Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 52

O ka Thuswa Keng ha o Nyahame?

O ka Thuswa Keng ha o Nyahame?

“Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa.”​—PES. 55:22.

PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ho ka etsahalang ka rona haeba re nyahame?

LETSATSI le leng le le leng re ba le mathata mme re etsa sohle seo re ka se kgonang ho sebetsana le ona. Empa ha re nyahame, ho thata hore re sebetsane le mathata a rona. Ka hoo, re lokela ho hopola hore ho nyahama ho ka etsa hore re ikutlwe re se na thuso hape re sa thaba. Liproverbia 24:10 e re: “Na o iponahaditse o nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Ka hoo, ha re nyahame, re ka ikutlwa re se na matla a ho sebetsana le mathata a rona ka katleho.

2. Keng e ka etsang hore re ikutlwe re nyahame, hona re tlo ithutang sehloohong see?

2 Ho na le dintho tse ngata tse ka re nyahamisang e bang ke tseo re ka di bonang kapa tseo re sa di boneng. Dintho tseo di akarelletsa diphoso tsa rona, mefokolo ya rona le ho kula. Hape re ka nyahama haeba re sa fumane mosebetsi oo re o batlang tshebeletsong ya Jehova kapa ha batho ba tshimo eo re e sebetsang ba sa mamele molaetsa wa Bibele. Sehloohong sena re tlo ithuta ka dintho tseo re ka di etsang e le hore re se ke ra nyahama.

HA RE NYAHAMISWA KE DIPHOSO LE MEFOKOLO YA RONA

3. Keng e ka re thusang ha re nyahamiswa ke diphoso le mefokolo ya rona?

3 Ho bonolo hore re ikutlwe re se na thuso ka lebaka la diphoso tseo re di etsang. Ntho eo e ka etsa hore re nke hore Jehova a ke ke a re amohela Paradeiseng ka lebaka la diphoso tsa rona. Monahano oo o ka ba kotsi. Re lokela ho ikutlwa jwang ka diphoso tsa rona? Bibele e a re bolella hore batho bohle ntle le Jesu “ba entse sebe.” (Bar. 3:23) Empa Jehova ha a shebane haholo le diphoso tsa rona hape ha a a lebella hore re phethahale. Ho e na le ho etsa jwalo, o a re rata ebile o batla ho re thusa. Hape o na le mamello. O a bona hore na re leka ka matla hakae ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng le hore re se ke ra ikutlwa re se na thuso ha re entse diphoso ebile o ikemiseditse ho re thusa.​—Bar. 7:18, 19.

Jehova o hopola dintho tse ntle tseo re di entseng le tseo re ntseng re tswela pele ho di etsa (Sheba serapa sa 5) *

4, 5. Ke mantswe afe a hlahang ho 1 Johanne 3:19, 20 a ileng a thusa baradibabo rona ba babedi?

4 Nahana ka mohlala wa Moradiwabo rona Deborah le Moradiwabo rona Maria. * Ha Moradiwabo rona Deborah e ntse e le ngwana, hangata o ne a tshwarwa ka tsela e neng e etsa hore a ikutlwe a se na thuso. O ne a sa babatswe hangata. Ntho eo e ile ya etsa hore le ha a se a hodile a ipone e le motho ya se nang thuso. Ha a ne a etsa phoso e nyane, o ne a bona e ka ha ho mohla a tla loka. Moradiwabo rona Maria le yena o ne a le jwalo. Ba leloko ba ile ba etsa hore a utlwe a sa ithate. Ntho eo e ile ya etsa hore a ikutlwe a se na thuso ho hang. Esita le ka mora hore a kolobetswe, o ne a ikutlwa a sa tshwanelehele ho bitswa Paki ya Jehova.

5 Le hara maemo ana, baradi bana babo rona ha ba a ka ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Hobaneng? Hobane ba ile ba lahlela morwalo wa bona ho Jehova ka hore ba mo rapele ho tswa pelong. (Pes. 55:22) Ba ile ba hlokomela hore Jehova Ntate wa rona ya lerato o a bona hore dintho tse bohloko tse re hlahetseng nakong e fetileng di ka etsa hore re ikutlwe re le batho ba se nang thuso. Empa o boetse o bona makgabane a matle ao re nang le ona le haeba rona re bona e ka ha ho letho le letle leo re le etsang.​—Bala 1 Johanne 3:19, 20.

6. Motho e mong a ka nna a ikutlwa jwang haeba a pheta phoso eo a e entseng nakong e fetileng?

6 Motho ya ntseng a lwana ka thata ho hlola mokgwa o mobe oo a nang le wona, a ka nna a pheta phoso e tshwanang yaba o qetella a nyahame. Ho a etsahala hore motho a ikutlwe a le molato ha a entse sebe. (2 Bakor. 7:10) Empa ha re a lokela ho fetelletsa dintho e be re nahana hore ha ho mohla re tla loka. Kapa hona hore Jehova a ke ke a re tshwarela. Taba eo e ka ba ya etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova. Re hopole hore Liproverbia 24:​10 e itse matla a rona a tla fokola haeba re nyahame. Ka hoo, a re “lokiseng ditaba” le Jehova ka hore re mo rapele re kope hore a re hauhele. (Esa. 1:​18) Ha Jehova a bona hore ka nnete o bakile, o tla o tshwarela. Hape o ka ikopanya le baholo. Ba tla o thusa hore tumelo ya hao e boele e be matla.​—Jak. 5:14, 15.

7. Ke hobaneng ha re sa lokela ho nyahama haeba re utlwa ho le thata ho etsa ntho e nepahetseng?

7 Morabo rona Jean-Luc eo e leng moholo naheng ya France, o fana ka matshediso ana ho batho ba nang le mefokolo e itseng: “Ho Jehova motho ya lokileng ha se ya sa etseng diphoso ho hang empa ke ya bakelang diphoso tseo a di entseng a bile a di bakela ka mehla.” (Bar. 7:21-25) Ka hona, haeba ho na le bofokodi boo o ntseng o bo lwantsha, o se ke wa nahana hore ha o na thuso. O hopole hore ha ho na motho ya ka emang ka pela Modimo yaba o hlaha a lokile. Kaofela ha rona re hloka mohau wa Modimo oo a re bontshang wona ka sehlabelo sa Mora wa hae.​—Baef. 1:7; 1 Joh. 4:10.

8. Ke bo mang ba ka re thusang ha re utlwa re nyahame?

8 Bara le baradibabo rona ba ka re kgothatsa. Nakong eo re utlwang re batla ho bua le motho e mong ba ka re mamela ba ba ba re matlafatsa ka mantswe a kgothatsang. (Liprov. 12:25; 1 Bathes. 5:14) Moradiwabo rona Joy ya dulang Nigeria ya kileng a nyahama haholo, o re: “Ebe nka be ke le ngwana mang ha e ne e se ka bara le baradibabo rona? Tsela eo ba ileng ba nkgothatsa ka yona ke bopaki ba hore Jehova o araba dithapelo tsa ka. Ke ile ka ba ka ithuta ho bona hore na nka kgothatsa batho ba bang ba nyahameng jwang.” Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore ha se ka mehla Bakrestemmoho ba tla tseba ha re hloka ho kgothatswa. Ka hoo, re ka nna ra hloka ho ya ho Mokrestemmoho eo e leng kgale a di bona ho kopa thuso.

HA RE KULA

9. Pesaleme ya 41:3 le ya 94:19 e re kgothatsa jwang?

9 Kopa thuso ho Jehova. Ho ka ba thata hore re thabe haholo haeba re ile ra qeta nako e telele re kula. Le hoja Jehova a sa re phekole ka mohlolo, o a re tshedisa le ho re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle. (Bala Pesaleme ya 41:3; 94:19.) Ka mohlala, a ka etsa hore Bakrestemmoho ba re thuse ha re hloka ho thuswa ka mesebetsi ya lapeng kapa ho ya mabenkeleng. A ka etsa hore ba rapele le rona. Hape a ka re hopotsa dintho tse ntle tse ka Bibeleng tse ka re kgothatsang tse kang bokamoso bo botle boo re bo lebeletseng ba ho phela lefatsheng le letjha re se re phethahetse, re sa kule kapa hona ho utlwa bohloko.​—Bar. 15:4.

10. Keng e ileng ya thusa Morabo rona Isang hore a se ke a dula a nyahame ka mora hore a hlahelwe ke kotsi?

10 Morabo rona Isang ya dulang Nigeria o ile a hlahelwa ke kotsi e ileng ya etsa hore a lemale. Ngaka ya hae e ile ya mo bolella hore a ke ke a hlola a kgona ho tsamaya. O re: “Ke ne ke utlwile bohloko haholo ebile ke nyahame.” Empa na o ile a dula a nyahame? Tjhe! O ile a thuswa keng? O re: “Ha ho mohla nna le mosadi wa ka re ileng ra kgaotsa ho rapela Jehova le ho bala Lentswe la hae. Hape re ne re ikemiseditse ho ananela dintho tse ntle tseo re nang le tsona tse kang tshepo ya ho phela lefatsheng le letjha.”

Esita le bahweletsi bao maemo a bona a bophelo a seng matle ba ntse ba ka kgona ho etsa mosebetsi wa boboledi mme ba thaba (Sheba serapa sa 11-13)

11. Keng e ileng ya thusa Moradiwabo rona Cindy hore a thabe le ha a ne a kula?

11 Moradiwabo rona Cindy ya dulang Mexico o ile a fumanwa a na le lefu le neng le ka nna la mo bolaya. O kgonne jwang ho mamella? Ha a ntse a le sepetlele, o ile a ipolella hore o tla pakela batho letsatsi le leng le le leng. O re: “Ho etsa jwalo ho ile ha nthusa hore ke shebane le batho ba bang mme ke se ke ka nahana ka opereishene, bohloko boo ke bo utlwang kapa bokudi ba ka. Ke ne ke tlwaetse ho buisana le dingaka kapa baoki le ho ba botsa hore na ba malapa a bona ba ntse ba ya jwang. Ebe ke a ba botsa hore na hobaneng ha ba kgethile mosebetsi o boima hakana. Ka mora moo, ke ne ke nolofallwa ho bona hore na ke dintho dife tseo nka buang le bona ka tsona tse ka ba amang. Ba bangata ba ile ba re ha se hangata bakudi ba ba botsang hore na ba ntse ba ya jwang. Hape ba bangata ba ile ba nteboha ka hore e be ke a ba kgathalla. Ba bang ba ile ba ba ba mpha dinomoro tsa bona kapa diaterese tsa bona. Ka hoo, nakong ena eo ke neng ke na le mathata, ke ne ke hlolletswe ke tsela eo Jehova a etsang hore ke thabe ka yona.”​—Liprov. 15:15.

12, 13. Bara le baradibabo rona ba kulang kapa ba hodileng ba kgonne jwang ho pakela batho ba bang, hona ba fumane ditlhohonolofatso dife?

12 Bakrestemmoho ba kulang kapa ba hodileng ba ka nyahama hobane ba se ba sa kgone ho sebetsa ka moo ba ka ratang tshebeletsong ya Jehova. Ho ntse ho le jwalo, ba bangata ba ntse ba kgona ho ruta batho Bibele. Moradiwabo rona Laurel ya dulang United States o ile a qeta dilemo tse 37 a le ka hara motjhine o mo thusang ho hema. O ile a tshwarwa ke kankere, a etswa diopereishene tse kgolo a ba a tshwarwa ke mafu a kotsi a letlalo. Empa le mathateng ana a neng a mo utlwisa bohloko hakana, ha a a ka a mo kwala molomo. O ile a pakela baoki le basebetsi ba bang ba sepetlele ha ba ne ba tlile ha hae. Ho ile ha qetella ho etsahetseng? O ile a thusa batho ba ka bang 17 ho ithuta ka Jehova. *

13 Morabo rona Richard eo e leng moholo naheng ya France o fana ka tlhahiso ena e ntle bakeng sa batho ba dutseng hae ka lebaka la ho kula kapa ba mahaeng a maqheku. O re: “Ke ba kgothalletsa ho beha tse ding tsa dingolwa moo batho ba ka di bonang. Ntho eo e tla etsa hore batho ba di bone e be ba botsa ka tsona. Ho etsa jwalo ho ka kgothatsa bara le baradibabo rona ba seng ba sa kgone ho ya ka ntlo le ntlo.” Hape Bakrestemmoho ba sa kgoneng ho tloha hae ba ka pakela batho ka ho ba ngolla mangolo kapa ho ba letsetsa.

HA RE SA FUMANE MOSEBETSI OO RE O BATLANG KA MOKGATLONG

14. Morena Davida o re behetse mohlala ofe o motle?

14 Re ka nna ra se ke ra tshwaneleha ho fumana mosebetsi o itseng tshebeletsong ya Jehova hobane re se re hodile, re kula kapa ka mabaka a mang. Haeba re le boemong boo, ho na le ntho ya bohlokwa eo re ka ithutang yona mohlaleng wa Morena Davida. Le hoja Davida a ne a batla ho hahela Jehova tempele, Jehova o ile a mo bolella hore o kgethile motho e mong ho etsa mosebetsi oo. Le ha ho le jwalo, Davida o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa motho ya neng a kgethetswe ho etsa mosebetsi oo, a ba a fana ka thepa e ngata e le hore e ka sebediswa ho haha tempele. Ka nnete re ka re Davida o re behetse mohlala o motle.​—2 Sam. 7:12, 13; 1 Likron. 29:1, 3-5.

15. Keng e ileng ya thusa Morabo rona Hugues hore a kgaotse ho nyahama?

15 Morabo rona Hugues ya dulang France o ile a tlohela ho ba moholo hobane a ne a kula mme o ne a thatafallwa le ke ho etsa mesebetsi e menyenyane feela ya lapeng. O re: “Qalong ke ne ke nyahame ke bile ke utlwa ke se na thuso. Empa ka mora nako ke ile ka bona hore ho bohlokwa ho ikamohela mme ka bona hore ho ntse ho na le ho hong hoo nka ho etsetsang Jehova. Ke ipoleletse hore ke tla tswela pele ho sebeletsa Jehova. Ke tla nne ke e lwane ntwa ena, ke etsise Gideone le banna ba makgolo a mararo ba ileng ba nna ba lwana le ha ba ne ba kgathetse.”​—Baahl. 8:4.

16. Re ka ithutang mohlaleng wa mangeloi?

16 Mangeloi a Modimo a tshepahalang a re behetse mohlala o motle. Ka mohlala, Jehova o ile a kopa mangeloi hore a fane ka ditlhahiso tsa hore na a etseng e le hore a thetse Morena Akabe ya kgopo. Mangeloi a mang a ile a fana ka ditlhahiso. Empa Modimo o ile a kgetha lengeloi le le leng a le bolella hore tlhahiso ya lona e tla sebetsa. (1 Mar. 22:19-22) Na mangeloi a mang a ile a nyahama a bona e ka a sentse nako ka ho fana ka ditlhahiso tsa wona? Ha ho na lebaka la ho dumela hore a ile a etsa jwalo. Mangeloi a ikokobeditse haholo ebile a batla ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho tlotlisa Jehova.​—Baahl. 13:16-18; Tšen. 19:10.

17. Re lokela ho etsang haeba re nyahame hobane ho na le mosebetsi oo re sa o fumaneng ka phuthehong?

17 Dula o hopola hore tlotla e kgolo haholo eo re nang le yona ke ho bitswa Dipaki Tsa Jehova le ho tsebahatsa Mmuso wa hae. Ho ba le mosebetsi tshebeletsong ya Jehova kapa ho se be le wona ha se hona ho etsang hore re be batho ba bohlokwa ho Modimo. Ntho e etsang hore re be ba bohlokwa ho Jehova le ho Bakrestemmoho ke boikokobetso. Ka hoo, kopa Jehova hore a o thuse hore o dule o ikokobeditse. Nahana ka mehlala e mengata e ka Bibeleng ya batho ba neng ba ikokobeditse. Ikemisetse ho sebeletsa Bakrestemmoho ka hohle ka moo o ka kgonang.​—Pes. 138:6; 1 Pet. 5:5.

HA BATHO BA SA MAMELE MOLAETSA WA BIBELE

18, 19. Keng e ka o thusang ho thabela tshimo le ha batho ba sa mamele?

18 Na o kile wa nyahama ha batho ba tshimong ya heno ba sa mamele molaetsa wa Bibele kapa hobane batho ba bangata ba sa fumanehe malapeng? Boemong boo, o ka etsang e le hore o dule o thabile kapa o thabe le ho feta? Lebokose le reng, “ Ditsela Tsa ho Ntlafatsa Tshimo ya Hao” le na le ditlhahiso tse ntle tse ka o thusang. Hape ke ha bohlokwa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tshebeletso eo re e etsetsang Jehova. Taba ee e bolelang?

19 Dula o amehile ka ho tsebahatsa Mmuso wa Modimo le lebitso la hae. Jesu o ile a bolela hore ha se batho ba bangata ba tla tsamaya tseleng e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) Ha re etsa mosebetsi wa boboledi, re na le monyetla wa ho sebetsa le Jehova, Jesu le mangeloi. (Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 3:9; Tšen. 14:6, 7) Jehova o hula batho ba batlang ho mo sebeletsa. (Joh. 6:44) Ka hona haeba motho a sa re mamele, ho ka etsahala hore nakong e tlang ha re kgutlela ho yena a re mamele.

20. Re ka ithutang ho Jeremia 20:8, 9, e ka re thusang ho kgaotsa ho nyahama?

20 Re ka ithuta dintho tse ngata ho moprofeta Jeremia. O ile a fuwa mosebetsi wa ho isa molaetsa wa Modimo ho batho ba neng ba sa batle ho mamela. Batho ba ne ba mo rohaka le ho mo soma “letsatsi lohle.” (Bala Jeremia 20:8, 9.) Ka le leng, o ile a nyahama hoo a ileng a ba a utlwa hore ho lekane. Empa ha a a ka a tlohela. Hobaneng? O ile a sitwa ho ikwalla ka “lentswe la Jehova” hobane e ne e ka mollo o tukang ka hare ho yena. Ka hoo ho tla ba jwalo le ka rona haeba re dula re bala Lentswe la Modimo. Taba ena e a bontsha hore ke ha bohlokwa hakae hore re ithute le ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi.​—Jer. 15:16.

21. Keng e ka re thusang hore re hlole ho nyahama?

21 Moradiwabo rona Deborah eo re buileng ka yena pejana o re: “Satane o sebedisa sebetsa se kotsi ho re hlasela e leng ho nyahama.” Empa dibetsa tsa Satane ha se letho ho Jehova. Ka hoo, haeba ho na le ntho efe kapa efe e o nyahamisitseng, kopa Jehova hore a o thuse. O tla o thusa hore o mamelle haeba o nyahamisitswe ke diphoso le mefokolo ya hao. O tla o hlokomela ha o kula. Jehova o tla o thusa hore o se ke wa nyahama haeba ho na le mosebetsi oo o sa o fumaneng tshebeletsong ya hae. Hape o tla o thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi wa boboledi. O ka boela wa mo bolella hore na o ikutlwa jwang. Ha a na le wena o ka hlola ho nyahama.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

^ par. 5 Kaofela re na le ho nyahama ka dinako tse ding. Sehloohong sena re tlo ithuta tse ding tsa dintho tseo re ka di etsang ha re ikutlwa re nyahame. Re tlo bona hore Jehova a ka re thusa ho hlola ho nyahama.

^ par. 4 Mabitso a mang fetotswe.

^ par. 12 Bala pale ya bophelo ya Laurel Nisbet ho Fadimehang! ya January 22, 1993 ya Senyesemane.

^ par. 69 SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Moradiwabo rona o ne a ile a qeta nako a nyahame empa o ntse a nahana ka dintho tseo a di entseng tshebeletsong ya Jehova ebile o a rapela. O kgodisehile hore Jehova o hopola dintho tseo a di entseng le tseo a ntseng a tswela pele ho di etsa.