Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 53

Bara ba bo Rona ba Batjha, Ebang Banna ba Bakreste ba Nang le Tumelo e Matla

Bara ba bo Rona ba Batjha, Ebang Banna ba Bakreste ba Nang le Tumelo e Matla

“Eba matla mme o be sebete jwalo ka monna.”—1 MAR. 2:2.

PINA YA 135 Jehova o Ipiletsa ka Mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Bara ba bo rona ba batjha ba lokela ho etsang e le hore ba atlehe?

 MORENA Davida o ile a re ho Solomone: “Eba matla mme o be sebete jwalo ka monna.” (1 Mar. 2:​1-3) Banna bohle ba Bakreste ba tla be ba etsa dintho ka bohlale haeba ba mamela keletso ena. E le hore ba atlehe, ba tlameha ho mamela melao ya Modimo le ho sebedisa melaomotheo ya Bibele dinthong tsohle tseo ba di etsang. (Luka 2:52) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bara ba bo rona ba batjha e be Bakreste ba nang le tumelo e matla?

2, 3. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bara ba bo rona ba batjha ba etse dintho hantle?

2 Monna wa Mokreste o na le boikarabelo bo bongata ba bohlokwa ka lapeng le ka phuthehong. Re kgodisehile hore lona bara ba bo rona ba batjha le kile la nahana ka boikarabelo boo le ka bang le bona nakong e tlang. O ka nna wa batla ho ba pulamadiboho, mohlanka ya sebeletsang mme ha morao wa ba moholo. O ka nna wa batla ho nyala le ho ba le bana. (Baef. 6:4; 1 Tim. 3:1) E le hore o atlehe ho finyella dintho tsena, o lokela ho ba Mokreste ya nang le tumelo e matla. b

3 Keng e ka o thusang hore o be Mokreste ya nang le tumelo e matla? Ho na le dintho tseo o tla lokela o ithute tsona o be o ipabole ka tsona. Jwale, o ka etsang hore o itokisetse boikarabelo boo o tla ba le bona nakong e tlang e le hore o tle o atlehe?

O KA ETSANG E LE HORE O BE MOKRESTE YA NANG LE TUMELO E MATLA?

Haeba o etsisa makgabane a Jesu, o tla ba monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla (Sheba serapa sa 4)

4. O ka fumana mehlala ya banna bao o ka ba etsisang hokae? (Sheba setshwantsho.)

4 Etsisa mehlala ya batho ba ileng ba etsa dintho hantle. Bibele e na le mehlala e mengata e metle eo bara ba bo rona ba batjha ba ka e etsisang. E na le mehlala ya banna ba neng ba rata Modimo ba bile ba hlokomela batho ba Modimo ka ditsela tse fapaneng. O ka boela wa fumana mehlala ya banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla lapeng leno le ka phuthehong. (Baheb. 13:7) O ka etsisa le mohlala wa Jesu Kreste. (1 Pet. 2:21) Ha o ntse o ithuta mehlala ya bona hantle, nahana ka makgabane a bona ao o a ratang. (Baheb. 12:​1, 2) Ka mora moo, o shebe hore na o ka ba etsisa jwang.

5. O ka etsang e le hore o kgone ho sebedisa kelello ya hao hantle, hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho etsa jwalo? (Pesaleme ya 119:9)

5 “Sireletsa . . . kelello ya hao.” (Diprov. 3:21) Monna ya nang le kelello o nahana hantle pele a etsa dintho. Ka hoo, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore o dule o etsa dintho tse nang le kelello. Hobaneng? Hobane boholo ba batjha ba sa sebeletseng Modimo mehleng ena ba etsa diqeto ba itshetlehile ka dintho tseo ba di nahanang kapa maikutlo a bona. (Diprov. 7:7; 29:11) Hape TV, dimovie, Inthanete le metjha ya puisano e ka susumetsa tsela eo o nahanang le ho etsa dintho ka yona. Empa o ka etsang e le hore o kgone ho sebedisa kelello ya hao? Qala ka ho ithuta ho tswa ka Bibeleng hore na Jehova o nahana le ho ikutlwa jwang e be o a nahana hore na ke hobaneng ha ho le molemo ho etsa seo a reng o se etse. Ka mora moo, sebedisa dintho tseo o ithutileng tsona e le hore o etse diqeto tse tla thabisa Jehova. (Bala Pesaleme ya 119:9.) Ho ithuta ho nahana ka tsela ena ho tla o thusa hore qetellong o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla. (Diprov. 2:​11, 12; Baheb. 5:14) Nahana hore na ho sebedisa kelello ya hao ka tsela ena ho ka o tswela molemo jwang maemong ana a mabedi: (1) tseleng eo o tshwarang baradi ba bo rona ka yona le (2) tseleng eo o itokisang ka yona.

6. Morabo rona e motjha ya nahanang jwalo ka Jehova a ka bontsha jwang hore o hlompha baradi ba bo rona?

6 Monna ya nahanang jwalo ka Jehova o hlompha basadi. Ha se ntho e makatsang hore morabo rona e motjha a ka kgahlwa ke moradi wa bo rona hoo a ka batlang ho mo fereha. Le ha ho le jwalo, morabo rona e motjha ya nahanang jwalo ka Jehova a ke ke a bua, a ngola kapa a etsa ntho e nngwe e ka etsang hore moradi wa bo rona a nahane hore o batla hore ba ratane, ntle le haeba a nahana hore a ka nna a nyala moradi eo wa bo rona. (1 Tim. 5:​1, 2) Haeba morabo rona a ratana le moradi wa bo rona, o tla sireletsa botumo ba hae bo botle ka hore ba se ke ba eba bang ho se na motho ya ba behileng leihlo.—1 Bakor. 6:18.

7. Morabo rona e motjha ya nahanang jwalo ka Jehova a ka apara le ho itokisa hantle jwang?

7 Tsela e nngwe e bontshang hore morabo rona e motjha o se a nahana jwalo ka Jehova ke ka hore a apare le ho itokisa hantle. Hangata batho ba tlang ka feshene le ba e bapatsang ha ba hlomphe Jehova. Hape ba boitshwaro bo bobe, diaparo tseo ba di etsang di penya bontate kapa di etsa hore ba shebahale eka ke bomme. Morabo rona e motjha ya batlang ho ba le tumelo e matla o tataiswa ke melaomotheo ya Bibele le mehlala e metle ka phuthehong. Ha a kgetha hore na o tla aparang, a ka ipotsa: ‘Na tsela eo ke itokisang ka yona e bontsha hore ke nahanela ba bang? Na tsela eo ke aparang ka yona e nolofalletsa ba bang hore ba dumele hore ehlile ke ikemiseditse ho sebeletsa Modimo?’ (1 Bakor. 10:​31-33; Tite 2:6) Morabo rona e motjha ya nahanang jwalo ka Jehova, o tla hlomphuwa ke bara le baradi ba bo rona le Ntate wa hae ya lehodimong.

8. Morabo rona e motjha a ka etsang e le hore e ka ba motho ya ka tsheptjwang?

8 Eba motho ya ka tsheptjwang. Morabo rona e motjha ya ka tsheptjwang ke ya phethang mosebetsi wohle oo a o fuweng hantle. (Luka 16:10) Nahana ka mohlala oo Jesu a re behetseng wona. E ne e le motho ya tsotellang a bile a ena le boikarabelo. O ile a phetha mosebetsi oo Jehova a neng a mo file wona, le hoja ka dinako tse ding ho ne ho le thata. O ne a rata batho, haholoholo barutuwa ba hae hoo a ileng a fana ka bophelo ba hae bakeng sa bona. (Joh. 13:1) Etsisa Jesu ka hore le wena o sebetse ka thata ho phetha mosebetsi oo o o fuweng. Haeba ha o tsebe ho etsa mosebetsi oo o o fuweng, eba motho ya ikokobeditseng ka hore o kope thuso ho bara ba bo rona ba tsebang mosebetsi oo. O se ke wa kgotsofalla feela ho etsa ho honyenyane. (Bar. 12:11) Ho ena le hoo, phetha mosebetsi oo o o fuweng “jwalo ka ha eka o o etsetsa Jehova eseng batho.” (Bakol. 3:23) O ka nna wa etsa diphoso hobane ha o a phethahala, ka hoo ikokobetse mme o amohele diphoso tsa hao.—Diprov. 11:2.

ITHUTE HO ETSA DINTHO TSE TLA O THUSA BOPHELONG

9. Ke hobaneng ha morabo rona e motjha a lokela ho ithuta dintho tse tla mo thusa bophelong?

9 E le hore o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla, o lokela ho ithuta dintho tse tla o thusa bophelong. Dintho tsena di tla o thusa hore o amohele boikarabelo ka phuthehong, o fumane mosebetsi o be o tshwarelle ho wona e le hore o ka itlhokomela kapa wa hlokomela lelapa la hao, le hore o utlwane le batho. Nahana ka dintho tse mmalwa tsa bohlokwa tseo o ka ithutang tsona.

Ho tseba ho bala le ho ngola hantle ho tla tswela wena le phutheho molemo (Sheba serapa sa 10 le 11)

10, 11. Ke melemo efe eo morabo rona e motjha a tla e fumana ha a ithuta ho bala le ho ngola hantle? (Pesaleme ya 1:​1-3) (Sheba setshwantsho.)

10 Ithute ho bala le ho ngola hantle. Bibele e re monna ya thabileng le ya atlehileng bophelong ke ya balang Lentswe la Modimo letsatsi le letsatsi a bile a nahanisisa ka lona. (Bala Pesaleme ya 1:​1-3.) Haeba a bala Bibele letsatsi le letsatsi, sena se tla mo thusa hore a nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla mo thusa hore a nahane hantle le ho sebedisa seo a ithutileng sona ka Mangolong. (Diprov. 1:​3, 4) Ho hlokahala banna ba jwalo ka phuthehong. Hobaneng?

11 Bara le baradi ba bo rona ba hloka thuso ya banna ba kgonang ho ruta le ho fana ka keletso e tswang ka Bibeleng. (Tite 1:9) Haeba o kgona ho bala le ho ngola hantle, o tla kgona ho fana ka dipuo le dikarabo tse matlafatsang tumelo. O tla boela o kgone ho ngola dintlha tsa bohlokwa ha o ntse o ithuta le ha o mametse dipuo dibokeng, dikopanong tsa potoloho le dikopanong tsa setereke. Dintlha tseo o di ngotseng di tla o thusa hore o matlafatse tumelo ya hao o be o kgothatse batho ba bang.

12. Keng e tla o thusa ho mamela le ho buisana le batho hantle?

12 Ithute ho mamela le ho buisana le batho hantle. Monna wa Mokreste o lokela ho ithuta ho mamela le ho buisana le batho hantle. Sena se bolela hore o lokela ho mamela le ho utlwisisa hore na batho ba bang ba nahanang le hore ba ikutlwa jwang. (Diprov. 20:5) A ka ithuta ho bona hore na motho o ikutlwa jwang ka ho mamela tsela eo a buang ka yona, ka ho mo sheba sefahlehong le boitshisinyo ba mmele. O ke ke wa kgona ho etsa dintho tsena haeba o sa qete nako o ena le batho. Haeba hangata o bua le batho ka e-mail kapa o ba ngolla melaetsa ka founu, sena se ka etsa hore o se ke wa kgona ho buisana le batho ba bang hantle kapa ho utlwisisa maikutlo a bona. Ka hoo, etsa menyetla ya hore o buisane le batho ba bang le shebane mahlong.—2 Joh. 12.

Ke ha bohlokwa hore o ithute ho etsa dintho tse tla o thusa hore o fumane mosebetsi (Sheba serapa sa 13)

13. Keng hape eo morabo rona e motjha a lokelang ho ithuta yona? (1 Timothea 5:8) (Sheba setshwantsho.)

13 Ithute ho itshebeletsa. Monna wa mokreste ya nang le tumelo e matla o lokela ho kgona ho itlhokomela le ho hlokomela lelapa la hae. (Bala 1 Timothea 5:8.) Dinaheng tse ding, bara ba bo rona ba batjha ba ka ithuta ho etsa mesebetsi e itseng ho bontate ba bona kapa ho e mong wa lelapa. Dibakeng tse ding teng, bara ba bo rona ba batjha ba ka ithuta mesebetsi ya matsoho le e meng ha ba ntse ba le sekolong se phahameng. Ntho ya bohlokwa ke hore o ithute ho etsa dintho tse tla o thusa hore o fumane mosebetsi. (Dik. 18:​2, 3; 20:34; Baef. 4:28) Qeta mosebetsi oo o o etsang, o se ke wa o siya hare. Sena se tla etsa hore batho ba o tsebe o le motho ya sebetsang ka thata. Ha o etsa jwalo, ho tla ba bonolo hore o fumane mosebetsi le hore o tshwarelle ho wona. Makgabane le dintho tseo re buileng ka tsona, di tla thusa banna ba Bakreste hore ba kgone ho phetha boikarabelo boo ba tla ba le bona nakong e tlang. A re bueng ka boikarabelo boo ba ka nnang ba eba le bona.

ITOKISETSE BOIKARABELO BOO O TLA BA LE BONA NAKONG E TLANG

14. Morabo rona e motjha a ka itokisetsa ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng jwang?

14 Tshebeletso ya nako e tletseng. Bara ba bo rona ba bangata ba nang le tumelo e matla ba kenetse tshebeletso ya nako e tletseng e sa le batjha. Ho ba pulamadiboho ho thusa morabo rona e motjha hore a sebetse le batho ba fapaneng hantle. Ho boetse ho mo thusa hore a kgone ho sebedisa tjhelete hantle. (Bafil. 4:​11-13) Haeba morabo rona e motjha a batla ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng, a ka qala pele ka hore e be pulamadiboho e thusang. Ba bangata ba qala e le bopulamadiboho ba thusang ka nakwana mme seo se ba thusa hore e be bopulamadiboho ba ka mehla. Ho ba pulamadiboho ho ka o bulela menyetla e meng ya tshebeletso jwalo ka ho sebeletsa kahong kapa Bethele.

15, 16. Morabo rona e motjha o lokela ho etsang e le hore a ka tshwaneleha ho ba mohlanka ya sebeletsang kapa moholo?

15 Ho ba mohlanka ya sebeletsang kapa moholo. Bara ba bo rona ba lokela ho leka ho etsa hore ba tshwanelehe hore e be baholo. Bibele e re bara ba bo rona ba batlang ho ba baholo ba “lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Pele morabo rona e ba moholo o lokela ho sebetsa ka thata hore e be mohlanka ya sebeletsang. Bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo ka ditsela tse ngata. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela phutheho ebile ba tjhesehela ho bolela ditaba tse monate. Le bara ba bo rona ba eso etse dilemo tse 20 e ka ba bahlanka ba sebeletsang. Mohlanka ya sebeletsang ya seng a tshwaneleha, ya fetileng dilemo tse 20 e ka ba moholo.

16 O ka etsang hore o kgone ho tshwaneleha ho etsa mesebetsi ee? Bibele e ka o thusa. Bibele e bontsha dintho tseo o lokelang ho di etsa e le hore o tshwanelehe. Hape e re o rate Jehova, lelapa leno le phutheho. (1 Tim. 3:​1-13; Tite 1:​6-9; 1 Pet. 5:​2, 3) Leka ho utlwisisa dintho tsena kaofela tseo Bibele e reng o a di hloka e le hore o tshwanelehe. Kopa Jehova hore a o thuse hore o kgone ho tshwaneleha. c

Jehova o batla hore monna a rate mosadi wa hae le bana ba hae, a ba hlokomele ka dintho tseo ba di hlokang, e be motswalle wa bona hape a ba thuse hore ba dule ba rata Jehova (Sheba serapa sa 17)

17. Morabo rona e motjha a ka itokisetsa jwang hore e be monna le hlooho ya lelapa? (Sheba setshwantsho.)

17 Ho ba monna le hlooho ya lelapa. Jwalo ka ha Jesu a bontshitse, bara ba bo rona ba bang ba kgetha ho se nyale. (Mat. 19:12) Le ha ho le jwalo, haeba o kgetha ho nyala, boikarabelo ba hao bo a eketseha. O ba monna le hlooho ya lelapa. (1 Bakor. 11:3) Jehova o lebeletse hore monna a rate mosadi wa hae le ho mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang, e be motswalle wa hae le ho mo thusa hore a dule a rata Jehova. (Baef. 5:​28, 29) Makgabane le dintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena jwalo ka ho ba motho ya nang le kelello, ho hlompha basadi le ho ba motho ya ka tsheptjwang di tla o thusa hore o be monna ya molemo. O tla kgona ho phetha boikarabelo ba hao ba ho ba monna le hlooho ya lelapa.

18. Morabo rona e motjha a ka etsang ho itokisetsa ho ba ntate?

18 Ho ba motswadi. Ka mora hore o nyale, o ka kgetha ho ba le bana. O ka ithuta ho ba ntate ya molemo jwang ho Jehova? Ho na le dintho tse ngata tseo o ka ithutang tsona ho yena. (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora wa hae Jesu hore o a mo rata le hore o a mo kgahlisa. (Mat. 3:17) Haeba o ba le bana, etsa bonnete ba hore ka mehla o a ba tiisetsa hore o a ba rata. Dula o ba babatsa ha ba etsa dintho tse ntle. Bontate ba etsisang mohlala wa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basadi ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. O ka itokisetsa boikarabelo bona hona jwale ka hore o hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore o ithute ho ba bolella hore o a ba rata ebile o a ba ananela. (Joh. 15:9) Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o tle o kgone ho phetha boikarabelo boo o ka bang le bona ba ho ba monna le ho ba motswadi. Empa hona jwale o tla ba motho wa bohlokwa ho Jehova, lelapa leno le ho phutheho.

KENG EO O LOKELANG HO E ETSA HONA JWALE?

Bara ba bo rona ba bangata ba batjha ba ithutileng Bibele le ho sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona, hona jwale ke banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla (Sheba serapa sa 19 le 20)

19, 20. Ke dintho dife tse tla thusa bara ba bo rona ba batjha hore e be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

19 Bara ba bo rona ba batjha, le tla lokela ho sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. Le lokela ho kgetha mehlala e metle eo le ka e etsisang, le be batho ba nang le kelello, ba ka tsheptjwang, le ithute ho etsa mesebetsi e itseng le be le itokisetse boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang.

20 Ha le nahana ka dintho tsena le ka utlwa eka le na le mosebetsi o mongata empa le ka atleha. Hopolang hore Jehova o ikemiseditse ho le thusa. (Esa. 41:​10, 13) Hape Bakrestemmoho le lona ba ikemiseditse ho le thusa. Ha o se o le monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla o tla thabela bophelo le Jehova o tla o hlohonolofatsa. Re le rata haholo lona bara ba bo rona ba batjha. E se e ka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla.—Diprov. 22:4.

PINA YA 65 Hatelang Pele!

a Ka phuthehong ho hlokahala bara ba bo rona ba nang le tumelo e matla. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na lona bara ba bo rona ba batjha le ka etsang e le hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla.

b Sheba naletsana e reng “Tlhaloso” sehloohong se fetileng.