Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

Mamela Lentswe la Modisa ya Molemo

Mamela Lentswe la Modisa ya Molemo

“Di tla mamela lentswe la ka.”​—JOH. 10:16.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke lebaka lefe le leng leo e ka nnang yaba Jesu o ile a bapisa balatedi ba hae le dinku?

JESU o ile a bapisa kamano eo a nang le yona le balatedi ba hae, le e teng pakeng tsa modisa le dinku tsa hae. (Joh. 10:​14) Papiso ena e loketse ka ha dinku di tseba modisa wa tsona mme di mamela lentswe la hae. Monna e mong o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Re ne re batla ho nka dinepe tsa dinku tse mmalwa mme re leka ho di bitsa hore di tle ho rona. Empa ha di a ka tsa tla hobane ha di tsebe mantswe a rona. Ka mora moo, ho ile ha tla moshanyana wa modisa, hanghang feela ha a di bitsa di ile tsa ya ho yena.”

2, 3. (a) Balatedi ba Jesu ba bontsha jwang hore ba mamela lentswe la hae? (b) Re tlo bua kang sehloohong see le se latelang?

2 Ntho eo monna eo a e boneng e re hopotsa mantswe a Jesu mabapi le dinku tsa hae e leng barutuwa ba hae. O ile a re: “Di tla mamela lentswe la ka.” (Joh. 10:​16) Empa Jesu o lehodimong, jwale re ka mo mamela jwang? Re bontsha hore re mamela lentswe la Monga rona ka ho sebedisa dintho tseo a re rutileng tsona bophelong ba rona.​—Mat. 7:​24, 25.

3 Sehloohong sena le se latelang, re tlo bua ka dithuto tse ding tsa Jesu. Jwalo ka ha re tlo bona, Jesu o re rutile hore re lokela ho kgaotsa ho etsa dintho tse ding mme re etse tse ding. Re tla qala pele ka ho bua ka dintho tse pedi tseo modisa ya molemo a itseng re kgaotse ho di etsa.

‘KGAOTSANG HO TSHWENNGWA KE DIPELAELO’

4. Ho ya ka Luka 12:​29, ke eng e ka etsang hore re ‘tshwenngwe ke dipelaelo’?

4 Bala Luka 12:​29. Jesu o ile a kgothalletsa balatedi ba hae hore ba “kgaotse ho tshwenngwa ke dipelaelo” mabapi le dintho tseo ba di hlokang hore ba phele. Re a tseba hore keletso ya Jesu e dula e le bohlale ebile e nepahetse. Re batla ho e mamela empa ka dinako tse ding ho ba thata hore re etse jwalo. Ebe ke hobaneng?

5. Ke hobaneng ha batho ba bang ba ka tshwenyeha ka dintho tseo ba di hlokang?

 Batho ba bang ba ka nna ba tshwenyeha ka dintho tseo ba di hlokang tse kang dijo, diaparo le bodulo. E ka nna yaba ba dula naheng eo batho ba bangata ba sotlehileng ebile ho leng thata ho fumana mosebetsi. Ho ka ba thata hore ba fumane tjhelete e lekaneng e le hore ba hlokomele ba malapa a bona. Mohlomong motho ya neng a sebetsa o se a hlokahetse, ka hoo lelapa ha le sa na tjhelete bakeng sa dintho tseo le di hlokang. Hape e ka nna yaba batho ba bangata ba felletswe ke mesebetsi ebile ha ho sa na tjhelete e kenang ka lebaka la sewa sa COVID-19. (Moek. 9:​11) Haeba re etsahalletswe ke dintho tsena kapa tse ding, ke jwang re ka mamelang keletso ya Jesu ya hore re kgaotse ho tshwenyeha?

Ho ena le hore o tshwenyehe haholo ka dintho tseo o di hlokang, dula o kgodisehile hore Jehova o tla o thusa (Sheba serapa sa 6-8) *

6. Hlalosa hore na moapostola Petrose o ile a etsahallwa ke eng.

6 Ka letsatsi le leng, moapostola Petrose le baapostola ba bang ba ne ba le ka sekepeng Lewatleng la Galilea mme ho ne ho ena le sefefo yaba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi. Petrose o ile a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena hodima metsi.” Ka mora moo Jesu o ile a re ho yena “tloo” yaba Petrose o tswa ka sekepeng, ‘o tsamaya hodima metsi mme o leba ho Jesu.’ Hlokomela hore ho etsahetseng ka mora moo. “Ha a sheba moya wa sefefo, a ba le tshabo mme, ka mora ho qala ho teba, a hweletsa: ‘Morena, mpholose!’ ” Jesu o ile a otlolla letsoho la hae mme a mo pholosa. Ke ha bohlokwa ho hopola hore Petrose o ile a thuswa ke ho dula a shebile Jesu hore a kgone ho tsamaya hodima metsi. Empa hang feela ha Petrose a sheba sefefo o ile a tshoha haholo le ho belaela yaba o qala ho teba.​—Mat. 14:​24-31.

7. Re ka ithutang mohlaleng wa Petrose?

7 Re ka ithuta ho hong mohlaleng wa Petrose. Ha a tswa ka sekepeng mme a tsamaya hodima metsi, o ne a sa lebella hore ho na le ntho e tla mo sitisa ebe o qala ho teba. O ne a batla ho dula a tsamaya hodima metsi ho fihlela a fihla ho Monga hae. Empa o ile a hloleha ho dula a nahanne ka ntho eo a neng a batla ho e finyella. Le hoja re ke ke ra tsamaya hodima metsi mehleng ena empa re ntse re hloka ho ba le tumelo e le hore re mamelle mathata ao re nang le ona. Haeba re sa dule re tshepa Jehova le ditshepiso tsa hae, tumelo ya rona e tla fokola jwalo ka ha eka re teba ka hara mathata a rona. Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re na le mathata a mangata hakae a kang difefo, re lokela ho dula re tshepile Jehova le ho tshepa hore o tla re thusa. Ebe re ka etsa seo jwang?

8. Ke eng e ka re thusang hore re qobe ho tshwenyeha haholo ka dintho tseo re di hlokang?

8 Ho ena le hore re tshwenyehe ka mathata a rona, re lokela ho tshepa Jehova. Hopola hore Ntate wa rona ya lerato Jehova, o tshepisa hore o tla re hlokomela ka dintho tseo re di hlokang haeba re mo beha pele bophelong ba rona. (Mat. 6:​32, 33) Haesale a phethahatsa tshepiso eo. (Deut. 8:​4, 15, 16; Pes. 37:​25) Haeba Jehova a hlokomela dinonyana le dipalesa, ho hlakile hore ha ho hlokahale hore re tshwenyehe ka hore na re tla jang kapa re tla aparang. (Mat. 6:​26-30; Bafil. 4:​6, 7) Jwalo ka ha lerato le susumetsa batswadi hore ba fe bana ba bona dintho tseo ba di hlokang, ka ho tshwanang lerato le susumetsa Ntate wa rona e leng Jehova hore a fe bahlanka ba hae dintho tseo ba di hlokang. Ka nnete re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlokomela.

9. Re ka ithutang ho se ileng sa etsahalla banyalani ba bang?

9 A re bueng ka ntho e ileng ya etsahala e re bontshang ka moo Jehova a re hlokomelang ka dintho tseo re di hlokang ka teng. Banyalani ba tshebeletsong ya nako e tletseng ba ile ba tsamaya hora kaofela ka koloi ya bona ya kgale ho ilo lata baradibabo rona ba dulang kampong ya baphaphathehi hore ba ye dibokeng. Morabo rona o ile a re: “Ka mora diboka, re ile ra memela baradi bana babo rona lapeng empa ra hlokomela hore ha re na dijo tseo re tla ba fa tsona.” Banyalani baa ba ile ba etsa jwang? Morabo rona o re: “Ha re fihla lapeng, ho ne ho ena le di polasetiki tse pedi tse kgolo tse tshetseng dijo monyakong wa rona. Re ne re sa tsebe hore na ke mang a ileng a di beha moo. Jehova o ile a re hlokomela.” Ha nako e ntse e ya, koloi ya banyalani bana e ile ya robeha. Ba ne ba e hloka e le hore ba ye tshebeletsong ya tshimo empa ba ne ba se na tjhelete ya ho e lokisa. Ba ile ba isa koloi ya bona karatjheng hore ba tsebe hore na e tla hloka bokae hore e lokiswe. Ha e ntse e le moo, monna e mong o ile a fihla karatjheng mme a ba botsa a re: “Ke koloi ya mang ee?” Morabo rona o ile a re ke ya hae mme e hloka ho lokiswa. Monna eo o ile a re: “Taba eo ha se bothata. Mosadi wa ka o batla koloi e tshwanang le ena hantle le ka mmala. O ka nthekisetsa yona ka bokae?” Morabo rona o ile a rekisetsa monna eo koloi mme qetellong a ba le tjhelete e lekaneng hore a ka reka koloi e nngwe. O ile a re: “Ha ke tsebe hore na nka hlalosa tsela eo re neng re thabile ka yona jwang letsatsing leo. Re ne re tseba hore ntho ena ha e a iketsahalla feela. E ne e le Jehova ya re thusang.”

10. Pesaleme ya 37:5 e re kgothalletsa hore re etseng e le hore re kgaotse ho tshwenyeha ka dintho tseo re di hlokang?

10 Ha re mamela modisa wa rona ya molemo mme re kgaotsa ho tshwenyeha haholo ka dintho tseo re di hlokang, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re fa tsona. (Bala Pesaleme ya 37:5; 1 Pet. 5:7) Nahana ka mathata ao re buileng ka ona  serapeng sa bohlano. E ka nna yaba Jehova o ntse a sebedisa hlooho ya lelapa kapa motho ya re hirileng ho re thusa hore re be le dintho tseo re di hlokang letsatsi le letsatsi. Haeba re fellwa ke mosebetsi kapa hlooho ya lelapa e se e sa kgone ho re hlokomela, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re fa dintho tseo re di hlokang ka tsela e itseng. A re bueng ka ntho e nngwe hape eo modisa ya molemo a re kgothalleditseng hore re kgaotse ho e etsa.

“KGAOTSANG HO AHLOLA”

Ho sheba dintho tse ntle tseo batho ba di etsang ho ka re thusa hore re kgaotse ho ba ahlola (Sheba serapa sa 11, 14-16) *

11. Ho ya ka Matheu 7:​1, 2 Jesu o ile a re re kgaotse ho etsang, hona ke hobaneng ha ho ka ba thata ho mamela taelo eo?

11 Bala Matheu 7:​1, 2Jesu o ne a tseba hore bamamedi ba hae ke batho ba sa phethahalang mme ba rata ho sheba diphoso tsa batho ba bang. Ke ka hoo a ileng a re: “Kgaotsang ho ahlola.” Re ka nna ra leka ka matla hore re se ke ra ahlola Bakrestemmoho le rona empa ka dinako tse ding re ka hloleha ho etsa jwalo. Haeba re hlokomela hore ka dinako tse ding re tshwayatshwaya batho ba bang diphoso, re lokela ho etsang? Mamela Jesu mme o sebetse ka thata hore o kgaotse ho ahlola batho ba bang.

12, 13. Ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a tshwara Morena Davida ka yona ho ka re thusa jwang hore re kgaotse ho ahlola batho ba bang?

12 Ho nahanisisa ka mohlala wa Jehova ho ka re thusa haholo. O sheba dintho tse ntle tseo batho ba di etsang. Re bona sena tseleng eo a ileng a tshwara Morena Davida ka yona ha a ne a entse dibe tse tebileng. Ka mohlala, o ile a etsa bofebe le Bathesheba, a ba a etsa hore monna wa hae a bolawe. (2 Sam. 11:​2-4, 14, 15, 24 ) Ntho eo Davida a ileng a e etsa e ile ya utlwisa yena, lelapa la hae le basadi ba bang ba hae bohloko. (2 Sam. 12:​10, 11) Ka letsatsi le leng, Davida o ile a hloleha ho tshepa Jehova ka ho felletseng ka hore a laele hore banna ba masole a Iseraele ba balwe, e leng ntho eo Jehova a neng a sa mo laela hore a e etse. E ka nna yaba Davida o ile a etsa jwalo hobane a ikgohomosa ebile a tshepile hore lebotho lena la hae le leholo le tla mo sireletsa. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Baiseraele ba 70 000 ba ile ba bolawa ke lefu la sewa.​—2 Sam. 24:​1-4, 10-15.

13 Haeba o ne o dula Iseraele ka nako eo, o ne o tla ikutlwa jwang ka Davida? Na o ne o tla nahana hore Jehova ha a lokela ho mo tshwarela? Jehova yena ha a ka a nahana jwalo. O ne a amehile haholo ka hore Davida o ile a bakela dibe tsa hae le hore o ile a mo tshepahalla bophelo bohle ba hae. Ka hoo, Jehova o ile a tshwarela Davida ka dibe tse tebileng tseo a ileng a di etsa. Jehova o ne a tseba hore Davida o mo rata haholo le hore o ne a batla ho etsa se nepahetseng. Na ha o thabiswe ke taba ya hore Modimo wa rona o sheba dintho tse ntle tseo re di etsang le makgabane a rona?​—1 Mar. 9:4; 1 Likron. 29:​10, 17.

14. Ke eng e thusitseng Bakreste hore ba kgaotse ho ahlola batho ba bang?

14 Haeba Jehova a sa lebella hore re phethahale, le rona ha re a lokela ho lebella hore batho ba bang ba phethahale empa re lokela ho sheba dintho tse ntle tseo ba di etsang. Hangata ho ba bonolo hore re bone mefokolo ya batho ba bang mme re ba ahlole. Le ha ho le jwalo, motho ya etsisang Jehova o sebedisana hantle le batho ba bang le hoja a tseba mefokolo ya bona. Taemane e ka bonahala e se ntle haeba e eso ka e sehwa hantle empa motho ya bohlale o a tseba hore ka mora hore e sehwe hantle le ho poletjhwa e tla ba ntle haholo. Ha re a lokela ho ameha ka mefokolo ya batho empa re lokela ho sheba makgabane a bona a matle.

15. Ho nahana ka maemo a batho ba bang ho ka re thusa jwang hore re se ke ra ba ahlola?

15 Ntle le ho sheba makgabane a batho ba bang, ke eng hape e ka re thusang hore re se ke ra ba ahlola? Leka ho nahana hore na ho etsahalang bophelong ba bona. A re bueng ka tlaleho ena. Ka letsatsi le leng tempeleng, Jesu o ile a bona mohlolohadi ya hlokang a akgela ditjheletana tse pedi tsa boleng bo tlaase ka letloleng la polokelo. Jesu ha a ka a re: “Ke hobaneng ha a sa tshele tse ngatanyana?” Ho ena le hore Jesu a amehe ka hore na mohlolohadi eo o fane ka bokae, o ile a nahana ka maemo a hae le hore na ke hobaneng ha a ile a tshela tjhelete eo ka moo yaba o a mo babatsa ka ho etsa sohle seo a ka se kgonang.​—Luka 21:​1-4.

16. Re ka ithutang nthong e ileng ya etsahalla moradiwabo rona Veronica?

16 Ntho e ileng ya etsahalla moradiwabo rona Veronica e a re bontsha hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re nahane ka maemo a batho ba bang. Phuthehong eo a neng a le ho yona, ho ne ho ena le mme ya hodisang mora wa hae a le mong. Moradiwabo rona Veronica o re: “Ho ya ka nna, ba ne ba sa ye dibokeng le tshimong ka mehla. Ntho ena e ne e etsa hore ke ba ahlole. Empa ka tsatsi le leng, ke ile ka tsamaya le moradi enwa wabo rona tshimong. O ile a mpolella hore mora wa hae o na le bothata ba kelello. O ne a etsa sohle seo a ka se kgonang hore ba be le dintho tseo ba di hlokang le hore ba dule ba ena le kamano e ntle le Jehova. Ka lebaka la bothata ba mora wa hae, ka dinako tse ding o ne a ya dibokeng tsa phuthehong e nngwe.” Moradiwabo rona Veronica o re: “Ke ne ke sa tsebe hore bophelo ba hae bo boima hakana. Hona jwale ke se ke ananela le ho hlompha moradi enwa wabo rona haholo ka lebaka la dintho tseo a di etsang e le hore a sebeletse Jehova.”

17. Jakobo 2:8 e re re etseng, hona re ka etsa jwalo jwang?

17 Re lokela ho etsang haeba re hlokomela hore re ile ra ahlola Mokrestemmoho le rona? Re lokela ho hopola hore re tlameha ho rata bara le baradibabo rona. (Bala Jakobo 2:8.) Hape re lokela ho rapela Jehova ka tiyo, re mo kope hore a re thuse hore re kgaotse ho ahlola batho ba bang. Re lokela ho etsa se dumellanang le dithapelo tsa rona ka hore re qete nako re ena le motho eo re ileng ra mo ahlola. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore re mo tsebe haholwanyane. Re ka mo kopa hore a sebetse le rona tshimong kapa ra mo memela dijong. Ha re ntse re tseba Mokrestemmoho le rona haholwanyane, re ka leka ho etsisa mohlala wa Jehova le Jesu ka hore re shebe dintho tse ntle tseo a di etsang. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re mamela taelo ya modisa wa rona ya molemo e reng re kgaotse ho ahlola batho ba bang. 

18. Re ka bontsha jwang hore re mamela lentswe la modisa ya molemo?

18 Jwalo ka ha dinku di mamela lentswe la modisa wa tsona, le balatedi ba Jesu ba mamela lentswe la hae. Haeba re leka ka hohle ho kgaotsa ho tshwenyeha ka dintho tseo re di hlokang le ho kgaotsa ho ahlola batho ba bang, Jehova le Jesu ba tla hlohonolofatsa boiteko ba rona. Ebang re karolo ya “mohlatswana” kapa re ba “dinku tse ding,” e se eka re ka tswela pele re mamela lentswe la modisa ya molemo. (Luka 12:​32; Joh. 10:​11, 14, 16) Sehloohong se latelang, re tla bua ka dintho tse pedi tseo Jesu a ileng a laela barutuwa ba hae hore ba di etse.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

^ par. 5 Ha Jesu a ne a re dinku tsa hae di tla mamela lentswe la hae, o ne a bolela hore barutuwa ba hae ba tla mamela dintho tseo a di rutang ba be ba di sebedise bophelong ba bona. Sehloohong sena, re tlo bua ka dithuto tse pedi tsa Jesu mabapi le ho kgaotsa ho tshwenyeha ka dintho tseo re di hlokang le ho kgaotsa ho ahlola batho ba bang. Re tlo bona hore na re ka mamela keletso ya hae jwang

^ par. 51 DITSHWANTSHO: Morabo rona o felletswe ke mosebetsi, ha a na tjhelete e lekaneng bakeng sa ho hlokomela lelapa la hae ebile o hloka bodulo. A ka tshwenyeha haholo hoo a ka sitisehang hore a behe Jehova pele bophelong ba hae.

^ par. 53 DITSHWANTSHO: Morabo rona o fihla ka mora nako dibokeng. Empa o bontsha makgabane a matle ha a bua le monna e mong ka molaetsa wa Bibele, ha a thusa motho ya hodileng le ha a hlwekisa Holo ya Mmuso.