Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o sa Hopola?

Na o sa Hopola?

Na o badile dihlooho tsa Tora ya ho Lebela tsa selemong see ka hloko? Haeba ho jwalo, leka ho bona hore na o ka araba dipotso tse latelang:

Ho ‘fetola tsela eo re nahanang ka yona’ ho bolela eng? (Bar. 12:2)

Ha ho bolele ho etsa dintho tse seng kae feela tse ntle. Re lokela ho itseba hantle hore na re batho ba jwang mme re etse diphetoho tse hlokahalang e le hore re ka mamela melao ya Jehova kahohle ka moo re ka kgonang.—w23.01, leq. 8-9.

Re ka ba hlokolosi jwang ha re bona dintho tse etsahalang lefatsheng?

Re na le mabaka a utlwahalang a ho thahasella ho bona hore na dintho tse etsahalang lefatsheng di phethahatsa boprofeta ba Bibele jwang. Ha re a lokela ho inahanela hore na ho tla etsahalang hobane seo se ka etsa hore ho be le ho se utlwane ka phuthehong. Re lokela ho bua dintho tse thehilweng dingolweng tsa rona. (1 Bakor. 1:10)—w23.02, leq. 16.

Kolobetso ya Jesu le ya balatedi ba hae di fapane jwang?

Jesu o ne a sa hloke ho inehela ho Jehova jwalo ka rona hobane o ne a tswaletswe setjhabeng se inehetseng ho Modimo. Ka ha o ne a phethahetse mme a se na sebe, o ne a sa hloke ho baka.—w23.03, leq. 5.

Re ka etsang e le hore re thuse batho ba bangata hore ba be le monyetla wa ho arabela dibokeng?

Re ka fana ka dikarabo tse kgutshwanyane e le hore ba bang ba ka arabela. Hape re ka qoba ho bua ka dintlha tse ngata. Ha re etsa jwalo, ba bang ba tla ba le dintlha tseo ba tla arabela ka tsona.—w23.04, leq. 23.

“Tsela ya Kgalalelo” eo ho buuwang ka yona ho Esaia 35:8 ke eng?

Mehleng ya Baiseraele, tsela ena e kgolo ya tshwantshetso e ne e le tsela eo Bajuda ba ileng ba tsamaya ka yona ho tloha Babilona ho ya habo bona. Mehleng ee teng “Tsela ya Kgalalelo” ke eng? Dilemo tse makgolo pele ho 1919, ho ile ha etswa mosebetsi o neng o hlokahala o akareletsang ho fetolelwa le ho hatiswa ha Dibibele. Haesale batho ba Modimo ba tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo’ e ba thusitseng ho dula ba rapela Jehova. Tsela eo e tla ba lebisa ditlhohonolofatsong tse tla tliswa ke Mmuso wa Modimo.—w23.05, leq. 15-19.

Diproverbia kgaolo ya borobong e fana ka keletso e buang ka basadi bafe ba babedi?

Diproverbia e bua ka “mosadi ya se nang kelello” eo memo ya hae e lebisang “Lebitleng.” Hape e bua ka mosadi ya tshwantshetsang “bohlale ba nnete” eo memo ya hae e lebisang bophelong le “tseleng ya kutlwisiso.” (Diprov. 9:​1, 6, 13, 18)—w23.06, leq. 22-24.

Jehova o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse le hore o fetoha le maemo ha a ne a thusa Lota?

Jehova o ile a laela Lota hore a tlohe Sodoma a balehele dithabeng. Ha Lota a ne a kopa hore a balehele Zoware, Modimo o ile a mamela kopo ya hae.—w23.07, leq. 21.

Mosadi a ka etsang ha monna wa hae a shebella pornography?

A hopole hore ha a lokela ho ipeha molato. O lokela ho nahana haholo ka kamano ya hae le Modimo le ho nahanisisa ka ditlaleho tsa Bibele tsa basadi ba neng ba ena le mathata ba ileng ba tshediswa ke Modimo. A ka thusa monna wa hae hore a qobe ho ipeha tekong ya ho shebella pornography.w23.08, leq. 14-17.

Ha motho a re botsa dipotso ka dintho tseo re di dumelang, ho ba le temoho ho tla re thusa jwang hore re mo arabe ka bonolo?

Re lokela ho nahana hore na potso ya hae e ka re thusa jwang hore re tsebe hore na o nahanne eng le hore na ke dintho dife tseo a di nkang e le tsa bohlokwa. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re mo arabe ka bonolo.—w23.09, leq. 17.

Mohlala wa Maria o ka re ruta eng ka ho matlafatswa?

Ka mora hore a tsebe hore e tlo ba mme wa Mesia, o ile a matlafatswa ke batho ba bang. Gabariele le Elizabetha ba ile ba matlafatsa Maria ka ho mo kgothatsa ka Mangolo. Le rona re ka matlafatswa ke Bakrestemmoho le rona.—w23.10, leq. 15.

Jehova a ka araba dithapelo tsa rona jwang?

O tshepisa hore o tla mamela dithapelo tsa rona le ho sheba hore na di amana jwang le morero wa hae. (Jer. 29:12) A ka araba dithapelo tse tshwanang ka ditsela tse fapaneng empa ka mehla o tla re thusa.—w23.11, leq. 21-22.

Baroma 5:2 e bua ka “tshepo.” Jwale ke hobaneng ha tshepo e hlaha hape temaneng ya bone?

Ha motho a utlwa ditaba tse monate, a ka nna a ba le tshepo ya ho phela paradeiseng lefatsheng. Empa ha motho a eba le mathata, a a mamella ebile a bona hore Modimo o a mo amohela, ho ka etsahala hore tshepo ya hae e be matla le ho feta mme e be ya sebele ho yena.—w23.12, leq. 12-13.