SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 51
Tshepo eo re Nang le Yona ha e Swetse
“Tshepo ha e swetse.”—BAR. 5:5.
PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Ke hobaneng ha Abrahama a ile a dula a ena le tshepo ya hore o tla ba le mora?
JEHOVA o ile a tshepisa motswalle wa hae Abrahama hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka lebaka la ngwana wa hae. (Gen. 15:5; 22:18) Abrahama o ne a kgodisehile hore tshepiso eo ya Modimo e tla phethahala hobane o ne a ena le tumelo e matla ho Modimo. Ho ntse ho le jwalo, ha Abrahama a le dilemo di 100 le mosadi wa hae a le dilemo di 90, ba ne ba ntse ba se na mora. (Gen. 21:1-7) Le ha ho le jwalo, Bibele e re: “Abrahama o ne a ena le tshepo le tumelo ya hore e tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata” jwalo ka ha ho ne ho boletswe. (Bar. 4:18) O a tseba hore ntho eo Abrahama a neng a e tshepisitswe e ile ya phethahala. O ile a ba le mora ya bitswang Isaka eo e leng kgale a mo lebeletse. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae?
2. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a kgodisehile hore tshepiso ya Modimo e tla phethahala?
2 Ka ha Abrahama e ne e le motswalle wa Jehova, “o ne a kgodisehile ka ho feletseng hore Modimo o tla phethahatsa tshepiso ya hae.” (Bar. 4:21) Jehova o ile a amohela Abrahama a ba a mo nka a lokile ka lebaka la tumelo ya hae. (Jak. 2:23) Jwalo ka ha Baroma 4:18 e bontsha, Abrahama o ne a ena le tshepo le tumelo. A re hlahlobeng hore na moapostola Pauluse o reng ka tshepo lengolong la Baroma kgaolo ya bohlano.
3. Pauluse o re hlalosetsa eng ka tshepo?
3 Pauluse o a re hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore tshepo eo re nang le yona “ha e swetse.” (Bar. 5:5) O boetse o a re hlalosetsa hore na tshepo ya rona e ka ba matla jwang. Ha re ntse re hlahloba mantswe a Pauluse a hlahang ho Baroma 5:1-5, nahana ka boemo ba hao. Ha o etsa jwalo, e ka nna yaba o tla hlokomela hore tshepo ya hao e nnile ya eba matla le ho feta ha nako e ntse e ya. O tla boela o ithute hore na o ka etsang e le hore tshepo ya hao e be matla le ho feta. A re qaleng pele ka ho bua ka tshepo ena e babatsehang eo Pauluse a reng ha e swetse.
TSHEPO YA RONA E BABATSEHANG
4. Baroma 5:1, 2 e bua kang?
4 Bala Baroma 5:1, 2. Pauluse o ile a ngolla phutheho ya Roma mantswe ao. Bara le baradi ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo yaba e eba Bakreste. Ka lebaka leo, Modimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ yaba o ba tlotsa ka moya o halalelang. Ba ile ba eba le tshepo e tiileng ya hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuwa.
5. Batlotsuwa ba na le tshepo efe?
5 Ha morao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsweng ba Efese ka tshepo eo Modimo a ba kgethetseng yona. Ba ne ba tla fumana “ditlhohonolofatso . . . tseo [Modimo] a di tshepisitseng badumedi.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana ditlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re ditlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsweng lehodimong.” (Bakol. 1:4, 5) Ka hona, batlotsuwa ba na le tshepo ya hore ba tla tsoswa mme ba yo phela ka ho sa feleng lehodimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:13-17; Tshen. 20:6.
6. Morabo rona e mong wa motlotsuwa o ile a reng ka tshepo eo a nang le yona?
6 Bakreste ba tlotsitsweng ba ananela tshepo eo ba nang le yona. E mong wa bona e leng Morabo rona Frederick Franz, o ile a bua mantswe ana a tswang pelong: “Tshepo ya rona ke ntho ya sebele, mme e tla phethahatswa ka botlalo ho e mong le e mong wa ho qetela wa ditho tse 144 000 tsa mohlatswana ka tekanyo eo re sitwang ho e nahana.” Ka 1991, ka mora hore Morabo rona Franz a qete dilemo tse mashome a sebeletsa Modimo ka botshepehi, o ile a re: “Ha re a lahlehelwa ke bohlokwa ba tshepo eo. . . . Re e ananela haholwanyane ha re lokela ho e emela haleletsana. Ke ntho eo re lokelang ho e emela le haeba e ka hloka hore re eme dilemo tse milione. Ke nka tshepo ya rona e le ya bohlokwa ho feta le ha e le neng pele.”
7, 8. Batho ba bangata ba sebeletsang Jehova ba na le tshepo efe? (Baroma 8:20, 21)
7 Boholo ba batho ba sebeletsang Jehova mehleng ena ba na le tshepo e fapaneng. Ke tshepo e tshwanang le eo Abrahama a neng a ena le yona, ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng Mmusong wa Modimo. (Baheb. 11:8-10, 13) Pauluse o ile a ngola ka ditlhohonolofatso tse thabisang tse tla fumanwa ke batho ba nang le tshepo eo. (Bala Baroma 8:20, 21.) Ha o ne o qala ho ithuta ditshepiso tse hlahang ka Bibeleng tse mabapi le bokamoso, ke efe eo o ileng wa utlwa o tatetse hore e phethahale? Na o ne o tatetse nako eo ka yona o tla be o se o se moetsadibe? Kapa na o ne o thabile haholo ha o tseba hore baratuwa ba hao ba hlokahetseng ba tla phela hape paradeiseng? Ho na le dintho tse ngata tseo o ka lebellang hore di etsahale ka lebaka la tshepo eo Modimo a re fileng yona.
8 Tshepo eo re nang le yona e re thabisa haholo, ebang re lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatsheng kapa lehodimong. Hape tshepo eo e ka matlafala le ho feta. Pauluse o a hlalosa hore na seo se ka etsahala jwang. A re boneng hore na o ile a reng ka tshepo eo re nang le yona. Ho etsa jwalo ho tla re thusa ho kgodiseha le ho feta hore dintho tseo re nang le tshepo ya hore di tla etsahala, di tla fela di etsahale.
TSHEPO YA RONA E KA MATLAFALA JWANG?
9, 10. Mohlala wa Pauluse o bontsha hore re ka lebella eng? (Baroma 5:3) (Sheba ditshwantsho.)
9 Bala Baroma 5:3. Hlokomela hore mathata a ka etsa hore tshepo ya rona e be matla le ho feta. Taba eo e ka nna ya re makatsa. Le ha ho le jwalo, balatedi bohle ba Kreste ba ka lebella ho hlahelwa ke mathata. Nahana ka mohlala wa Pauluse. O ile a re ho Bakreste ba Thesalonika: “Ha re ne re ena le lona, re ne re tlwaetse ho le bolella hore re tla hlahelwa ke mathata mme jwalo ka ha le tseba, ke mona ho etsahetse.” (1 Bathes. 3:4) Hape o ile a re ho Bakorinthe: “Bana beso, re batla hore le tsebe ka mathata a ileng a re hlahela . . . Re ne re bile re sa kgodiseha hore na re tla phela kapa tjhe.”—2 Bakor. 1:8; 11:23-27.
10 Bakreste ba mehleng ena le bona ba ka lebella ho hlahelwa ke mathata. (2 Tim. 3:12) Na o kile wa hloriswa hobane o dumela ho Jesu o bile o le molatedi wa hae? E ka nna yaba metswalle le ba lelapa ba ile ba o soma ba ba ba o tshwara hampe. Na mohiri wa hao kapa basebetsimmoho ba kile ba o hlorisa hobane o ikemiseditse ho etsa dintho tsohle ka botshepehi? (Baheb. 13:18) Na o kile wa hloriswa ke mmuso hobane o bolella batho ka tshepo eo o nang le yona? Ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata a mofuta ofe, Pauluse o re re thabe. Hobaneng?
11. Ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ona?
11 Re ka thaba le ha re hlahelwa ke mathata hobane jwalo ka ha Baroma 5:3 e tjho, “mathata a etsa hore re be le mamello.” Ka ha Bakreste bohle ba tla kopana le mathata, ba lokela ho ba le mamello. Re lokela ho ikemisetsa ho mamella mathata le ha e le afe ao re tla kopana le ona. Ha re etsa jwalo, re tla fumana dintho tseo re nang le tshepo ya hore re tla di fumana. Ha re a lokela ho tshwana le batho bao Jesu a neng a nahanne ka bona ha a bua ka peo e ileng ya wela dipakeng tsa majwe. Qalong ba ile ba amohela lentswe ka thabo empa “ha ho hlaha matshwenyeho kapa mahloriso,” ba ile ba kgaotsa ho dumela molaetsa oo. (Mat. 13:5, 6, 20, 21) Ke nnete hore ha ho monate ho hloriswa kapa ho hlahelwa ke mathata, empa ho mamella ho tla re tswela molemo haholo. Ka tsela efe?
12. Ho mamella mathata ho re thusa jwang?
12 Morutuwa Jakobo o ile a hatisa hore na ho mamella mathata ho tla re thusa jwang. O ile a re: “Le dumelle mamello hore e phethe mosebetsi wa yona e le hore le ka ba batho ba phethahetseng dinthong tsohle mme le se ke la hloka letho.” (Jak. 1:2-4) Jakobo o bua ka mamello jwalo ka ha eka e na le mosebetsi oo e lokelang ho o phetha. Ke mosebetsi ofe? E ka o thusa hore o be le tiisetso, tumelo le hore o itshetlehe ka Jehova haholwanyane. Ho na le molemo o mong hape o moholo oo re o fumanang ha re mamella.
13, 14. Ho tla etsahalang haeba re mamella, hona seo se ka ama tshepo ya rona jwang? (Baroma 5:4)
13 Bala Baroma 5:4. Pauluse o re mamello “e etsa hore Modimo a re amohele.” Ka hoo, ha o mamella, Jehova o a o amohela. Ha se hore Jehova o a thaba ha o hlahelwa ke mathata. Empa o thabiswa ke hore ebe o a mamella. Ke ntho e kgothatsang haholo ho tseba hore Jehova o a thaba ha re mamella mathata.—Pes. 5:12.
14 Hopola hore Abrahama o ile a ba le mathata mme Jehova o ile a mo amohela hobane a ile a a mamella. Jehova o ile a mo nka e le motswalle wa hae a ba a mo nka e le motho ya lokileng. (Gen. 15:6; Bar. 4:13, 22) Le rona Jehova a ka re nka jwalo. Modimo ha a re amohele a ipapisitse le hore na re etsa mosebetsi o mokae kapa hore na re mo sebeletsa ka ditsela dife. O re amohela a ipapisitse le mamello le botshepehi ba rona. Ho sa tsotellehe hore na re dilemo di kae, maemo a rona ke afe kapa re na le bokgoni bofe, kaofela ha rona re ka kgona ho mamella. Na hona jwale o mameletse mathata ka botshepehi? Haeba ho jwalo, hopola hore o thabisa Modimo. Ha re elellwa hore re thabisa Modimo, tshepo ya rona e ba matla le ho feta.
TSHEPO E MATLA LE HO FETA
15. Pauluse o ile a boela a reng, hona ke hobaneng ha taba eo e ka nna ya makatsa batho ba bang?
15 Jwalo ka ha Pauluse a bontshitse, Jehova o tla re amohela haeba re mamella mathata. Ha Pauluse a tswela pele o re: “Ha Modimo a re amohela re ba le tshepo. Tshepo ha e swetse.” (Bar. 5:4, 5) Taba ena e ka nna ya makatsa batho ba bang. Hobaneng? Hobane ho Baroma 5:2, Pauluse o ne a se a ile a bolela hore Bakreste bao ba Roma ba ne ba se ba ntse ba ena le tshepo, e leng ‘tshepo ya hore ba tla tlotliswa ke Modimo.’ Ka hoo, motho e mong a ka nna a ipotsa: ‘Haeba Bakreste bao ba ne ba se ba ntse ba ena le tshepo, ke hobaneng ha Pauluse a boela a bua ka tshepo ditemaneng tse latelang?’
16. Tshepo e matlafatswa ke eng? (Sheba ditshwantsho.)
16 Re ka utlwisisa hore na Pauluse o ne a bolelang ha re hopola hore tshepo ke ntho e matlafatswang. A re etse mohlala: Na o sa hopola ha o ne o qala ho ithuta molaetsa o thabisang o fanang ka tshepo o ka Lentsweng la Modimo? E ka nna yaba ka nako eo o ne o nahana hore taba ya hore re tla phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatsheng ke toro feela. Le ha ho le jwalo, ha o ntse o ithuta haholwanyane ka Jehova le ka ditshepiso tse ka Bibeleng, o ile wa kgodiseha haholwanyane hore tshepiso eo e tla phethahala.
17. Tshepo ya hao e tswela pele ho matlafala jwang ka mora hore o inehele o be o kolobetswe?
17 Ka mora hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa, o ile wa tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Ka lebaka leo, tshepo ya hao ya eba matla le ho feta. (Baheb. 5:13–6:1) E ka nna yaba seo Baroma 5:2-4 e se buang se ile sa o etsahalla. O ile wa ba le mathata a fapaneng empa wa a mamella kaofela mme wa bona hore Jehova o a o amohela. Ka ha o a tseba hore Jehova o a o rata hape o a o amohela, o se o ena le mabaka a eketsehileng a ho lebella hore o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae. Tshepo ya hao e matlafetse ho feta pele. Ke ya sebele ho wena mme o kgodisehile ka yona. E o ama ka botebo. E susumetsa dikarolo tsohle tsa bophelo ba hao mme e ama tsela eo o tshwarang ba lelapa la hao ka yona, eo o etsang diqeto ka yona le eo o sebedisang nako ya hao ka yona.
18. Jehova o fana ka tiiso efe?
18 Pauluse o ile a bua taba e nngwe ya bohlokwa ka tshepo eo o bang le yona ka mora hore o tsebe hore Modimo o a o amohela. O a o kgodisa hore dintho tseo o nang le tshepo ya tsona di tla phethahala. O ka kgodiswa ke eng? Pauluse o fa Bakreste tiiso ena e tswang ho Modimo: “Tshepo ha e swetse hobane Modimo o sebedisa moya o halalelang oo a re fileng wona ho bontsha hore o a re rata.” (Bar. 5:5) O na le mabaka a utlwahalang a ho kgodiseha hore tshepo eo Jehova a o fileng yona e tla phethahala.
19. O ka kgodiseha kang ka tshepo eo o nang le yona?
19 Nahana ka tshepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama le ka moo a ileng a mo amohela le ho mo nka e le motswalle wa hae ka teng. Tshepo ya Abrahama e ne e se ya lefeela. Bibele e re: “Abrahama o ile a fumana tshepiso ena ka mora hore a be le mamello.” (Baheb. 6:15; 11:9, 18; Bar. 4:20-22) Ho hang ha a ka a swetseha. Le wena o ka kgodiseha hore haeba o dula o tshepahala, tshepo eo o nang le yona e tla phethahala. O na le mabaka a mangata a ho thaba hobane o a tseba hore tshepo ya hao e tla phethahala le hore o ke ke wa swetseha. (Bar. 12:12) Pauluse o ile a re: “E se eka Modimo ya fanang ka tshepo a ka etsa hore le be le kgotso le thabo e ngata hobane le mo tshepa e le hore moya o halalelang o ka matlafatsa tshepo eo le nang le yona.”—Bar. 15:13.
PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha
a Sehloohong sena re tla hlahloba hore na ke tshepo efe eo re nang le yona ka bokamoso le hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore e tla phethahala. Baroma kgaolo ya bohlano e tlo re thusa ho bona hore na tshepo eo re nang le yona hona jwale e fapane jwang le tshepo eo re neng re ena le yona ha re ne re qala ho ithuta Bibele.