Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

Tumelo e Bontshwang ka Diketso e ka Etsa Hore Motho e be ya Lokileng

Tumelo e Bontshwang ka Diketso e ka Etsa Hore Motho e be ya Lokileng

“Latelang mohlala wa tumelo eo ntate wa rona Abrahama a e bontshitseng.”—BAR. 4:12.

PINA YA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ho nahana ka tumelo ya Abrahama ho ka etsa hore re ipotse dipotso dife?

 LE HOJA batho ba bangata ba kile ba utlwela ka Abrahama, boholo ba bona ha ba tsebe hakaalo ka yena. Empa wena o tseba dintho tse ngata ka Abrahama. Ka mohlala, o a tseba hore Bibele e re Abrahama ke “ntate wa bohle ba nang le tumelo.” (Bar. 4:11) Le ha ho le jwalo, o ka nna wa ipotsa: ‘Na nka etsisa Abrahama mme ka ba le tumelo e tshwanang le ya hae?’ E, o ka kgona.

2. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ithuta mohlaleng wa Abrahama? (Jakobo 2:​22, 23)

2 Tsela e nngwe eo re ka bang le tumelo e kang ya Abrahama ke ka ho ithuta mohlaleng wa hae. Abrahama o ile a mamela Modimo mme a fallela naheng e hole, a dula ditenteng ka dilemo tse mashome a ba a dumela ho etsa mora wa hae eo a mo ratang Isaka sehlabelo. O ile a etsa dintho tsena kaofela hobane a ena le tumelo e matla. Tumelo eo Abrahama a ileng a e bontsha ka diketso e ile ya etsa hore Modimo a mo rate mme e be motswalle wa hae. (Bala Jakobo 2:​22, 23.) Jehova o batla hore kaofela ha rona, ho akareletsa le wena, re be metswalle ya hae. Ka lebaka leo, o ile a susumeletsa Pauluse le Jakobo hore ha ba ngola Bibele ba bue ka mohlala wa Abrahama. A re bueng ka mohlala ona o hlahang ho Baroma kgaolo ya bone le Jakobo kgaolo ya bobedi. Dikgaolo tsena ka bobedi di na le polelo ya bohlokwa e ileng ya buuwa ka Abrahama.

3. Ke lengolo lefe leo Pauluse le Jakobo ba ileng ba le qotsa?

3 Ka bobedi Pauluse le Jakobo ba ile ba qotsa mantswe a Genese 15:6 a reng: “[Abrahama] a bontsha tumelo ho Jehova yaba Modimo o mo nka e le motho ya lokileng.” Motho ya lokileng ke motho eo Modimo a mo amohelang le ho mo nka a se na molato. Ke ntho e hlollang hore ebe Modimo a ka nka motho ya sa phethahalang le ya etsang diphoso e le motho ya se nang molato. Ho ka etsahala hore ebe o batla hore Modimo a o nke o lokile mme ho ka kgoneha. Hona jwale re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a re Abrahama o lokile le hore na rona re lokela ho etsang e le hore Modimo a re nke re lokile.

RE TLAMEHA HO BA LE TUMELO E LE HORE MODIMO A RE NKE RE LOKILE

4. Keng e sitisang batho hore e be ba lokileng?

4 Ha Pauluse a ngolla Baroma, o ile a re batho bohle ke baetsadibe. (Bar. 3:23) Jwale, ke jwang re ka thabisang Modimo hoo a ka reng re lokile kapa ha re na molato? Pauluse o ile a sebedisa mohlala wa Abrahama ho thusa Bakreste bohle ho araba potso eo.

5. Jehova o ne a ipapisitse le eng ha a tla re Abrahama o lokile? (Baroma 4:​2-4)

5 Abrahama o ne a dula naheng ya Kanana ha Jehova a re o lokile. Ke hobaneng ha Jehova a ne a re o lokile? Na ke hobane Abrahama a ne a phetha Molao wa Moshe ka botlalo? Ho hang ha ho jwalo. (Bar. 4:13) Setjhaba sa Iseraele se ile sa fuwa Molao dilemo tse fetang 400 ka mora hore Modimo a re Abrahama o lokile. Jwale Modimo o ne a ipapisitse le eng ha a tla re Abrahama o lokile? Ka ha Jehova o mosa, o ile a re Abrahama o lokile ka lebaka la tumelo ya hae.—Bala Baroma 4:​2-4.

6. Ke hobaneng ha Jehova a ka re moetsadibe o lokile?

6 Pauluse o ile a re ha motho a dumela ho Modimo, “o tla nkwa a lokile ka lebaka la tumelo ya hae.” (Bar. 4:5) Pauluse o ile a boela a re: “Davida le yena o ile a bua ka thabo ya motho eo Modimo a mo nkang a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ya hae. O ile a re: ‘Ho thaba bao diketso tsa bona tse sa yeng ka molao di tshwaretsweng le bao dibe tsa bona di kwahetsweng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.’” (Bar. 4:​6-8; Pes. 32:​1, 2) Modimo o tshwarela dibe tsa batho ba dumelang ho yena kapa re ka re o a di kwahela. O ba tshwarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola dibe tsa bona ho hang. O nka batho ba jwalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba ena le tumelo.

7. Ke jwang ho neng ho ka thwe bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng ba lokile?

7 Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Modimo ba ne ba nkwa ba lokile, e ne e ntse e le baetsadibe. Empa ka lebaka la tumelo ya bona, Modimo o ile a ba nka ba se na molato, haholoholo ha ba bapiswa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le yang ho Baroma, Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metswalle ya Modimo. Jwalo ka ha Abrahama le Davida e ne e le metswalle ya Modimo hobane ba ne ba ena le tumelo, le rona re tla ba metswalle ya Modimo ha re ena le tumelo.

TUMELO E AMANA JWANG LE MESEBETSI?

8, 9. Ke diqeto dife tse fosahetseng tseo batho ba bang ba di fihletseng ka dintho tseo Pauluse le Jakobo ba ileng ba di ngola, hona hobaneng?

8 Ka dilemo tse makgolo, baetapele ba bodumedi ba nnile ba pheha kgang ka taba ya hore na tumelo e lokela ho ba le mesebetsi kapa tjhe. Baruti ba bang ba ruta hore ntho feela eo o lokelang hore o e etse e le hore o pholohe ke ho dumela ho Morena Jesu Kreste. E ka nna yaba o kile wa ba utlwa ha ba re: “Amohela Morena Jesu mme o tla pholoha.” Baruti ba bang ba bile ba qotsa mantswe a Pauluse a reng: ‘Modimo a mo nka a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ya hae.’ (Bar. 4:6) Le ha ho le jwalo, ba bang ba re o tla pholoha haeba o etela dibakeng tseo kereke e reng di a halalela hape o etsa mesebetsi e molemo. E ka nna yaba bona ba qotsa Jakobo 2:24 e reng: “Motho o nkwa a lokile ka lebaka la diketso tsa hae eseng ka lebaka la tumelo feela.”

9 Ka lebaka la ditumelo tsena tse fapaneng, ditsebi tse ding tsa Bibele di nahana hore Pauluse le Jakobo ba ne ba sa dumellane tabeng ya hore na motho o lokela ho etsang e le hore a kgahlise Modimo. Baruti ba bang ba re Pauluse o ne a dumela hore motho o hloka ho ba le tumelo feela e le hore a kgahlise Modimo, ha Jakobo yena a ne a re ho hlokahala hore motho a etse mesebetsi e metle hore a thabise Modimo. Moprofesa e mong wa thuto ya bodumedi o ile a re: “Jakobo o ne a sa utlwisise hore na ke hobaneng ha Pauluse a tsitlella hore motho o hloka tumelo feela [e le hore e be ya lokileng] eseng le mesebetsi.” Empa Jehova o susumeditse Pauluse le Jakobo ka bobedi ho ngola dintho tseo ba di ngotseng. (2 Tim. 3:16) Ka hoo, e tlameha ebe ho na le lebaka le utlwahalang la hore na ke hobaneng ha dintho tseo ba di ngotseng di fapane. Re lokela ho nahana hape ka hore na ba ne ba ngola ka eng e le hore re tsebe ho utlwisisa hore na ba ne ba bolelang.

Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Bajuda ba neng ba dula Roma hore tumelo ke yona e hlokahalang, eseng ho phetha Molao wa Moshe (Sheba serapa sa 10) b

10. Ke mesebetsi efe eo Pauluse a neng a bua ka yona? (Baroma 3:​21, 28) (Sheba setshwantsho.)

10 Ke “mesebetsi” efe eo Pauluse a neng a bua ka yona ho Baroma kgaolo ya boraro le ya bone? O ne a bua ka mesebetsi e amanang le ho “phetha molao” oo Moshe a neng a fane ka wona Thabeng ya Sinai. (Bala Baroma 3:​21, 28.) Ho bonahala eka mehleng ya Pauluse, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba dumela hore ba ntse ba lokela ho mamela Molao wa Moshe. Ka hoo, Pauluse o ile a sebedisa mohlala wa Abrahama ho bontsha hore motho ha a tlameha ho “phetha molao” e le hore Modimo a mo nke a lokile. Ho ena le hoo, motho o hloka ho ba le tumelo. Taba ena e a kgothatsa hobane e a re kgodisa hore re ka kgona ho kgahlisa Modimo. Ha re ena le tumelo ho Modimo le ho Kreste, Modimo o tla re nka re le ba lokileng.

Jakobo o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba bontshe ka diketso hore ba na le tumelo ka hore ba bontshe batho ba bang mosa le hore ba se ke ba eba leeme (Sheba serapa sa 11 le 12) c

11. Jakobo o ne a bua ka “mesebetsi” efe?

11 Le ha ho le jwalo, “mesebetsi” eo ho buuweng ka yona ho Jakobo kgaolo ya bobedi ha se mesebetsi e tshwanang le eo Pauluse a buileng ka yona. Jakobo o ne a bua ka mesebetsi kapa diketso tseo Bakreste ba di etsang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Mesebetsi eo ke yona e bontshang hore na Mokreste o na le tumelo ya nnete ho Modimo kapa tjhe. A re bueng ka mehlala e mmedi eo Jakobo a ileng a e etsa.

12. Jakobo o ile a re tumelo le mesebetsi di amana jwang? (Sheba setshwantsho.)

12 Mohlaleng wa pele, Jakobo o ile a re Bakreste ha ba a lokela ho ba leeme ha ba sebedisana le batho ba bang. O ile a hatisa ntlha ena ka ho bua ka motho ya ileng a bontsha mosa ho morui empa a hloleha ho bontsha mosa o tshwanang ho mofutsana. Jakobo o ile a bontsha hore motho eo a ka nna a re o na le tumelo empa diketso tsa hae di hanana le seo. (Jak. 2:​1-5, 9) Mohlaleng wa bobedi, Jakobo o bua ka motho ya bonang ngwana wabo ‘a se na diaparo kapa dijo tse lekaneng’ empa jwale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. Jwalo ka ha Jakobo a ile a tjho, “tumelo, ha e sa bontshwe ka diketso e shwele.”—Jak. 2:​14-17.

13. Jakobo o ile a etsa mohlala ofe ho tiisa hore tumelo ya rona e lokela ho bontshwa ka diketso? (Jakobo 2:​25, 26)

13 Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala wa motho ya ileng a bontsha ka diketso tsa hae hore o na le tumelo. (Bala Jakobo 2:​25, 26.) Rahaba o ne a ile a utlwela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:​9-11) O ile a bontsha tumelo ya hae ka diketso ka hore a sireletse dihlwela tse pedi tsa Baiseraele ha di ne di le kotsing ya ho bolawa. Ka lebaka leo, jwalo ka Abrahama, mosadi enwa ya neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkwa a lokile. Mohlala wa Rahaba o re ruta bohlokwa ba hore tumelo ya rona e bontshwe ka diketso.

14. Ke hobaneng ha re ka re dintho tse ngotsweng ke Pauluse le Jakobo ha di hanyetsane?

14 Pauluse le Jakobo ba ne ba mpa ba bua ka tumelo le mesebetsi ka ditsela tse fapaneng. Pauluse o ne a bolella Bakreste ba Bajuda hore ba ne ba ke ke ba kgahlisa Jehova ka hore feela ba phethe Molao wa Moshe. Jakobo yena o ne a hatisa hore Bakreste bohle ba lokela ho bontsha tumelo ka hore ba etsetse batho ba bang dintho tse molemo.

Na tumelo ya hao e o susumeletsa ho etsa mesebetsi e kgahlang Jehova? (Sheba serapa sa 15)

15. Ditsela tse ding tseo ka tsona re ka bontshang hore re na le tumelo ke dife? (Sheba ditshwantsho.)

15 Jehova ha a re re lokile ha feela re etsa dintho tsohle tseo Abrahama a ileng a di etsa. Ha e le hantle, ho na le ditsela tse ngata tseo ka tsona re ka bontshang ka mesebetsi ya rona hore re na le tumelo. Re ka amohela batho ba qalang ho tla dibokeng, ra thusa bana ba bo rona ba hlokang e le ka nnete hape ra tshwara ba malapa a rona hantle, e leng dintho tseo kaofela ha tsona Modimo a di ananelang a bileng a tla re hlohonolofatsa ka lebaka la tsona. (Bar. 15:7; 1 Tim. 5:​4, 8; 1 Joh. 3:18) E nngwe ya ditsela tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa ho bontsha hore re na le tumelo ke ho bolella batho ba bang ditaba tse monate ka tjheseho. (1 Tim. 4:16) Kaofela ha rona re ka bontsha ka diketso tsa rona hore re na le tumelo ya hore ditshepiso tsa Jehova di tla phethahala le hore ditsela tsa hae di molemo ka ho fetisisa. Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha ka ho feletseng hore Modimo o tla re nka re lokile a be a re bitse metswalle ya hae.

RE HLOKA HO BA LE TSHEPO HORE TUMELO YA RONA E BE MATLA

16. Tshepo ya Abrahama e ile ya ama tumelo ya hae jwang?

16 Kgaolong ya bone ya Baroma re ithuta thuto e nngwe ya bohlokwa ho Abrahama. Re ithuta hore re lokela ho ba le tshepo ya hore dintho tseo re di tshepisitsweng di tla phethahala. Jehova o ile a tshepisa Abrahama hore ka yena “ditjhaba tse ngata” di ne di tla hlohonolofatswa. A ko inahanele feela hore na Abrahama o ne a ena le tshepo e babatsehang hakaakang. (Gen. 12:3; 15:5; 17:4; Bar. 4:17) Le ha ho le jwalo, le ha Abrahama a se a le dilemo di 100 mme Sara yena a le dilemo di 90, ba ne ba ntse ba eso be le mora. Ho ya ka pono ya motho, ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha kgoneha hore Abrahama le Sara ba be le mora. Taba ena e ne e leka tumelo ya Abrahama. Empa “o ne a ena le tshepo le tumelo ya hore e tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata.” (Bar. 4:​18, 19) Qetellong, ntho eo Abrahama a neng a ena le tshepo ya hore e tla etsahala, e ile ya etsahala. O ile a ba le mora ya bitswang Isaka.—Bar. 4:​20-22.

17. Re tseba jwang hore Modimo a ka re nka re lokile re bile re le metswalle ya hae?

17 Re ka kgahlisa Modimo ra ba ra nkwa re lokile jwalo ka Abrahama. Ha e le hantle, Pauluse o ile a hatisa taba eo ha a ne a re: “Mantswe a reng ‘o ile a nkwa’ a ne a sa ngollwa [Abrahama] feela empa a ne a ngoletswe le rona. Le rona re tla nkwa re lokile hobane re dumela ho Modimo ya tsositseng Jesu.” (Bar. 4:​23, 24) Le rona re lokela ho ba le tumelo e nang le mesebetsi, re be re be le tshepo jwalo ka Abrahama. Ho Baroma kgaolo ya bohlano, Pauluse o ile a tswela pele ho bua ka tshepo ya rona e leng seo re tlo bua ka sona sehloohong se latelang.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

a Re batla hore Modimo a re amohele a be a re nke re le batho ba lokileng. Sehlooho sena se tlo sebedisa mangolo a Pauluse le Jakobo ho bontsha hore na ke jwang seo se ka kgonehang. Re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha tumelo ya rona e tlameha ho ba le diketso hore Jehova a tle a re amohele.

b TLHALOSO YA DITSHWANTSHO: Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste ba Bajuda hore ba be le tumelo, eseng hore ba etse mesebetsi e ‘phethang molao,’ jwalo ka ho apara seaparo se rokilweng ka kgwele e putswa, ho keteka Paseka le meetlo ya ho hlapa.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Jakobo o ile a re kgothaletsa ho bontsha tumelo ya rona ka ho etsa mesebetsi e metle jwalo ka ho thusa bafutsana.