Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditaba Tse Kgothatsang

Ditaba Tse Kgothatsang

Qenehela Batho ba Mefuta Yohle

Ka letsatsi le leng moradi wa bo rona wa New Zealand o ile a shebella video e nang le sehlooho se reng Le Hlokomelane ka Tsela e Tshwanang.’ Video ena e bua ka moo Jehova a nang le qenehelo ka teng le ka moo a qenehelang batho ka teng. (Esa. 63:​7-9) O ile a etsa qeto ya ho etsa seo a ithutileng sona ka hore a thuse batho ba bang. Hona letsatsing leo ha a ile mabenkeleng, o ile a kopana le mosadi ya se nang lehae yaba o ithaopela ho mo rekela dijo. Mosadi eo o ile a dumela. Ha moradi wa bo rona a kgutla a nkile dijo, o ile a nka monyetla yaba o bolella mosadi enwa ka Jehova a sebedisa pampitshana ya Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

Mosadi eo o ile a qalella ho lla. O ile a hlalosetsa moradi wa bo rona hore o hodisitswe ke Dipaki empa o ile a lahla phutheho dilemo tse ngata tse fetileng. Le ha ho le jwalo, haufinyane o ne a ile a rapela Jehova a mo kopa hore a mo thuse a kgutlele ho yena. Moradi wa bo rona o ile a fa mosadi eo Bibele a ba a lokisetsa hore ba ithute. a

Le rona re ka etsisa Jehova ka ho qenehela batho ba bang, ho akareletsa le batho bao re amanang le bona le bara le baradi ba bo rona ka phuthehong. Hape re ka bontsha batho ba bang qenehelo ka ho batla menyetla ya hore re ba bolelle ka Jehova.

a E le hore o ithute hore na o ka thusa batho ba tlohetseng ho sebeletsa Jehova jwang, bala sehlooho se reng “Kgutlelang ho nna” ho Tora ya ho Lebela ya June 2020.