amang mme ba sebetse jwalo ka thimi.—Moek. 4:9.

RE ILE RA THABELA KABELO E NTJHA EO RE E FILWENG

Ka 1962, re ile ra mengwa hore re ye klaseng ya bo 37 ya sekolo sa Gileade, se neng se tshwaretswe Brooklyn, New York, se neng se nka dikgwedi tse 10. Hara diithuti tse 100 tse neng di le moo, ho ne ho na le banyalani ba 13 feela. Ka hona, re ile ra thaba haholo hore ebe re ile ra bitswa re le babedi, ka ha ba bangata ba ile ba siya balekane ba bona. Ke ntse ke hopola hore ho ne ho le monate jwang ho ba le mekaubere tumelong, e kang morabo rona Frederick Franz, Ulysses Glass le Alexander H. Macmillan.

Re ne re thabile haholo ha re mengwa ho ya sekolong sa Gileade re le babedi

Ha re le sekolong, re ile ra rutwa hore re lokela ho ntlafatsa tsela eo re shebang dintho ka yona. Ka dinako tse ding ka Moqebelo ha tlelase e fela, re ne re lokela ho lo sheba toropo ya New York mme re ithute ka yona. Re ne re tseba hore ka Mantaha, re tlo ngola ka seo re ileng ra se bona. Hangata ha re kgutla mantsibuya, re ne re sa ipatle ke mokgathala wa ho tsamaya toropo kaofela, empa morabo rona ya neng a re bontsha sebaka o ne a atisa ho re botsa dipotso tse tla re thusa ho hopola dintlha tsa bohlokwa tseo re tlang ho ngola test ka tsona Mantaha. Ke hopola Moqebelo o mong re tsamaya letsheare lohle toropong. Re ile ra ya misiamong mme ra ithuta ka mefuta e mengata ya dinaledi. Yaba hape re ya misiamong o mong o bitswang American Museum of Natural History, moo ra ithuta hore ho na le mefuta e fapaneng ya dikwena. Ha re se re kgutletse Bethele, morabo rona ya neng a re bontsha sebaka, o ile a re botsa: “Jwale he, ke mefuta e mekae ya dinaledi e teng?” Ka ha Danièle o ne shwele ke mokgathala, o ile a araba feela a re, “Tse ding di na le meno a matelele ho feta tse ding.”

Ho ne ho le monate ha re ne re etetse bara le baradibabo rona ba Afrika

Ka mora hore re graduate sekolong sa Gileade, re ile ra fuwa kabelo ya ho ya lekaleng la France, moo re ileng ra sebetsa dilemo tse ka hodimo ho 53. Ka 1976, ke ile ka kgethwa hore ke be mohokahanyi wa Komiti ya Lekala mme ra abelwa ho ya tjhakela dinaha tsa Afrika le Middle East, moo mosebetsi wa rona wa ho bolela o neng o thibetswe. Re ile ra ba ra fihla Gabon, moo ho ileng ha hlaha ketsahalo eo re buileng ka yona qalong ya pale ena. Ho bua nnete feela, ke ne ke sa tsebe hore na ke tlo sebetsana jwang le boikarabelo bo bong le bo bong boo ke bo fuwang. Empa ka tshehetso ya Danièle, ke ile e hlanaka boemong bo bong le bo bong bo hlahang.

Mona ke ne ke fetolela puo ya morabo rona Theodore Jaracz, kopanong ya “Toka ya Bomodimo” e neng e tshwaretswe Paris ka 1988

RE ILE RA TOBANA LE BOEMO BO BOIMA HAHOLO

Re ne re thabela ho sebeletsa Bethele haholo. Danièle o ile a ithuta senyesemane dikgwedi tse hlano pele re ya sekolong sa Gileade, mme sena se ile sa mo thusa ho ba mofetoledi ya hlwahlwa wa dingolwa tsa rona. Ke nnete hore ho sebetsa Bethele ho ne ho re thabisa, empa re ne re thaba le ho feta ha re sebetsa le phutheho eo re neng re le ho yona. Ke hopola bosiu bo bong tjena nna le Danièle re palame terene. Re kgathetse hore, empa re thabile hobane re ile ra ithuta Bibele le batho ba hatelang pele. Ka maswabi, maemo a bophelo a Danièle a ile a fetoha ka tshohanyetso, mme a mo thibela ho ba mahlahahlaha jwalo ka pele.

Ka selemo sa 1993, o ile a ba le kankere ya matswele. Pheko eo a neng a e fumana, e ne e sa mo tshware hantle, mme hangata o ne a lokela ho etsa opereishene le chemotherapy. Dilemo tse 15 ha morao, o ile a hlaselwa ke kankere hape. Ho ntse ho le jwalo, o ne a rata ho ba mofetoledi hoo a ileng a kgutlela mosebetsing wa phetolelo hang ha boemo bo kokobela.

Ho sa tsotellehe maemo a hlobaetsang a Danièle, ha re a ka ra nahana ka ho tlohella tshebeletso ya Bethele. Teng ho kula o le Bethele ho na le ditshitiso tse itseng, haholo haeba batho ba sa hlokomele hore na boemo bo tebile hakae. (Liprov. 14:13) Le hoja Danièle a ne a haba ho ba dilemo di 80, o ne a dula a thabile, a sa bontshe le hore o a kula. O ne a sa ikutlwele bohloko. Ho e na le hoo, o ne a batla ho thusa batho ba bang. O ne a etsa sena ka hore a mamele ha batho ba mo phethela mathata a bona. (Liprov. 17:17) Danièle o ne a sa inke e le moeletsi, o ne a mpa a sebedisa boiphihlelo ba hae ba ho sebetsana le kankere, ho thusa baradibabo rona hore ba se ke ba tshaba kankere.

Ho ile ha ba le boemo bo bong hape boo re ileng ra tobana le bona. Le hoja Danièle a ne a se a sa kgone ho sebetsa jwalo ka pele, o ile a nna a etsa bonnete ba hore o ntshehetsa le ho feta. O ile a nnolofalletsa dintho, mme sena sa ntumella ho tswela pele ke sebeletsa jwalo ka mohokahanyi wa Komiti ya Lekala ka dilemo tse 37. Ka mohlala, o ne a tlwaetse ho lokisa dijo, e be ha ke nka kgefu mosebetsing ke ya kamoreng ya rona e le hore ke lo ja le yena.—Liprov. 18:22.

HO MAMELLA MATSHWENYEHO A LETSATSI LE LETSATSI

Danièle o ne a na le tshepo mme a thabela bophelo. O ile a hlaselwa ke kankere ka lekgetlo la boraro. Re ne re se re sa tsebe hore na jwale re nkeng re e kopanye leng. Phekolo ena ya chemotherapy le radiotherapy di ile tsa mo nyotobetsa, hoo ka dinako tse ding a neng a se a hloleha le ho tsamaya. Ke hore ke ile ka utlwa bohloko bona bo otlang pelo, ha ke sheba mosadi wa ka eo e neng e le mofetoledi ya hlwahlwa, a se a sokola le ho bua.

Le hoja re ne re tlalletswe ke naha, re ile ra phehella thapelong, re kgodisehile hore Jehova a ke ke a re tlohella hore re lekwe ho feta seo re ka se jarang. (1 Bakor. 10:13) Re ile ra leka ka hohlehohle ho bontsha hore re ananela thuso eo Jehova a neng a re fa yona ka Lentswe la hae, basebeletsi ba Bethele ba tsa kalafo, ha mmoho le tshehetso e lerato e tswang ho bara le bardibabo rona.

Ka mehla re ne re kopa tataiso ya Jehova ha re lokela ho etsa qeto ya hore na ke phekolo efe eo re lokelang ho e amohela. Ka nako e nngwe, meriana ya hae e ile ya fela tu! Ngaka e thusitseng Danièle ka dilemo tse 23, e ne e hloleha ho re hlalosetsa hore na ke hobaneng ha Danièle a ne a idibana nako le nako ka mora ho etsa chemotherapy. O ne a sa kgone le ho fana ka keletso ya hore na re etseng. Re ne re ikutlwa eka ha re na mangwee ebile re sa tsebe hore na ho tla etsahalang ka moso. Yaba ngaka e nngwe ya kankere e dumela ho hlokomela Danièle. E ne e ka Jehova o re buletse tsela ya hore re sebetsane le matshwenyeho a rona.

Re ile ra ithuta ho sebetsana le matshwenyeho ka hore re se ke ra kgathatseha ka dintho tse so kang di etsahala. Etswe Jesu o kile a re, “letsatsi ka leng le lekanwa ke bobe ba lona.” (Mat. 6:34) Ho tadima bophelo ka tsela e nepahetseng le hona ho ile ha re tswela molemo. Ka mohlala, ha Danièle a ne a iphumana a na le dikgwedi tse pedi a sa etsa chemotherapy, o ne o tla utlwa ka boswaswi a re, “Hee, jwale ke fodile.” (Liprov. 17:22) Ho sa tsotellehe maemo a hae a hlobaetsang, Danièle o ne a thabela ho bina dipina tsa Mmuso tse ntjha ka lentswe le phahameng.

Tsela eo a neng a tadima bophelo ka yona, e ile ya nthusa hore le nna ke kgone ho sebetsana le mathata a ka. Ho bua nnete feela, dilemong tsena tse 57 re nyalane, haesale a ntse a ntlhokometse. Ke hore o ne a ntlhokometse hona hoo a neng a sa batle le ha ke hadika mahe feela. Jwale e itse ha a se a kula haholo, ka tlameha ho ithuta ho pheha, ho hlatswa dijana le ho hlatswa diaparo. Ke nnete hore ha ke ntse ke ithuta ho etsa mesebetsi ena, ke ile ka thuba dikgalase tsa hae tse ngata, empa ke ne ke thaba haholo ha ke hlokomela hore o ananela boiteko boo ke bo etsang. *

KE ANANELA MOSA O LERATO WA JEHOVA

Ha ke hetla morao, ke a hlokomela hore mathata ao re ileng ra tobana le ona a ho kula le botsofadi, a nrutile ho hongata. Ntho ya pele eo ke ithutileng yona ke hore, ha re a lokela ho phathahana haholo hoo re hlokang nako ya ho bontsha balekane ba rona hore re a ba rata. Ka hona, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho hlokomela batho bao re ba ratang, ha re sa ntse re na le matla a ho etsa jwalo. (Moek. 9:9) Ntho ya bobedi eo ke ithutileng yona ke hore, ha re a lokela ho kgathatseha haholo ka mathata a rona hobane a ka re sitisa ho bona ditlhohonolofatso tse ngata tseo re di fumaneng.—Liprov. 15:15.

Ha ke sheba dilemo tseo re di qetileng re le tshebeletsong ya nako e tletseng, ke sitwa ho hlalosa ka moo Jehova a ileng a re hlohonolofatsa ka teng ha re ntse re mo sebeletsa. Ke ikutlwa jwalo ka mongodi e mong wa pesaleme ya kileng a re: ‘Jehova o nkentse ka mokgwa o loketseng.’—Pes. 116:7.

^ par. 32 Moradiwabo rona Danièle Bockaert o hlokahetse ha ho ne ho ngolwa pale ena. O ne a le dilemo di 78.