Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tataiswa ke Melaomotheo ya Modimo ka ho Nwa Jwala

Tataiswa ke Melaomotheo ya Modimo ka ho Nwa Jwala

HA HO pelaelo hore o thabela dintho tse ngata tseo Jehova a o fileng tsona le bolokolohi ba hore o ka thabela dimpho tseo jwang. Bibele e re veine ke mpho e tswang ho Modimo. E boetse e re: “Dijo di etseditswe ho re thabisa, veine e natefisa bophelo.” (Moek. 10:19; Pes. 104:15) Le ha ho le jwalo, mohlomong o hlokometse hore batho ba bang ba se ba nwa jwala haholo. Hape batho ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na ba lokela ho nwa jwala hakae. Ke eng e ka thusang Bakreste hore ba etse diqeto tse nepahetseng ka ho nwa jwala?

Ha re etsa diqeto ha re a lokela ho ya ka hore na batho ba moo re dulang teng ba nahana jwang empa re lokela ho latela keletso ya Modimo. Haeba re etswa jwalo, re tla thabela bophelo.

Mohlomong o hlokometse hore batho ba bangata ba se ba nwa jwala hangata ebile ba bo nwa haholo. Batho ba bang ba nwa jwala hobane bo etsa hore ba ikutlwe ba kgatholohile. Ba bang ba nwa jwala hore ba itebatse mathata a bona. Dibakeng tse ding batho ba nahana hore ho nwa jwala bo bongata ho bontsha hore motho o hodile ebile o na le matla.

Mmopi wa rona ya lerato o re file keletso e ka re thusang tabeng ena. Ka mohlala, o re lemositse ka ditlamorao tse bohloko tseo re ka di fumanang ha re nwa jwala haholo. E ka nna yaba re ile ra bala Diproverbia 23:​29-35 moo ho buuwang ka motho ya tahilweng le mathata a mang a ileng a mo hlahela. a Morabo rona Daniel eo e leng moholo Europe o hopola ka moo bophelo ba hae bo neng bo le ka teng pele e eba Mokreste. O re: “Ke ne ke nwa jwala haholo mme seo se ne se etsa hore ke etse diqeto tse fosahetseng. Ke ile ka hlahelwa ke dintho tse bohloko mme ke ntse ke utlwa bohloko le hona jwale ha ke nahana ka tsona.”

Ke jwang re ka etsang diqeto tse nepahetseng ka ho nwa jwala le ho qoba mathata a ka re hlahelang haeba re nwa haholo? Re lokela ho susumetswa ke tsela eo Modimo a shebang dintho ka yona ha re etsa diqeto.

A re boneng hore na Bibele e reng ka jwala le mabaka a mang a etsang hore batho ba bang ba nwe jwala.

BIBELE E RENG KA HO NWA JWALA?

Lentswe la Modimo ha le re ho phoso ho nwa jwala. Ha e le hantle Bibele e bontsha hore ho nwa veine e ka ba ntho e thabisang motho. E re: “O je dijo tsa hao o nyakaletse mme o nwe veine ya hao ka pelo e thabileng.” (Moek. 9:7) Ho na le nako eo Jesu le yena a ileng a nwa veine, esita le bahlanka ba bang ba tshepahalang ba Jehova ba ile ba nwa veine.—Mat. 26:​27-29; Luka 7:34; 1 Tim. 5:23.

Le ha ho le jwalo, Lentswe la Modimo le bontsha hore ho na le phapang pakeng tsa ho nwa jwala le ho tahwa. E re: “Le se ke la tahwa ke veine.” (Baef. 5:18) Hape e re ‘matahwa . . . a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.’ (1 Bakor. 6:10) Jehova o nka ho nwa jwala haholo le ho tahwa ho fosahetse. Ka hoo, ho ena le hore re etsise batho bao re dulang le bona ha re etsa qeto ya hore na re tla nwa hakae, re lokela ho etsa qeto eo re itshetlehile ka hore na Modimo o batla hore re etseng.

Batho ba bang ba re ba ka nwa jwala bo bongata ntle le hore ba tahwe. Le ha ho le jwalo, ho etsa jwalo ho kotsi haholo. Mangolo a bontsha hore batho bao e leng “makgoba a veine” ba ka etsa diphoso tse kgolo mme ba senya setswalle sa bona le Jehova. (Tite 2:3; Diprov. 20:1) Jesu le yena o ile a re lemosa hore “ho nwa haholo” ho ka etsa hore re se ke ra kena lefatsheng le letjha la Modimo. (Luka 21:​34-36) Jwale ke eng e ka thusang Mokreste hore a qobe mathata a ka hlahang ka lebaka la ho nwa jwala?

NAHANA KA HORE NA KE HOBANENG HA O NWA JWALA LE HORE O NWA HANGATA HAKAE

Ha re etsa qeto ya ho nwa jwala, ho kotsi hore re susumetswe ke tsela eo batho bao re dulang le bona ba nwang ka yona. Bakreste ba batla ho thabisa Jehova ha ba ja le ha ba nwa. Bibele e re: “Ebang le a ja, le a nwa kapa le etsa ntho efe kapa efe, le etse dintho tsohle ka tsela e tla etsa hore Modimo a roriswe.” (1 Bakor. 10:31) A re bueng ka dipotso tse ding tseo o ka ipotsang tsona le ditemana tsa Bibele tse ka o thusang:

Na ke nwa jwala e le hore ke be le metswalle? Exoda 23:2 e re: “O se ke wa latela bongata.” Jehova o ne a lemosa Baiseraele hore ba se ke ba etsisa batho ba neng ba sa mo thabise. Keletso ena ke ya bohlokwa le ho Bakreste mehleng ena. Haeba re dumella batho ba bang hore ba susumetse tsela eo re nahanang ka yona le diqeto tseo re di etsang ka ho nwa jwala, re ka kgaotsa ho mamela melao ya Jehova mme ra senya setswalle sa rona le yena.—Bar. 12:2.

Na ke nwa jwala hobane ke batla ho bontsha hore ke motho ya matla? Dibakeng tse ding ho nwa jwala hangata le ho nwa haholo ke ntho e tlwaelehileng le e amohelehang. (1 Pet. 4:3) Empa 1 Bakorinthe 16:13 e re: “Dulang le fadimehile, le eme le tiile tumelong, le be sebete mme le be matla.” Na ho nwa jwala ho ka etsa hore motho a be matla? Tjhe. Ho nwa jwala ho ka etsa hore motho a se ke a nahana le ho etsa dintho hantle. Ka hoo, ho nwa jwala bo bongata ha ho bontshe hore motho o matla empa ho bontsha hore motho ke lewatla. Esaia 28:7 e hlalosa motho ya tswileng tseleng ka lebaka la jwala e le motho ya thekeselang le ya kgoptjwang ha a etsa qeto.

Jehova ke yena ya re fang matla ao re a hlokang e le hore re ka etsa dintho tse nepahetseng. Ho ba matla ho akareletsa ho dula re fadimehile le ho ema re tiile tumelong. (Pes. 18:32) Re ka etsa sena ka hore re dule re fadimehile le ka hore re qobe ho etsa diqeto tse tla senya setswalle sa rona le Jehova. Jesu o ile a bontsha hore o matla hobane o ne a ena le kamano e ntle le Jehova hape batho ba ne ba mo hlompha hobane o ne a le sebete mme a dula a ikemiseditse ho etsa se nepahetseng.

Na ke nwa jwala ho itebatsa mathata a ka? Mopesaleme o ile a re: “Ha ke tshwenyehile haholo, o [Jehova] ile wa ntshedisa wa ba wa etsa hore ke thabe.” (Pes. 94:19) Haeba o tshwenyehile ka ntho e itseng, o se ke wa nwa jwala empa o kope Jehova hore a o thuse. Ntho e ka o thusang ke hore o rapele Jehova hangata. Hape batho ba bangata ba hlokometse hore ho kopa keletso ho Mokrestemmoho ya nang le boiphihlelo ho ba thusitse haholo. Ho ena le hore jwala bo thuse motho ho rarolla mathata a hae, ha e le hantle bo etsa hore a se ke a ikemisetsa ho etsa dintho tse nepahetseng. (Hos. 4:11) Daniel eo re buileng ka yena qalong o re: “Ke ne ke tshwenyehile ebile ke ikutlwa ke le molato. Ka hoo, ke ne ke nwa jwala e le hore ke sebetsane le bothata bona empa ho ena le hore ho loke, mathata a ka a ile a eketseha. Ke ile ka lahlehelwa ke metswalle mme ka lahlehelwa ke seriti.” Keng e ileng ya thusa Daniel? O re: “Ke ile ka hlokomela hore ha ke hloke jwala empa ke hloka thuso ya Jehova. Qetellong ke ile ka kgona ho mamella mathata a ka le ho a hlola.” Jehova o dula a ikemiseditse ho re thusa le haeba boemo ba rona bo bonahala eka bo ke ke ba loka.—Bafil.4:​6, 7; 1 Pet. 5:7.

Haeba ka dinako tse ding o nwa jwala, o ka hlahloba hore na ke hokae moo o lokelang hore o etse diphetoho ka hore o ipotse dipotso tse latelang: ‘Na e mong wa lelapa kapa e mong wa metswalle ya ka o bontsha hore o tshwenyehile ka tsela eo ke nwang ka yona?’ Haeba ho jwalo, sena se ka bontsha hore o se o eba le bothata ba ho nwa o sa hlokomele. ‘Na ke nwa ho feta ka moo ke neng ke tlwaetse?’ Le hoja o se lekgoba la ho nwa jwala, ena e ka ba ntho e bontshang hore o haufi le ho ba lona. ‘Na ho thata hore ho fete matsatsi a itseng kapa ho feta ke sa nwe?’ Haeba ho jwalo, sena se ka bolela hore motho e se e le lekgoba la jwala mme o hloka ho ya sebakeng seo ho thuswang batho ba nang le bothata ba ho nwa jwala haholo.

Bakreste ba bang ba entse qeto ya hore ba se ke ba nwa jwala ho hang hobane bo baka mathata a mangata. Ba bang ba kgetha hore ba se ke ba nwa jwala hobane ba sa rate tatso ya bona. Haeba motswalle wa hao a entse qeto ya hore a se ke a nwa jwala, o ka bontsha mosa ka hore o hlomphe qeto ya hae le hore o se ke wa mo tshwaya phoso.

Mohlomong o hlokometse hore ho ipehela hore na o tla nwa jwala bo bokae ho o tswela molemo. Kapa o ipehetse moedi wa hore o tla nwa hakae, mohlomong ha nngwe ka beke kapa nakong eo o jang ka yona. Ba bang ba ipehetse meedi ya hore ba tla nwa jwala bofe ka tekanyo, bo kang veine kapa biri empa ba ka etsa qeto ya hore ba ke ke ba nwa jwala bo nang le diphesente tse ngata tsa tahi kapa jwala bo tswakilweng le dino tse ding. Ha motho a ipehela meedi ya hore o tla nwa hakae, ho tla ba bonolo hore a se ke a e tlola. Ha ho hlokahale hore Mokreste a kgathatsehe ka hore na batho ba bang ba tla reng ka qeto eo a e entseng.

Ha re etsa qeto ya hore re tla nwa jwala, re lokela ho nahanela maikutlo a batho ba bang. Baroma 14:21 e re: “Ho molemo hore o se ke wa ja nama, wa nwa veine kapa wa etsa eng kapa eng e tla etsa hore ngwaneno a fokollwe ke tumelo.” O ka latela keletso ee jwang? Eba motho ya nang le lerato. Haeba o utlwa eka ho nwa jwala ho ka kgopisa motho e mong, lerato le ka o susumetsa hore o se ke wa nwa jwala ka nako eo. Ha o etsa jwalo, o tla be o bontsha hore o rata batho ba bang le ho hlompha maikutlo a bona le hore o a ba tsotella mme ha o inahane bowena feela.—1 Bakor. 10:24.

E ka nna yaba mmuso o na le melao e mabapi le ho nwa jwala mme Mokreste o lokela ho mamela melao ena. Melao eo e ka nna ya bontsha hore na motho o lokela ho ba dilemong dife e le hore a ka nwa jwala kapa e ka thibela batho hore ba nwe jwala haeba ba kganna kapa ba sebedisa metjhini e itseng.—Bar. 13:​1-5.

Jehova o re file dimpho tse ngata tse thabisang mme e nngwe ya tsona ke bolokolohi ba hore na re ka di sebedisa jwang. Di akareletsa bolokolohi ba hore na re tla jang le hore re tla nwang. E se e ka diqeto tsa rona di ka bontsha hore re ananela bolokolohi bona ka hore re thabise Ntate wa rona ya lehodimong.

a Mokgatlo o mong wa tsa bophelo bo botle o United States o bitswang Centers for Disease Control and Prevention o ile wa fana ka tlaleho e bontshang hore ho nwa haholo le ha e ka ba hanngwe feela ka mora nako e telele, ho ka etsa hore motho a qetelle a entse dintho tse fosahetseng, tse kang ho bolaya, ho ipolaya, ho hlekefetsa batho ba bang ka thobalano, ho hlekefetsa molekane ka lapeng, ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano le ho hlokahallwa ke ngwana ya eso hlahe.