Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o sa Hopola?

Na o sa Hopola?

Na o badile dimakasine tsa Tora ya ho Lebela tsa selemong see? Haeba ho jwalo, sheba hore na o ka kgona ho araba dipotso tsena tse latelang:

Re lokela ho tshwara batlotsuwa jwang?

Le hoja re ananela tumelo eo batlotsuwa ba nang le yona, empa ha re ba rorise ho feta tekano. Re lokela ho qoba ho ba nkela hodimo. (Juda 16) Ha re a lokela ho ba botsa dipotso ka tshepo eo ba nang le yona.​—w20.01, leq. 29.

Keng e o kgodisang hore Jehova o o nka o le motho wa bohlokwa?

Bibele e bontsha hore Jehova o ile a o bona le pele o hlaha ebile o utlwa dithapelo tsa hao. Jehova o tseba ka moo o nahanang le ho ikutlwa ka teng hape dintho tseo o di etsang di ka mo thabisa kapa tsa mo utlwisa bohloko. (1 Likron. 28:9; Liprov. 27:11) Jehova o o huletse ho yena.​—w20.02, leq. 12.

Ke mehlala efe e bontshang nako e nepahetseng ya ho bua kapa ya ho thola?

Re thabela ho bua ka Jehova. Re bolella motho ha re bona a nka mohato o tla etsa hore a etse sebe se tebileng. Baholo ba fana ka kgalemelo ha ho hlokahala. Ha re bue le ho batla ho tseba dintlha ka mosebetsi wa rona o thibetsweng dinaheng tse ding. Ha re a lokela ho bolella batho dintho tseo ba sa lokelang ho tseba ka tsona.​—w20.03, leq. 20-21.

Ditsie tse ho Joele kgaolo ya 2 di fapana jwang le tse ho Tšenolo kgaolo ya 9?

Joele 2:20-29 e re Modimo o suthisetsa ditsie hole hape o tshepisa ho lokisa tshenyo eo di e bakileng. Ka mora moo Modimo o fana ka moya wa hae o halalelang. Diketsahalo tsena di ile tsa phethahala ha Bababylona ba hlasela Iseraele le ka morao ho moo. Ditsie tse ho Tšenolo 9:1-11 di tshwantshetsa bahlanka ba tlotsitsweng ba Jehova, bao ka sebete ba phatlalatsang dikahlolo tsa hae lefatsheng lena, e leng se etsang hore batho ba bang ba se ke ba thabiswa ke seo.​—w20.04, leq. 3-6.

Morena wa leboya ke mang kajeno?

Russia le dinaha tse e tshehetsang di hlasela bahlanka ba Modimo, di thibela mosebetsi wa boboledi hape di hloile Dipaki. Haesale morena wa leboya a lwantshana le morena wa borwa.​—w20.05, leq. 13.

Na “ditholwana tsa moya” di akarelletsa feela makgabane a ho Bagalata 5:22, 23?

Tjhe. Moya o halalelang o re thusa hore re be le makgabane a mang a kang ho loka. (Baef. 5:8, 9)​—w20.06, leq. 17.

Kotsi ya ho beha divideo, dinepe le dintho tseo o di ngolang metjheng ya puisano ke efe?

Dintho tseo o di behang metjheng ya puisano di ka fana ka maikutlo a hore ha o na boikokobetso empa o a ithorisa.​—w20.07, leq. 6-7.

Bakreste ba ka ithutang ho batshwasi ba ditlhapi ba nang le tsebo?

Ba sebetsa moo ho nang le ditlhapi le ka nako eo ba ka di fumanang ka yona. Ba tseba ho sebedisa dithulusi tse nepahetseng. Ba sebetsa ka sebete le ha maemo a fetoha. Le rona re ka etsa se tshwanang tshebeletsong.​—w20.09, leq. 5.

Ke ka ditsela dife tse ding re ka thusang batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba rate Jehova?

Re ka ba kgothalletsa hore ba bale Bibele ka mehla le ho nahanisisa ka seo ba ithutileng sona. Re ka ba ruta ho rapela.​—⁠w20.11, leq. 4.

Mantswe ana a reng “bohle ba tla phediswa ka Kreste,” a ne a bua ka bo mang?​—1 Bakor. 15:22.

Moapostola Pauluse o ne a sa re batho bohle ba tla tsoswa. O ne a bua ka Bakreste ba tlotsitsweng ba “halaleditsweng bonngweng le Kreste Jesu.” (1 Bakor. 1:2; 15:18)​—w20.12, leq. 5-6.

Batlotsuwa ba tla etsang ka mora ho ‘fetolwa ka ho panya ha leihlo, nakong ya terompeta ya ho qetela’?​—1 Bakor. 15:51-53.

Ba tla busa le Kreste mme ba dise batho ka molamu wa tshepe. (Tšen. 2:26, 27)​—w20.12, leq. 12-13.