Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 52

Baradi ba bo Rona ba Batjha, Ebang Basadi ba Bakreste ba Nang le Tumelo e Matla

Baradi ba bo Rona ba Batjha, Ebang Basadi ba Bakreste ba Nang le Tumelo e Matla

“Basadi le bona . . . ba be le tekatekano dinthong tsohle tseo ba di etsang hape ba tshepahale dinthong tsohle.”—1 TIM. 3:11.

PINA YA 133 Sebeletsa Jehova Botjheng

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Re ka etsang e le hore re be Bakreste ba nang le tumelo e matla?

 RE A hlollwa ha re bona tsela eo ngwana a holang kapele ka yona. Ho bonahala tsela eo a holang ka yona e iketsahalla feela. Le ha ho le jwalo, ha ho iketsahalle feela hore re be le tumelo e matla. b (1 Bakor. 13:11; Baheb. 6:1) Re hloka ho ba metswalle ya Jehova. Re boetse re hloka moya wa hae o halalelang, makgabane a mo thabisang, re ithute ho etsa dintho tse tla re thusa bophelong mme re itokisetse boikarabelo boo re ka bang le bona nakong e tlang.—Diprov. 1:5.

2. Re ithutang ho Genese 1:​27, hona re tlo bua kang sehloohong see?

2 Jehova o bopile monna le mosadi. (Bala Genese 1:27.) Ho bonolo ho hlokomela hore monna le mosadi ha ba tshwane ka lebaka la tsela eo ba bopilweng ka yona. Empa ba fapane le ka ditsela tse ding. Ka mohlala, Jehova o file banna le basadi boikarabelo bo itseng boo ba lokelang ho bo phetha. Ka hoo, ho na le makgabane ao ba lokelang ho ba le ona le dintho tseo ba lokelang ho di tseba tse tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo ba bona. (Gen. 2:18) Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tseo baradi ba bo rona ba batjha ba ka di etsang e le hore ba be le tumelo e matla. Sehloohong se latelang re tla bua ka hore na bara ba bo rona ba batjha ba ka etsang.

EBA LE MAKGABANE A THABISANG JEHOVA

Ho etsisa makgabane a basadi ba tshepahalang jwalo ka Rebeka, Esthere le Abigaile ho tla o thusa hore o be mosadi wa Mokreste ya nang le tumelo e matla (Sheba serapa sa 3 le 4)

3, 4. Ke hokae moo baradi ba bo rona ba batjha ba ka fumanang mehlala e metle eo ba ka e etsisang? (Sheba setshwantsho.)

3 Bibele e bua ka makgabane a mangata a basadi ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba le jwalo ka ha ho boletswe lengolong la sehlooho, ba ena le “tekatekano dinthong tsohle” mme ba ‘tshepahala dinthong tsohle.’ Ho ekelletsa moo, baradi ba bo rona ba ka fumana mehlala ya baradi ba bo rona ba hodileng bao ba ka ba etsisang diphuthehong tsa habo bona.

4 Baradi ba bo rona ba batjha, na ho na le baradi ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makgabane a matle ao ba nang le ona. Nahana ka hore na o ka bontsha makgabane ao jwang. Dirapeng tse latelang, re tlo bua ka makgabane a mararo a bohlokwa ao baradi ba bo rona ba lokelang ho ba le ona.

5. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore baradi ba bo rona ba nang le tumelo e matla ba ikokobetse?

5 Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba moradi wa bo rona a ikokobeditse, o tla ba le setswalle se setle le Jehova le batho ba bang. (Jak. 4:6) Ka mohlala, moradi wa bo rona ya ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ya bohlooho eo Ntate wa hae ya lehodimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. c

6. Ke jwang mohlala wa Rebeka o ka thusang baradi ba bo rona ba batjha ho ba le boikokobetso?

6 Nahana ka mohlala wa Rebeka. E ne e le mosadi ya bohlale le ya tsebang nako e nepahetseng ya ho etsa diqeto. (Gen. 24:58; 27:​5-17) Le ha ho le jwalo, o ne a hlompha a bile a ikokobeditse. (Gen. 24:​17, 18, 65) Haeba o bontsha boikokobetso jwalo ka Rebeka ka hore o tshehetse ditokisetso tsa Jehova, o tla behela ba lelapa la hao le phutheho mohlala o motle.

7. Baradi ba bo rona ba batjha ba ka etsisa mohlala wa Esthere jwang tabeng ya ho inyenyefatsa?

7 Boinyenyefatso ke e nngwe ya makgabane ao Bakreste bohle ba lokelang ho ba le ona. Bibele e re “bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Diprov. 11:2) Esthere e ne e le mosadi ya tshabang Jehova ebile a inyenyefatsa mme sena se ile sa etsa hore a se ke a ikgohomosa. O ne a mamela dikeletso tseo a neng a di fuwa ke motswala wa hae Mordekai mme o ne a di sebedisa. (Esth. 2:​10, 20, 22) Le rona re ka etsa ka tsela e tshwanang, re ka inyenyefatsa, re kope keletso moo ho hlokahalang ebe re a e sebedisa.—Tite 2:​3-5.

8. Ho ya ka 1 Timothea 2:​9, 10 ho inyenyefatsa ho ka thusa baradi ba bo rona jwang tabeng ya moaparo le ho itokisa?

8 Ho na le tsela e nngwe eo Esthere a ileng a bontsha ka yona hore o inyenyefaditse. O ne a le “motle a bile a le seemo se setle” empa ha a ka a ipitsetsa mahlo. (Esth. 2:​7, 15) Mohlala wa Esthere o ka thusa baradi ba bo rona jwang? Tsela e nngwe eo o ka ba thusang ka yona e hlaha lengolong la 1 Timothea 2:​9, 10. (E bale.) Moapostola Pauluse o ile a laela basadi ba Bakreste hore ba apare ka tsela e hlomphehang le e bontshang hore ba na le kelello. Mantswe a Segerike a sebedisitsweng ditemaneng tsena a bontsha hore basadi ba Bakreste ba lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e bontshang hore ba nahanela maikutlo a batho ba bang. Ka nnete re motlotlo ka baradi ba bo rona ba aparang ka tsela e hlomphehang.

9. Re ka ithutang mohlaleng wa Abigaile?

9 Baradi ba bo rona kaofela ba boetse ba lokela ho bontsha hore ba na le tumelo e matla ka hore ba be le temoho. Temoho keng? Ke bokgoni ba ho tseba hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ebe o kgetha ho etsa ntho e nepahetseng. Nahana ka mohlala wa Abigaile. Monna wa hae o ile a etsa qeto e fosahetseng e neng e tla tlisetsa yena le ba lelapa la hae mathata. Ho na le ntho eo Abigaile a ileng a e etsa hanghang ho lokisa boemo boo. Ka ha o ne a ena le temoho, o ile a etsa ntho e nepahetseng yaba o pholosa ba lelapa la hae. (1 Sam. 25:​14-23, 32-35) Temoho e ka boela ya re thusa ho tseba nako e loketseng ya ho bua le ya ho thola. E re thusa ho bontsha hore re kgathalla batho ba bang ntle le ho etsa hore ba se ke ba phutholoha.—1 Bathes. 4:11.

ITHUTE HO ETSA DINTHO TSE TLA O THUSA BOPHELONG

Ho tseba ho bala le ho ngola hantle ho o thusitse jwang? (Sheba serapa sa 11)

10, 11. Ho tseba ho bala le ho ngola hantle ho ka thusa wena le batho ba bang jwang? (Sheba setshwantsho.)

10 Ho na le dintho tseo baradi ba bo rona ba lokelang ho di tseba tse tla ba thusa bophelong. Dintho tse ding tseo ngwana wa ngwanana a ithutang tsona a sa le monyenyane di ka mo thusa bophelo bohle ba hae. A re bueng ka mehlala e meng ya dintho tseo baradi ba bo rona ba ka ithutang tsona.

11 Ithute ho bala le ho ngola hantle. Ditsong tse ding batho ha ba nke hore ho bohlokwa hore basadi ba ithute ho bala le ho ngola. Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore Bakreste bohle ba ithute ho bala le ho ngola. d (1 Tim. 4:13) Tswela pele o leka ho ithuta ho bala le ho ngola hantle le hoja ho ka ba thata. Ho etsa jwalo ho tla o thusa jwang? Ho ka o thusa hore o fumane mosebetsi. O tla kgona ho ithuta Lentswe la Modimo le ho ruta batho ba bang. Hape o tla ba motswalle wa Jehova ha o ntse o bala Bibele mme o nahanisisa ka dintho tseo o di balang.—Josh. 1:8; 1 Tim. 4:15.

12. Lengolo la Diproverbia 31:26 le ka o thusa jwang hore o be motho ya kgonang ho mamela le ho buisana le batho hantle?

12 Ithute ho mamela le ho buisana le batho hantle. Ke ha bohlokwa hore Bakreste ba ithute ho bua le batho ba bang hantle. Jakobo o re file keletso e ka re thusang, e reng: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.” (Jak. 1:19) Ha re mamela batho ba bang ka hloko ha ba bua, re bontsha hore re ba ‘utlwela bohloko.’ (1 Pet. 3:8) Haeba o sa utlwisise hore na motho e mong o reng kapa o ikutlwa jwang, mo botse dipotso e le hore o utlwisise. Inahane pele o bua. (Diprov. 15:28) Ipotse dipotso tsena: ‘Na ntho eo ke tlo e bua ke nnete ebile e a kgothatsa? Na e bontsha hore ke a mo hlompha ebile e mosa?’ Ithute mohlaleng wa baradi ba bo rona ba kgonang ho bua hantle le batho ba bang. (Bala Diproverbia 31:26.) Ela hloko tsela eo ba buang ka yona. Ha o ithuta ho bua le batho hantle, o tla phedisana le bona ka kgotso.

Moradi wa bo rona ya tsebang ho hlokomela lelapa o etsa hore ho be le thabo ka lapeng le ka phuthehong (Sheba serapa sa 13)

13. Ke jwang o ka ithutang ho hlokomela lelapa? (Sheba setshwantsho.)

13 Ithute ho hlokomela lelapa. Dibakeng tse ngata basadi ke bona ba etsang mosebetsi wa ka tlung. E ka nna yaba mme wa hao kapa moradi wa bo rona e mong a ka o thusa hore o ithute ho etsa mesebetsi ya ka tlung hantle. Moradi wa bo rona Cindy o re: “Ntho e nngwe ya bohlokwa eo ke ithutileng yona ho mme wa ka ke hore ho sebetsa ka thata ho a thabisa. O ile a nthuta ho pheha, ho hlwekisa, ho roka le ho sebedisa tjhelete hantle ha ke reka dintho mme seo se nthusitse hore ke kgone ho itlhokomela le hore ke sebeletse Jehova haholwanyane. Mme wa ka o boetse o nthutile hore ke amohele baeti mme sena se nthusitse hore ke tsebe bara le baradi ba bo rona bao nka etsisang mohlala wa bona o motle.” (Diprov. 31:​15, 21, 22) Moradi wa bo rona ya sebetsang ka thata, ya amohelang baeti le ya tsebang ho hlokomela lelapa o etsa hore ho be le thabo ka lapeng le ka phuthehong.—Diprov. 31:​13, 17, 27; Dik. 16:15.

14. O ithutang mohlaleng wa moradi wa bo rona Crystal hona o lokela ho dula o hopolang?

14 Ithute ho iketsetsa dintho. Ke ha bohlokwa hore Bakreste kaofela ba ithute ho iketsetsa dintho. (2 Bathes. 3:​7, 8) Moradi wa bo rona Crystal o re: “Ha ke le sekolong se phahameng, batswadi ba ka ba ile ba nthusa ho kgetha dithuto tseo nka di etsang tse tla nthusa bophelong. Ntate wa ka o ile a nkgothaletsa hore ke kgethe thuto e tla nthusa hore ke sebedise tjhelete hantle.” Ha ho a lekana hore re ithute dintho tseo re tla di hloka e le hore re fumane mosebetsi empa re boetse re lokela ho ithuta ho sebedisa tjhelete hantle. (Diprov. 31:​16, 18) Haeba re kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona ebile re qoba ho ba le dikoloto ho sa hlokahale, re tla kgona ho sebeletsa Jehova haholwanyane.—1 Tim. 6:8.

ITOKISETSE BOIKARABELO BOO O TLA BA LE BONA NAKONG E TLANG

15, 16. Ke hobaneng ha baradi ba bo rona ba sa nyalwang e le batho ba bohlokwa? (Mareka 10:​29, 30)

15 Ha o eba le makgabane a thabisang Jehova ebile o ithuta ho etsa dintho tse tla o thusa bophelong, o tla kgona ho itokisetsa boikarabelo boo o tla ba le bona nakong e tlang. A re bueng ka mehlala e meng ya dintho tseo o ka di etsang.

16 O ka kgetha ho dula o sa nyalwa ka nakwana. Jwalo ka ha Jesu a boletse, baradi ba bo rona ba bang ba kgetha hore ba se ke ba nyalwa, le hoja ba sa kgothaletswe ho etsa jwalo ditsong tsa bona. (Mat. 19:​10-12) Ba bang ba ka nna ba kgetha hore ba se ke ba nyalwa ka lebaka la mabaka a itseng a fapaneng. Le ha ho le jwalo, o ka kgodiseha hore Jehova le Jesu ba o nka o le motho wa bohlokwa le hoja o sa nyalwa. Baradi ba bo rona ba sa nyalwang ba beha mohlala o motle diphuthehong. Ka ha ba rata batho ba bang le ho ba tsotella, ba fetoha bomme le boausi ba batho ba bangata.—Bala Mareka 10:​29, 30; 1 Tim. 5:2.

17. Moradi wa bo rona e motjha a ka itokisa jwang hona jwale e le hore a tle a kenele tshebeletso ya nako e tletseng?

17 O ka kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Baradi ba bo rona ke bona ba etsang mosebetsi wa boboledi haholo. (Pes. 68:11) Na o ka rera hona jwale ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng? O ka ba pulamadiboho, wa sebetsa kahong kapa Bethele. Rapela Jehova ka taba ena. Bua le batho ba bang ba ileng ba kgona ho etsa dintho tsena mme o ba botse hore na o hloka ho etsang e le hore le wena o kgone ho eketsa tshebeletso ya hao. Ebe o kgetha ho etsa ntho eo o tsebang hore o tla kgona ho e finyella. Haeba o kenela tshebeletso ya nako e tletseng, ntho eo e tla o bulela menyetla e mengata tshebeletsong ya Jehova mme o tla thaba.

Haeba o batla ho nyalwa, o lokela ho kgetha molekane ka hloko (Sheba serapa sa 18)

18. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore moradi wa bo rona a kgethe molekane ka hloko? (Sheba setshwantsho.)

18 O ka kgetha ho nyalwa. Makgabane le dintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena di tla o thusa hore o be mosadi wa sebele. Haeba o batla ho nyalwa, o lokela ho kgetha molekane ka hloko. Eo ke e nngwe ya diqeto tsa bohlokwa ka ho fetisisa tseo o tla di etsa bophelong ba hao. Hopola hore motho eo e tlo ba hlooho ya lelapa mme o tla lokela hore o mo mamele. (Bar. 7:2; Baef. 5:​23, 33) Ka hoo ipotse: ‘Na o leka ho nahana le ho etsa dintho jwalo ka Jesu? Na ho sebeletsa Jehova ke yona ntho e tlang pele bophelong ba hae? Na o kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng? Na o a dumela ha a entse phoso? Na o hlompha basadi? Na o tla kgona ho nthusa hore ke dule ke rata Jehova? Na o tla kgona ho ntlhokomela ka dintho tseo ke di hlokang mme ebe motswalle wa ka? Na ha a fuwe boikarabelo o bo phetha hantle? Ka mohlala, o etsa mesebetsi efe ya phutheho, hona o e etsa jwang?’ (Luka 16:10; 1 Tim. 5:8) E le hore o fumane monna ya lokileng, le wena o lokela ho ba mosadi ya lokileng.

19. Ke hobaneng ha moradi wa bo rona a lokela ho thabela boikarabelo ba hae ba ho ba “mothusi” wa monna wa hae?

19 Bibele e re mosadi ya lokileng ke “mothusi” wa monna wa hae. (Gen. 2:18) Na mantswe aa a bolela hore mosadi ha se motho wa bohlokwa? Tjhe. Mosebetsi oo mosadi a o etsang wa ho ba mothusi ke wa bohlokwa haholo. Ha e le hantle, hangata ha Bibele e hlalosa Jehova e re ke “mothusi.” (Pes. 54:4; Baheb. 13:6) Mosadi o bontsha hore ke mothusi wa monna wa hae ha a mo tshehetsa a bile a sebedisa diqeto tseo monna wa hae a di etsang tse amang lelapa. Ka ha o rata Jehova, o etsa sohle seo a ka se kgonang hore a dule a bua monna wa hae hantle. (Diprov. 31:​11, 12; 1 Tim. 3:11) O ka itokisetsa hore o be mosadi ya molemo hona jwale ka hore o ntlafatse tsela eo o ratang Jehova ka yona le ka hore o thuse batho ba bang lapeng le ka phuthehong.

20. Mme a ka etsang hore lelapa la hae le thabe?

20 O ka ba motswadi. Ha le se le nyalane, wena le monna wa hao le ka etsa qeto ya hore le be le bana. (Pes. 127:3) Ka hoo, ke ha bohlokwa hore o nahane ka hore na ho hlokahalang hore o be motswadi ya molemo. Makgabane le dintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena di tla o thusa hore o be mosadi le motswadi ya molemo. Ha o le lerato, o le mosa ebile o na le mamello, o tla etsa hore lelapa la lona le thabe, le bana ba lona ba tla ikutlwa ba sireletsehile ebile ba ratwa.—Diprov. 24:3.

Baradi ba bo rona ba batjha ba ithutileng Bibele le ho sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona, hona jwale ke Bakreste ba nang le tumelo e matla (Sheba serapa sa 21)

21. Re ikutlwa jwang ka baradi ba bo rona, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

21 Re le rata haholo baradi ba bo rona ka lebaka la dintho tsohle tseo le di etsetsang Jehova le batho ba hae. (Baheb. 6:10) Le sebetsa ka thata ho ba le makgabane le dintho tse tla le thusa ho ntlafatsa bophelo ba lona le ba batho ba bang le ho itokisetsa boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang. Le batho ba bohlokwa haholo mokgatlong wa Jehova.

PINA YA 137 Basadi ba Tshepahalang, Baradibabo Rona ba Bakreste

a Lona baradi ba bo rona ba batjha, le batho ba bohlokwa ka phuthehong. Le ka ba le tumelo e matla ka hore le be le makgabane a thabisang Modimo, le ithute ho etsa dintho tse tla le thusa bophelong le be le itokisetse boikarabelo boo le ka bang le bona nakong e tlang. Ha le etsa jwalo, le tla thabela ditlhohonolofatso tse ngata tse tliswang ke ho sebeletsa Jehova.

b TLHALOSO: Mokreste ya nang le tumelo e matla, o tataiswa ke moya o halalelang wa Modimo eseng ke bohlale ba lefatshe. O etsisa Jesu, o sebetsa ka thata e le hore a be le setswalle se matla le Jehova, o rata batho ba bang ebile o itella bona.

d E le hore o bone hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho tseba ho bala, bala sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha e le ha Bohlokwa Hore le Tlwaetse Bana ho Bala?—Karolo ya Pele: Theknoloji Kapa Dibuka?” ho jw.org/st-za