Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

“O Tla ba le Nna Paradeiseng”

“O Tla ba le Nna Paradeiseng”

“Ka nnete ke a o jwetsa letsatsing lena, o tla ba le nna Paradeiseng.”​—LUKA 23:43.

PINA YA 145 Tshepiso ya Modimo ya Paradeise

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Nakwana pele Jesu a eshwa, o ile a reng ho setlokotsebe se neng se kgokgothetswe haufi le yena? (Luka 23:​39-43)

 JESU le banna ba babedi ba ditlokotsebe ba neng ba kgokgothetswe haufi le yena ba ile ba utlwa bohloko bo boholo pele ba eshwa. (Luka 23:​32, 33) Banna bao ba ditlokotsebe ba ile ba rohaka Jesu, ka hoo ho hlakile hore e ne e se barutuwa ba hae. (Mat. 27:​44; Mar. 15:​32) Empa e mong wa bona o ile a fetola tsela eo a neng a ikutlwa ka yona. O ile a re: “Jesu, o nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.” Jesu a re: “Ka nnete ke a o jwetsa letsatsing lena, o tla ba le nna Paradeiseng.” (Bala Luka 23:​39-43.) Ha ho letho le bontshang hore setlokotsebe seo se ile sa amohela molaetsa wa “Mmuso wa mahodimo” oo Jesu a neng a ruta batho ka wona. Hape Jesu ha a ka a re monna eo o tla kena Mmusong oo lehodimong. (Mat. 4:​17) Jesu o ne a bua ka Paradeise e neng e tla ba lefatsheng. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo?

Re ka etsa qeto efe ka monna wa setlokotsebe ya ileng a bua le Jesu le ka seo a neng a se tseba? (Sheba serapa sa 2 le 3)

2. Ke hobaneng ha re re setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda?

2 Ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda. Setlokotsebe seo se ile sa re ho se seng: “E le hore ha o tshabe Modimo le ha e le moo o fumane kotlo e tshwanang le ya monna eo?” (Luka 23:​40) Bajuda ba ne ba rapela Modimo a le mong, empa batho ba ditjhaba tse ding ba ne ba rapela medimo e mengata. (Ex. 20:​2, 3; 1 Bakor. 8:​5, 6) Haeba banna bao e ne e se Bajuda, setlokotsebe seo se ka be se ile sa botsa potso ena ka hore, “Na ha o tshabe medimo?” Ho feta moo, Jesu o ne a sa rongwa ho batho ba ditjhaba tse ding, empa o ne a ronngwe ho “dinku tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.” (Mat. 15:​24) Modimo o ne a jwetsitse Baiseraele hore o tla tsosa bafu. Mohlomong setlokotsebe se ileng sa baka se ne se tseba ka taba ena mme mantswe a sona a ne a bontsha hore se dumela hore Jehova o tla tsosa Jesu hore a buse Mmusong wa Modimo. Ho bonahala hore monna enwa o ne a tshepa hore Modimo o tla mo tsosa le yena.

3. Ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe se ile sa nahana ka eng ha Jesu a bua ka Paradeise? Hlalosa. (Genese 2:15)

3 Ka ha setlokotsebe se ileng sa baka e ne e le Mojuda, se tlameha se ne se tseba ka Adama le Eva le ka Paradeise eo Jehova a neng a ba etseditse yona. Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ebe setlokotsebe seo se ne se nahana hore Paradeise eo Jesu a neng a bua ka yona e ne e tla ba serapa se setle hona lefatsheng mona.​—Bala Genese 2:15.

4. Mantswe ao Jesu a ileng a a bolella setlokotsebe se ileng sa baka a lokela ho etsa hore re nahane ka eng?

4 Mantswe ao Jesu a ileng a a bolella monna wa setlokotsebe a lokela ho etsa hore re nahane hore na bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng. Ha e le hantle, re ka ithuta ho hong ka Paradeise pusong ya Morena Solomone e neng e ena le kgotso. Bibele e re Jesu o bohlokwa ho feta Solomone. Ka hoo, re ka lebella hore Jesu le batho bao a tla busa le bona ba tla tlisa maemo a molemo le ho feta paradeiseng. (Mat. 12:​42) Ho hlakile hore batho bao e leng karolo ya “dinku tse ding” ba lokela ho batla ho tseba hore na ba tlameha ho etsang e le hore ba tshwanelehe ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.​—Joh. 10:16.

BOPHELO BO TLA BA JWANG PARADEISENG?

5. O nahana hore bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng?

5 O nahana hore bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng? Mohlomong o nahana ka sebaka se setle se tshwanang le serapa sa Edene. (Gen. 2:​7-9) E ka nna yaba o hopola boprofeta ba Mikea bo buang ka batho ba Modimo hore “e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le sa feie.” (Mik. 4:​3, 4) Hape ho ka etsahala hore ebe o hopola ditemana tsa Bibele tse buang ka hore ho tla ba le dijo tse ngata. (Pes. 72:​16; Esa. 65:​21, 22) Ka hoo, o ka nna wa ipona o le serapeng se setle, o dutse tafoleng e nang le matletsetletse a dijo tse monate. Mohlomong o nahana ka moo moya o tla beng o hlwekile ebile o nkga ha monate ka lebaka la dimela le dipalesa. Mohlomong o ipona o ena le ba lelapa la hao, metswalle ya hao ha mmoho le ba tsositsweng le tsheha le bile le thabetse ho qeta nako mmoho. Dintho tsena kaofela ha se toro feela. Re ka kgodiseha hore di tla etsahala lefatsheng. Le ha ho le jwalo, Paradeiseng ho tla ba le mosebetsi oo re tla thabela ho o etsa.

Re tla ba le mosebetsi wa bohlokwa wa ho ruta batho ba tsositsweng (Sheba serapa sa 6)

6. Re tla etsa eng Paradeiseng? (Sheba setshwantsho.)

6 Jehova o entse hore re thabele ho sebetsa. (Moek. 2:​24) Nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete re tla be re phathahane haholo. Batho ba tla beng ba phonyohile mahlomola a maholo ha mmoho le ba dimilione ba tla beng ba tsositswe ba tla hloka diaparo, dijo le bodulo. E le hore dintho tseo di tle di be teng, re tla lokela ho sebetsa ka thata re thabile. Jwalo ka ha Adama le Eva ba ne ba boleletswe hore ba hlokomele lefatshe, le rona re tla thabela ho sebetsa ka thata ho etsa hore lefatshe e be Paradeise. A ko nahane feela hore na ho tla ba monate hakaakang ho ruta batho ba dimilione ba tsositsweng bafung, ba sa tsebeng hakaalo ka Jehova le ka morero wa hae. Re tla boela re thabele ho thusa batho ba tshepahalang ba ileng ba hlokahala pele Jesu a tla lefatsheng ho tseba hore na ho ile ha etsahalang ka mora hore ba hlokahale.

7. Re ka kgodiseha ka eng, hona hobaneng?

7 Re ka kgodiseha hore ha re se re phela Paradeiseng, re tla phela ka kgotso, re ena le dintho tsohle tseo re di hlokang re bile re hlophisehile. Hobaneng? Hobane Jehova o se a ntse a re bontshitse hanyane hore na bophelo bo tla ba jwang tlasa puso ya Mora wa hae. O re bontshitse seo ka puso ya Morena Solomone.

PUSO YA MORENA SOLOMONE E RE FA SETSHWANTSHO SA PARADEISE

8. Mantswe ao Morena Davida a a ngotseng ho Pesaleme ya 37:​10, 11, 29 a ile a phethahala jwang? (Sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” makasineng ena.)

8 Modimo o ile a susumeletsa Morena Davida ho ngola hore na bophelo bo tla ba jwang ka moso ha ho se ho busa morena ya bohlale le ya tshepahalang. (Bala Pesaleme ya 37:​10, 11, 29.) Hangata ha re bua le batho ka Paradeise, re bala Pesaleme ya 37:​11. Re na le lebaka le letle la ho etsa jwalo ka ha Jesu le yena o ile a qotsa temana e tshwanang Thutong ya hae ya Thabeng, a bontsha hore mantswe ao a tla phethahala ka moso. (Mat. 5:5) Empa mantswe a Davida a ne a boetse a bontsha hore na bophelo bo tla ba jwang pusong ya Morena Solomone. Ha Solomone e le morena Iseraele, batho ba Modimo ba ile ba thabela ho phela ka kgotso ba bile ba hafa ka nkatana naheng “e phallang lebese le mahe a dinotshi.” Modimo o ile a re: “Haeba le tswela pele ho latela ditaelo tsa ka . . . , ke tla etsa hore ho be le kgotso naheng ya lona mme ha ho na motho ya tla le tshosa ha le robetse.” (Lev. 20:​24; 26:​3, 6) Ditshepiso tseo di ile tsa phethahala nakong eo Solomone e neng e le morena Iseraele. (1 Dikron. 22:9; 29:​26-28) Hape Jehova o ne a tshepisitse hore batho ba kgopo ba ne ba ke ke ba “hlola ba eba teng.” (Pes. 37:​10) Ka hoo, mantswe a fumanwang ho Pesaleme ya 37:​10, 11, 29 a ile a phethahala nakong e fetileng mme a tla boela a phethahale ka moso.

9. Mofumahadi wa Sheba o ile a reng ka puso ya Morena Solomone?

9 Nakong eo Solomone e neng e le morena Iseraele, mofumahadi wa Sheba o ile a utlwa hore Baiseraele ba phela ka kgotso ebile ba hafa ka nkatana. O ile a etela Jerusalema a tswa hole ho tla ikgodisa hore na ho fela ho le jwalo. (1 Mar. 10:1) Ka mora ho bona hore na ho ne ho le jwang tlasa puso ya Solomone, o ile a re: “Ke ne ke sa bolellwa dintlha kaofela. . . . Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba dulang ba ena le wena ka mehla mme ba utlwa bohlale ba hao.” (1 Mar. 10:​6-8) Maemo a neng a le teng pusong ya Solomone ke mohlala feela wa seo Jehova a tla se etsetsa batho ha Mora wa Hae Jesu e se e le Morena.

10. Ke ka ditsela dife Jesu a fetang Solomone?

10 Jesu o feta Solomone ka ditsela tsohle. Solomone o ne a sa phethahala ebile o ile a etsa diphoso tse ngata tse ileng tsa kenya batho ba Modimo mathateng. Jesu yena ke Mmusi ya phethahetseng ebile ha a etse diphoso. (Luka 1:​32; Baheb. 4:​14, 15) Jesu o ile a dula a tshepahalla Modimo ho sa tsotellehe diteko tse boima tseo Satane a neng a mo leka ka tsona. Kreste o bontshitse hore a ke ke a etsa sebe kapa a etsa ntho le ha e le efe e ka bang kotsi ho batho ba tshepahalang bao a ba busang. Ke Morena ya molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le yena.

11. Jesu o tla busa le bomang?

11 Jesu o tla busa le batho ba 144 000 ho hlokomela batho le ho phethahatsa morero wa Jehova ka lefatshe. (Tshen. 14:​1-3) Ha ba ntse ba phela lefatsheng ba ile ba mamella diteko le mathata a mangata. Ka hoo, ba tla utlwisisa hore na batho ba lefatsheng ba tobana le mathata afe. Ha e le hantle, batho baa ba tla busa le Kreste ba tla fuwa mosebetsi ofe?

BATHO BA TLA BUSA LE JESU BA TLA FUWA MOSEBETSI OFE?

12. Jehova o tla fa batho ba 144 000 ba tla busa le Jesu mosebetsi ofe?

12 Jesu le batho bao a tla busa le bona ba filwe mosebetsi o fetang o neng o filwe Solomone. Morena Solomone o ne a lokela ho hlokomela batho ba dimilione ba neng ba dula naheng e le nngwe feela. Empa batho ba tla busa Mmusong wa Modimo ba tla lokela ho hlokomela batho ba dibilione ba phelang lefatsheng lohle. Ka nnete Jehova o file batho ba 144 000 ba tla busa le Jesu tlotla e ikgethang.

13. Batho ba tla busa le Jesu ba tla ba le mosebetsi ofe?

13 Ba 144 000 e tla ba marena le baprista jwalo ka Jesu. (Tshen. 5:​10) Ha Baiseraele ba ne ba le tlasa Molao wa Moshe, baprista e ne e le bona ka ho kgetheha ba neng ba thusa batho hore ba dule ba phetse hantle ba bile ba le haufi le Jehova. Molao oo e ne e le “setshwantsho feela sa dintho tse molemo tse tlang ho tla.” Ka hoo, ke ho utlwahalang ho etsa qeto ya hore Jesu ha mmoho le batho tla busa le yena ba tla thusa batho ba Modimo hore ba phele hantle le hore ba be haufi le Jehova. (Baheb. 10:1) Hona jwale ha re tsebe hore na marena le baprista bana ba tla buisana jwang le batho ba lefatsheng. Ho sa tsotellehe hore na Jehova o tla hlophisa hore dintho di etsahale jwang, re ka kgodiseha hore Paradeiseng, batho bohle ba lefatsheng ba tla fumana tataiso eo ba e hlokang.​—Tshen. 21:​3, 4.

“DINKU TSE DING” DI LOKELA HO ETSANG HORE DI PHELE PARADEISENG?

14. “Mohlatswana” le ba “dinku tse ding” ba amana jwang?

14 Jesu o ile a re batho ba tla busa le yena ke “mohlatswana.” (Luka 12:​32) O ile a boela a bua ka sehlopha se seng mme sona o ile a re ke “dinku tse ding.” Dihlopha tsena tse pedi di etsa mohlape o le mong. (Joh. 10:​16) Dihlopha tsena tse pedi di se di ntse di sebetsa mmoho mme di tla tswela pele ho sebetsa mmoho ho etsa hore lefatshe e be Paradeise. Ka nako eo, “mohlatswana” o tla be o le lehodimong ha “dinku tse ding” di tla be di ena le monyetla wa ho phela lefatsheng ka ho sa feleng di thabile. Empa ho na le dintho tseo batho bao e leng karolo ya “dinku tse ding” ba lokelang ho di etsa hona jwale e le hore ba tshwanelehe ho phela Paradeiseng.

Le hona jwale re ka bontsha hore re itokisetsa ho phela Paradeiseng e tlang (Sheba serapa sa 15) b

15. (a) “Dinku tse ding” di sebetsa le bana babo Kreste jwang? (b) Re ka etsisa mohlala wa morabo rona ya hlahang setshwantshong jwang? (Sheba setshwantsho.)

15 Monna wa setlokotsebe o ile a shwa pele a ka ba le monyetla wa ho bontsha hore o ananela seo Kreste a neng a mo etseditse sona. Empa rona ba sehlopha sa “dinku tse ding” re na le menyetla e mengata hona jwale ya ho bontsha hore na re ikutlwa jwang ka Jesu. Ka mohlala, re ka bontsha hore re a mo rata ka tsela eo re tshwarang bana babo ba tlotsitsweng ka moya o halalelang. Jesu o ile a re o tla ahlola dinku ho latela hore na di ile tsa tshwara bana babo jwang. (Mat. 25:​31-40) Re ka tshehetsa bana babo Kreste ka hore ka mafolofolo re ba thuse ho etsa mosebetsi wa ho bolela le ho etsa barutuwa. (Mat. 28:​18-20) Ka lebaka leo, re lokela ho sebedisa dithulusi tsa ho ruta tseo ba re fang tsona tse kang buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Haeba ha ho na motho eo o ithutang Bibele le yena, kopa ho ithuta Bibele le batho ba bangata ka moo o ka kgonang.

16. Re lokela ho etsang hona jwale ho itokisetsa ho phela Mmusong wa Modimo?

16 Ha re a lokela ho emela hore re yo phela Paradeiseng e le hore re be ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba tla phela teng ba be ka yona. Hona jwale re ka hla ra sebetsa ka thata hore re be batho ba buang nnete, ba tshepahalang le ba etsang dintho ka tekatekano. Hape re tshepahalle Jehova, balekane ba rona le Bakrestemmoho le rona. Haeba re mamela Modimo lefatsheng lena le kgopo, ho tla ba bonolo hore re mo mamele ha re se re phela Paradeiseng. Re ka boela ra ithuta mesebetsi le dintho tse ding ho bontsha hore re itokisetsa ho phela Paradeiseng. Sheba sehlooho se reng “Na o se o Itokiseditse ho ‘Rua Lefatshe’?” se hlahang makasineng ena.

17. Na re lokela ho nyahamiswa ke dibe tseo re di entseng nakong e fetileng? Hlalosa.

17 Re boetse re lokela ho leka ho kgaotsa ho ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tse tebileng tseo re di entseng nakong e fetileng. Ke nnete hore ha re a lokela ho nka sehlabelo sa Jesu e le lebaka la ho “tlwaela ho etsa sebe ka boomo.” (Baheb. 10:​26-31) Le ha ho le jwalo, re ka kgodiseha hore Jehova o re tshwaretse ka pelo yohle haeba re bakile e le ka nnete, re kopile thuso ya hae le ya baholo ebile re fetotse tsela eo re etsang dintho ka yona. (Esa. 55:7; Dik. 3:​19) Hopola hore Jesu o ile a re ho Bafarisi: “Ke tletse ho bitsa baetsadibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:​13) Sehlabelo sa Jesu se lekane hore se kwahele dibe tsa rona.

O KA PHELA KA HO SA FELENG PARADEISENG

18. O ka rata ho bua ka eng le monna wa setlokotsebe ya neng a kgokgothetswe haufi le Jesu?

18 A ko inahane o se o le Paradeiseng, o bua le monna wa setlokotsebe ya ileng a bua le Jesu. Ha ho pelaelo hore bobedi ba lona le tla bua ka moo le ananelang sehlabelo sa Jesu ka teng. O ka nna wa mo botsa hore na ho ile ha etsahalang nakwana pele Jesu a shwa le hore na o ile a ikutlwa jwang ha Jesu a araba kopo ya hae. Yena a ka nna a o botsa hore na ho ne ho le jwang ho phela matsatsing a ho qetela lefatsheng le buswang ke Satane. Ka nnete re tla thabela ho ithuta Lentswe la Modimo le batho ba tshwanang le monna eo.​—Baef. 4:​22-24.

Nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete, morabo rona o natefelwa ke ho ntlafatsa bokgoni boo esale a labalabela ho ba le bona (Sheba serapa sa 19)

19. Ke hobaneng ha re ke ke ra jewa ke bodutu Paradeiseng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

19 Ha ho mohla re tla jewa ke bodutu Paradeiseng. Ho tla dula ho ena le batho bao re ka thabelang ho kopana le bona le mosebetsi o kgotsofatsang oo re ka o etsang. Ho thabisang le ho feta ke hore letsatsi le leng le le leng re tla tseba Ntate wa rona ya lehodimong haholwanyane le ho thabela dintho tseo a re etseditseng tsona. Ha ho mohla re tla kgaotsa ho ithuta ka yena mme ho tla dula ho ena le dintho tse ngata tseo re ithutang tsona ka popo ya hae. Ha dilemo tsa rona tsa bophelo di ntse di eketseha, le lerato la rona ho Modimo le tla eketseha. Re leboha Jehova le Jesu haholo hore ebe ba re file tshepiso ya hore re ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng.

PINA YA 22 Mmuso o Hlonngwe​—Ha o ke o Tle!

a Na hangata o ye o nahane hore na bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng? Ho etsa jwalo ho ka o kgothatsa. Ha re dula re nahana ka dintho tseo Jehova a tla re etsetsa tsona ka moso, re tla labalabela ho bolella batho ba bang ka lefatshe le letjha. Sehlooho sena se tla re thusa ho matlafatsa tumelo ya rona tshepisong ya Jesu ya hore lefatshe e tla ba paradeise.

b DITSHWANTSHO Leqephe la 12: Morabo rona ya nang le tshepo ya hore o tla ruta batho ba tsositsweng o se a ntse a ruta batho hona jwale.