Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51

Tswelang Pele le mo Mamela

Tswelang Pele le mo Mamela

“Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.”​—MAT. 17:5.

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Baapostola ba Jesu ba bararo ba ile ba laelwa hore ba etseng, hona ba ile ba arabela jwang? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

KA MORA Paseka ya selemo sa 32 mehleng ya baapostola, moapostola Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba bona pono e hlollang. Ho ka etsahala hore ha Jesu a ne a le thabeng e phahameng, o ne a le karolong e itseng ya Thaba ya Hermone, e leng moo a ileng a fetoha sebopeho ka pela bona. “Sefahleho sa hae sa kganya jwalo ka letsatsi, le diaparo tsa hae tsa ka ntle tsa phatsima jwalo ka lesedi.” (Mat. 17:​1-4) Qetellong ya pono eo, baapostola ba ile ba utlwa Modimo a re: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Mat. 17:5) Ka mora pono ena, baapostola bao ba bararo ba ile ba bontsha ka tsela eo ba phelang ka yona hore ba ile ba mamela Jesu. Re batla ho etsisa mehlala ya bona.

2 Sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore ho mamela lentswe la Jesu ho bolela ho kgaotsa ho etsa dintho tse itseng. Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tse pedi tseo Jesu a ileng a re re lokela ho di etsa.

“KENANG KA HEKE E MOQOTETSANE”

3. Ho ya ka Matheu 7:​13, 14, re lokela ho etsang?

3 Bala Matheu 7:​13, 14. Hlokomela hore Jesu o buile ka diheke tse pedi tse fapaneng tse lebisang ditseleng tse sa tshwaneng. E nngwe ke e lebisang tseleng e “pharaletseng” ha e nngwe e lebisa tseleng e ‘patisaneng.’ Ha ho na tsela ya boraro. Re lokela ho ikgethela hore na ke tsela efe eo re tla tsamaya ho yona. Ena e tla be e le qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re tla beng re e entse ka ha ke tsela e le nngwe feela e lebisang bophelong bo sa feleng.

4. O ka hlalosa tsela e ‘pharaletseng’ jwang?

4 Re lokela ho dula re hopola phapang e teng pakeng tsa ditsela tsena tse pedi. Batho ba bangata ba tseleng e ‘pharaletseng’ hobane ho bonolo ho tsamaya ho yona. Ka maswabi, batho ba bangata ba kgethile ho dula tseleng eo le ho latela bongata bo tsamayang ho yona. Ha ba hlokomele hore monga tsela ena ke Satane Diabolose le hore e lebisa lefung.​—1 Bakor. 6:9, 10; 1 Joh. 5:19.

5. Batho ba bang ba entseng hore ba fumane tsela e ‘patisaneng’ mme ba qale ho tsamaya ho yona?

5 Ho fapana le tsela e ‘pharaletseng,’ tsela e nngwe e “patisane” mme Jesu o ile a re ke ba mmalwa feela ba e fumanang. Hobaneng? Ho thahasellisang ke hore temaneng e latelang, Jesu o lemosa balatedi ba hae ka baprofeta ba bohata. (Mat. 7:​15) Batho ba bangata ba re ho na le madumedi a mangata mme ba re bongata ba ona a ruta nnete. Ka lebaka la ona, batho ba bangata ba ferekane le ho nyahama mme ha ba sa batla le ho leka ho fumana tsela e isang bophelong. Empa tsela eo e a fumaneha. Jesu o ile a re: “Haeba le dula lentsweng la ka, ka sebele le barutuwa ba ka, le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Joh. 8:​31, 32) Ke hantle hore ha o a latela bongata empa o ile wa batla nnete. O ile wa qala ka ho ithuta Lentswe la Modimo ka hloko ho utlwa hore na Modimo o lebelletseng ho rona wa ba wa mamela dithuto tsa Jesu. Hara dintho tse ding, o ile wa ithuta hore Jehova o lebelletse hore re se ke ra mamela dithuto tsa bodumedi ba bohata le ho kgaotsa ho keteka matsatsi a phomolo a thehilweng bodumeding ba bohata. O boetse o ithutile hore ho etsa dintho tseo Jehova a di lebelletseng le ho kgaotsa ho etsa dintho tse sa dumellaneng le thato ya hae ho ka nna ha se be bonolo. (Mat. 10:​34-36) E ka nna yaba ho ne ho se bonolo hore o etse diphetoho tsena. Le ha ho le jwalo, o ile wa leka ho fetoha hobane o rata Ntate wa hao ebile o batla ho mo thabisa. Ka nnete e tlameha ebe o motlotlo ka wena.​—Liprov. 27:11.

KE JWANG RE KA DULANG TSELENG E PATISANENG?

Melao ya Modimo le dikeletso tsa hae di re thusa hore re dule re le tseleng e ‘patisaneng’ (Sheba serapa sa 6-8) *

6. Ho ya ka Pesaleme ya 119:​9, 10, 45 le 133, keng e ka re thusang hore re dule re le tseleng e patisaneng?

6 Haeba re se re ntse re tsamaya tseleng e patisaneng, keng e tla re thusa hore re dule ho yona? Nahana ka mohlala ona. Dinaheng tse ding, ho na le ditshepe tse ka thoko ho ditsela tse dithabeng tse sireletsang dikoloi le bakganni. Ditshepe tsena di thusa mokganni hore a se ke a atamela kapa a wela ka thoko ho tsela. Ha ho na mokganni ya ka tletlebang hore ditshepe tseo di behilwe moo bakeng sa ho ba sireletsa hore ba se ka lemala kapa ba shwa. Melao ya Jehova e ka Bibeleng e tshwana le ditshepe tseo. E re thusa hore re dule re le tseleng e patisaneng.​—Bala Pesaleme ya 119:​9, 10, 45, 133.

7. Batjha ba lokela ho ikutlwa jwang ka tsela e patisaneng?

7 Batjha, na ka dinako tse ding le na le ho utlwa eka ho thata ho mamela melao ya Jehova? Satane o batla hore le nahane jwalo. O batla hore le bone eka batho ba tsamayang tseleng e pharaletseng ba thabela bophelo. A ka sebedisa dithaka tsa hao sekolong kapa dintho tseo o di shebang Inthaneteng hore o bone eka ha o thabele bophelo jwalo ka batho ba bang. Satane o batla hore o bone eka melao ya Jehova e o thibela hore o thabele bophelo ka ho felletseng. * Le ha ho le jwalo, hopola hore Satane ha a batle hore batho ba tsamayang tseleng ya hae ba tsebe hore na tsela eo e ba lebisa hokae. Empa Jehova yena o batla hore o tsebe hore na bophelo ba hao bo tla ba monate hakaakang haeba o dula tseleng e isang bophelong.​—Pes. 37:​29; Esa. 35:​5, 6; 65:​21-23.

8. Batjha ba ka ithutang mohlaleng wa morabo rona Olaf?

8 Nahana hore na o ka ithutang mohlaleng wa morabo rona ya motjha ya bitswang Olaf. * Bana bao a kenang sekolo le bona ba ne ba mo hatella hore a etse thobalano. Ha a ne a hlalosa hore Dipaki Tsa Jehova di mamela melao ya Bibele ya boitshwaro, banana ba bang ba kenang sekolo le yena ba ile ba mo hatella le ho feta hore a etse thobalano le bona. Empa morabo rona Olaf o ile a emela nnete. Bona e ne e se bona feela bothata boo a ileng a eba le bona. Morabo rona Olaf o re: “Matitjhere a ka a ile a nkgothalletsa hore ke ye yunivesithi hobane batho ba tla ntlhompha. Ba ile ba mpolella hore haeba ke sa etse jwalo nke ke ka atleha bophelong.” Ke eng e ileng ya thusa morabo rona Olaf ho hlola kgatello eo? O re: “Ke ile ka etsa setswalle le bara le baradibabo rona ka phuthehong. E ne eka ke ditho tsa lelapa leso. Ke ile ka boela ka qalella ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng. Ha ke ntse ke ithuta, ke ile ka kgodiseha le ho feta hore dintho tseo ke ntseng ke ithuta tsona ke nnete. Ha morao ke ile ka ikemisetsa ho sebeletsa Jehova.”

9. Batho ba batlang ho dula ba le tseleng e patisaneng ba lokela ho etsang?

Satane o batla hore o tlohe tseleng e isang bophelong. O batla hore o latele bongata tseleng e pharaletseng e “isang timetsong.” (Mat. 7:​13) Le ha ho le jwalo, re tla dula re le tseleng ena e patisaneng haeba re tswela pele re mamela Jesu mme re nka tsela eo e re sireletsa. A re ke re boneng ntho e nngwe eo Jesu a itseng re lokela ho e etsa.

ETSA KGOTSO LE MORENO

10. Ho ya ka Matheu 5:​23, 24, Jesu o ile a re re lokela ho etsang?

10 Bala Matheu 5:​23, 24. Mona Jesu o bua ka ketsahalo e neng e le bohlokwa haholo ho Bajuda ba neng ba mo mametse. Nahana ka motho ya tempeleng ya tlo fana ka sehlabelo sa phoofolo ho moprista. Haeba ha a le moo a hopola hore morabo o na le ho hong kgahlanong le yena, o ne a lokela ho tlohela sehlabelo sa hae moo mme “a tlohe.” Hobaneng? Na ho na le ntho e neng e ka ba bohlokwa ho feta ho fa Jehova sehlabelo? Jesu o ile a re ka ho hlaka: “Etsa kgotso le moreno pele.”

Na o tla etsisa Jakobo eo ka boikokobetso a ileng a etsa kgotso le morabo? (Sheba serapa sa 11 le 12) *

11. Jakobo o ile a etsang ho etsa kgotso le Esau?

11 Re ka ithuta dithuto tsa bohlokwa ka ho etsa kgotso mohlaleng wa Jakobo. Ka mora dilemo tse ka bang 20 Jakobo a se a tlohile habo, Modimo o ile a roma lengeloi hore le mo bolelle hore a kgutle. (Gen. 31:​11, 13, 38) Empa ho ne ho ena le bothata. Abuti wa hae e moholo e leng Esau o ne a batla ho mo bolaya. (Gen. 27:​41) Jakobo o ne a ‘tshohile haholo mme a tshwenyehile’ hore e ka nna yaba abuti wa hae o ntse a mo kwatetse. (Gen. 32:7) Jakobo o ile a etsang ho etsa kgotso le morabo? Qalong o ile a rapela Jehova ka tiyo mme a mo bolella ka taba ena. Ka mora moo o ile a fa Esau mpho e babatsehang haholo. (Gen. 32:​9-15) Ha Jakobo a kopana le Esau, o ile a mo bontsha tlhompho. O ile a inama ka pela Esau eseng hanngwe kapa habedi empa ka makgetlo a supileng. Jakobo o ile a ikokobetsa mme a bontsha tlhompho le ho etsa kgotso le morabo.​—Gen. 33:​3, 4.

12. Re ithutang mohlaleng wa Jakobo?

12 Re ithuta thuto ya bohlokwa tseleng eo Jakobo a ileng a itokisa ka yona ha a ne a ilo kopana le morabo le tseleng eo a ileng a bua le Esau ka yona. Ka boikokobetso Jakobo o ile a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a etsa dintho tumellanong le thapelo ya hae ka hore a etse sohle seo a ka se kgonang ho etsa kgotso le morabo. Ha ba ne ba kopana, Jakobo ha a ka a etsa kgang le Esau ka hore na ke mang ya neng a fositse kapa a nepile. Ntho eo Jakobo a neng a e batla ke ho etsa kgotso le morabo. Re ka etsisa mohlala wa Jakobo jwang?

O KA ETSA KGOTSO LE BA BANG JWANG?

13, 14. Re lokela ho etsang haeba re utlwisitse Mokrestemmoho bohloko?

13 Haeba re batla ho tsamaya tseleng e isang bophelong, re lokela ho boloka kgotso le bara le baradibabo rona. (Bar. 12:​18) Re lokela ho etsang haeba re hlokomela hore re utlwisitse mora kapa moradiwabo rona bohloko? Jwalo ka Jakobo, re lokela ho rapela Jehova ka tiyo, re mo kope hore a re thuse hore re etse kgotso le mora kapa moradiwabo rona.

14 Re boetse re lokela ho itlhahloba. Re ka ipotsa dipotso tse kang tsena: ‘Na ke ikemiseditse ho dumela hore ke phoso, ho kopa tshwarelo le ho etsa kgotso? Jehova le Jesu ba tla ikutlwa jwang haeba ke etsa boiteko ba ho etsa kgotso le mora kapa moradiwabo rona?’ Dikarabo tsa rona di tla re susumelletsa ho mamela Jesu le ho ikokobetsa e le hore re etse kgotso le bara le baradibabo rona. Ka tsela ena re tla be re etsisa mohlala wa Jakobo.

15. Ho mamela keletso e ho Baefese 4:​2, 3 ho ka re thusa jwang hore re etse kgotso le Bakrestemmoho?

15 Nahana hore ho ka be ho ile ha etsahalang hoja Jakobo a ile a ikgohomosa ha a ne a ilo kopana le morabo. Ho ne ho tla senyeha. Re lokela ho ikokobetsa ha re ilo etsa kgotso le mora kapa moradiwabo rona. (Bala Baefese 4:​2, 3.) Liproverbia 18:​19 e re: “Morabo motho ha a sitetswe o feta motse o matla; mme ho na le dikgang tse jwalo ka mokwallo wa tora ya bodulo.” Haeba re kopa tshwarelo ka boikokobetso, ho ka thusa motho eo re kopang tshwarelo ho yena hore a dumele hore re etse kgotso.

16. Ke eng eo re lokelang ho nahana ka yona, hona hobaneng?

16 Re boetse re lokela ho nahana ka hloko hore na re tla reng ho mora kapa moradiwabo rona le hore na re tla bua jwang le yena. Ha re se re le maemong a matle a hore re ka bua, re lokela ho etsa jwalo ka morero wa hore a re tshwarele. Qalong a ka nna a bua dintho tse ka re utlwisang bohloko. Ho ka nna ha eba bonolo hore re kwate re be re leke ho ipuella empa na ho etsa jwalo e tla be e le bohlale? E tla be e se bohlale ho hang. Hopola hore ho etsa kgotso le moreno ke ha bohlokwa ho feta ho tseba hore na ke mang ya fositseng kapa ya nepileng.​—1 Bakor. 6:7.

17. Re ka ithutang ho morabo rona Gilbert?

17 Morabo rona Gilbert o ne a sebetsa ka thata hore a etse kgotso le batho ba bang. O re: “Nna le e mong wa lelapa re ne re sa utlwane. Ka dilemo tse pedi ke ile ka leka ho bua le yena ke kgobile matshwafo e le hore re boele re be le kamano e ntle hape.” Morabo rona Gilbert o ile a etsang hape? O re: “Pele ke bua le yena ke ne ke rapela mme ke lokisa kelello ya ka hore ke se ke ka kwata ha ho ka etsahala hore a bue ntho e ka nkutlwisang bohloko. Ke ne ke hloka ho ikemisetsa ho tshwarela. Ke ile ka ithuta hore ha ke a lokela ho leka ho mo bontsha hore ke nna ya nepileng empa boikarabelo ba ka e ne e le ho etsa kgotso le yena.” Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Morabo rona Gilbert o re: “Hona jwale ke na le kgotso ya kelello hobane ke se ke ena le kamano e ntle le ditho tsohle tsa lelapa leso.”

18, 19. Haeba re utlwisitse motho e mong bohloko re lokela ho ikemisetsa ho etsang, hona hobaneng?

18 O lokela ho etsang haeba o hlokomela hore o utlwisitse Mokrestemmoho le wena bohloko? Mamela keletso ya Jesu ya hore o etse kgotso. Bua le Jehova ka taba ena mme o itshetlehe ka moya wa hae o halalelang hore o o thuse hore o be motho ya etsang kgotso. Haeba o etsa jwalo o tla thaba hape o tla be o bontsha hore o mamela Jesu.​—Mat. 5:9.

19 Re a thaba hore ebe Jehova o re fa tataiso ka “hlooho ya phutheho,” Jesu Kreste. (Baef. 5:​23) Jwalo ka moapostola Petrose, Jakobo le Johanne, a re ikemisetseng ho ‘mo mamela.’ (Mat. 17:5) Re bone hore re ka mo mamela jwang ka hore re etse kgotso le Mokrestemmoho eo re mo utlwisitseng bohloko. Haeba re etsa kgotso le batho ba bang le ho dula re le tseleng e patisaneng e isang bophelong, re tla ba le mabaka a mangata a ho thaba hona jwale le ho thaba ka ho sa feleng nakong e tlang.

PINA YA 130 Tshwarelanang

^ par. 5 Jesu o re kgothalletsa hore re kene ka heke e moqotetsane e isang bophelong. O boetse o re re etse kgotso le bara le baradibabo rona. Ke dintho dife tse ka re sitisang ho mamela keletso ee, hona re ka di hlola jwang?

^ par. 7 Sheba potso ya 6 bukaneng ya Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang, e reng: “Nka Hlola Kgatello ya Dithaka Jwang?” le video ya dipopae e reng, Hanela Kgatello ya Dithaka! e ho www.pr418.com/st-za. (Sheba tlasa DITHUTO TSA BIBELE > BATJHA.)

^ par. 8 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 56 DITSHWANTSHO: Ha re dula re tsamaya tseleng e ‘patisaneng’ eo Modimo a behileng dintho tse re sireleditseng ho yona, re tla qoba dintho tse kotsi tse kang pornography, ho tlwaelana le batho ba sa pheleng ka melao ya Jehova le kgatello ya ho ya yunivesithi.

^ par. 58 DITSHWANTSHO: Jakobo o ile a inama ka pela morabo Esau ka makgetlo a mangata e le hore a etse kgotso le yena.