Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 50

PINA YA 135 Jehova o Ipiletsa ka Mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

Batswadi, Thusang Bana ba Lona ho ba le Tumelo e Matla

Batswadi, Thusang Bana ba Lona ho ba le Tumelo e Matla

‘Le ikgodise hore thato ya Modimo e molemo, e a amoheleha hape e phethahetse.’BAR. 12:2.

NTLHAKGOLO

Sehloohong sena re tlo bua ka hore na batswadi ba ka etsang ho thusa bana ba bona hore ba be le tumelo e matla ho Modimo le hore ba tshepe dintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng.

1, 2. Motswadi o lokela ho etsang ha ngwana a botsa dipotso ka dintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng?

 KAOFELA re ka dumellana hore ha ho bonolo ho ba motswadi. Haeba o hodisa ngwana, re a o babatsa hore ebe o sebetsa ka thata ho mo thusa hore a be le tumelo e matla ho Jehova. (Deut. 6:​6, 7) Ha ngwana a ntse a hola, a ka qala ho botsa dipotso ka dintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng, tse akarelletsang melao ya Modimo ya boitshwaro.

2 Qalong o ka nna wa tshwenyeha ka dipotso tseo ngwana wa hao a nang le tsona. O ka nna wa nahana hore o botsa dipotso tsena hobane tumelo ya hae e se e fokola ebile a se a sa tshepe Bibele. Le ha ho le jwalo, nnete ke hore ha bana ba ntse ba hola, ba hloka ho botsa dipotso e le hore ba ka ikgodisa hore seo ba se dumelang ke nnete. (1 Bakor. 13:11) Ka hona, o se ke wa tshwenyeha. Nka dipotso tseo e le monyetla wa ho mo thusa hore a nahanisise ka dintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng le ho matlafatsa tumelo ya hae ho Modimo.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo bua ka hore na batswadi ba ka etsang ho thusa bana ba bona (1) ho ikgodisa hore seo ba ithutang sona ka Bibeleng ke nnete, (2) ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore ba mamele melao ya Modimo ya boitshwaro le (3) ho hlalosa seo ba se dumelang ha batho ba bang ba ba botsa. Re tla boela re bue ka hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore bana ba botse dipotso le hore malapa a ka etsang ho thusa bana hore ba kgone ho hlalosa seo ba se dumelang ha ba bua le batho ba bang.

THUSA NGWANA HORE A BE LE TUMELO E MATLA

4. Ke dipotso dife tseo ngwana a ka ipotsang tsona, hona hobaneng?

4 Bana ha ba hlahe ba se ba ntse ba ena le tumelo ho Modimo hobane feela batswadi ba ena le yona. Feela jwalo ka ha le wena ho sa itlela ka mohlolo hore o dumele ho Modimo, ka tsela e tshwanang ngwana wa hao a ke ke a dumela ho Modimo ka mohlolo. Ke ka hona ha nako e ntse e ya ngwana a ka ipotsang dipotso tse latelang: ‘Ke kgodiswa keng hore ehlile Modimo o teng? Na ka nnete nka tshepa seo Bibele e se buang?’ Ha e le hantle, Bibele e re kgothaletsa hore re sebedise dikelello tsa rona hantle le ho ‘etsa bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.’ (Bar. 12:1; 1 Bathes. 5:21) Feela o ka thusa ngwana wa hao jwang hore a be le tumelo e matla?

5. Batswadi ba ka etsang ho thusa ngwana hore a kgodisehe hore seo Bibele e se buang ke nnete? (Baroma 12:2)

5 Kgothaletsa ngwana ho ikgodisa hore seo a ithutang sona ka Bibeleng ke nnete. (Bala Baroma 12:2.) Ha ngwana a botsa dipotso, sebedisa monyetla oo ho mo bontsha hore na a ka fumana dikarabo jwang a sebedisa dithulusi tsa ho etsa dipatlisiso, jwalo ka Watch Tower Publications Index le Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso ya Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa kena ho jw.org/st-za tlasa “Dithuto Tsa Bibele” ebe o kena ho “Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa” ebe o tobetsa “Bibele.” Moo o tla fumana bopaki ba hore Bibele ha se buka feela e monate e ngotsweng ke batho empa ke “Lentswe la Modimo.” (1 Bathes. 2:13) Ka mohlala, ngwana wa hao a ka etsa dipatlisiso ka Ninive e leng motse wa Asiria ya boholoholo. Nakong e fetileng, ditsebi tse ding tsa Bibele di ne di re motse wa Ninive ha o eso ka o eba teng. Empa dilemong tsa bo1850, baepolli ba ile ba fumana dithako tsa motse wa Ninive e leng se bontshang hore Bibele e nepile. (Sof. 2:​13-15) Ho fumana dintlha tse eketsehileng tsa hore na ho fediswa ha Ninive ho phethahaditse boprofeta ba Bibele jwang, a ka sheba sehlooho se reng “Na o ne o Tseba?” ho Tora ya ho Lebela ya November 2021. Kgothaletsa ngwana wa hao ho bapisa seo a se badileng ka hara dingolwa tsa rona le seo mehlodi e meng ya dipatlisiso e se buang. Ho etsa jwalo ho tla mo matlafatsa tumelo mme ho tla mo kgodisa hore seo Bibele e se buang ke nnete.

6. Fana ka mohlala wa hore na batswadi ba ka etsang ho thusa bana ho bona hore seo Bibele e se rutang ke nnete. (Sheba setshwantsho.)

6 Thusa ngwana ho bona hore seo Bibele e se rutang ke nnete. Batswadi, le na le menyetla e mengata ya ho buisana le bana ba lona ka Bibele kapa ho buisana le bona ka ho ba le tumelo ho Modimo. Menyetla eo e ka hlaha ha le ntse le bala dibuka kapa le shebeletse divideo tse buang ka histori, ha le ile diphakeng kapa ha le etetse ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, ha le ntse le bala dibuka kapa le shebeletse divideo tse buang ka dintho tsa histori, o ka bontsha ngwana wa hao dintlha tsa bohlokwa tse ka mo thusang hore a kgodisehe hore Bibele e nepahetse. Mohlomong o ka mo ruta hore lebitso la Modimo le hlaha lejweng la Moabe le nang le dilemo tse 3 000 le le teng. Lejwe leo le a fumaneha musiamong wa Louvre o Paris naheng ya Fora. Ho na le lejwe le entsweng le tshwanang hantle le leo la Moabe le fumanehang musiamong wa “Bibele le Lebitso la Modimo” Ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova e Warwick, New York. Lejweng leo la Moabe ho bontshitswe hore Morena Mesha wa Moabe o ile a fetohela Baiseraele mme Bibele e bua taba e tshwanang. (2 Mar. 3:​4, 5) Ha ngwana wa hao a bona bopaki ba hore Bibele e bua nnete ebile e nepahetse, tumelo ya hae e tla ba matla le ho feta.—Bapisa le 2 Dikronike 9:6.

Thusa ngwana wa hao ho matlafatsa tumelo ya hae ka ho mo bontsha dintho tsa histori tse hlahang inthaneteng (Sheba serapa sa 6)


7, 8. (a) Tsela e ntle eo dintho tsa tlhaho di entsweng ka yona e re rutang? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho.) (b) Ke dipotso dife tse ka thusang ngwana wa hao ho matlafatsa tumelo ya hae ya hore ho na le Mmopi?

7 Kgothaletsa ngwana ho nahana ka dintho tseo Jehova a di bopileng. Ha le ntse le otlolla maoto le le phakeng kapa le ntse le sebetsa jareteng, mo bontshe hore dintho tse bopilweng di na le dibopeho tse sa tshwaneng tse iphetaphetang. Dibopeho tsena tse fapafapaneng ke bopaki ba hore ho na le motho ya bohlale ka ho fetisisa ya di entseng. Ka mohlala, borasaense ba qetile dilemo tse ngata ba hlahloba dintho tsa tlhaho tse bopehileng jwalo ka mela e ikharetseng. Rasaense e mong ya bitswang Nicola Fameli o re ho na le tatellano e tshwanang ya dinomoro eo o e fumanang ha o bala mela eo e ikharetseng. Tatellano eo e bitswa Fibonacci. Ho na le dintho tse ngata tsa tlhaho tse nang le sebopeho sena sa mela e ikharetseng, tse kang dihlopha tse itseng tsa dinaledi, dikgetla tsa lewatle, makgasi a dimela le disonobolomo. a

8 Ha ngwana wa hao a le sekolong, a ka ithuta ka dibopeho tse ngata tse fumanwang dinthong tsa tlhaho. Ka mohlala, pepa e le nngwe ya lehlwa (snowflake) e entswe ka mela e tshwanang e ntseng e iphetapheta hangata e bitswang di-fractal. Dintho tse ding tsa tlhaho le tsona di entswe ka tsela e tshwanang. Empa moqapi wa dintho tsee tse ntle ke mang? Ha ngwana a nahanisisa ka dintho tse ntle tseo Jehova a di bopileng, tumelo ya hae ya hore Jehova ke yena ya bopileng dintho tsohle e tla matlafala. (Baheb. 3:4) Ha a ntse a hola, o ka mo botsa potso e kang: “Haeba Modimo ke yena ya re bopileng, na ha ho utlwahale ho etsa qeto ya hore a ka re fa tataiso eo re e hlokang e ka etsang hore re thabe bophelong?” Ka mora moo, o ka mo hlalosetsa hore Modimo o re file Bibele e le ho re bontsha hore na re ka thaba jwang bophelong.

NASA, ESA, and the Hubble Heritage (STScl/AURA)-ESA/Hubble Collaboration

Ke mang ya entseng dintho tse ntle tsa tlhaho tseo re di bonang? (Sheba serapa sa 7 le 8)


MO THUSE HO RATA MELAO YA MODIMO YA BOITSHWARO

9. Keng e ka etsang hore ngwana a ipotse dipotso ka melao ya Modimo ya boitshwaro?

9 Ha ngwana wa hao a botsa dipotso ka melao ya Modimo ya boitshwaro, leka ho fumana hore na ke hobaneng ha a botsa dipotso tseo. Na ke hobane a sa dumellane le tsela eo Bibele e reng re phele ka yona kapa o mpa feela a sa tsebe hore na a ka emela tumelo ya hae jwang? O ka mo thusa hore a utlwisise hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re mamele melao ya Jehova ya boitshwaro ka ho ithuta buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! le yena. b

10. O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a nke kamano ya hae le Jehova e le ya bohlokwa?

10 Thusa ngwana hore a nke kamano ya hae le Jehova e le ya bohlokwa. Ha o ntse o ithuta Bibele le yena, sebedisa dipotso le mehlala e hlahang bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho leka ho fumana hore na o ikutlwa jwang. (Diprov. 20:5) Ka mohlala, thuto ya 8 e bapisa Jehova le motswalle ya re tsotellang ya re fang dikeletso tse ka re thusang le ho re sireletsa. Ka mora hore le bale 1 Johanne 5:​3, o ka mo botsa potso ena: “Ka ha re a tseba hore Jehova ke motswalle ya re ratang, re lokela ho ikutlwa jwang ka dintho tseo a lebelletseng hore re di etse?” Potso eo e ka bonahala e le bonolo empa ho e botsa ho ka mo thusa ho bona hore Modimo o re fa melao hobane a re rata.—Esa. 48:​17, 18.

11. O ka thusa ngwana jwang ho bona melemo ya ho sebedisa melaomotheo ya Bibele? (Diproverbia 2:​10, 11)

11 Buisanang ka hore na ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho ka re tswela molemo jwang. Ha le bala Bibele kapa temana ya letsatsi le le lelapa, buisanang ka hore na melaomotheo ya Bibele e thusitse lelapa la lona jwang. Ka mohlala, na ngwana wa hao o bona molemo wa ho ba motho ya sebetsang ka thata le ya tshepahalang? (Baheb. 13:18) O ka boela wa mo hlalosetsa bohlokwa ba ho sebedisa melaomotheo ya Bibele e re thusang ho ba batho ba phetseng hantle mmeleng le kelellong. (Diprov. 14:​29, 30) Ho buisana ka melaomotheo ena ho ka mo thusa ho ananela dikeletso tsa Bibele le ho feta.—Bala Diproverbia 2:​10, 11.

12. Morabo rona Steve o thusa mora wa hae jwang hore a sebedise melaomotheo ya Bibele?

12 Morabo rona Steve ya dulang Fora o a hlalosa hore na yena le mosadi wa hae ba thusa ngwana wa bona Ethan ya dilemo di 16 jwang ho bona hore Jehova o re fa melao hobane a re rata. O re: “Re mo botsa dipotso tse kang: ‘Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re hlomphe melaomotheo ya hae? Taba ee e bontsha jwang hore o a re rata? Ho tla etsahalang haeba re sa sebedise melaomotheo e ka Bibeleng?’” Ho buisana le Ethan ka tsela ena ho mo thusitse hore a hlomphe melao ya Jehova ya boitshwaro. Steve o boetse o re: “Re batla ho thusa Ethan ho bona hore Bibele e na le dikeletso tse bohlale ho feta tsa batho.”

13. Fana ka mohlala o bontshang hore na batswadi ba ka ruta bana jwang ho sebedisa melaomotheo ya Bibele.

13 Ruta ngwana wa hao hore a sebedise melaomotheo ya Bibele. A re re ho na le buka eo ngwana wa hao a lokelang ho e bala ha a le sekolong. Buka eo e ka fana ka maikutlo a hore ho nepahetse ho etsisa batho ba hlahang ho yona ba etsang boitshwaro bo bobe le ba ratang ntwa. O ka sebedisa melaomotheo ya Bibele ho thusa ngwana wa hao ho nahana ka hore na Jehova o ikutlwa jwang ka diketso tsa batho bao. (Diprov. 22:​24, 25; 1 Bakor. 15:33; Bafil. 4:8) Ho etsa jwalo ho ka mo thusa ho hlalosa seo a se dumelang haeba titjhere kapa bana ba bang ba sekolo ba mo botsa maikutlo a hae ka seo ho buuwang ka sona bukeng eo.

RUTA NGWANA HO HLALOSA SEO A SE DUMELANG

14. Ke thuto efe e ka etsang hore ngwana a tshabe ho hlalosa seo a se dumelang, hona hobaneng?

14 Ka dinako tse ding ngwana a ka tshaba ho hlalosetsa batho ba bang seo a se dumelang. Sena se ka etsahala haeba ka tlelaseng ho buuwa ka thuto ya ho iphetola ha dintho. Hobaneng? Matitjhere a ka hlalosa thuto ya ho iphetola ha dintho e le thuto ya nnete e ke keng ya latolwa. Haeba o motswadi, o ka thusa ngwana wa hao jwang hore a kgodisehe hore seo a se dumelang ke nnete?

15. Keng e ka thusang motjha wa Paki hore a kgodisehe hore seo a se dumelang ke nnete?

15 Thusa ngwana wa hao hore a kgodisehe ka seo a se dumelang. Ha a lokela ho swabela hore o dumela hore Mmopi o teng. (2 Tim. 1:8) Hobaneng? Le borasaense ba bangata ba a tseba hore bophelo ha bo a itlhahela feela tjee ka mohlolo. Borasaense bana ba bona bopaki ba hore ho na le motho ya bohlale ya bopileng dintho tsohle. Ka hoo, ha ba dumele thutong ya hore dintho di iphetotse e rutwang dikolong tse ngata lefatsheng lohle. Ntho e nngwe e ka thusang ngwana wa hao hore a matlafatse tumelo ya hae le hore a be sebete, ke hore a botse bara le baradi ba bo rona hore na ba kgodisitswe keng hore dintho di bopilwe. c

16. Motswadi a ka thusa ngwana jwang ho hlalosa hore na ke hobaneng ha a dumela hore ho na le Mmopi? (1 Petrose 3:15) (Sheba setshwantsho.)

16 Thusa ngwana wa hao hore a kgone ho hlalosetsa ba bang hore na ke hobaneng ha a dumela hore Mmopi o teng. (Bala 1 Petrose 3:15.) Le ka sheba dihlooho tse hlahang websaeteng ya jw.org/st-za karolong e reng “Ho Iphetola ha Dintho le Popo.” Ka mora moo, ngwana a ka kgetha hore na o tla hlalosetsa ba bang jwang ho ba kgodisa hore ho na le Mmopi. Mo hopotse hore ha ho hlokahale hore a ngangisane le bana bao a kenang sekolo le bona. A ka bua ka tsela e bonolo le e utlwahalang ha a ba hlalosetsa seo a se dumelang. Ka mohlala, ngwana e mong a ka re: “Ke dumela ntho eo ke e bonang. Modimo yena ha ke eso mo bone.” Motjha wa Paki a ka araba ka ho re: “A re re o tsamaya ka hara moru hole haholo le batho mme o kopana le sediba se hahilweng hantle. O ne o tla nahanang ka sona? Ho hlakile hore o ne o tla nahana hore ho na le motho ya se entseng. Ka tsela e tshwanang, ke ho utlwahalang ho etsa qeto ya hore le dintho tsohle tse teng lefatsheng di bopilwe.”

Ha o bua le bana bao o kenang sekolo le bona, ba hlalosetse tumelo ya hao ka tsela e bonolo le e tla ba thusa hore ba inahane (Sheba serapa sa 16 le 17) d


17. Fana ka mohlala wa ka moo batswadi ba ka thusang bana ba bona ka teng ho batla menyetla ya ho buisana le batho ba bang ka Bibele.

17 Kgothaletsa ngwana wa hao ho batla menyetla ya ho bua le batho ba bang ka Bibele. (Bar. 10:10) O ka bapisa boiteko boo a bo etsang ba ho bua ka tumelo ya hae le boo motho a bo etsang ha a ithuta ho bapala seletsa se itseng sa mmino. Qalong motho eo a ka ithuta ho bapala pina e bonolo. Ha nako e ntse e ya, ho tla ba bobebe hore a bapale tse ding. Ka tsela e tshwanang, motjha wa Paki a ka qala ka ho sebedisa tsela e bonolo ha a hlalosetsa batho ba bang dintho tseo a di dumelang ka Bibeleng. Ka mohlala, a ka botsa ngwana eo a kenang sekolo le yena potso ena: “Na o ne o tseba hore hangata dienjiniere di kopitsa dintho tsa tlhaho? Ere ke o bontshe video ena e monate.” Ka mora ho mo bontsha video e hlahang tlasa dihlooho tsa Na e Entswe? a ka re: “Haeba borasaense ba roriswa ka lebaka la dintho tseo ba di entseng empa ba di kopiditse dinthong tsa tlhaho, ke mang ya lokelang ho roriswa bakeng sa dintho tseo tsa tlhaho?” Ho qala moqoqo ka tsela ena e bonolo, ho ka etsa hore ngwana eo a ntseng a buisana le yena a batle ho ithuta ka ho eketsehileng.

TSWELA PELE HO THUSA NGWANA HO MATLAFATSA TUMELO YA HAE

18. Batswadi ba ka tswela pele ba thusa bana ba bona jwang hore ba matlafatse tumelo ya bona ho Modimo?

18 Re phela lefatsheng le tletseng batho ba se nang tumelo ho Jehova. (2 Pet. 3:3) Ka hoo batswadi, ha le ntse le ithuta Bibele le bana ba lona, ba kgothaletseng ho bala dihlooho tse tla ba thusa ho hlompha Lentswe la Modimo le melao ya hae ya boitshwaro le ho feta. Ba thuseng hore ba nahanisise le ho matlafatsa tumelo ya bona ho Jehova ka hore le buisane ka dintho tseo Jehova a di bopileng. Hape ba thuseng ho utlwisisa boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore le rapele le bana ba lona le be le ba rapelle. Ha le etsa jwalo, le ka kgodiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba lona ba ho thusa bana ba lona hore ba matlafatse tumelo ya bona.—2 Dikron. 15:7.

PINA YA 133 Sebeletsa Jehova Botjheng

a Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, sheba video e nang le sehlooho se reng Popo ya Modimo e Senola Kganya ya HaeDitema ho jw.org/st-za.

b Haeba ngwana wa hao o se a qetile ho bala buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!, mohlomong o ka buisana le yena hape ka tse ding tsa dithuto tse hlahang karolong ya 3 le 4 tse buang ka melao ya Modimo ya boitshwaro.

c Sheba sehlooho se reng “Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mopi o Teng” makasineng ya Tsoha! ya September 2006 le bukana ya The Origin of Life—Five Questions Worth Asking. Bakeng sa mehlala e eketsehileng, shebella lenane la divideo tsa Dintlha Tsa Qaleho ya Bophelo ho jw.org/st-za.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Motjha wa Paki o bontsha ngwana eo a kenang sekolo le yena video e hlahang karolong ya Na e Entswe?